Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobaneng ha re Lokela ho Rorisa Jehova?

Ke Hobaneng ha re Lokela ho Rorisa Jehova?

“Rorisang Jah! . . . Etswe ke ntho e ntle ho binela Modimo wa rona.PES. 147:1.

DIPINA: 104, 152

1-3. (a) Ho ka etsahala hore Pesaleme ya 147 e ngotswe neng? (b) Re ka ithutang ho Pesaleme ya 147?

HANGATA re babatsa motho ha a entse kabelo ya hae hantle kapa ha a entse ntho e itseng e babatsehang. Jwale, haeba re kgona ho rorisa batho ka tsela eo, hakakaang he ka Jehova! Re ka mo rorisa ka lebaka la matla a hae a maholo, jwalo ka ha a bonahala popong, kapa ka lebaka la lerato leo a le bontshitseng batho ha a fana ka sehlabelo sa thekollo.

2 Mongodi wa Pesaleme ya 147 o ile a ikutlwa a tlameha ho rorisa Jehova. O ile a boela a mema ba bang hore le bona ba rorise Modimo.Bala Pesaleme ya 147:1, 7, 12.

3 Ha re tsebe hore na pina ena e ngotswe ke mang, empa ho bonahala mongodi wa yona a phetse nakong eo Jehova a ileng a ntsha Baiseraele botlamuweng ba Babylona ka yona. (Pes. 147:2) E tlameha ebe ho kgutlisetswa ha batho ba Modimo naheng ya habo bona le ho tsosoloswa ha borapedi ba nnete ho ile ha susumetsa mongodi wa pina ena ho rorisa Jehova. Leha ho le jwalo, o ile a fana ka mabaka a eketsehileng a ho rorisa Modimo. Ebe ke afe? Na le wena o na le mabaka a ho bina jwalo ka mongodi enwa o re “Rorisang Jah!”? *Pes. 147:1.

JEHOVA O FODISA BA DIPELO TSE UTLWILENG BOHLOKO

4. Baiseraele ba ile ba ikutlwa jwang ha Morena Cyruse a ba lokolla botlamuweng, hona hobaneng?

4 Nahana feela hore Baiseraele ba ne ba ikutlwa jwang ha ba ntse ba le botlamuweng Babylona. Batshwari ba bona ba ne ba ba soma ba re: “Re bineleng e nngwe ya dipina tsa Sione.” Ka nako eo Jerusalema, motse oo e neng e le lebaka la bona la ho rorisa Jehova ka thabo, e ne e le lesupi. (Pes. 137:1-3, 6) Bajuda bana ba ne ba se moyeng wa ho bina. Dipelo tsa bona di ne di utlwile bohloko, mme ba ne ba hloka matshediso. Le ha ho le jwalo, Modimo o ile a ba lokolla a sebedisa Cyruse morena wa Persia, feela jwalo ka ha a ne a tshepisitse. Ka mora ho hlola Babylona, Cyruse o ile a re: “Jehova . . . o ntaetse hore ke mo hahele ntlo Jerusalema . . . Mang kapa mang ya hara lona bohle batho ba hae, Jehova Modimo wa hae a be le yena. Kahoo a ke a nyolohe.” (2 Likron. 36:23) E tlameha ebe see se ile sa kgothatsa Baiseraele bao hakakaang!

5. Mongodi wa Pesaleme ya 147 o ile a reng ka matla a Jehova a ho re fodisa?

5 Jehova o ile a fana ka matshediso ho setjhaba sa Iseraele ka kakaretso esita le ho batho ka bomong. Ho jwalo le kajeno. Mongodi wa pesaleme o ile a re ka Modimo: “O fodisa ba robehileng dipelo, o tlamisa maqeba a bona a bohloko.” (Pes. 147:3) E, Jehova o tsotella ba kulang le ba tepelletseng. O ikemiseditse ho re thusa ha re utlwile bohloko le ha re imetswe maikutlong. (Pes. 34:18; Esa. 57:15) O re fa matla le bohlale ba ho sebetsana le mathata a rona.Jak. 1:5.

