Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Pale Ea Bophelo

Ho Mamella Mathata ho ka re Tlisetsa Litlhohonolofatso

Ho Mamella Mathata ho ka re Tlisetsa Litlhohonolofatso

LEPOLESA la KGB * le ile la nkomanya la re: “U ntate ea khopo. Mosali oa hao ke moimana ebile u se u ntse u e-na le ngoan’a ngoanana, empa u ba lahlile kherehloa. U lebeletse hore ba hlokomeloe ke mang? Ak’u tlohele bopaki u tsebe ho lokolloa ’me u ee hae.” Ke ile ka mo araba ka re: “Che. Ha kea ba lahla. Ke lona ba ntšoereng ’me ha ke tsebe hore na le ntšoaretse’ng.” Lepolesa leo le ile la re: “Lipaki ke linokoane tse mpe ka ho fetisisa.”

Ke ne ke buisana le lepolesa leo ke le teronkong e motseng oa Irkutsk o Russia, ka 1959. E-re ke le phetele hore na ke hobane’ng ha ’na le mohats’aka Maria re ne re ikemiselitse ho “utloa bohloko ka lebaka la ho loka” le hore na Jehova o ile a re hlohonolofatsa joang.—1 Pet. 3:13, 14.

Ke hlahetse naheng ea Ukraine, motseng oa Zolotniki. Ka 1937 ’mangoane oa ka le mohats’a hae ba ile ba tloha Fora ba re chakela, eaba ba re siela buka ea Government le ea Deliverance, tse hatisitsoeng ke Mokhatlo oa Watch Tower. Ka mor’a hore ntate oa ka a bale libuka tseo, o ile a qala ho lumela ho Molimo. Ka 1939 o ile a kula haholo, empa pele a ka hlokahala, o ile a re ho ’mè oa ka: “U rute bana ba rona litaba tse ka libukeng tsena hobane litaba tseo ke ’nete.”    

RE BOLELA LITABA TSE MOLEMO SIBERIA

Ka April 1951 ’muso o ile oa tsoa letšolo ho leleka Lipaki ka bongata linaheng tse tlas’a USSR ho li isa naheng ea Siberia. ’Na, ’mè oa ka le Grigory, e leng ngoan’eso ea ntlhahlamang re ile ra lelekoa Ukraine ra isoa tereneng e ileng ea tsamaea lik’hilomithara tse fetang 6 000 ho ea Siberia. Re ile ra fihlela motseng oa Tulun o Siberia. Libeke tse peli ka mor’a hore re fihle, moholoane oa ka o ile a isoa teronkong e pel’a motse oa Angarsk. O ne a ahloletsoe ho qeta lilemo tse 25.

Ha e le ’na, Grigory le ’Mè, re ne re buisana le batho ka Bibele libakeng tse motseng oa Tulun, empa re ne re le seli. Ka mohlala, re ne re botsa batho hore na ho na le motho ea neng a batla ho rekisa khomo. Ha re mo fumane, re ne re buisana le eena ka hore na likhomo li bopiloe ka tsela e ntle hakaakang ebe ho e-s’o ee kae, re se re bua ka ’Mopi. Nakong eo, koranta e ’ngoe e ile ea re Lipaki li tsamaea li botsa batho hore na ba rekisa likhomo, empa ha e le hantle li batla “linku.” Re ile ra fela ra fumana “linku,” e leng batho ba ileng ba mamela molaetsa oa rona. Ho ne ho le monate ho buisana le batho ba motseng oo ka Bibele hobane ba ne ba ikokobelitse ba bile ba re amohela malapeng a bona. Hona joale, ho na le phutheho ea bahoeletsi ba fetang 100 motseng oo oa Tulun.

KE AROHANA LE LELAPA LA KA

Mor’abo rona e mong ea lulang Tulun o ile a mpolella hore ho na le morali’abo rona ea tlang. Lebitso la hae e ne e le Maria. Kahoo, ka ea setopong sa libese ka baesekele ho eo mo khahlanyetsa le ho mo ’nkisa thoto ea hae. Ha ke qala ho kopana le eena, o ile a nkhahla li sa tloha feela. Ke ile ka leka kahohle ho mo fereha ’me qetellong a lumela. Eaba re nyalana ka 1957. Ka mor’a selemo re nyalane, re ile ra tsiboloa ka morali ’me ra mo reha Irina. Empa ha kea ka ka qeta nako e telele ke e-na le eena. Ka 1959, ke ile ka tšoaroa hobane ke ne ke hatisa lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng. Ke ile ka qeta likhoeli tse tšeletseng ke koaletsoe ka teronkong moo ke leng mong. Ke ne ke lula ke thabile nakong eo ke leng teronkong hobane ke ne ke rapela, ke bina lipina tsa ’Muso ’me ke nahana hore na ke tla re’ng ha ke buisana le batho ka Bibele ha ke se ke lokolotsoe.

