Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

‘Khotso ea Molimo e Feta Monahano Oohle’

‘Khotso ea Molimo e Feta Monahano Oohle’

“Khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lōna.”BAFIL. 4:7.

LIPINA: 76, 141

1, 2. Ke lintho life tse ileng tsa hlahela Pauluse le Silase? (Sheba setšoantšo se qalong.)

BOSIUNG bo bong, baromuoa ba babeli e leng Pauluse le Silase, ba ne ba le ka hare-hare teronkong e motseng oa Filipi. Maoto a bona a ne a fasitsoe ka thata ’me ba opeloa ke mekokotlo, kaha ba ne ba sa tsoa otloa ka melamu. (Lik. 16:23, 24) Letsatsing leo, sehlopha sa batho ba befileng se ne se ile sa ba hulanyetsa ’marakeng moo bo-maseterata ba neng ba le teng. Eaba ba tabola liphahlo tsa Pauluse le Silase le ho ba otla ka sehloho ka melamu. (Lik. 16:16-22) Ba ne ba tšoere Pauluse ka leeme. Kaha e ne e le Moroma, o ne a sa lokela ho ahloloa joalo haeba a ne a entse tlolo ea molao. *

2 Ha Pauluse a ntse a le ka teronkong, o ile a nahanisisa ka lintho tse mo hlahetseng letsatsing leo. O ile a nahana ka batho ba lulang Filipi. Ba ne ba se na synagoge ea Sejuda joaloka metse e meng e mengata eo Pauluse a neng a kile a fihla ho eona. Ha e le hantle, Bajuda ba moo Filipi ba ne ba rapella ka ntle ho motse pel’a noka. (Lik. 16:13, 14) E ka ’na eaba ke hobane ho ne ho se na banna ba lekaneng ba Bajuda bakeng sa ho theha synagoge. Batho ba Filipi ba ne ba ikotla sefuba ka hore ebe ke Baroma, le hoja Baroma ba ne ba fokola ka palo ba bile ba sa nkeloe hloohong hakaalo. E ka ’na eaba ke lona lebaka le entseng hore ba se ke ba nahana hore Pauluse le Silase ke Baroma. Empa Pauluse le Silase ba ile ba lahleloa teronkong ho ntse ho le joalo.

3. Ke hobane’ng ha e ka ’na eaba Pauluse o ile a ipotsa lipotso tse ngata ha a ne a le teronkong, empa o ile a itšoara joang?

3 E ka ’na eaba Pauluse o ile a boela a nahanisisa ka lintho tse ileng tsa etsahala likhoeling tse tharo tse fetileng. O ne a ile a tšela Leoatle la Aegean le sebakeng sa Asia Minor. Ha Pauluse a ne a le moo, moea o halalelang o ile oa mo thiba hore a se ke a isa molaetsa oa Bibele libakeng tse itseng. E ne eka ho na le moo moea o halalelang o mo susumeletsang hore a ee. (Lik. 16:6, 7) Hokae? Ha a le motseng oa Troase o ile a ba le pono eo ho eona a ileng a bolelloa mantsoe ana: “Tšelela Macedonia.” Kaha Pauluse o ile a hlokomela hore o ne a tataisoa ke Jehova hore a ee moo, o ile a fela a ea hang-hang. (Bala Liketso 16:8-10.) Ka mor’a moo ho ile ha etsahala’ng? Nakoana ka mor’a hore a fihle Macedonia, o ile a isoa teronkong. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a lumella hore Pauluse a hlaheloe ke ntho ee? O ne a tla qeta nako e kae a le teronkong? Le haeba Pauluse o ile a ipotsa lipotso tsena, tumelo ea hae e ile ea lula e le matla ’me a tsoela pele a thabile. Eena le Silase ba ile ba “rapela ’me ba rorisa Molimo ka pina.” (Lik. 16:25) Molimo o ile a ba thoba lipelo ’me a etsa hore ba thabe.   

