Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na o Ikemiseditse ho Leta ka Mamello?

Na o Ikemiseditse ho Leta ka Mamello?

Le lona le se ke la fela pelo.”​JAK. 5:8.

DIPINA: 78139

1, 2. (a) Ke hobaneng ha re ka nna ra botsa potso e reng: “E tla ba halelele hakae”? (b) Ke hobaneng ha mehlala ya bahlanka ba Modimo ba mehleng ya Bibele e ka re kgothatsa?

“E TLA ba halelele hakae?” Eo ke potso e ileng ya botswa ke baprofeta ba tshepahalang e leng Esaia le Habakuke. (Esa. 6:11; Hab. 1:2) Ha Davida a ngola Pesaleme ya 13 o ile a botsa potso e tshwanang le eo ka makgetlo a mane. Esita le Morena wa rona Jesu Kreste o ile a botsa potso eo ha a ntse a le lefatsheng, a tshwenyehile ka batho ba hlokang tumelo ba neng ba phela mehleng eo. (Mat. 17:17) Kahoo, ha re a lokela ho makala ha le rona ka dinako tse ding re botsa potso e tshwanang.

2 Ke hobaneng ha re ka botsa potso eo? Mohlomong re tshwerwe ka leeme. Kapa mohlomong re shebane le mathata a tliswang ke botsofadi, ho kula le maemo a mang a “dinako [tsena] tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” (2 Tim. 3:1) Re ka boela ra nyahamiswa ke dipuo tsa batho ba bang tse sa haheng. Bahlanka ba Modimo ba mehleng ya Bibele ba ile ba ikutlwa ba lokolohile ho botsa potso eo. Ho a kgothatsa hore ebe Jehova ha a ka a ba kgalemela kapa ho ba halefela ha ba etsa jwalo.

3. Re ka thuswa keng ha re shebane le maemo a thata?

3 Keng e ka re thusang ha re shebane le maemo a thata? Morutuwa Jakobo o ile a budulelwa hore a re ngolle: “Ka hona, le se ke la fela pelo, barabeso, ho fihlela ho beng teng ha Morena.” (Jak. 5:7) E, bohle re hloka ho ba le mamello kapa ‘ho se fele pelo.’ Le ha ho le jwalo, ho bolelang ho ba le mamello?

MAMELLO KE ENG?

4, 5. (a) Ho ba le mamello ho bolelang? (b) Morutuwa Jakobo o entse papiso efe mabapi le mamello? (Sheba setshwantsho se qalong.)

4 Bibele e re moya o halalelang ke ona o fanang ka mamello; ka mantswe a mang, ntle le thuso ya Modimo batho ba sa phethahalang ba ke ke ba kgona ho bontsha mamello ka ho lekaneng. Mamello ke mpho e tswang ho Modimo mme re bontsha hore re a mo rata ha re ba le yona. Ka ho mamella, re boetse re bontsha hore re rata batho ba bang. Ho ba sefelapelwana ho fokodisa maqhama a lerato, athe ho ba le mamello ho a a tiisa. (1 Bakor. 13:4: Bagal. 5:22) Mamello e amana haufi le makgabane a mang a Bokreste. Ka mohlala, e amana haufi le ho tiisetsa, e leng bokgoni ba motho ba ho shebana le maemo a boima empa a ntse a na le boikutlo bo nepahetseng. (Bakol. 1:11; Jak. 1:3, 4) Mamello e ka re thusa hore re se ke ra iphetetsa ha re utlwiswa bohloko le hore re dule re tshepahala ho Jehova ho sa tsotellehe mathata ao re tobanang le ona. Ho feta moo, Bibele e re kgothalletsa ho leta ka mamello. Papiso e ho Jakobo 5:7, 8 e re thusa ho utlwisisa sena. (E bale.)

5 Ke hobaneng ha re lokela ho letela Jehova hore a nke kgato? Jakobo o bapisa boemo ba rona le ba sehwai kapa rapolasi. Le hoja rapolasi a sebetsa ka thata ho lema dijo tsa hae, ha a kgone ho laola boemo ba lehodimo kapa kamoo dimela di holang kateng. A ke ke a kgona ho potlakisa nako ya kotulo. O lokela ho letela “ditholwana tsa bohlokwa tsa lefatshe” ka mamello. Jwalo ka ha re ntse re letetse hore Jehova a tlise lefatshe le letjha, le rona ho na le dintho tse ngata tseo re ke keng ra kgona ho di laola hona jwale. (Mar. 13:32, 33; Lik. 1:7) Jwalo ka rapolasi yane, re lokela ho ba le mamello.