Ha ke le teronkong ka 1962

Lepolesa le neng le ntlhoma lipotso le ile la nkhobola la re ho ’na: “Haufinyane re tla le rinya joaloka litoeba.” Ke ile ka re: “Jesu o itse litaba tse molemo tsa ’Muso li TLA boleloa lefatšeng lohle ’me ha ho na motho ea ka thibang hore li boleloe.” Eaba lepolesa leo le leka ho nqhekella ka ho mphehella hore ke tlohele ho ba Paki. Le ile la bua mantsoe a hlahang qalong ea pale ena. Le hoja le ile la ntšosa le ho mphehella hore ke tlohele ho ba Paki, le ile la hamela letanteng. Kahoo, ke ile ka ahloleloa ho qeta lilemo tse supileng ke le teronkong e pel’a motse oa Saransk moo ke ileng ka qobelloa ho etsa mesebetsi e boima. Nakong eo ke neng ke isoa teronkong, morali oa ka oa bobeli Olga, o ne a sa tsoa hlaha. Le hoja ke ne ke le hole le ba lelapa la ka, ke ne ke khothala ha ke nahana hore ’na le Maria re lutse re tšepahalla Jehova.

Maria Sivulsky le barali ba hae, Olga le Irina, ka 1965

Maria o ne a nka leeto la matsatsi a 12 a tla ka terene hanngoe ka selemo ho tla mpona. O ne a ntlela le lieta tse ncha selemo le selemo, a patile lingoliloeng tsa morao-rao tsa Molula-Qhooa ka har’a lieta tseo. Ka le leng, Maria o ile a tla le barali ba rona ba babeli ho tla mpona. Ha ke ba bona, ke ile ka thaba hona hoo!

MATHATA A ILENG A HLAHELA MARIA

Mohats’a ka Maria o ile a ithuta Bibele a sa le Ukraine nakong eo Ntoa ea Bobeli ea Lefatše e neng e ntse e kupa. Ha a le lilemo li 18, lepolesa le leng la KGB le ile la mo hlekefetsa la ba la leka ho mo susumeletsa hore a etse thobalano le lona. Empa Maria o ile a hana ’me a itoanela. Ka le leng, o ile a khutlela hae, eaba o fumana lepolesa lane le kakaletse betheng ea hae. Maria o ile a qela ho leoto. Lepolesa leo le ile la halefa hoo le ileng la ba la tšosa Maria ka hore le tla etsa hore a koalloe hobane e le Paki ’me ka 1952, Maria o ile a fela a ahloleloa ho qeta lilemo tse leshome teronkong. O ne a utloa eka o tšoana le Josefa, ea ileng a isoa teronkong hobane a ne a tšepahalla Jehova. (Gen. 39:12, 20) Ha Maria a qeta ho tsoa ka lekhotleng a isoa teronkong, motho ea neng a mo isa teng o ile a re ho eena: “U se ke oa tšoha. Batho ba bangata baa koalloa, empa ba khutla ba ntse ba thabile.” Mantsoe ao a ile a etsa hore a khothale.

Ka 1952, Maria o ile a isoa sebakeng se pel’a motse oa Gorkiy naheng ea Russia, moo a ileng a qobelloa ho etsa mesebetsi e boima ho fihlela ka 1956. O ne a qobelloa ho sakha lifate le har’a serame se kenang masapong. O ile a kula, empa ka 1956 a lokolloa ’me a ea motseng oa Tulun.

RE THULANA LE MATHATA SEBAKENG SE SECHA

Ka 1966 ke ile ka lokolloa, eaba ’na le ba lelapa la ka re fallela motseng oa Armavir o pel’a Leoatle le Letšo. Ha re le moo, re ile ra hlohonolofatsoa ka bara ba babeli bao re ileng ra ba reha Yaroslav le Pavel.