6. Re ithutang mantsweng a ho Pesaleme ya 147:4? (Sheba setshwantsho se qalong.)

6 Jwale mongodi wa pesaleme o lebisa tlhokomelo lehodimong mme o re Jehova “o bala palo ya dinaledi” le hore “kaofela ha tsona o di bitsa ka mabitso.” (Pes. 147:4.) Ke hobaneng ha mongodi a se a bua ka dinaledi? Nahana ka sena: Mongodi enwa o ne a bona dinaledi empa o ne a sa tsebe hore di kae ka palo. Dilemong tsa morao tjena, theknoloji e re thusa ho bona dinaledi tse ngata ho feta pele. Ba bang ba nahana hore sehlopheng sa rona feela sa dinaledi se bitswang Milky Way, ho na le dinaledi tse dibilione. Ka kakaretso, ho ka etsahala hore ho na le dihlopha tsa dinaledi tse dibilione ka dibilione! E, palo ya dinaledi e bonahala e le kgolo haholo ho rona batho! Empa Mmopi yena o tseba palo le mabitso a tsona. Sena se bolela hore naledi ka nngwe ke ya bohlokwa ho Jehova. (1 Bakor. 15:41) Ho thweng ka batho? Haeba Modimo a tseba dinaledi hakaalo, ho hlakile hore o tseba tsohle ka wena, hore o hokae, ka nako efe le hore na o ikutlwa jwang!

7, 8. (a) Jehova o utlwisisa eng ka rona? (b) Jehova o bontsha batho ba hae mosa jwang? Fana ka mohlala.

7 Ntle le ho o thahasella, Jehova o boetse o na le qenehelo mme o na le matla a ho o thusa ha o na le mathata. (Bala Pesaleme ya 147:5.) O ka nna wa nahana hore mathata a hao ha a na tharollo mme wa ikutlwa o imetswe. Modimo o utlwisisa mefokolo ya hao kaha o ‘hopola hore o lerole.’ (Pes. 103:14) Re etsa diphoso kgafetsa ka lebaka la ho se phethahale. Ka mohlala, re utlwa bohloko ha re kgopisa ba bang ka seo re se buang kapa ha re hlolwa ke ditakatso tse fosahetseng. Le hoja Jehova a se na mefokolo e jwalo, o utlwisisa botho ba rona ho feta motho le ha e le ofe.Esa. 40:28.

8 Mohlomong o hopola kamoo Jehova a ileng a o thusa kateng ha o ne o le tekong e itseng. (Esa. 41:10, 13) Ka mohlala, moradiwabo rona e mong wa pulamadiboho ya bitswang Kyoko, o ile a nyahama ha a fihla kabelong ya hae e ntjha. Jehova o ile a bontsha jwang hore o utlwisisa bothata ba hae? Kyoko o ile a fumana metswalle e neng e utlwisisa boemo ba hae. O ile a utlwa eka Jehova o ne a re ho yena: “Ke a o rata, e seng feela hobane o le pulamadiboho empa hobane o moradi wa ka mme o inehetse ho nna. Ke batla hore o thabele ho ba e mong wa Dipaki tsa ka!” Ho thweng ka wena? Jehova o bontshitse jwang hore o o utlwisisa ka ho felletseng?

JEHOVA O RE FA DINTHO TSEO RE DI HLOKANG

9, 10. Jehova o re thusa ka eng ya bohlokwa ka ho fetisisa? Fana ka mohlala.

9 Ka dinako tse ding o ka nna wa hloka dintho tsa ho iphedisa. Ka mohlala, o ka nna wa tshwenyeha ha o bona eka o fellwa ke dijo. Leha ho le jwalo, ke Jehova ya etsang hore dijo di mele esita le bakeng sa makgwaba a manyenyane! (Bala Pesaleme ya 147:8, 9.) Haeba Jehova a fepa esita le dinonyana ka tsela eo, o ka kgodiseha hore le wena o tla o fa dintho tseo o di hlokang.Pes. 37:25.