6. Re ka ithutang mohlaleng wa moprofeta Mikea?

6 Maemo a rona kajeno a tshwana le a mehleng ya moprofeta Mikea. O ile a phela nakong ya puso ya Morena Akabe ya kgopo, nakong eo bobe bo neng bo jele setsi. Ha e le hantle, batho ba mehleng eo ba ne ba ‘ipabola ho etseng se sebe.’ (Bala Mikea 7:1-3.) Mikea o ile a hlokomela hore o ne a ke ke a kgona ho laola maemo ana. Jwale o ne a tla etsang? O re: “Ha e le nna, ke tla nne ke lebelle Jehova. Ke tla letela Modimo wa poloko ya ka. Modimo wa ka o tla nkutlwa.” (Mik. 7:7) Jwalo ka Mikea, le rona re lokela ho leta.

7. Ntle le ho letela hore Jehova a phethahatse ditshepiso tsa hae, keng hape eo re lokelang ho e etsa?

7 Haeba re na le tumelo e kang ya Mikea, re tla ikemisetsa ho letela Jehova. Boemo ba rona ha bo tshwane le ba motho ya teronkong, ya ahloletsweng lefu mme a emetse lefu la hae. Motshwaruwa eo o qobellehile hore a lete mme ha a thabele se tla mo etsahalla hamorao. Boemo ba rona bo fapane hole le ba hae! Re ikemiseditse ho letela Jehova hobane re kgodisehile hore o tla re fa bophelo bo sa feleng ka nako e loketseng. Ka hona, re ‘mamella ka botlalo le ho tiisetsa ka thabo.’ (Bakol. 1:11, 12) Ha re lete re ntse re tletleba le ho korotla ka hore Jehova o a dieha, hobane seo se ne se tla mo halefisa.—Bakol. 3:12.

BA RE BEHETSE MOHLALA WA HO MAMELLA

8. Re lokela ho hopolang ha re ntse re nahanisisa ka mehlala ya banna le basadi ba neng ba tshepahala ba nakong e fetileng?

8 Ho nahanisisa ka banna le basadi ba tshepahalang ba nakong e fetileng ba ileng ba letela Jehova ka mamello, ho tla re thusa ho ikemisetsa ho etsa se tshwanang. (Bar. 15:4) Ha re ntse re nahana ka mehlala ena, a re hopoleng hore na ba ile ba leta nako e kae, hore na ke hobaneng ha ba ne ba ikemiseditse ho leta, le hore na ba ile ba fumana ditlhohonolofatso dife.

Abrahama o ile a lokela ho leta dilemo tse ngata pele ditloholo tsa hae Esau le Jakobo di tswalwa (Sheba serapa sa 9, 10)

9, 10. Abrahama le Sara ba ile ba letela Jehova nako e kae?

9 Nahana ka Abrahama le Sara. Ba hara “bao ka tumelo le ho se fele pelo [kapa ka mamello] ba ruang ditshepiso.” Mangolo a re “ka mora hore Abrahama a bontshe ho se fele pelo,” o ile a fumana tshepiso ya hore Jehova o ne a tla mo hlohonolofatsa ka bana ba bangata. (Baheb. 6:12, 15) Ke hobaneng ha Abrahama a ne a lokela ho ba le mamello? Lebaka ke hore tshepiso eo e ne e tla nka nako pele e phethahala. Selekane seo Modimo a ileng a se etsa le Abrahama se ile sa qala ho sebetsa ka la 14 Nisane 1943 pele ho mehla ya Jesu. Ke nako eo Abrahama le lelapa la hae ba ileng ba tshela noka ya Eufrate ka yona mme ba kena Naheng e Tshepisitsweng. Jwale Abrahama o ile a lokela ho leta dilemo tse 25 pele mora wa hae Isaka a tswalwa ka selemo sa 1918 pele ho mehla ya Jesu. O ile a lokela ho leta dilemo tse ding hape tse 60 pele ditloholo tsa hae Esau le Jakobo di tswalwa ka selemo sa 1858.—Baheb. 11:9.

