Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

‘Kgotso e Tswang ho Modimo e Feta Monahano Wohle’

‘Kgotso e Tswang ho Modimo e Feta Monahano Wohle’

Kgotso ya Modimo e fetang monahano wohle e tla lebela dipelo tsa lona.”​BAFIL. 4:7.

DIPINA: 76, 141

1, 2. Ho tlile jwang hore Pauluse le Silase ba tshwarwe ha ba le Filipi? (Sheba setshwantsho se qalong.)

KE HARA mpa bosiu. Baromuwa ba babedi, Pauluse le Silase, ba teronkong motseng wa Filipi. Ba tlanngwe maoto mme mekokotlo ya bona e ntse e opa kaha ba ile ba otlwa pejana. (Lik. 16:23, 24) Ho ne ho etsahetseng? Letshwele le halefileng le ile la ba hulanya ho ba isa mmarakeng, moo ba ileng ba ema ka pela babusi mme ba ahlolwa ka lepotlapotla. Diaparo tsa bona di ne di tabohile mme ba otlilwe ha bohloko ka melamu. (Lik. 16:16-22) Sehloho se sekaalo! Kaha Pauluse e ne e le moahi wa Roma, e ne e tlameha ebe o ile a iswa kgotla pele. *

2 Ha Pauluse a ntse a dutse teronkong eo e lefifi, o qala ho nahana ka diketsahalo tsa letsatsing leo. O nahana ka baahi ba motse wa Filipi. Motse wa bona o ne o se na synagoge ya Bajuda jwalo ka metse e meng eo Pauluse a neng a kile a e etela. Ka lebaka leo, Bajuda ba moo ba ne ba kopana ka ntle ho heke ya motse, ka thoko ho noka, ha ba ne ba batla ho rapela. (Lik. 16:13, 14) Kaha ho ne ho hlokahala banna ba 10 ba Bajuda hore ho be le synagoge, na ebe palo ya bona e ne e le tlase ho moo? Batho ba Filipi ba ne ba le motlotlo haholo ka ho ba baahi ba Roma. (Lik. 16:21) Mohlomong ke lona lebaka le neng le etsa ba nahane hore Pauluse le Silase, bao e neng e le Bajuda, e ne e se baahi ba Roma. Le ha ho le jwalo, Pauluse le Silase ba ile ba tshwarwa ka leeme.

3. Ke hobaneng ha Pauluse a ne a ka nna a makatswa ke ho ba ha hae teronkong, empa o ne a na le boikutlo bofe?

3 Mohlomong Pauluse o boetse o nahana ka diketsahalo tsa dikgweding tse fetileng. O hopola a le ka lehlakoreng le leng la Lewatle la Aegean le Asia Minor. Ha Pauluse a le moo, moya o halalelang o ile wa mo thibela ka makgetlo ho ya paka dibakeng tse itseng. Ho jwalo ka ha eka moya o halalelang o ne o mo isa sebakeng se itseng. (Lik. 16:6, 7) Ebe o ne o batla a ye hokae? O ile a fumana pono e mo bolellang hore a ye Troase. Ponong eo, Pauluse o ile a bolellwa: “Tshelela Macedonia.” Pauluse ha a ka qeaqea ho mamela seo Jehova a reng a se etse a sebedisa pono ena. (Bala Liketso 16:8-10.) Empa ho ile ha etsahalang ka mora moo? Ha a qeta feela ho fihla Macedonia, ke enwa o se a le teronkong! Ke hobaneng ha Jehova a ile a dumella see ho etsahalla Pauluse? O ne a tla dula nako e kae teronkong? Le haeba Pauluse o ne a ipotsa dipotso tsena, ha a ka a di dumella hore di fokodise tumelo ya hae le ho mo amoha thabo. Yena le Silase ba ile ba qala ho “rorisa Modimo ka pina.” (Lik. 16:25) Kgotso e tswang ho Modimo e ile ya ba thoba dipelo.