10 Ha bohlokwa le ho feta, Jehova o re fa seo re se hlokang hore re dule re na le tumelo e matla; mme o re fa kgotso “e fetang monahano wohle.” (Bafil. 4:6, 7) Nahana ka mohlala wa Mutsuo le mosadi wa hae, ba ileng ba fumana matla ho Jehova ka mora tsunami e ileng ya ba teng Japan ka 2011. Ba ile ba phonyoha ka soba la nale ka hore hlwelle hodima marulelo a ntlo. Le ha ho le jwalo, ba ile ba lahlehelwa ke ho batlang e le ntho e nngwe le nngwe letsatsing leo. Ba qetile bosiu bo batang ba le karolong e nngwe ya ntlo ya bona e senyehileng. Hoseng ba ile ba batla ntho e ka ba kgothatsang. Buka feela eo ba ileng ba e fumana e ne e le Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2006. Kapele feela, Mutsuo o ile a kgahlwa ke sehloohwana se reng “Tsunami e Kotsi ka ho Fetisisa ho Tse Kileng Tsa Tlalehoa.” Karolo eo e ne e bua ka tshisinyeho ya lefatshe e neng e etsahetse Sumatra ka 2004, e ileng ya baka ditsunami tse kotsi ka ho fetisisa historing. Mutsuo le mosadi wa hae ba ile ba lla ha ba ntse ba bala diphihlelo tse hlahang sehloohong seo. Ba ile ba utlwa kamoo Jehova a ba ratang kateng ka hore ebe o ile a ba fa kgothatso ka nako eo ba neng ba e hloka. Jehova o ile a boela a ba thusa le ka ditlhoko tsa bona tse ding. O ile a sebedisa barababo bona ho ba fa dijo le diaparo. Empa ntho e ileng ya ba matlafatsa le ho feta ke ha phutheho ya bona e ne e etelwa ke barababo rona ba neng ba rometswe ke mokgatlo ho tla ba kgothatsa. Mutsuo o re: “Ke ile ka utlwa eka Jehova o eme pela e mong le e mong wa rona e le hore a mo thuse. Ruri seo se ne se kgothatsa!” Ho a hlaka hore Jehova o qala pele ka ho re fa seo re hlokang e le hore re be le tumelo e matla, ebe e le hona a re fang dintho tsa ho iphedisa.

RUA MOLEMO THUSONG EO MODIMO A FANANG KA YONA

11. Re lokela ho etsang e le hore re rue molemo thusong eo Modimo a fanang ka yona?

11 Jehova o dula a itokiseditse ho thusa le ho “imolla ba bonolo.” (Pes. 147:6a) Empa re ka rua molemo jwang thusong eo a fanang ka yona? Re lokela ho ba le kamano e ntle le yena. Hore re etse seo, re lokela ho ba bonolo. (Sof. 2:3.) Batho ba bonolo ba letela Jehova ho lokisa diphoso le ha e le dife esita le ho etsolla dintho tse bohloko tse hlahetseng batho ba hae. Jehova o rata batho ba bonolo mme o a ba amohela.

12, 13. (a) Re lokela ho qoba eng e le hore re rue molemo thusong eo Modimo a fanang ka yona? (b) Jehova o thabela batho ba jwang?

12 Ka lehlakoreng le leng, Modimo “o kokobetsa ba babe ho ba isa fatshe.” (Pes. 147:6b; Bibele e Halalelang) Ha re batle hore seo se re etsahalle! E le hore re rue molemo thusong eo Jehova a fanang ka yona mme re qobe bohale ba hae, re lokela ho hloya seo a se hloileng. (Pes. 97:10) Ka mohlala, re lokela ho hloya boitshwaro bo ditshila ba ho kopanela diphate. Sena se bolela hore re lokela ho qoba eng kapa eng e ka re susumelletsang ho itshwara ka tsela eo, ho akarelletsa le pornography. (Pes. 119:37; Mat. 5:28) Sena se ka nna sa hloka hore re lwane ka thata le ditakatso tsa rona tse fosahetseng, empa ka thuso ka thuso ya Jehova re ka hlola.

13 Hore re hlole ntweng ena ya tshwantshetso, re hloka ho tshepa Jehova e seng ho itshepa borona. Na Jehova a ka thaba haeba re ka leka ho ipholosa ka ho sebedisa “matla a pere”, ka mantswe a mang, dintho tseo batho ba tshepetseng ho tsona? Le kgale! Re boetse ha re a lokela ho tshepa “maoto a motho,” e leng ho nahana hore batho ba ka fana ka poloko kapa thuso ya sebele. (Pes. 147:10) Ho e na le hoo, re lokela ho atamela Jehova le ho kopa thuso ho yena. Kaha Jehova ha a tshwane le baeletsi ba batho, le ka mohla a ke ke a kgathala kapa a re tenehela ha re mo kopa thuso, esita le haeba re mo kopa thuso ka makgetlokgetlo. Bibele e re: “Jehova o kgahliswa ke ba mo tshabang, ba letelang mosa wa hae o lerato.” (Pes. 147:11) Kaha Jehova o re rata e le kannete, re kgodisehile hore o tla wa a tsoha le rona mme a re thuse ho hlola ditakatso tsa rona tse fosahetseng.