10 Abrahama o ile a fuwa naha e kgolo hakae? Bibele e re: “Le ha ho le jwalo [Modimo] ha a ka a mo fa lefa leha e le lefe naheng eo, tjhe, leha e le moo a ka behang leoto teng; empa o ile a tshepisa ho e fa ditloholwana tsa hae ka mora lefu la hae, le hoja a ne a eso be le ngwana [ka nako eo].” (Lik. 7:5) Ka mora dilemo tse 430 ho tloha ha Abrahama a tshela noka ya Eufrate, e ne e le hona ditloholwana tsa hae di hlophiswang hore e be setjhaba se neng se tla rua naha eo.​—Ex. 12:40-42; Bagal. 3:17.

11. Ke hobaneng ha Abrahama a ne a ikemiseditse ho letela Jehova, hona o tla fumana ditlhohonolofatso dife?

11 Abrahama o ne a ikemiseditse ho leta hobane o ne a na le tumelo ho Jehova. (Bala Baheberu 11:8-12.) Abrahama o ile a mamella a bile a thabile, le hoja a sa ka a bona ha tshepiso eo e phethahala ka ho feletseng nakong ya bophelo ba hae. Empa nahana feela hore o tla thaba hakakaang ha a tsosetswa lefatsheng la paradeise! O tla thabela ho bona karolo e kgolo ya Bibele e sebedisitsweng ho ngola pale ya bophelo ba hae le ya ditloholwana tsa hae. * Nahana kamoo a tla thaba kateng ha a hlokomela karolo ya bohlokwa eo a e entseng ho phethahaleng ha morero wa Jehova mabapi le peo e tshepisitsweng. Ha ho pelaelo hore Abrahama o tla thaba ha a bona hore o ne a sa letela lefeela.

12, 13. Ke hobaneng ha Josefa a ne a lokela ho mamella, mme o ne a na le boikutlo bofe bo nepahetseng?

12 Josefa, e leng setloholwana sa Abrahama, le yena o ile a bontsha hore o ne a ikemiseditse ho leta. O ile a tshwarwa ka tsela e sehloho. Ha a le dilemo tse ka bang 17, bana babo ba ile ba mo rekisa jwalo ka lekgoba. Hamorao o ile a etselletswa ka hore o ne a leka ho beta mosadi wa monga hae, yaba o kwallwa teronkong. (Gen. 39:11-20; Pes. 105:17, 18) O ile a etsahallwa ke dintho tsena tsohle le hoja e ne e le motho ya lokileng. Empa ka mora dilemo tse 13, dintho di ile tsa fetoha kapele. O ile a lokollwa teronkong mme a fuwa boemo bo phahameng naheng ya Egepeta.​—Gen. 41:14, 37-43; Lik. 7:9, 10.

13 Na ho tshwarwa ka leeme ho ile ha halefisa Josefa? Na o ile a kgaotsa ho tshepa Jehova? Tjhe. O ile a thuswa keng? Ke tumelo ya hae ho Jehova. O ile a bona kamoo Jehova a ileng a mo thusa kateng. O ile a re ho bana babo: “Le se ke la tshoha, etswe na ke sebakeng sa Modimo? Ha e le lona, le ne le nkgopoletse bobe. Modimo o ne a hopotse se molemo ka morero wa ho etsa jwalo ka letsatsing lena ho boloka batho ba bangata ba phela.” (Gen. 50:19, 20) Qetellong Josefa o ile a bona hore o ne a sa letela lefeela.

14, 15. (a) Keng se ikgethang ka mamello e bontshitsweng ke Davida? (b) Keng se thusitseng Davida ho leta ka mamello?

14 Morena Davida le yena o ile a tshwarwa ka leeme. Le hoja Jehova a ile a mo tlotsa e sa le motjha hore ebe morena wa Iseraele wa kamoso, Davida o ile a tlameha ho ema dilemo tse 15 pele a etswa morena molokong wa habo wa Juda. (2 Sam. 2:3, 4) Ka nako e nngwe dilemong tseo, Morena Saule ya sa tshepahaleng o ne a batla ho mo bolaya. * Kahoo Davida o ile a lokela ho phela jwalo ka mmalehi, a balehela dinaheng tse ding esita le mahaheng. Esita le ka mora hore Saule a bolawe ntweng, Davida o ile a lokela ho leta dilemo tse ding tse 7 pele e ba morena wa meloko yohle ya Iseraele.