4, 5. (a) Boemo ba rona bo tshwana jwang le ba Pauluse? (b) Maemo a Pauluse a ile a fetoha jwang ka ho panya ha leihlo?

4 Jwalo ka Pauluse, ho ka etsahala hore ho na le nako eo o neng o nahana hore o latela tataiso ya moya wa Modimo, empa dintho tsa se ke tsa tsamaya kamoo o neng o nahanne kateng. Mohlomong o ile wa shebana le mathata kapa wa iphumana o le boemong bo hlokang hore o etse diphetoho tse kgolo bophelong ba hao. (Moek. 9:11) Ha o hetla morao, ho ka etsahala wa ipotsa hore ebe ke hobaneng ha Jehova a ile a dumella tse ding tsa dintho tseo ho o etsahalla. Haeba o boemong bo jwalo, o ka thuswa keng ho tswela pele o mamelletse mme o tshepile Jehova? Ho fumana karabo, a re ke re kgutleleng tabeng ya Pauluse le Silase.

5 Ha Pauluse le Silase ba ntse ba binela Jehova, ho etsahala dintho tseo ba sa di lebellang. Ka tshohanyetso, ho ba le tshisinyeho ya lefatshe e matla haholo! Mamati a teronko a a buleha. Diketane tse tlammeng batshwaruwa di a lokoloha. Molebedi wa teronko o leka ho ipolaya empa Pauluse o a mo thiba. Molebedi eo le bohle ba lelapa la hae ba a kolobetswa. Ka le hlahlamang, bomakgistrata ba romela masole ho a lokolla Pauluse le Silase. Ba kopa Pauluse le Silase hore ba tsamaye motseng wa bona. Ha ba hlokomela hore Pauluse le Silase ke baahi ba Roma le hore ba entse phoso ka ho ba kwalla teronkong, bomakgistrata ka bobona ba a ba felehetsa ho ba ntsha ka hare ho motse. Empa Pauluse le Silase ba kopa ho ilo sadisa moradi wabo bona Lydia hantle, ya neng a sa tswa kolobetswa. Ba boetse ba sebedisa monyetla ona ho matlafatsa barababo bona. (Lik. 16:26-40) Dintho di ile tsa fetoha kapele hakakaang!

‘E FETA MONAHANO WOHLE’

6. Re tlo tshohlang?

6 Re ithutang diketsahalong tsena? Ha re a lokela ho tshwenyeha haholo ha re shebane le diteko, kaha Jehova ha a hlolwe ke letho. Thuto ena e ile ya ama Pauluse hoo a ileng a ba a bua ka yona ha a ngolla bara babo ba Filipi. A re qaleng ka ho tshohla mantswe a Pauluse a ho Bafilipi 4:6, 7. (E bale.) Ka mora moo, re tla sheba mehlala e meng e ka Mangolong ya kamoo Jehova a bontshitseng kateng hore ha a hlolwe ke letho. Qetellong, re tla ithuta kamoo ‘kgotso e tswang ho Modimo’ e ka re thusang kateng ho mamella diteko.

7. Ke thuto efe ya bohlokwa e lengolong leo Pauluse a ileng a le ngolla barababo ba Filipi, mme rona re ka ithutang mantsweng a hae?