4, 5. (a) Maemo a rona a ka tšoana le a Pauluse joang? (b) Maemo a Pauluse a ile a fetoha joang?

4 E ka ’na eaba le uena u tšoana le Pauluse ka hore ho na le linako tseo u ileng oa hlokomela hore moea o halalelang oa u tataisa, empa lintho tsa etsahala ka tsela eo u neng u sa e lebella. Mohlomong u ile oa hlaheloa ke mathata kapa oa iphumana u le boemong boo ho bona u neng u lokela ho etsa liphetoho tse kholo bophelong ba hao. (Moek. 9:11) Kahoo e ka ’na eaba u lula u ipotsa hore na ke hobane’ng ha Jehova a ile a lumella hore u hlaheloe ke mathata ao. Haeba ho joalo, ke’ng e ka u thusang hore u tšepe Jehova haholo ’me u a mamelle? Pale ea Pauluse le Silase e tla fana ka karabo ea potso eo.

5 Ha Pauluse le Silase ba ntse ba binela Jehova, ho ile ha etsahala lintho tseo ba sa li lebellang. Ho ile ha e-ba le tšisinyeho ea lefatše. Mamati a teronko a buleha. Mahlaahlela a batšoaruoa a ile a fasoloha. Ka mor’a moo, Pauluse a thiba molebeli oa teronko hore a se ke a ipolaea. Molebeli le lelapa lohle la hae ba ile ba kolobetsoa. Hoseng ha letsatsi le hlahlamang, bo-maseterata ba ile ba romella makosetabole hore a lokolle Pauluse le Silase eaba ba ba kopa hore ba tsamaee ka khotso. Ha bo-maseterata ba utloa hore Pauluse le Silase ke Baroma, ba ile ba hlokomela hore ba entse phoso ka ho ba tšoara. Kahoo, ba itlisa e le ho ba ntšetsa ka ntle ho motse. Empa Pauluse le Silase ba ile ba kopa hore ba bone Lydia ea neng a sa tsoa kolobetsoa. Ba ile ba boela ba matlafatsa Bakreste-’moho le bona. (Lik. 16:26 -40) Maemo a bona a ile a fetoha ka potlako.

‘E FETA MONAHANO OOHLE’

6. Re tl’o hlahloba’ng sehloohong see?

6 Re ithuta’ng liketsahalong tsee? Jehova a ka etsa lintho tseo re sa li lebellang. Kahoo, ha rea lokela ho tšoenyeha ha re thulana le mathata. Pauluse o ile a ithuta ntho ea bohlokoa liketsahalong tseo. Ke kahoo a ileng a bua le Bakreste ba Filipi ka ho tšoenyeha, a ba a bua le bona ka khotso ea Molimo. A re qaleng ka ho hlahloba mantsoe a hae a hlahang ho Bafilipi 4:6, 7. (E bale.) Ka mor’a moo re tla bua ka lintho tse ling tseo Jehova a ileng a li etsetsa batho ba sa li lebella. Qetellong re tla ithuta hore na “khotso ea Molimo” e ka re thusa joang hore re tšepe Jehova ’me re mamelle.

7. Pauluse o ile a re’ng lengolong leo a neng a le ngoletse Bakreste ba Filipi, hona re ka ithuta’ng mantsoeng ao a hae?

7 Ha Bakreste ba Filipi ba bala lengolo le tsoang ho Pauluse, e ka ’na eaba ba ile ba hopola mehlolo eo Molimo a ileng a e etsa e le hore a mo thuse. Pauluse o ne a ba rutile’ng? O ne a ba rutile hore ba se ke ba tšoenyeha le hore ba rapele Molimo ’me ba ne ba tla ba le khotso. Empa Pauluse o ile a re ‘khotso ea Molimo e feta monahano oohle.’ O ne a bolela’ng? Bafetoleli ba bang ba Bibele ba re khotso ea Molimo “e feta litoro tsohle tsa rona” kapa “e molemo ho feta lintho tseo batho ba ka li rerang.” Kahoo, Pauluse o ne a bolela hore “khotso ea Molimo” e molemo ho feta kamoo re ka nahanang kateng. Le hoja re ke ke ra tseba hore na re tsoa le hokae ha mathata a re hloele setha, Jehova eena oa tseba ebile a ka etsa lintho tseo re sa li lebellang.—Bala 2 Petrose 2:9.

