Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Hlobola Botho ba Kgale o be o bo Lahle

Hlobola Botho ba Kgale o be o bo Lahle

Hlobolang botho ba kgale le ditlwaelo tsa bona.”​—BAKOL. 3:9.

DIPINA: 83, 129

1, 2. Batho ba hlokometseng ka Dipaki Tsa Jehova?

BATHO ba bangata ba rata tsela eo batho ba Jehova ba itshwarang ka yona. Ka mohlala, ha mongodi Anton Gill a bua ka bara le baradibabo rona nakong ya puso ya Manazi Germany, o ile a ngola a re: “Manazi a ne a hloile Dipaki Tsa Jehova haholo. . . .Ke kahoo ka 1939 ba neng ba se ba tshwere Dipaki tse 6 000 dikampong tsa bona tsa mahloriso.” Anton Gill o re ho sa tsotellehe mahloriso ao, Dipaki di ne di tshepana, di tshehetsana ebile di dula di kgobile matshwafo.

2 Morao tjena batho ba hlokometse se tshwanang ka Dipaki Tsa Jehova naheng ya South Africa. Nakong e fetileng, Dipaki tsa merabe e sa tshwaneng naheng eo di ne di sa dumellwa ho ba metswalle. Empa ka Sontaha sa la 18 December 2011, e ne e le ntho e hlollang ho bona barababo rona ba fetang 78 000 ba merabe e sa tshwaneng, ba bokane hammoho setediamong se seholo se teropong ya Johannesburg ho tla rutwa ke Jehova. Ha e mong wa baokamedi ba setediamo a bua ka letshwele leo, o ile a re: “Ke qala ho bona batho ba itshwereng hantle hakana. Kaofela le apere hantle. Ebile le hlwekisitse sebaka sena ka makgethe. Empa ha bohlokwa le ho feta ke hore le na le bonngwe.”

3. Keng e etsang hore setswalle sa rona e be se ikgethang?

3 Seo batho bao e seng Dipaki ba se buang ka rona se bontsha hore setswalle sa rona se a ikgetha. (1 Pet. 5:9) Keng e etsang hore mokgatlo wa rona o se ke wa tshwana le e meng? Ke Lentswe la Modimo le moya o halalelang, hobane di re thusa ho ‘hlobola botho ba kgale.’ Sebakeng sa bona, re apara “botho bo botjha.”​—Bakol. 3:9, 10.

4. Re tlo bua kang sehloohong see, hona hobaneng?

4 Ho ka nna ha ba bonolo ho hlobola botho ba kgale, empa ho bo lahla ho ka ba boima. Sehloohong sena re tlo bua ka hore na re ka hlobola botho ba kgale jwang le ho re ke hobaneng ha re lokela ho etsa jwalo kapele. Hape re tla bona hore na ke hobaneng ha motho a ka kgona ho etsa diphetoho ho sa tsotellehe hore o ne a etsa dintho tse mpe hakae. Re tla boela re bone kamoo bao e leng kgale e le Dipaki ba ka lahlang botho ba kgale kateng. Ke hobaneng ha re hloka ho bua ka taba ee? Ka maswabi, ba bang ba bahlanka ba Jehova ha ba sa le hlokolosi ebile ba se ba kgutletse mekgweng ya bona ya pele e eba Dipaki. Kahoo, kaofela ha rona re lokela ho ela hloko temoso e reng: “Ya nahanang hore o eme a ke a hlokomele hore a se ke a wa.”​—1 Bakor. 10:12.

“LE BOLAYE” DITAKATSO TSE “MABAPI LE BOHLOLA”

5. (a) Ke hobaneng ha re lokela ho potlakela ho hlobola botho ba kgale. Fana ka mohlala. (Sheba setshwantsho se qalang.) (b) Ho ya ka lengolo la Bakolose 3:5-9, ditlwaelo tsa botho ba kgale ke dife?

5 O ne o ka etsang haeba o hlokomela hore diaparo tsa hao di tletse ditshila ebile di a nkga? O ne o ka di hlobola kapele kamoo o ka kgonang. Ka ho tshwanang, re lokela ho mamela taelo ya hore re hlobole mekgwa e mebe eo Modimo a e hloileng ka potlako. Hape re lokela ho mamela taelo eo Pauluse a ileng a e fa Bakreste ba mehleng ya hae mabapi le mekgwa ena, ha a re: ‘E tloseng kaofela ho lona.’ A re ke re tshohle ditlwaelo tse pedi tse mpe tseo Pauluse a ileng a bua ka tsona, e leng bohlola le ho se hlweke.​—Bala Bakolose 3:5-9.