7 Ha lengolo la Pauluse le ballwa phutheho Filipi, ha ho pelaelo hore ba ile ba hopola dintho tse neng di mo hlahetse. Ba ile ba hopola le kamoo Jehova a ileng a sebetsana le boemo ka tsela eo ba neng ba sa e lebella. Ke thuto efe eo Pauluse a neng a ba ruta yona? Ha e le hantle o ne a re: ‘Le se ke la tshwenyeha. Rapelang, mme le tla fumana kgotso e tswang ho Modimo.’ Ela hloko hore kgotso e tswang ho Modimo e feta “monahano wohle.” Seo se bolelang? Bafetoledi ba bang ba beha mantswe ao tjena: “Kgotso e tswang ho Modimo e feta ditoro tsa rona” kapa hore “e feta merero yohle ya batho.” Ka mantswe a mang, Pauluse o ne a re kgotso e tswang ho Modimo e matla ho feta kamoo re ka nahanang kateng. Kahoo, le hoja ho ya ka pono ya rona re ka bona eka mathata a rona ha a na tharollo, Jehova yena o dula a na le tharollo ebile o kgona le ho rarolla mathata a rona ka tsela eo re sa e lebellang.​—Bala 2 Petrose 2:9.

8, 9. (a) Le hoja Pauluse a ile a hlahelwa ke dintho tse bohloko Filipi, ho bile le diphello dife tse ntle? (b) Ke hobaneng ha Bakreste ba Filipi ba ne ba lokela ho nka mantswe a Pauluse ka botebo?

8 Ha Pauluse a ngolla phutheho e Filipi, ho ne ho se ho fetile dilemo tse 10 ho tloha ha a ne a tshwarwa ka leeme motseng oo. E tlameha ebe Bakreste bao ba ile ba matlafala ha ba nahana ka diketsahalo tseo. Seo Pauluse a ba ngolletseng sona e ne e le nnete. Le hoja Jehova a ile a dumella hore Pauluse a hlahelwe ke dintho tse bohloko, diketsahalo tseo di ile tsa thusa “ho sireletseng le ho theheng ka molao ditaba tse molemo.” (Bafil. 1:7) Kaha bomakgistrata ba moo ba ne ba se ba tseba hore Pauluse ke moahi wa Roma, ba ne ba tshaba ho hlorisa phutheho eo a neng a sa tswa e theha. Hape Luka, eo e neng e le ngaka, o ile a sala Filipi ha Pauluse le Silase ba ne ba tsamaya. Kahoo, Luka o ne a ka fana ka thuso e eketsehileng ho Bakreste bao ba batjha.

9 Ha barababo rona ba Filipi ba bala lengolo la Pauluse ba ne ba tseba hore mantswe ao a ne a sa ngolwa ke motho ya dutseng kaekae diofising. Ha e le hantle, Pauluse o ngotse lengolo leo a le teronkong Roma. Le hoja Pauluse a ne a fetile mathateng a boima, o ile a bontsha hore o ne a na le ‘kgotso e tswang ho Modimo.’​—Bafil. 1:12-14; 4:7, 11, 22.

“LE SE KE LA TSHWENYEHAKA LETHO”

10, 11. Re lokela ho etsang haeba re tshwenyeha haholo ka bothata bo itseng, hona re ka lebellang?

10 Re ka thuswa keng hore re se tshwenyehe ka letho mme re fumane ‘kgotso e tswang ho Modimo’? Mantswe a Pauluse ho Bafilipi a bontsha hore pheko ya ho tshwenyeha ke thapelo. Kahoo, haeba re ikutlwa re tshwenyehile re lokela ho rapela. (Bala 1 Petrose 5:6, 7.) Rapela Jehova, o kgodisehile hore o a o tsotella. Bontsha hore o ananela dintho tseo a o etseditseng tsona ka ho akarelletsa “le diteboho” thapelong ya hao. Re tla tshepa Jehova le ho feta ha re hopola hore o kgona ho re fa “ka ho fetisisang ho feta dintho tsohle tseo re di kopang kapa [tseo] re di nahanang.”​—Baef. 3:20.