Ho e-s’o ee kae, mapolesa a KGB a ile a itšohlometsa ka ha rona a batlana le lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng. A ile a li batla le ka lijelong tsa likhomo. Ka le leng a ile a li batla hoo a neng a bile a fufuletsoe ’me lisutu tsa ’ona li le putsoa li re pululu! ke lerole. Maria o ile a a hauhela hobane a bona hore a ne a mpa a etsa joalo ho phetha molao. Eaba o a tlisetsa terinki, borashe bo hlohlorang lerole, lithaole le basekomo e tšetseng metsi. Ha mookameli oa mapolesa ao a fihla, a ile a mo bolella kamoo re neng re a tšoere hantle kateng. Ha ba se ba tsamaea, mookameli o ile a bososela eaba o re salisa hantle. Ho ‘hlōla bobe ka botle’ ho ile ha fela ha re tsoalla khomo.—Bar. 12:21.

Le har’a mathata ao, re ile ra ’na ra bolela litaba tse molemo motseng oo oa Armavir. Re ile ra boela ra thusa sehlopha se senyenyane sa bahoeletsi ba lulang toropong ea Kurganinsk. Hona joale ho na le liphutheho tse tšeletseng motseng oa Armavir le tse ’nè motseng oa Kurganinsk.

Ho na le linako tseo kamano ea rona le Jehova e ileng ea fokola. Empa re leboha Jehova hore ebe Bakreste-’moho le rona ba ile ba re thusa ho matlafatsa kamano eo. (Pes. 130:3) Bothata bo bong e ne e le ba mapolesa a KGB a neng a ikentse liphiri ka har’a lekoko la nku. A ne a bonahala e le Lipaki tse ratang Jehova a bile a ea tšimong haholo. A mang a ile a ba a fuoa boikarabelo ka phuthehong. Empa ka mor’a nako, re ile ra fumana hore ha e le hantle ke mapolesa a KGB.

Ka 1978 Maria o ile a ima hape. Ka nako eo, o ne a le lilemo li 45. Lingaka li ile tsa tšoha hore o tla hlokahala nakong eo a pepang kaha o ne a tšoeroe ke lefu la pelo. Kahoo, tsa mo kopa hore a ntše mpa. Maria o ile a hana. Empa lingaka tse ling li ne li mo sala morao hohle moo a neng a e-ea li nkile ente, li leka ho mo enta e le hore ngoana a hlahe pele ho nako ea hae. Maria ha aa ka a hlola a le beha sepetleleng seo molemong oa ho sireletsa ngoana.

Mapolesa a KGB a ile a re leleka motseng. Eaba re fallela sebakeng se pel’a motse oa Tallinn o naheng ea Estonia. Ka nako eo, Estonia e ne e le tlas’a USSR. Maria o ile a ba le ngoan’a moshanyana ea phetseng hantle ’me ha aa ka a hlokahala, joalokaha lingaka li ne li nahanne.

Ka mor’a nako re ile ra fallela motseng oa Nezlobnaya o naheng ea Russia. Re ne re tlameha ho ba seli ha re bolela litaba tse molemo metseng e haufi le moo. Re ne re buisana ka Bibele le batho ba tsoang linaheng tse ling ba neng ba atisa ho tla ngakeng motseng oo. Ba bang ba ile ba khutlela habo bona ba lumela hore ba tla phela ka ho sa feleng nakong e tlang.

RE THUSA BANA BA RONA HO RATA JEHOVA

Re ile ra etsa sohle ho thusa bana ba rona ho rata Jehova le ho batla ho mo sebeletsa. Hangata re ne re mema barab’abo rona hore ba re chakele. Ka mohlala, re ne re atisa ho mema moen’aka Grigory. E ile ea e-ba molebeli oa potoloho ho tloha ka 1970 ho ea ho 1995. Ho ne ho e-ba monate ha a re chaketse hobane o ne a lula a thabile a bile a rata ho re qabola. Hangata ha Bakreste-’moho le rona ba re chaketse, re ne re bapala lipapali tsa Bibele ’me bana ba rona ba ile ba rata lipale tse ka Bibeleng.

Bara ba ka le basali ba bona.