14. Ke kgodiseho efe e ileng ya matlafatsa mongodi wa Pesaleme ya 147?

14 Jehova o re fa lebaka la hore re kgodisehe hore o tla thusa batho ba hae ha ba na le mathata. Mongodi wa Pesaleme ya 147 o ile a nahana ka ho tsosoloswa ha Jerusalema. Yaba o re ka Jehova: “O entse hore mekwallo ya diheke tsa hao e be matla; o hlohonolofaditse bara ba hao ka hare ho wena. O beha kgotso naheng ya hao.” (Pes. 147:13, 14) Mongodi enwa o ne a kgodisehile hore Modimo o ne a tla tiisa diheke tsa motse hore a sireletse barapedi ba hae. Seo se ile sa mo matlafatsa.

Lentswe la Modimo le ka re thusa jwang ha re imetswe ke mathata?

(Sheba serapa sa 15-17)

15-17. (a) Ka dinako tse ding re ka ikutlwa jwang ka mathata a rona, empa Jehova o sebedisa Lentswe la hae jwang hore thusa? (b) Lentswe la Modimo “le matha ka lebelo” ka kutlwisiso efe?

15 Ho ka etsahala hore o hlahelwe ke mathata mme o tshwenyehe. Le ha ho le jwalo, Jehova a ka o fa bohlale ba hore o sebetsane le ona. Ha mongodi wa Pesaleme ya 147 a bua ka Modimo wa hae, o ile a re: “O romela polelo ya hae lefatsheng; lentswe la hae le matha ka lebelo.” Ka mora moo, mongodi enwa o re Jehova ‘o fana ka lehlwa, mme o hasanya serame ebile o lahla leqhwa.’ Ebe jwale o a botsa: “Ke mang ya ka emang ka pela serame sa hae?” O phaella ka hore Jehova “o romela lentswe la hae mme wa di qhibidihisa.” (Pes. 147:15-18) Modimo wa rona ya bohlale le ya matla ohle, ya laolang leqhwa le lehlwa, a ka o thusa hore o hlole diteko tseo o kopanang le tsona.

16 Kajeno Jehova o re tataisa ka Lentswe la hae e leng Bibele. Hape “lentswe la hae le matha ka lebelo” ka kutlwisiso ya hore o re fa tataiso hanghang ha re e hloka, haholoholo e mabapi le dintho tse matlafatsang tumelo ya rona. Nahana kamoo o ruang molemo kateng ha o bala Bibele, o hlahloba dingolwa tsa “lekgoba le tshepahalang le le masene,” o shebella JW Broadcasting, o sebedisa websaete ya jw.org, o bua le baholo o bile o thabela setswalle le Bakreste mmoho. (Mat. 24:45) Na o hlokometse hore Jehova ha a diehe mabapi le ho fana ka tataiso?

17 Simone o ile a hlokomela hore Lentswe la Modimo le na le matla. O ne a sa itshepe, a bile a sa nahane hore Modimo a ka mo amohela. Le ha ho le jwalo, ha a ikutlwa a nyahame o ne a rapela kgafetsa, a kopa Jehova hore a mo thuse. Hape o ne a bala Bibele kamehla. O re: “Ke hlokometse hore kamehla Jehova o mpha matla ebile o a ntataisa.” Sena se mo thusitse hore a hlole ho nyahama.

18. Ke hobaneng ha o dumela hore Modimo o a o rata, hona o na le mabaka afe a ho mo rorisa?

18 Mongodi wa Pesaleme ya 147 o ne a tseba kamoo Modimo a neng a rata setjhaba sa hae sa boholoholo kateng. E ne e le sona setjhaba seo Modimo a neng a se file “lentswe” le “melao ya hae ya tsamaiso le diqeto tsa hae tsa boahlodi.” (Bala Pesaleme ya 147:19, 20.) Kajeno ke rona feela batho ba nang le tlotla ya ho bitswa ka lebitso la Modimo mona lefatsheng. Kaha re tseba Jehova ebile re sebedisa Lentswe la hae, re na le kamano e ntle le yena. E, jwalo ka mongodi wa Pesaleme ya 147, le wena o na le mabaka a mangata a ho rorisa Jehova le ho kgothatsa ba bang hore ba etse ka ho tshwanang.

[Mongolo o botlaseng ba leqephe]

^ par. 3 “Jah” ke kgutsufatso ya lebitso Jehova.