11 Jehova a ka nna a re thusa ka tsela eo re sa e lebellang, jwalo kaha a ile a etsa ho Pauluse le Silase ha ba le motseng wa Filipi. Esita le ha Jehova a sa re thuse ka tsela ya mohlolo jwalo ka nakong ya bo Pauluse, kamehla o tla re fa seo re se hlokang. (1 Bakor. 10:13) Sena hase bolele hore re tla dula feela re emetse hore Jehova a re thuse. Re lokela ho etsa tumellanong le seo re se rapellang. (Bar. 12:11) Re tla bontsha ka diketso hore re feela re hloka seo re se rapelletseng. Ka lehlakoreng le leng, re boetse re lokela ho hopola hore Jehova ha a re etsetse feela dintho tseo re di kopang kapa tseo re rerang ho ba le tsona. Ka dinako tse ding, o re etsetsa le tseo re sa di lebellang. A re ke re bueng ka e meng ya mehlala e ka Bibeleng e bontshang sena.

JEHOVA O ILE A BA THUSA KA TSELA EO BA NENG BA SA E LEBELLA

12. (a) Morena Ezekiase o ile a etsang ha a tshosetswa ke Morena Sankeribe wa Assyria? (b) Re ithutang tseleng eo Jehova a ileng a thusa Ezekiase ka yona?

12 Ka Bibeleng, ho na le mehlala e mengata ya kamoo Jehova a ileng a thusa bahlanka ba hae ka tsela eo ba neng ba sa e lebella. Mohlala o mong ke o amang Morena Ezekiase. Nakong ya puso ya hae, Sankeribe morena wa Assyria o ile a futuhela Juda mme a hapa metse yohle e ho yona, ntle wa le Jerusalema. (2 Mar. 18:1-3, 13) Jwale Sankeribe o ile a batla ho futuhela Jerusalema. Morena Ezekiase o ile a etsang ha a shebane le kotsi eo? O ile a rapela Jehova, a boela a kopa keletso ho moprofeta wa Jehova e leng Esaia. (2 Mar. 19:5, 15-20) Ezekiase o ile a boela a leka ho bopa kgotso le Sankeribe ka hore a mo patale tjhelete eo a neng a e batla. (2 Mar. 18:14, 15) Ezekiase o ile a etsa seo a ka se kgonang ho leka ho sireletsa setjhaba tlhaselong. (2 Likron. 32:2-4) Qetello e bile efe? Jehova o ile a romela lengeloi le ileng la bolaya masole a Sankeribe a 185 000 ka bosiu bo le bong. Esita le Ezekiase o ne a sa lebella sena!​—2 Mar. 19:35.

Re ithutang ho se ileng sa etsahalla Josefa?—Gen. 41:42(Sheba serapa sa 13)

13. (a) Re ithutang ho se ileng sa etsahalla Josefa? (b) Ke mohlolo ofe oo Jehova a ileng a o etsa ho Sara, mosadi wa Abrahama?

13 A ko nahane ka Josefa mora wa Jakobo. Ha a ntse a le teronkong Egepeta, na Josefa o ne a ka nahana hore ka le leng e ne e tla ba mmusi wa naha eo le hore Jehova o ne a tla mo sebedisa hore a pholose lelapa labo tlaleng ya sekoboto? (Gen. 40:15; 41:39-43; 50:20) Ha ho potang hore Josefa o ne a sa lebella seo Jehova a ileng a mo etsetsa sona. Nahana hape ka nkgono wa Josefa e leng Sara. Na Sara, ya neng a se a tsofetse, o ne a ka lebella hore Jehova a mo thuse ho ima le ho tswala mora eo e leng wa hae? Ka sebele, ho tswalwa ha Isaka e e ne e le mohlolo oo Sara a neng a sa o lebella.​—Gen. 21:1-3, 6, 7.

