Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“E se Eka a ka Phethahatsa Morero Oohle oa Hao”

“E se Eka a ka Phethahatsa Morero Oohle oa Hao”

“U ithabele ka ho phethehileng ho Jehova, o tla u fa tseo pelo ea hao e li kōpang.”—PES. 37:4.

LIPINA: 89, 140

1. Mocha o lokela ho etsa qeto efe, empa ke hobane’ng ha a sa lokela ho tšoenyeha ho tlola? (Sheba setšoantšo se qalong.)

Bacha, e ka ’na eaba lea tseba hore pele motho a qala leeto, o lokela ho tseba hore na o tla ea kae. Bophelo bo tšoana le ho nka leeto. Nako e nepahetseng ea ho rera hore na u batla ho ea kae ka bophelo ke ha u sa le mocha. Empa ho ka ba thata ho rera lintho. Mocha e mong eo lebitso la hae e leng Heather o re: “Hoa tšosa hobane u lokela ho etsa qeto ea hore na u tla etsa’ng bophelo bohle ba hao.” Leha ho le joalo, u lokela ho ba sebete. Jehova o re ho batho ba hae: “U se ke ua talima koana le koana, etsoe ke ’na Molimo oa hao. Ke tla u matlafatsa. Ka sebele ke tla u thusa.”—Esa. 41:10.

2. U tseba joang hore Jehova o batla hore u thabe?

2 Jehova o batla hore u etse qeto e nepahetseng bakeng sa bokamoso ba hao. (Moek. 12:1; Mat. 6:20) Rea tseba hore o batla hore u thabe hobane o re bopetse ho bona lintho tse ntle, ho li utloa le ho ja lijo tse monate. Hape, oa re eletsa ebile oa re ruta hore na re etse’ng hore re lule re thabile. Ha Jehova a bua le batho ba sa mo mameleng, o re: “La khetha ntho eo ke sa khahloeng ke eona. . . . Bonang! Bahlanka ba ka ba tla thaba, empa lōna le tla hlajoa ke lihlong. Bonang! Bahlanka ba ka ba tla hoeletsa ka thabo ka lebaka la boemo bo botle ba pelo.” (Esa. 65:12-14) Jehova oa thaba ha u etsa liqeto tse nepahetseng.—Liprov. 27:11.

KE’NG E TLA ETSA HORE U THABE?

3. Jehova o u khothalletsa ho etsa’ng?

3 Jehova o u khothalletsa ho etsa liqeto life? Haeba u batla ho thaba, u lokela ho ithuta ka eena u be u mo sebeletse. Ke eona ntho eo a re bopetseng eona. (Pes. 128:1; Mat. 5:3) Ha re tšoane le liphoofolo tse bopetsoeng feela ho ja, ho noa le ho ikatisa. Molimo o batla hore u phele bophelo ba hao ka tsela e tla u thabisa. ’Mopi oa hao ke “Molimo oa lerato,” “ea thabileng,” ea bileng a bopileng batho “ka setšoantšo sa hae.” (2 Bakor. 13:11; 1 Tim. 1:11; Gen. 1:27) Ha u mo etsisa, u tla thaba. Na u kile oa hlokomela hore ke ’nete ha Bibele e re: “Ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela”? (Lik. 20:35) Ehlile mantsoe ao ke ’nete. Kahoo, Jehova o batla hore ha u khetha hore na u tla etsa’ng ka bophelo ba hao, u etse joalo u nahanne ka batho ba bang hammoho le eena.—Bala Matheu 22:36-39.

4, 5. Jesu o ne a thabisoa ke’ng?

4 Jesu Kreste o behetse bacha mohlala o motle. Ke ’nete hore ha e sa le ngoana, o ne a bapala. Lentsoe la Molimo le re ho na le “nako ea ho tšeha . . . le nako ea ho tlōla-tlōla.” (Moek. 3:4) Empa Jesu o ne a boetse a e-na le kamano e ntle le Jehova hobane o ne a ithuta Mangolo. Ha a le lilemo li 12, baruti ba ile ba makatsoa ke “kutloisiso ea hae le likarabo tsa hae.”—Luka 2:42, 46, 47.

5 Ha Jesu a se a holile, e ne e le motho ea thabileng. O ne a thabisoa ke’ng? O ne a tseba hore Jehova o batla hore a “bolelle mafutsana litaba tse molemo . . . le [ho etsa] hore ba foufetseng ba boele ba bone.” (Luka 4:18) Kaha o ne a etsa lintho tseo Jehova a li batlang, o ne a lula a thabile. Ha Pesaleme ea 40:8 e bua ka tsela eo Jesu a ikutloang ka eona, e re: “Ke thabetse ho etsa thato ea hao, Molimo oa ka.” Jesu o ne a rata ho bolella batho ka Ntate oa hae ea leholimong. (Bala Luka 10:21.) Ka letsatsi le leng ka mor’a hore a rute mosali e mong ka bolumeli ba ’nete, o ile a re ho balateli ba hae: “Lijo tsa ka ke hore ke etse thato ea ea nthomileng le hore ke qete mosebetsi oa hae.” (Johanne 4:31-34) Kaha Jesu o ne a rata Jehova le batho, o ne a lula thabile. Ka tsela e tšoanang, le uena u tla thaba.

6. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore u buisane le Bakreste bao e leng khale ba li bona ka lintho tseo u batlang ho li etsa?

6 Bakreste ba bangata ba ile ba thabisoa ke ho ba bo-pula-maliboho e sa le bacha. Ak’u buisane le bona ka lintho tseo u batlang ho li etsa bophelong. “Merero ea senyeha moo ho se nang lekunutu, empa ha baeletsi ba le bangata ho na le se finyelloang.” (Liprov. 15:22) Batho ba joalo ba tla u bolella hore ha u le pula-maliboho, u ithuta lintho tse tla u tsoela molemo bophelo bohle ba hao. Ka mor’a hore Jesu a rutoe ke Ntate oa hae leholimong, o ile a ’na a ithuta lintho tse ngata ha a etsa tšebeletso ea hae lefatšeng. Ka mohlala, o ile a thabisoa ke ho bolella batho litaba tse molemo le ho lula a tšepahalla Jehova leha ho le thata. (Bala Esaia 50:4; Baheb. 5:8; 12:2) A re ke re bueng ka hore na ke joang ho ba pula-maliboho ho ka etsang hore u thabe.

KE HOBANE’NG HA BO-PULA-MALIBOHO BA ATLEHA?

7. Ke hobane’ng ha bacha ba bangata ba rata ho etsa barutuoa?

7 Jesu o ile a re: “E-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, . . . le ba rute.” (Mat. 28:19, 20) Haeba u batla ho etsa batho barutuoa, u tla be u khetha mosebetsi o khotsofatsang ka ho fetisisa o bileng o thabisang Molimo. Joaloka mosebetsi o mong le o mong, u lokela ho ipha nako ea ho ithuta ho o etsa. Haufinyane tjena mor’abo rona Timothy eo e bileng pula-maliboho a sa le mocha, o re: “Ke rata ho ba pula-maliboho hobane ke tsela eo ke bontšang Jehova ka eona hore kea mo rata. Qalong ke ne ke se na lithuto, empa ka mor’a hore ke fallele sebakeng se seng, ke ile ka ba le lithuto tse ’maloa le pele khoeli e fela. E mong oa batho bao ke ithutang Bibele le bona o ile a qala ho tla libokeng. Ka mor’a hore ke nke likhoeli tse peli Sekolong sa Bibele sa Barab’abo Rōna ba Masoha, * ke ile ka fuoa kabelo e ncha eaba ke ithuta Bibele le batho ba bane. Ke rata ho ruta batho hobane ke bona kamoo moea o halalelang o ba fetolang kateng.”—1 Bathes. 2:19.

8. Bacha ba bang ba Bakreste ba entse’ng hore ba bolele litaba tse molemo?

8 Bacha ba bang ba Bakreste ba ithutile puo e ’ngoe. Mohlala, Jacob ea Amerika Leboea, o re: “Ha ke le lilemo li supileng, bana ba bangata bao ke kenang le bona ka tlelaseng ba ne ba bua Sevietnamo. Kaha ke ne ke batla ho ba ruta ka Jehova, ke ile ka leka ho ithuta Sevietnamo. Ke ne ke ithuta sona ka ho bapisa Molula-Qhooa oa Senyesemane le oa Sevietnamo. Ka boela ka ba le metsoalle ea liphuthehong tsa Sevietnamo. Ha ke le lilemo li 18 ke ile ka ba pula-maliboho. Eaba hamorao ke ea Sekolong sa Bibele sa Barab’abo Rōna ba Masoha. Sekolo sena se nthusitse ho phetha kabelo eo ke nang le eona hona joale kaha ke ’na feela moholo phuthehong ea Sevietnamo. Batho ba bangata ba buang Sevietnamo baa makala ha ba utloa ke bua puo ea bona. Ba ’memela lijong ’me ke khona ho ithuta Bibele le bona. Ba bang ba bile ba kolobelitsoe.”—Bapisa le Liketso 2:7, 8.

9. Ke lintho life tseo re ithutang tsona ha re etsa mosebetsi oa ho etsa barutuoa?

9 Ha motho a etsa mosebetsi oa ho etsa barutuoa, o ithuta mekhoa e metle ea ho sebetsa le ea ho buisana le batho. O boetse o khona ho itšepa le ho bua lintho tse loketseng ka nako e loketseng. (Liprov. 21:5; 2 Tim. 2:24) Empa habohlokoa le ho feta ke hore motho a ka khona ho tseba Mangolo a mo thusang ho emela tumelo ea hae. Le uena u ka khona ho ithuta ho sebetsa le Jehova.—1 Bakor. 3:9.