8, 9. (a) Le hoja Pauluse a ile a tšoaroa ka leeme, ho ile ha hlaha melemo efe ka mor’a moo? (b) Ke hobane’ng ha Bakreste ba Filipi ba ile ba lumela lintho tseo Pauluse a neng a ba boleletse tsona?

8 E ka ’na eaba Bakreste ba Filipi ba ile ba khothala ha ba nahanisisa ka lintho tse neng li etsahalletse Pauluse lilemong tse leshome tse fetileng. Le hoja Jehova a ile a lumella hore ba tšoaroe ka leeme, ketsahalo eo e ile ea tlatsetsa “ho sireletseng le ho theheng ka molao litaba tse molemo.” (Bafil. 1:7) Haeba bo-maseterata bao ba ne ba ka batla ho hlasela phutheho ea Bokreste e neng e sa tsoa thehoa moo Filipi, ba ne ba ke ke ba o besa oa tuka. Esita le Luka, ea neng a tsamaea le Pauluse ebile e le ngaka, o ile a khona ho sala moo Filipi ka mor’a hore Pauluse le Silase ba tsamaee kaha joale ho ne ho se ho tsebahala hore Pauluse ke Moroma. Kahoo, Luka a khona ho thusa Bakreste ba phutheho eo e neng e sa tsoa thehoa motseng oa Filipi.

9 Kahoo, ha Bakreste ba Filipi ba bala lengolo leo Pauluse a neng a ba ngoletse lona, ha baa ka ba nka hore Pauluse o iqapetse litaba tseo. Pauluse o ne a ile a feta har’a mathata a boima, empa a bontša hore o na le “khotso ea Molimo.” Ha e le hantle, o ile a ngola lengolo leo a le teronkong e Roma. Empa o ile a ’na a bontša hore o na le “khotso ea Molimo.”—Bafil. 1:12-14; 4:7, 11, 22.

“LE SE KE LA TŠOENYEHA KA LETHO”

10, 11. Re lokela ho etsa’ng ha re tšoenyehile, hona re ka lebella’ng?

10 Ke’ng e ka re thusang hore re se ke ra tšoenyeha ka letho ’me re be le “khotso ea Molimo”? Pauluse o ile a bolella Bafilipi hore ba ka thusoa ke ho rapela. Kahoo, ha re tšoenyeha, re lokela ho rapela Jehova re mo bolelle lintho tse re tšoenyang. (Bala 1 Petrose 5:6, 7.) Re lokela ho ba le tumelo ho Jehova hobane oa re tsotella. Ha re mo rapela, re lokela ho mo leboha ka lintho tse molemo tseo a re etselitseng tsona. Re tla mo tšepa haholoanyane ha re lula re hopola hore a ka ‘etsa ka ho fetisisang ho feta lintho tsohle tseo re li kopang kapa re li nahanang.’—Baef. 3:20.