6, 7. (a) Mantswe a Pauluse a bontsha jwang hore motho o hloka ho sebetsa ka thata hore a hlobole botho ba kgale? (b) Sakura o ne a phela bophelo bo jwang mme o ile a thuswa keng ho bo tlohela?

6 Bohlola. Lentswe la Segerike le fetoletsweng e le “bohlola” ka Bibeleng, le akarelletsa diketso tsa thobalano tse etswang ke batho ba sa nyalanang esita le ba bong bo tshwanang. Pauluse o ile a bolella Bakreste hore ba “bolaye ditho tsa mmele” ya bona, e leng se bolelang hore ba tlose ditakatso le ha e le dife tsa “bohlola.” Mantswe a Pauluse a bontsha ka ho hlaka hore re hloka ho sebetsa ka thata ho tlosa ditakatso tse fosahetseng. Le hoja ho ka ba thata, re ka di hlola.

7 Nahana ka se ileng sa etsahalla moradiwabo rona e mong ya bitswang Sakura * ya dulang Japan. Ha a ntse a hola, o ne a dula a hlorile a bile a jewa ke bodutu. Ha a le dilemo di 15, o ile a qala ho robala le banna ba fapaneng e le ha a leka ho intsha bodutu. O bua ka dihlong o re: “Ke ile ka ntsha mpa ka makgetlo a mararo. Qalong ke ne ke ikutlwa ke sireletsehile ha ke etsa thobalano le banna bao, ke nahana hore ba a ntlhoka ebile ba a nthata. Empa ha ke ntse ke robala le bona, ke ne ke utlwa ke sa sireletseha le ho feta.” Sakura o ile a tswela pele a phela ka tsela ena ho fihlela a le dilemo di 23. Yaba o qala ho ithuta Bibele le Dipaki. Sakura o ile a rata seo a ithutang sona, mme Jehova a mo thusa hore a tlohele boitshwaro bo bobe le hore a kgaotse ho ba le letswalo le molato. Hona jwale Sakura ke pulamadiboho ebile ha a sa jewa ke bodutu. Ho e na le hoo, o re: “Ke thabela lerato leo Jehova a mpontshang lona letsatsi le tjhabang le le dikelang.”

HO KGAOTSA HO ETSA DINTHO TSE SA HLWEKANG

8. Ke dintho dife tse ka etsang hore re be ba sa hlwekang mahlong a Modimo?

8 Ho se hlweke. Lentswe la Bibele le fetoletsweng e le “ho se hlweke” ha le bolele ho etsa dibe tse kang thobalano feela. Empa le akarelletsa le dintho tse kang ho tsuba le ho etsa metlae e ditshila. (2 Bakor. 7:1; Baef. 5:3, 4) Hape le akarelletsa dintho tse sa hlwekang tseo motho a ka di etsang moo a leng mong, tse kang ho bala dibuka tse tsosang takatso ya ho etsa thobalano kapa ho shebella dimovie tse jwalo. Dintho tsena di ka etsa hore motho a qetelle a na le tlwaelo e mpe ya ho ipholla ditho tsa botona kapa tsa botshehadi.​—Bakol. 3:5. *

9. Ho kgotsofatsa “takatso ya botona kapa ya botshehadi” ho ka ba le ditlamorao dife?

9 Batho ba tlwaetseng ho shebella pornography kapa ditshwantsho tse ditshila ba kgotsofatsa ditakatso tsa bona tsa botona kapa tsa botshehadi mme ba ka qetella e le makgoba a ditakatso tseo. Dipatlisiso di bontsha hore batho ba seng ba sa kgone ho kgaotsa ho shebella pornography ba na le matshwao a tshwanang le a batho bao e leng makgoba a jwala le a dithethefatsi. Kahoo, ha ho makatse hore ebe ho shebella pornography ho kotsi, kaha ho etsa hore motho a jewe ke dihlong, a be botswa mosebetsing, lelapa la hae le be le mathata, lenyalo la hae le qhalane kapa a batle ho ipolaya. Ha monna e mong a bua kamoo a thabileng kateng hore ebe o qetile selemo a se a sa shebelle pornography, o ile a re: “Ke se ke na le seriti seo ke neng ke se na sona pele.”