10. U ka etsa’ng hore u thabele mosebetsi oa ho etsa barutuoa le haeba batho ba tšimo ea lona ba sa mamele?

10 U ntse u ka thabela ho etsa barutuoa le haeba e le batho ba seng bakae feela ba mamelang. Litho tsa phutheho li lokela ho sebetsa ’moho ho etsa barutuoa. Le hoja mohoeletsi a le mong e le eena ea fumanang motho ea thahasellang, kaofela ba kentse letsoho hore ba mo fumane. Kahoo, kaofela re lokela ho thaba. Ka mohlala, Brandon o qetile lilemo tse robong a sebetsa tšimo empa a sa fumane barutuoa. O re: “Ke rata ho bolela litaba tse molemo hobane Jehova o re re li bolele. Ke qalile ho ba pula-maliboho ka mor’a hore ke qete sekolo. Ke rata ho khothatsa bacha ba phutheho ea heso ’me kea thaba ha ke bona ba hatela pele. Ka mor’a hore ke ee Sekolong sa Bibele sa Barab’abo Rōna ba Masoha, ke ile ka fuoa kabelo e ncha. Le hoja ke e-s’o fumane motho ea qetellang a kolobetsoa, bahoeletsi ba bang ba ba fumane. Ke thabisoa ke hore ebe ke pula-maliboho mosebetsing ona oa ho etsa barutuoa.”—Moek. 11:6.

U KA FUMANA LITLHOHONOLOFATSO LIFE?

11. Bacha ba bangata ba ithaopetse ho etsa mosebetsi ofe?

11 Ho na le menyetla e mengata ea ho sebeletsa Jehova. Ka mohlala, kaha ho hlokeha Liholo Tsa ’Muso tse ngata, bacha ba bangata ba ithaopela ho kenya letsoho ha li hahoa. Ha u kenya letsoho mosebetsing ona, u rorisa Molimo ebile u ka thaba. U ka natefeloa ke ho sebetsa le Bakreste-’moho le uena mosebetsing ona. Ho etsa mosebetsi ona ho ka boela ha u ruta lintho tse ngata tse molemo, tse kang hore u be seli, u sebetse ka thata le hore u sebelisane ’moho le bao e leng balebeli.

Ba sebeletsang Jehova haholoanyane ba tla fumana litlhohonolofatso tse ngata(Sheba lirapa 11-13)

12. Ho ba pula-maliboho ho ka u thusa joang ho sebeletsa Jehova haholoanyane?

12 Mor’abo rona Kevin o re: “Haesale ke batla ho sebeletsa Jehova ho tloha ha ke sa le monyenyane. Kahoo, ha ke le lilemo li 19 ke ile ka qala ho bula maliboho. Eaba ke sebetsa le mor’abo rona e mong oa sehahi e le hore ke iphelise. Ke ile ka ithuta ho kenya marulelo, lifensetere le mamati. Hamorao ka qeta lilemo tse peli ke sebetsa le sehlopha sa Bakreste-’moho le ’na ba neng ba thusa bara le barali babo rona ba hlahetsoeng ke likoluoa ka ho ba hahela Liholo Tsa ’Muso le mahae. Eitse ha ke utloa hore ho hlokeha baithaopi bakeng sa ho haha Liholo Tsa ’Muso naheng ea Afrika Boroa, ke ile ka ithaopela ho ea, eaba kea amoheloa. Mona Afrika Boroa re haha Holo ea ’Muso ka mor’a libeke tse seng kae libakeng tse fapaneng. Ke phela hamonate le batho ba sehlopha seo ke sebetsang le sona hoo e kang ke ba lelapa leso. Re lula ’moho, re ithuta Bibele ’moho ebile re sebetsa ’moho. Hape, ho ba monate ha re ile tšimong le Bakreste-’moho le ’na ba sebaka seo re leng ho sona. Lintho tseo ke ileng ka rera ho li etsa bophelong ha ke sa le monyenyane li nthabisitse ka tsela eo ke sa kang ka e hlokomela.”