11 Jehova a ka re etsetsa lintho tseo re sa li lebellang, joalokaha a ile a etsa ka Pauluse le Silase ha ba ne ba le Filipi. A ke ke a etsa letho le mohlolo, empa o tla re etsetsa lintho tse ka re thusang. (1 Bakor. 10:13) Ha se hore joale re rahe qhebelele re emele hore Jehova a re rarollele mathata ao re nang le ’ona. Re lokela ho etsa lintho tumellanong le lithapelo tsa rona. (Bar. 12:11) Ha re etsa joalo, Jehova o tla bona hore re fela re batla hore a re thuse ’me o tla re hlohonolofatsa. Hape, re lokela ho hlokomela hore Jehova a ka etsa lintho tse fetang tseo re li kopileng le tseo re li lebeletseng. Ka linako tse ling a ka re etsetsa lintho re sa lebella. A re hlahlobeng mehlala ea batho ba hlahang ka Bibeleng e tla re kholisa hore Jehova a ka khona ho re etsetsa lintho tseo re sa li lebellang.

JEHOVA O ILE A ETSA LINTHO TSE SA LEBELLOANG

12. (a) Morena Ezekiase o ile a etsa’ng ha morena Sankeribe oa Assyria a ne a le mothating oa ho mo hlasela? (b) Tsela eo Jehova a ileng a thusa Ezekiase ka eona e re ruta’ng?

12 Ka Bibeleng ho na le mehlala ea lintho tse sa lebelloang tseo Jehova a ileng a li etsa. Nakong eo morena Ezekiase a neng a busa, morena Sankeribe oa Assyria o ile a hlasela le ho hapa metse eohle ea Juda ntle le Jerusalema. (2 Mar. 18:1-3, 13) Eaba Sankeribe o se a ea Jerusalema. Morena Ezekiase o ile a etsa’ng ha litaba li le mosenekeng tjee? O ile a rapela Jehova eaba o batla keletso ho Esaia, moprofeta oa Jehova. (2 Mar. 19:5, 15-20) Ezekiase o ile a bontša hore o na le temoho ka hore a lefe lekhetho leo Sankeribe a neng a le batla. (2 Mar. 18:14, 15) Ka mor’a nako, Ezekiase o ile a lokisetsa ho sireletsa Jerusalema. (2 Likron. 32:2-4) Empa Jehova o ile a mo thusa joang? Jehova o ile a romela lengeloi le ileng la bolaea masole a Sankeribe a 185000 ka bosiu bo le bong. Ho hang Ezekiase o ne a sa lebella ntho e joalo.—2 Mar. 19:35.

Re ithuta’ng linthong tse ileng tsa hlahela Josefa?—Gen. 41:42 (Sheba serapa sa 13)

13. (a) Re ithuta’ng linthong tse ileng tsa etsahalla Josefa? (b) Sara o ile a hlaheloa ke’ng eo a neng a sa e lebella?

13 Nahana hape ka Josefa, mora oa Jakobo. Ha a ntse a le teronkong Egepeta, o ne a sa tsebe ho hang hore ka le leng o tla behoa hore a okamele ntlo ea morena naheng ea Egepeta, kapa hore Jehova o tla mo sebelisa ho pholosa ba lelapa labo hore ba se ke ba bolaoa ke tlala. (Gen. 40:15, 41:39-43; 50:20) Jehova o ile a etsa lintho tseo Josefa a neng a sa li lebella ho hang. Hape, hopola hore na ho ile ha etsahala’ng ka Sara, nkhono oa Josefa. Ho hang Sara o ne a sa lebella hore Jehova o tla etsa hore a belehe ngoana hobane o ne a se a tsofetse. Kahoo, le ka mohla Sara ha aa ka a nahana hore o tla tsoala Isaka.—Gen. 21:1-3, 6, 7.

14. Ke’ng eo re ka kholisehang hore Jehova o tla re etsetsa eona?

14 Ke ’nete hore re ke ke ra lebella hore Jehova a felise mathata ’ohle a rona ka mohlolo mehleng ena ea rona. Hape, ha rea lebella hore Jehova a re etsetse mehlolo bophelong ba rona. Empa rea tseba hore Jehova Molimo oa rona o ile a thusa bahlanka ba hae ka litsela tse ngata tseo ba neng ba sa li lebella. (Bala Esaia 43:10-13.) Kahoo, kaha rea mo tšepa, re tla ba le tumelo ho eena ’me re kholisehe hore a ka etsa eng kapa eng ho re thusa e le hore a etse thato ea hae ka ho feletseng. (2 Bakor. 4:7-9) Re ithuta’ng linthong tse ileng tsa etsahalla Ezekiase, Josefa le Sara? Hafeela re lula re tšepahalla Jehova, a ka re thusa ha re thulane le mathata ao ho ka bonahalang eka a ke ke a rarolleha.