15 Ke hobaneng ha Davida a ne a ikemiseditse ho leta ka mamello jwalo? O re fa karabo ho e nngwe ya dipina tsa hae. O re: “Ha e le nna, ke tshepile mosa wa hao o lerato; pelo ya ka e ke e thabele poloko ya hao. Ke tla binela Jehova, etswe o sebetsane le nna ka mokgwa o putsang.” (Pes. 13:5, 6) Davida o ne a kgodisehile hore Modimo o a mo rata. O ile a tshepa hore Jehova o tla mo lopolla mme a nahanisisa ka tsela eo Jehova a neng a mo thusitse ka yona nakong e fetileng. Ka sebele Davida ha a ka a itshola ka hore ebe o ile a leta.

Ha Jehova a re re bontshe mamello, ha a re kope ntho eo le yena ka boyena e mo hlolang

16, 17. Jehova le Jesu ba re behetse mohlala ofe o motle tabeng ya ho bontsha mamello?

16 Ha Jehova a re re bontshe mamello, ha a re kope ntho eo le yena ka boyena e mo hlolang. O re behetse mohlala o phethahetseng wa ho leta. (Bala 2 Petrose 3:9.) E se e le dilemo tse dikete jwale Jehova a ntse a letile ka mamello hore diqoso tseo Satane a di entseng ka yena tshimong ya Edene di arajwe ka botlalo. Ka mamello, o letetse nako eo lebitso la hae le tlang ho halaletswa ka yona ka ho felletseng. Ka nako eo, “bohle ba mo lebeletseng” kapa ba mo letetseng, ba tla hlohonolofatswa ka tsela e ke keng ya lekanngwa.​—Esa. 30:18.

17 Jesu le yena esale a letile. Le hoja a ile a tshepahala ha a le lefatsheng mme a fana ka boleng ba sehlabelo sa hae ha a fihla lehodimong ka selemo sa 33, o ile a lokela ho emela selemo sa 1914 pele a ka busa. (Lik. 2:33-35; Baheb. 10:12, 13) O tla ema ho fihlela ho fela Puso ya hae ya Dilemo Tse Sekete pele dira tsa hae tsohle di fediswa ka ho felletseng. (1 Bakor. 15:25) O tla be a letile nako e telele e le kannete, empa ho leta hoo e tla be e se ha lefeela.

KENG SE KA RE THUSANG?

18, 19. Keng e tla re thusa ho leta ka mamello?

18 Ha ho pelaelo hore e mong le e mong wa rona o lokela ho ikemisetsa ho leta ka mamello. Empa keng e ka o thusang ho etsa seo? Rapella moya wa Modimo. Hopola hore mamello ke e nngwe ya ditholwana tsa moya. (Baef. 3:16; 6:18; 1 Bathes. 5:17-19) Kopa Jehova hore a o thuse ho mamella.

19 Hape, hopola se ileng sa thusa Abrahama, Josefa, le Davida ho letela Jehova ka mamello. Ke hobane ba ne ba na le tumelo ho Jehova mme ba tshepa tsela eo a etsang dintho ka yona. Ba ne ba sa ameha ka se batlwang ke bona feela. Ha re nahana ka tsela eo ba ileng ba hlohonolofatswa ka yona, le rona re tla susumelletseha ho letela Jehova ka mamello.

20. Re lokela ho ikemisetsa ho etsang?

20 Le hoja re kopana le diteko, re ikemiseditse ho leta le ho mamella. Ke nnete hore ka dinako tse ding mathata a ka nna a etsa hore re ipotse hore na re tla leta nako e kae. (Esa. 6:11) Empa ka lebaka la matla ao re a fuwang ke moya o halalelang, e mong le e mong wa rona o ikemiseditse ho bua jwalo ka Jeremia, ha a re: “Jehova ke kabelo ya ka, ke ka lebaka leo ke tlang ho mo letela.​—Lillo 3:21, 24.

^ par. 11 Dikgaolo tse 15 tsa buka ya Genese di bua ka bophelo ba Abrahama. Ho feta moo, bangodi ba Mangolo a Segerike a Bakreste ba bua ka Abrahama ka makgetlo a ka hodimo ho 70.

^ par. 14 Le hoja Jehova a ile a lahla Saule ka mora hore a buse nako e ka hodimonyana ho dilemo tse pedi, o ile a mo dumella hore a buse dilemo tse ding tse 38 ho fihlela a shwa.—1 Sam. 13:1; Lik. 13:21.