Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Hlobola Botho ba Khale ’me U bo Lahle

Hlobola Botho ba Khale ’me U bo Lahle

“Hlobolang botho ba khale le litloaelo tsa bona.”BAKOL. 3:9.

LIPINA: 83, 129

1, 2. Ke lintho life tseo batho ba li buileng ka Lipaki Tsa Jehova?

BATHO ba bangata ba bua ka mekhoa e metle eo Lipaki Tsa Jehova li nang le eona. Ka mohlala, ntate Anton oa sengoli o ile a bua tjena ka Lipaki Tsa Jehova tse neng li le Jeremane: “Manazi a Jeremane a ne a hloile Lipaki Tsa Jehova haholo. . . . Ka 1939 Lipaki tse 6 000 li ne li le literonkong Jeremane moo li neng li hlorisoa ka sehloho.” Ho ntse ho le joalo, Lipaki li ile tsa lula “li khobile matšoafo leha li ne li imetsoe kelellong tsa ba tsa lula li tšepahala le ho momahana.”

2 Lilemo tse seng kae tse fetileng, batho ba Afrika Boroa le bona ba ile ba hlokomela hore Lipaki Tsa Jehova li na le mekhoa e metle. Ho na le nako eo ka eona ba boholong ba neng ba sa lumelle bara le barali babo rona ba batšo le ba basoeu ho kopana. Leha ho le joalo, ka la 18 December, 2011 bara le barali babo rona ba fetang 78 000 ba merabe e mengata ba ne ba kopane ketsahalong ea bohlokoa e neng e tšoaretsoe setediamong se seholo ka ho fetisisa toropong ea Johannesburg e Afrika Boroa. E mong oa baokameli ba setediamo o ile a bua tjena ka bara le barali babo rona ba neng ba le teng moo: “Ha ke e-s’o bone batho ba itšoereng hantle hakana! Le apere hantle. Hape, le hloekisitse lebala hantle haholo. Empa ntho e kholo eo ke e boneng ke hore le kopane le le merabe e mengata.”

3. Ke’ng e etsang hore Lipaki Tsa Jehova li fapane le batho ba bang?

3 Lintho tsena tseo batho ba li buileng lia bontša hore Lipaki Tsa Jehova lefatšeng lohle lia ikhetha. (1 Pet. 5:9) Empa ke’ng e etsang hore re fapane le batho ba bang? Re thusoa ke Bibele le moea o halalelang hore re sebetse ka thata ho ‘hlobola botho ba khale’ ’me re “ikapese botho bo bocha.”—Bakol. 3:9, 10.

4. Re tl’o hlahloba’ng sehloohong see, hona hobane’ng?

4 Ha re tlohela mekhoa e mebe eo re neng re e-na le eona, ha rea lokela ho khutlela ho eona. Sehloohong sena re tla hlahloba hore na re ka tlohela mekhoa e mebe eo re neng re e-na le eona joang, hore na ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho etsa joalo le hore na ke hobane’ng ha ho ka khoneha hore motho a fetohe ho sa tsotellehe hore na o kheleletse hakae mekhoeng e mebe. Re tla boela re hlahlobe hore na Bakreste bao e leng khale ba li bona ba ka etsa’ng hore ba se ke ba khutlela mekhoeng e mebe eo ba neng ba e-na le eona. Empa na ho bohlokoa ho bua ka taba ee? Bahlanka ba bangata ba Jehova ba ile ba hloleha ho ba seli ’me ba khutletse mekhoeng e mebe eo ba neng ba e-na le eona. Kahoo, kaofela ha rona re lokela ho lula re hopola mantsoe ana: “Ea nahanang hore o eme a ke a hlokomele hore a se ke a oa.”—1 Bakor. 10:12.

“LE BOLAEE” LITAKATSO TSA “BOHLOLA”

5. (a) Etsa mohlala o bontšang hore na ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho tlohela mekhoa e mebe. (Sheba setšoantšo se qalong.) (b) Ke mekhoa efe e mebe e hlahang ho Bakolose 3:5-9?

5 U ne u tla etsa’ng haeba liphahlo tsa hao li ne li ka ba litšila li bile li nkha hampe? U ne u tla li hlobola hang-hang. Kahoo, re lokela ho mamela Molimo ka hore hang-hang re khaotse ho etsa lintho tseo a sa li rateng. Re lokela ho mamela mantsoe ana ao Pauluse a ileng a a bolella Bakreste-’moho le eena mehleng ea hae: “Li tloseng kaofela ho lōna.” A re hlahlobeng mekhoa e ’meli e mebe eo Pauluse a ileng a bua ka eona, e leng bohlola le ho se hloeke.—Bala Bakolose 3:5-9.