Ho tloha ka ho le letšehali ho ea ka ho le letona, ka morao-rao: Yaroslav, Pavel, Jr., Vitaly

Ka pele-pele: Alyona, Raya, Svetlana

Ka 1987 mora oa rona Yaroslav, o ile a fallela motseng oa Riga o naheng ea Latvia. Lipaki li ne li sa thibeloa ho etsa mosebetsi oa boboleli naheng eo. Empa Yaroslav o ile a tšoaroa ’me a ahloleloa ho qeta selemo le halofo teronkong hobane a hana ho ba lesole. Nakong eo ea selemo le halofo, o ile a isoa literonkong tse robong tse fapaneng. O ile a khona ho mamella hobane nkile ka mo bolella lintho tse ileng tsa nketsahalla ha ke le teronkong. Ka mor’a nako, e ile ea e-ba pula-maliboho. Ka 1990 ha mora oa rona Pavel a le lilemo li 19, o ne a batla ho ba pula-maliboho ’me a fallele sehlekehlekeng sa Sakhalin se naheng ea Japane. Re ile ra hana hobane re sa batle hore a re siee. Ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 20 feela sehlekehlekeng seo ’me se le bohole ba lik’hilomithara tse 9 000. Empa qetellong ra lumela ’me ra bona hore o ne a entse qeto e ntle. Batho ba moo ba ne ba mamela molaetsa oa Bibele. Ka mor’a lilemo tse seng kae feela, ho ne ho se ho e-na le liphutheho tse robeli. Pavel o ile a lula sehlekehlekeng seo ho fihlela ka 1995. Ka nako eo, khorula ea rona Vitaly, ke eena feela ea neng a setse hae. O ne a rata ho bala Bibele ho tloha e sa le ngoana. Ha a le lilemo li 14 o ile a bula maliboho, eaba ke sebetsa le eena ke le pula-maliboho ka lilemo tse peli. Ho ne ho le monate haholo. Ha a le lilemo li 19, e ile ea e-ba pula-maliboho e khethehileng.

Ka 1952, lepolesa la KGB le ile la re ho Maria: “Tlohela ho ba Paki. Ho seng joalo u tla qeta lilemo tse leshome teronkong. U tla lokolloa u se u tsofetse u bile u se na mang-oe!” Empa ha hoa ka ha e-ba joalo. Re ile ra hlokomela hore Molimo oa rona Jehova, bana ba rona le batho ba bangata bao re ba thusitseng ho ba Lipaki, baa re rata. Re ile ra khona ho ea libakeng tseo bana ba rona ba neng ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho ho tsona, ra ba ra bona batho bao ba ba thusitseng ho ithuta ka Jehova.

JEHOVA O ILE A RE HLOHONOLOFATSA

Ka 1991 Lipaki Tsa Jehova li ile tsa lumelloa ka molao ho etsa mosebetsi oa tsona. Ka lebaka leo, mosebetsi oa boboleli o ile oa etsoa ka matla le ho feta. Bara le barali babo rona ba phutheho ea rona ba ile ba reka bese e le hore re ka ea bolella batho ba litoropong le metseng e haufinyane litaba tse molemo mafelo-beke a mang le a mang.

Na le mosali oa ka ka 2011

Hona joale Yaroslav le mohats’a hae Alyona, hammoho le Pavel le mohats’a hae Raya, ba sebetsa Bethele. Ha e le Vitaly eena, o sebetsa e le molebeli oa potoloho hammoho le mohats’a hae Svetlana. Morali oa rona oa letsibolo Irina, o se a phela Jeremane le lelapa la hae. Mohats’a hae Vladimir hammoho le bara ba hae ba bararo, ke baholo. Morali oa rona Olga eena o lula Estonia ’me o lula a ntetsetsa. Mohats’a ka Maria o ile a hlokahala ka 2014, empa kea tseba hore ke tla mo bona mohla tsoho ea bafu. Hona joale ke lula motseng oa Belgorod ’me Bakreste-’moho le ’na mona ba nthusa haholo.

Ka nako eo ke e qetileng ke sebeletsa Jehova, ke ithutile hore re ka lahleheloa ke lintho tse ngata ka lebaka la ho mo tšepahalla. Empa tsela eo Jehova a re hlohonolofatsang ka eona e feta hole lintho tseo re lahlehetsoeng ke tsona. ’Na le Maria re hlohonolofalitsoe haholo ho feta kamoo ke neng ke nahanne ka lebaka la ho lula re tšepahala le har’a mathata. Pele puso ea USSR e oa ka 1991, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba fetang 40 000. Hona joale ho na le bahoeletsi ba fetang 400 000 linaheng tse neng li busoa ke USSR. Ke se ke le lilemo li 83 ’me ke ntse ke le moholo ka phuthehong. Haesale Jehova a re thusa hore re mamelle. Jehova o fela a ntlhohonolofalitse.—Pes. 13:5, 6.

^ ser. 4 KGB ke Komiti ea Tšireletso ea Naha ea Soviet Union