10. Ribeiro o ile a etsa jwang hore a tswe bokgobeng ba ho shebella pornography?

10 Batho ba bangata ba fumana ho le thata ho tswa bokgobeng ba ho shebella pornography. Empa se ileng sa etsahalla Ribeiro ya dulang Brazil se bontsha hore ho a kgoneha ho tswa bokgobeng boo. Ribeiro o ile a tloha habo ha a na le dilemo tse ka tlase ho 20 mme hamorao a sebetsa femeng ya dipampiri, moo a neng a dula a bona ditshwantsho tse ditshila. O re: “Ke ile ka nna ka di sheba hanyane hanyane, ho fihlela ke ba lekgoba la tsona. Ho ne ho se ho le hobe, hoo ke neng ke tatela hore mosadi eo ke dulang le yena a tswe ka tlung hore ke sale ke shebella divideo tse bontshang batho ba etsang thobalano.” Yaba ka letsatsi le leng ha Ribeiro a le mosebetsing, o bona buka ya Lekunutu la Thabo ea Lelapa hara qubu ya dibuka tse neng di tlisitswe femeng. O ile a e nka, a e bala. Seo a ileng a ithuta sona se ile sa mo susumelletsa hore a ithute Bibele le Dipaki Tsa Jehova. Empa ho ile ha mo nka nako e telele hore a tlohele ho shebella divideo tseo. Qetellong o ile a thuswa keng? Ha a hlalosa o re: “Ho rapela, ho bala Bibele le ho nahanisisa ka seo ke ithutang sona ho ile ha etsa hore ke rate makgabane a Modimo mme seo sa etsa hore ke mo rate haholo ho feta pornography.” Lentswe la Modimo le moya o halalelang di ile tsa thusa Ribeiro hore a lahle botho ba hae ba kgale. Qetellong o ile a kolobetswa mme hona jwale ke moholo ka phuthehong.

11. Motho o lokela ho etsang hore a qobe ho shebella pornography?

11 Hlokomela hore Ribeiro o ne a lokela ho etsa se fetang ho ithuta Bibele hore a hlole bothata ba hae. O ne a lokela ho dumella molaetsa wa Bibele hore o mo finyelle pelo. Ho rapela le ho nahanisisa ka Bibele ho ile ha mo thusa hore a rate Modimo ho feta ho shebella pornography. Ha re rata Modimo ebile re hloile dintho tse mpe, re tla qoba ho shebella pornography.​—Bala Pesaleme ya 97:10.

TLOHELANG KGALEFO, LESHANO LE HO HLABANA KA MANTSWE

12. Stephen o ile a thuswa keng hore a kgaotse ho halefa le ho sebedisa mantswe a hlabang?

12 Hangata batho ba nang le pelo e nyane ba hlaba ba bang ka mantswe ha ba halefile. Ho hlakile hore kgalefo e jwalo e ke ke ya etsa hore ho be le thabo ka lapeng. Ntate e mong ya bitswang Stephen, ya dulang Australia o re: “Ke ne ke tlwaetse ho rohakana mme hangata ke tleroha ka bohale ka dintho tse sa reng letho. Ke ile ka arohana le mosadi wa ka ka makgetlo a mararo ebile re ne re le mothating wa ho hlalana.” Dipaki di ile tsa qala ho ithuta Bibele le Stephen le mosadi wa hae. Ho ile ha etsahalang ha Stephen a qala ho sebedisa keletso ya Bibele? O re: “Bophelo ba lelapa la ka bo ile ba ntlafala haholo. Jehova o ile a nthusa hore ke be le kgotso le hoja pele ke ne ke le motho ya dulang a kwatile ebile ke halefiswa le ke dintho tse nyane.” Kajeno Stephen ke mohlanka ya sebeletsang mme e se e le dilemo tse mmalwa mosadi wa hae e le pulamadiboho. Baholo ba phutheho ya hae ba re: “Stephen ke motho ya sebetsang ka thata ebile o ikokobeditse.” Ha ba so ka ba mmona a halefile. Stephen o ikutlwa jwang ka diphetoho tseo a di entseng? O re: “Nkabe ke sa fumana ditlhohonolofatso tsena bophelong ba ka haeba ke ne ke sa dumella Jehova hore a nthuse ho fetola botho ba ka.”

13. Ke hobaneng ha kgalefo e le kotsi, hona Bibele e fana ka temoso efe?

13 Bibele e re lemosa hore re se ke ra halefa, ra hlabana ka mantswe le ho tleroha kapa ho omana. (Baef. 4:31) Boitshwaro bo jwalo bo etsa hore qetellong batho ba lwantshane. Le hoja batho ba nka hore ho halefela batho ba bang ha ho phoso, seo se hlompholla Mmopi wa rona. Ba bangata ba ile ba tshwanela ho lahla boitshwaro bona bo kotsi pele ba ka apara botho bo botjha.​—Bala Pesaleme ya 37:8-11.