13. Ke joang ho sebetsa Bethele ho ka etsang hore bacha ba thabe?

13 Bacha ba bangata ba ileng ba nkela bopula-maliboho ba se ba le Bethele hona joale. Ho sebeletsa Bethele ho etsa hore motho a thabe hobane ha e le hantle o sebeletsa Jehova. Hape batho ba sebetsang Bethele ba thusa hore ho be le Libibele le lingoliloeng tse thusang batho ho ithuta Bibele. Mor’abo rona Dustin ea sebeletsang Bethele o re: “Ha ke le lilemo li robong, ke ne ke batla ho tla ba pula-maliboho, eaba ke qala ho bula maliboho ha ke qeta sekolo. Ka mor’a selemo le halofo, kopo ea ka ea ho e’a sebetsa Bethele e ile ea amoheloa, eaba kea ea. Ke ile ka ithuta ho sebelisa mechine e hatisang lingoliloeng le ho sebetsana le lik’homphieutha. Ke thaba haholo ha ke utloa hore mosebetsi oa boboleli oa atleha. Ke natefetsoe ke ho sebetsa Bethele hobane mosebetsi oo re o etsang o thusa batho ho ba le kamano e ntle le Jehova.”

U RERILE HO ETSA’NG KA MOSO?

14. U ka itokisa joang e le hore u tle u be pula-maliboho?

14 U ka itokisa joang e le hore u tle u be pula-maliboho? Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo u ka e etsang ke hore u be le kamano e ntle le Jehova. Kahoo, khothalla ho ithuta Bibele le ho nahanisisa haholoanyane ka lintho tseo u li balang. Ha u le libokeng, ikitlaelletse ho araba le ho phetha likabelo tsa hao. Ha u etsa joalo, u tla be u bontša hore tumelo ea hao e matla. Nakong eo u ntseng u le sekolong, u ka ntlafatsa bokhoni ba hao ba ho bua le batho ka Bibele ka hore u ba botse lipotso ka bohlale ’me u mamele hore na ba re’ng ha ba araba. Hape, u ka ithaopela ho hloekisa Holo ea ’Muso le ho e boloka e le boemong bo botle. Jehova oa thaba ha a sebeletsoa ke batho ba ikokobelitseng le ba batlang ho mo sebeletsa. (Bala Pesaleme ea 110:3; Lik. 6:1-3) Moapostola Pauluse o ile a mema Timothea hore a sebetse le eena e le moromuoa hobane “o ne a buuoa hantle ke barab’abo rōna.”—Lik. 16:1-5.

15. U ka itokisa joang e le hore u tle u khone ho iphelisa?

15 Bo-pula-maliboho ba lokela ho fumana mokhoa oa ho iphelisa. (Lik. 18:2, 3). Mohlomong u ka ithuta mosebetsi o itseng ka nako e khutšoanyane e le hore u tle u khone ho fumana mosebetsi sebakeng sa heno. U ka botsa molebeli oa potoloho esita le bo-pula-maliboho ba lulang sebakeng sa heno hore na ke mosebetsi oa mofuta ofe o ka u thusang hore u atlehe ho bula maliboho. Hape, u ‘rōlele mesebetsi ea hao ho Jehova ’me merero ea hao e tla tiisoa ka thata,’ e leng hore merero ea hao e tla phethahala.—Liprov. 16:3; 20:18.

16. Ho ba pula-maliboho ha u le mocha ho ka u thusa joang hore u hole?

16 Kholiseha hore Jehova o batla hore u ‘tšoare ka tieo bophelo ba sebele,’ e leng hore o batla hore u thabele bokamoso. (Bala 1 Tim. 6:18, 19) Ha u le pula-maliboho, u tla sebetsa ’moho le bo-pula-maliboho ba bang ’me u tla ithuta lintho tse ngata ho bona tse tla u thusa ho matlafatsa kamano ea hao le Jehova haholoanyane. Hangata batho ba qalileng ho bula maliboho pele ba nyala kapa ba nyaloa ba atleha ho tsoela pele e le bo-pula-maliboho le balekane ba bona leha ba se ba nyetse kapa ba nyetsoe.—Bar. 16:3, 4.

17, 18. Ho rata Jehova ho tsoa pelong ho tla u tsoalla khomo joang?

17 U lokela ho rera ho sebeletsa Jehova hobane u mo rata ho tsoa pelong. Pesaleme ea 20:4 e re: “E se eka a ka u fa ho ea ka pelo ea hao, e se eka a ka phethahatsa morero oohle oa hao.” Kahoo, nahanisisa haholoanyane ka hore na u batla ho etsa’ng bophelong, u nahanisise ka lintho tseo Jehova a li etsang mehleng ena le hore na u ka etsa tsoho la monna joang mosebetsing oo a re fileng oona. Ka mor’a moo, u rere ho etsa lintho tse tla mo thabisa.

18 Ho sebeletsa Jehova haholoanyane ho tla u khotsofatsa haholo hobane u rorisa Jehova. “U ithabele ka ho phethehileng ho Jehova, o tla u fa tseo pelo ea hao e li kōpang.”—Pes. 37:4.

^ ser. 7 Se nketsoe sebaka ke Sekolo sa Baevangeli ba ’Muso.