6, 7. (a) Mantsoe a Pauluse a bontša joang hore re lokela ho sebetsa ka thata ho leleka litakatso tse fosahetseng? (b) Morali’abo rona Sakura o ne a phela bophelo ba mofuta ofe, hona o ile a thusoa ke’ng hore a bo tlohele?

6 Bohlola. Ho ea ka Bibele, ha batho ba babeli ba sa nyalanang ka molao ba etsa thobalano, ba etsa “bohlola.” Hape, ho ratana kapa ho etsa thobalano ha batho ba bong bo tšoanang, ke bohlola. Pauluse o ile a bolella Bakreste-’moho le eena hore ba “bolaee litho tsa ’mele” ea bona,” e leng hore ba leleke litakatso leha e le life tseo ba neng ba ka ba le tsona, “mabapi le bohlola.” Mantsoe ana a bontša ka ho hlaka hore re lokela ho sebetsa ka thata ho leleka litakatso tsena tse fosahetseng. Le hoja re lokela ho sebetsa ka thata ho leleka litakatso tse fosahetseng, re ka atleha ho li leleka.

7 Nahana ka Sakura * ea tsoang Japane. Ho tloha ha e ntse e le mocha, o ne a ikutloa eka ke motoai-toai a bile a sa thaba. Eaba ha a le lilemo li 15, a qala ho ratana le batho ba fapaneng ’me a etsa thobalano le bona, a nahana hore o tla thaba. O bua mantsoe ana a soabetse boitšoaro boo ba hae: “Ka mor’a moo, ke ile ka ntša mpa ka makhetlo a mararo.” O boela a re: “Qalong ke ne ke utloa eka ho etsa thobalano ho ntlosa bolutu ebile ke utloa eka kea ratoa le hore ke motho oa bohlokoa. Empa eare ha ke ntse ke khelella ho ea pele boitšoarong bona, ka utloa ke jeoa ke bolutu le ho feta.” O ile a tsoela pele ka boitšoaro boo ho fihlela a le lilemo li 23. Eaba o ithuta Bibele le Lipaki. O ne a rata lintho tseo a neng a ithuta tsona. Jehova o ile a mo thusa hore a khaotse ho itšoabela ka lebaka la mekhoa ea hae e mebe ea pele le hore a se hlole a khutlela ho eona. Hona joale morali’abo rona Sakura ke pula-maliboho ea kamehla ebile o thabile. O re: “Ke thabile haholo hobane letsatsi le letsatsi Jehova o lula a mpontša hore oa nthata.”

RE KA ETSA’NG HO QOBA HO SE HLOEKE?

8. Ke mekhoa efe e mebe e ka etsang hore Jehova a re nke re sa hloeka?

8 Ho se hloeke. Ho ea ka Bibele, motho ea sa hloekang ha se ea etsang bohlola feela. Le motho ea tsubang kapa ea soasoang ka lintho tse litšila ha a hloeka. (2 Bakor. 7:1; Baef. 5:3) Hape, motho ea etsang lintho tse kang ho bala libuka tse buang ka thobalano, ho shebella litšoantšo tse litšila kapa ho ipholla litho tsa botona kapa tsa botšehali le eena ha a hloeka.—Bakol. 3:5. *

9. Ho lemalla ho shebella litšoantšo tse litšila ho ka re hlahisetsa mathata afe?

9 Batho ba shebellang litšoantšo tse litšila ba ipitsetsa “takatso ea botona kapa ea botšehali” ’me qetellong ba lemalla ho etsa thobalano. Ho latela lipatlisiso tse entsoeng, batho ba qetella ba lemaletse ho shebella litšoantšo tse litšila joaloka batho ba lemaletseng lithethefatsi haeba ba itloaetsa ho li shebella. Ke kahoo batho ba lemaletseng ho shebella litšoantšo tse litšila le bona ba hlaheloang ke lintho tse bohloko. Ka mohlala, ba lula ba ikutloa ba soabile, ha ba sebetse hantle mosebetsing, malapa a bona ha a thaba ebile ba bang ba hlalane, athe ba bang bona ba bile ba ipolaile. Ntate e mong o ile a atleha ho tlohela mokhoa oo a neng a o lemaletse oa ho shebella litšoantšo tse litšila. Ka mor’a hore a qete selemo a sa li shebelle, o ile a re: “Hona joale ke se ke itlhompha.”