14. Na ho a kgoneha hore motho ya neng a rata ntwa a be bonolo?

14 Nahana ka mohlala wa moholo e mong ya bitswang Hans, ya dulang Austria. Mohokahanyi wa sehlopha sa baholo phuthehong eo Hans a sebeletsang ho yona o re: “Ke e mong wa batho ba bonolo ka ho fetisisa bao o ka lakatsang ho kopana le bona.” Empa Hans e ne e se motho ya bonolo ha a ntse a hola. Ha e sale motjha, o ile a qala ho nwa jwala ho feta tekano mme a fetoha motho ya ratang ntwa. O ile a kwallwa teronkong ka dilemo tse 20 hobane a ile a bolaya kgarebe ya hae ha a ne a tahilwe. Qalong, bophelo ba teronkong ha bo a ka ba etsa hore Hans a tlohele ho rata ntwa. Ha nako e ntse e ya, mme wa hae o ile a kopa moholo e mong hore a etele Hans teronkong mme Hans a qala ho ithuta Bibele. Ha a hlalosa o re: “Ho ne ho le boima haholo ho nna ho hlobola botho ba kgale. Ke ile ka kgothatswa ke Esaia 55:7, e reng: ‘Motho ya kgopo a tlohele tsela ya hae,’ le 1 Bakorinthe 6:11, e reng ka batho ba lahlileng ditsela tsa bona tsa boetsadibe: ‘Leha ho le jwalo ke seo ba bang ba lona ba neng ba le sona.’ Jehova o ile a sebedisa moya o halalelang mme ka mamello a nthusa ka dilemo tse ngata ho apara botho bo botjha.” Ka mora ho dula teronkong ka dilemo tse ka bang 18, Hans o ile a lokollwa e le Mokreste ya kolobeditsweng. O re: “Ke ananela mohau o moholo wa Jehova le tshwarelo ya hae.”

15. Keng seo batho ba tlwaetseng ho se etsa, empa Bibele e rutang mabapi le seo?

15 Ntle le dipuo tse hlabang, ho bua leshano ke e nngwe ya ditlwaelo tsa botho ba kgale. Ka mohlala, ho tlwaelehile hore batho ba bue leshano ditokomaneng tsa bona tsa lekgetho kapa ba bue leshano ho qoba ho nka boikarabelo bakeng sa dibe tsa bona. Ho fapana le batho, Jehova ke “Modimo wa nnete.” (Pes. 31:5) O lebelletse hore “e mong le e mong” wa barapedi ba hae “a bue nnete le moahelane wa hae” mme a se ke a bua “leshano.” (Baef. 4:25; Bakol. 3:9) Kahoo, re lokela ho bua nnete le ha e ka re hlabisa dihlong kapa ya re thatafalletsa dintho.​—Liprov. 6:16-19

KAMOO BA ILENG BA HLOLA

16. Motho a ka thuswa keng ho hlobola botho ba kgale?

16 O ke ke wa kgona ho tlohela ditlwaelo tsa botho ba kgale ka matla a hao. Sakura, Ribeiro, Stephen, le Hans, bao re buileng ka bona sehloohong sena, ba ile ba tlameha ho lwana ka matla ho kgaohana le ditlwaelo tsa bona tse mpe. Ba ile ba atleha hobane ba ile ba bula dipelo le menahano ya bona hore e tataiswe ke Lentswe la Modimo le moya wa hae o halalelang. (Luka 11:13; Baheb. 4:12) Hore le rona re atlehe, re lokela ho bala Bibele kamehla, re nahanisise ka seo re qetang ho se bala mme re kope Jehova hore a re fe bohlale le matla a ho sebedisa dithuto tsa Bibele bophelong ba rona. (Josh. 1:8; Pes. 119:97; 1 Bathes. 5:17) Haeba re lokisetsa diboka re bile re ya ho tsona, Lentswe la Modimo le moya o halalelang di tla re thusa ho atleha. (Baheb. 10:24, 25) Hape re tla rua molemo ha re sebedisa dithulusi tse kang JW Library, jw.org, le JW Broadcasting.​—Luka 12:42.

Re ka thuswa keng hore re hlobole botho ba rona ba kgale?(Sheba serapa sa 16)

17. Re tlo tshohlang sehloohong se latelang?

17 Re buile ka ditlwaelo tse mpe tseo Mokreste a lokelang ho di hlobola le ho di lahla. Empa na seo ke sona feela seo motho a lokelang ho se etsa ho kgahlisa Modimo? Tjhe. Re boetse re lokela ho apara botho bo botjha. Sehloohong se latelang, re tla tshohla makgabane a mmalwa a botho bo botjha ao re lokelang ho a etsa karolo ya seaparo sa rona sa tshwantshetso.

^ par. 7 Mabitso a mang sehloohong sena a fetotswe.

^ par. 8 Sheba kgaolo ya 25 bukeng ya Lipotso Bacha Baa Botsa​—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1.