Hafeela re lula re tšepahalla Jehova, a ka re thusa ha re thulane le mathata ao ho ka bonahalang eka a ke ke a rarolleha

15. Ke’ng e tla re thusa hore re lule re e-na le “khotso ea Molimo,” hona ke’ng e etsang hore re be le eona?

15 Ke joang re ka lulang re e-na le “khotso ea Molimo” leha re na le mathata? Ka ho lula re e-na le kamano e ntle le Jehova Molimo oa rona. Ke feela ka sehlabelo sa thekollo sa Jesu Kreste re ka bang le kamano e joalo le Molimo. E ’ngoe ea lintho tseo re neng re sa li lebella eo Jehova a e entseng ke hore a fane ka mora oa hae hore a tl’o re shoela. Re khona ho ba le letsoalo le khutsitseng le kamano e ntle le Jehova ka lebaka la sehlabelo seo sa thekollo.—Joh. 14:6; Jak. 4:8; 1 Pet. 3:21.

E TLA LEBELA LIPELO TSA RONA LE MATLA A RONA A KELELLO

16. Ho tla etsahala’ng ha re e-na le “khotso ea Molimo”? Etsa mohlala.

16 Ho tla etsahala’ng ha re e-ba le “khotso ea Molimo e fetang monahano oohle”? Bibele e re khotso eo ‘e tla lebela lipelo tsa rona le matla a rona a kelello ka Kreste Jesu.’ (Bafil. 4:7) Lentsoe la Seheberu le bolelang ho “lebela” le ne le sebelisoa haholo ha ho buuoa ka masole a neng a fuoe mosebetsi oa ho lebela motse mehleng ea khale. Motse oa Filipi o ne o lebeloa ke masole. Baahi ba motse oa Filipi ba ne ba robala thoichalala! bosiu, hobane ba tseba hore sehlopha sa masole se eme likeiting tsa motse ho o sireletsa. Kahoo, le rona ha re e-na le “khotso ea Molimo,” re tla lula re phutholohile hobane rea tseba hore Jehova oa re tsotella ebile o batla hore re atlehe bophelong. (1 Pet. 5:10) Ka lebaka leo, ha se habonolo re tla nyahama kapa hona ho tšoenyeha.

17. Nakong ea matšoenyeho a maholo, ke’ng e tla re thusa hore re lule re tšepa Jehova?

17 Haufinyane ho tla ba le matšoenyeho a maholo ka ho fetisisa mona lefatšeng. (Mat. 24:21, 22) Ha re tsebe hore na ho tla etsahala’ng ka rona nakong eo. Empa ha rea lokela ho tšoenyeha ho tlola ka hore na ho tla etsahala’ng. Le hoja re sa tsebe lintho tsohle tseo Jehova a tla li etsa ka nako eo, rea tseba hore o tla phetha litšepiso tsa hae. Re ithutile linthong tseo a ileng a li etsetsa bahlanka ba hae hore Jehova o tla lula a etsa thato ea hae. Ka linako tse ling a be a e etse ka tsela eo re sa e lebellang ho sa tsotellehe hore na ho tla etsahala’ng. Kahoo, nako le nako ha Jehova a etsa joalo, re tla ba le “khotso ea Molimo e fetang monahano oohle” ka litsela tse ngata tse fapaneng.

^ ser. 1 Ho bonahala Silase le eena e ne e le Moroma.—Lik. 16:37.