10. Ke’ng e thusitseng mor’abo rona Ribeiro hore a khaotse ho shebella litšoantšo tse litšila?

10 Batho ba bangata ba nka lilemo hore ba hlole mokhoa oo oa ho shebella litšoantšo tse litšila. Empa pale ea mor’abo rona Ribeiro ea tsoang Brazil ea re bontša hore hoa khoneha ho hlola mokhoa oo. Mor’abo rona Ribeiro o ile a tloha habo e ntse e le mocha, eaba ka mor’a nako o sebetsa k’hamphaning e ’ngoe e sebetsanang le libuka tse lokeloang ho senngoa. O ile a itloaetsa ho sheba libuka tse nang le litšoantšo tse litšila. O re: “Butle-butle ka li lemalla hoo ke neng ke tatela hore mosali eo ke neng ke lula le eena a tsoe ka tlung e le hore ke li shebelle.” Eaba ka le leng ha a le mosebetsing, o bona bukana ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa libukeng tse neng li il’o senngoa. O ile a e nka eaba oa e bala. Ka mor’a ho e bala, o ile a batla ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova, empa ho ile ha feta nako e telele pele a ka hlola mokhoa oo oa ho shebella litšoantšo tse litšila. O ile a thusoa ke’ng hore a o hlole? O re: “Ke ile ka rapela Jehova, ka ithuta Bibele le ho nahanisisa ka lintho tseo ke ithutileng tsona. Kahoo, ke ile ka tseba Jehova haholoanyane ’me ka mo rata haholo ho e-na le ho rata litšoantšo tse litšila.” Mor’abo rona Ribeiro o ile a thusoa ke Bibele le moea o halalelang hore a tlohele mokhoa oo o mobe oo a neng a o lemaletse, eaba oa kolobetsoa. Hona joale ke moholo ka phuthehong.

11. Ke’ng e tla thusa motho hore a khaotse ho shebella litšoantšo tse litšila?

11 Hlokomela hore mor’abo rona Ribeiro ha aa ka a thusoa ke ho ithuta Bibele feela. O ile a ipha nako ea ho nahanisisa ka lintho tseo a ithutileng tsona Bibeleng a ba a rapela Jehova. Kahoo, o ile a rata Jehova haholo ho feta ho rata litšoantšo tse litšila. Ha motho a rata Jehova ho tsoa pelong ’me a hloea lintho tse mpe, o tla atleha ho khaotsa ho shebella litšoantšo tse litšila.—Bala Pesaleme ea 97:10.

QOBA BOHALE, LITLHAPA LE LESHANO

12. Mor’abo rona Stephen o thusitsoe ke’ng hore a fetohe?

12 Hangata batho ba koatang kapele baa rohakana. Ho etsa joalo ho ke ke ha etsa hore lelapa le thabe. Ntate Stephen o tsoa Australia ’me o na le lelapa. O re: “Ke ne ke tloaetse ho rohakana ke bile ke halefisoa ke lintho tse sa reng letho. Ke ile ka arohana le mosali oa ka ka makhetlo a mararo. Re ne re se re le haufi le ho hlalana.” Eaba ntate Stephen le mohats’a hae ba qala ho ithuta Bibele le Lipaki. Ho ile ha etsahala’ng ha a mamela likeletso tsa Bibele? O re: “Lelapa la ka le ile la thaba. Jehova o ile a nthusa hore ke khobe matšoafo ha ho e-na le ntho e itseng e nkhalefisitseng. Hona joale ke thabile.” Mor’abo rona Stephen e se e le mohlanka ea sebeletsang ’me mosali oa hae o se a e-na le lilemo tse seng kae e le pula-maliboho ea kamehla. Baholo ba phutheho eo mor’abo rona Stephen a kopanelang ho eona ba re: “Mor’abo rona Stephen ke motho ea thotseng, ea ikokobelitseng ea bileng a sebetsang ka thata.” Ba re ha ba e-s’o mo bone a halefile. Leha ho le joalo, mor’abo rona Stephen ha a ikotle sefuba ka hore ebe o fetohile. O re: “Ntho e nthusitseng hore ke fetohe ke hore ebe ke ile ka lumella hore Jehova a fetole botho ba ka ka ho feletseng.”

13. Ho halefa ho kotsi hakae, hona Bibele e re eletsa hore re etse’ng?

13 Bibele e re eletsa hore re se ke ra halefa kapa ra rohakana. (Baef. 4:31) Lebaka ke hore ho halefa le ho rohakana ho qetella ka ntoa. Le hoja batho ba lefatše ba sa bone e le phoso ho etsa joalo, liketso tseo ha li thabise Jehova. Batho ba bangata ba ile ba tlameha ho khaotsa mekhoa ena e le hore ba etse lintho ka tsela e khahlisang Jehova.—Bala Pesaleme ea 37:8-11.