14. Ke hobaneng ha re tshepa Jehova?

14 Ke nnete, ha re a lebella hore Jehova a fedise mathata ohle a rona ka tsela ya mohlolo; ebile re ka se mo qobelle hore a re etsetse dintho tse makatsang bophelong. Empa seo re se tsebang ke hore ke Jehova Modimo wa rona ya ileng a thusa bahlanka ba hae ka ditsela tseo ba neng ba sa di lebella. (Bala Esaia 43:10-13.) Haeba re mo tshepa, re ba le tumelo ho yena. Re a tseba hore a ka etsa eng kapa eng ho re matlafatsa e le hore re etse thato ya hae. (2 Bakor. 4:7-9) Re ithutang ditlalehong tsee tsa Bibele? Jwalo kaha re bone tabeng ya Ezekiase, Josefa le Sara, Jehova a ka re thusa ho hlola mathata a bonahalang eka ha a na tharollo, ha feela re dula re tshepahala ho yena.

Jehova a ka re thusa ho hlola mathata a bonahalang eka ha a na tharollo, ha feela re dula re tshepahala ho yena

15. Keng e ka re thusang hore re dule re na le ‘kgotso e tswang ho Modimo’?

15 Re ka ba le kgotso e tswang ho Modimo jwang esita le ha re tobane le mathata? Ka ho dula re na le kamano e ntle le Modimo wa rona Jehova. Ke “ka Kreste Jesu” feela re ka kgonang ho ba le kamano e jwalo le Modimo, hobane Jesu o ile a fana ka bophelo ba hae hore e be sehlabelo sa thekollo. Sehlabelo seo sa thekollo ke e nngwe ya ditokisetso tse bonahatsang lerato la Ntate wa rona. Jehova o sebedisa thekollo ho kwahela dibe tsa rona e le hore re ka ba le letswalo le hlwekileng esita le ho atamela ho yena.​—Joh. 14:6; Jak. 4:8; 1 Pet. 3:21.

E TLA LEBELA DIPELO TSA RONA LE MATLA A RONA A KELELLO

16. Phello e tla ba efe ha re fumana ‘kgotso e tswang ho Modimo’? Bapisa.

16 Ho ba le phello efe ha re fumana kgotso e tswang ho Modimo, “e fetang monahano wohle”? Mangolo a araba ka hore kgotso eo ‘e tla lebela dipelo tsa rona le matla a rona a kelello ka Kreste Jesu.’ (Bafil. 4:7) Lentswe la Segerike le fetoletsweng e le ho “lebela” mona, le ne le sebediswa sesoleng ha ho buuwa ka sehlopha sa masole se neng se fuwe boikarabelo ba ho sireletsa motse. Motse wa Filipi o ne o lebelwa ke sehlopha se jwalo sa masole. Baahi ba motse oo ba ne ba robala ba lokolohile bosiu, ba ikutlwa ba sireletsehile hobane ba tseba hore masole a ba shebile. Ka ho tshwanang, ha re na le kgotso e tswang ho Modimo, dipelo le dikelello tsa rona di dula di kgutsitse, di sireletsehile. Re a tseba hore Jehova o a re rata le hore o batla re atlehe. (1 Pet. 5:10) Ho tseba seo ho re thusa hore re se ke ra tshwenyeha ho tlola kapa ra nyahama.

17. Keng e tla re thusa ho ba le kgodiseho ka bokamoso?

17 Haufinyane batho ba tla tobana le matshwenyeho a maholo ka ho fetisisa ho a kileng a ba teng lefatsheng. (Mat. 24:21, 22) Ha re tsebe dintlha tsohle ka matshwenyeho ao. Le ha ho le jwalo, ha ho hlokahale hore re tshwenyehe. Le hoja re sa tsebe dintlha tsohle, re tseba Modimo wa rona Jehova. Re bone kamoo a ileng a etsa dintho kateng nakong e fetileng, hore kamehla o phethahatsa morero wa hae le hore ka dinako tse ding o etsa jwalo ka tsela eo re sa e lebellang. Kahoo, ntho le ha e le efe eo Jehova a re etsetsang yona hona jwale e re fa monyetla wa ho fumana kgotso e tswang ho Modimo “e fetang monahano wohle.”

^ par. 1 Ho ka etsahala hore le Silase e ne e le moahi wa Roma.—Lik. 16:37.