14. Na hoa khoneha hore motho ea bohale a qetelle a le bonolo?

14 Mor’abo rona Hans ke moholo phuthehong e ’ngoe Austria. Ha mohokahanyi oa sehlopha sa baholo oa phutheho eo a bua ka mor’abo rona Hans o re: “Ke mor’abo rona ea bonolo ka ho fetisisa.” Empa ha mor’abo rona Hans a ntse a hola, e ne e se motho ea bonolo. Ha e sa le mocha, o ne a noa haholo, kahoo a lula a halefile. Ka lebaka la botahoa, o ile a bolaea kharebe ea hae eaba o ahloleloa ho hlola lilemo tse 20 teronkong. Ha aa ka a fetoha le hoja a ne a le teronkong. Hans o ile a ithuta Bibele ka mor’a hore ’mè oa hae a kope moholo e mong hore a mo etele teronkong. Hans o re: “Ho ne ho le thata hore ke fetole litsela tsa ka. Ke ile ka khothatsoa ke Lengolo la Esaia 55:7 le reng: ‘Motho ea khopo a tlohele tsela ea hae’ le la 1 Bakorinthe 6:11 leo ha le bua ka batho ba bakileng le reng: ‘Leha ho le joalo ke seo ba bang ba lōna ba neng ba le sona.’ Ka lilemo tse ngata Jehova o ’nile a nthusa ka moea oa hae o halalelang hore ke fetohe.” Ka mor’a hore Hans a hoehle chankaneng ka lilemo tse ka bang 17, o ile a lokolloa e se e le Paki ea Jehova. O re: “Kea leboha hore ebe Jehova o ile a nkhauhela a ba a ntšoarela.”

15. Batho ba tloaetse ho etsa’ng, empa Bibele eona e re’ng?

15 Ntho e ’ngoe hape eo Jehova a sa e rateng ke leshano. Mohlala, batho ba bangata ba bua leshano ha ba sa batle ho lefa lekhetho kapa ho jara boikarabelo haeba ba entse liphoso. Empa Jehova eena ke “Molimo oa ’nete.” (Pes. 31:5) Kahoo o batla hore “e mong le e mong” oa barapeli ba hae “a bue ’nete le moahelani oa hae” ’me a se ke a bua leshano. (Baef. 4:25; Bakol. 3:9) Kahoo re lokela ho bua ’nete esita le haeba ho le thata kapa ho ka re soabisa.—Liprov. 6:16-19.

BA THUSITSOE KE’NG?

16. Motho a ka tlohela mekhoa e mebe joang?

16 Ke Jehova feela ea ka re thusang hore re tlohele mekhoa e mebe. Batho bao re buileng ka bona e leng Sakura, Ribeiro, Stephen le Hans ba ile ba tlameha ho sebetsa ka thata hore ba tlohele mekhoa ea bona e mebe. Ba ile ba thusoa ke moea o halalelang le ho bala Lentsoe la Molimo. (Luka 11:13; Baheb. 4:12) Ka tsela e tšoanang, Bibele e ka re thusa haeba re e bala letsatsi le letsatsi, re nahanisisa ka lintho tseo re ithutileng tsona ’me re rapella ho ba le bohlale le matla a ho sebelisa likeletso tsa Bibele bophelong ba rona. (Josh. 1:8; Pes. 119:97; 1 Bathes. 5:17) Lentsoe la Molimo le moea o halalelang li ka re thusa ha rea libokeng le nakong eo re li lokisetsang. (Baheb. 10:24, 25) Hape re lokela ho sebelisa lintho tse kang limakasine, Khaso ea JW, JW Library le websaete ea rona ea jw.org.—Luka 12:42.

Re ka thusoa ke’ng hore re tlohele mekhoa e mebe? (Sheba serapa sa 16)

17. Re tla ithuta’ng sehloohong se latelang?

17 Re buile ka mekhoa eo Bakreste ba lokelang ho e khaotsa ’me ba e tlohellele ruri. Empa ho boetse ho na lintho tseo re lokelang ho li etsa e le hore re be le kamano e ntle le Jehova. Re lokela ho itloaetsa mekhoa e metle. Sehloohong se latelang re tla ithuta hore na ke joang re ka loanelang ho lula re e-na le mekhoa eo e metle ’me ra ba le kamano e ntle le Jehova.

^ ser. 7 Mabitso a mang a fetotsoe sehloohong sena.

^ ser. 8 Sheba khaolo ea 25 bukeng ea Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1.