Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lula U Apere Botho bo Bocha

Lula U Apere Botho bo Bocha

Le ikapese botho bo bocha.”—BAKOL. 3:10.

LIPINA: 43, 106

1, 2. (a) Ke hobane’ng ha re kholisehile hore re ka khona ho ba le makhabane a Jehova? (b) Ho buuoa ka makhabane afe ho Bakolose 3:10-14?

POLELO “botho bo bocha” e hlaha ka makhetlo a mabeli Bibeleng ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang. (Baef. 4:24; Bakol. 3:10) “Botho bo bocha” ke makhabane ao re lokelang ho ba le ’ona e le hore re ka “bōptjoa ho ea ka thato ea Molimo.” Hoa khoneha hore re be le makhabane ao hobane Jehova o re bopile ka setšoantšo sa hae.—Gen. 1:26, 27; Baef. 5:1.

2 Kaha re futsitse ho se phethahale ho batsoali ba rona ba pele, kaofela re atisa ho etsa lintho tse fosahetseng. Re boetse re susumetsoa ke tikoloho e re pota-potileng. Leha ho le joalo, ka thuso ea Jehova re ka khona ho ba batho bao a batlang hore re be bona. E le ho finyella seo, re tla hlahloba makhabane ao moapostola Pauluse a ileng a re Bakreste ba lokela ho ba le ’ona. (Bala Bakolose 3:10-14.) Re tla boela re ithute hore na ke joang re ka bang le ’ona ha re le tšimong.   

“KAOFELA LE . . . BONNGOENG”

3. Pauluse o ile a bua ka makhabane afe?

3 Ka mor’a hore Pauluse a re eletse hore re be le makhabane a Jehova, o ile a re ho hloka leeme ke a mang a makhabane ao. O ile a re ha ho “Mogerike kapa Mojuda, lebollo kapa ho se bolle, osele, Moskitha, lekhoba, motho ea lokolohileng.” * Ke hobane’ng ha Bakreste ba sa lokela ho khethollana ka maemo a lichelete kapa morabe ka phuthehong? Hobane balateli ba Jesu ba ’nete kaofela ba “bonngoeng.”—Bakol. 3:11; Bagal. 3:28.

4. (a) Bahlanka ba Jehova ba lokela ho tšoara batho ba bang joang? (b) Ke’ng e ka etsang hore Bakreste ba se ke ba momahana?

4 Batho ba nang le makhabane ana ba hlompha batho bohle, ho sa tsotellehe maemo a bona a lichelete, ebang ke Bakreste-’moho le bona kapa che. (Bar. 2:11) Linaheng tse ling ho ka ba thata ho etsa joalo. Mohlala, naheng ea Afrika Boroa, ka lebaka la apareteiti, batho ba batšo, makhooa le mak’halate ba ne ba fuoa libaka tsa bolulo ho latela ’mala oa bona. Le kajeno Lipaki tse ngata li ntse li phela tlas’a boemo boo. Kahoo, ka October 2013 Sehlopha se Busang se ile sa etsa letšolo le khethehileng e le ho khothalletsa liphutheho hore li “atolohe” ’me bara le barali babo rona ba merabe e fapaneng ba tsebane.—2 Bakor. 6:13.

5, 6. (a) Ho ile ha etsoa’ng naheng e ’ngoe e le hore liphutheho li momahane? (Sheba setšoantšo se qalong.) (b) Ho bile le melemo efe?

5 Liphutheho tse peli tsa lipuo tse fapaneng kapa morabe li ne li lokela ho ba ’moho mafelo-bekeng a itseng. Bakreste ba liphutheho tseo ba ne ba sebetsa ’moho tšimong, ba ea libokeng ’moho le ho chakelana malapeng. Liphutheho tse ngata li ile tsa kena letšolong lena ’me ofisi ea lekala e ile ea fumana litlaleho tse monate esita le tse tsoang ho batho bao e seng Lipaki. Mohlala, moruti e mong o ile a re: “Le hoja ke se Paki, kea bona hore le etsa mosebetsi oa ho bolela ka tsela e hlophisehileng haholo ebile ha le na khethollo ea ’mala.” Bara le barali babo rona bona ba ile ba ikutloa joang?

6 Qalong morali’abo rona Noma ea buang Sexhosa o ne a tšaba ho amohela barab’abo rona ba basoeu lapeng la hae. Empa ka mor’a hore a sebetse le bona tšimong, o ile a re: “Ke batho ba tšoanang le rona.” Kahoo, ha barab’abo rona ba tsoang phuthehong ea Senyesemane ba tla phuthehong ea Sexhosa eo Noma a leng ho eona, Noma o ile a pheha lijo eaba o memela ba bang ha hae. E mong oa bao a neng a ba memme e ne e le moholo oa lekhooa. Noma o ile a re: “Ke ile ka makala ha ke bona a se na bothata ba ho lula holim’a setuloana sa polasetiki.” Liphutheho li ntse li tsoela pele ho kopana le ho sebetsa ’moho ’me bara le barali babo rona ba na le metsoalle ea merabe e meng. Ba ikemiselitse ho lula ba kopana khafetsa.

“LERATO LE MOFUTHU LA QENEHELO, MOSA”

7. Ke hobane’ng ha re lokela ho lula re utloelana bohloko?

7 Re tla lula re hlaheloa ke mathata hobane Jehova ha a e-s’o felise lefatše lena la Satane. Mesebetsi ha e eo, rea kula, rea hlorisoa, re hlaheloa ke likoluoa tsa tlhaho, rea utsoetsoa re bile re hlaheloa ke mathata a mang. Re lokela ho utloelana bohloko e le kannete e le ho bontša hore rea tšehetsana ha re e-na le mathata. Haeba re e-na le qenehelo e bonolo, re tla ba mosa ho batho ba bang. (Baef. 4:32) Haeba re etsa joalo, re tla khona ho etsisa Molimo ’me re tšelise batho ba bang.—2 Bakor. 1:3, 4.

8. Ho ka etsahala’ng haeba re tsotella batho bohle ka phuthehong re bile re le mosa ho bona? Fana ka mohlala.

8 Re ka bontša joang hore re tsotella batho ba tsoang linaheng tse ling kapa Bakreste-’moho le rona ba kojoana li mahetleng? Re lokela ho ba amohela, re be metsoalle ea bona ’me re ba thuse hore ba ikutloe e le karolo ea phutheho. (1 Bakor. 12:22, 25) Ntate Dannykarl o ile a falla Philippines eaba o ea Japane. Basebetsi-’moho le eena ba ne ba sa mo tšoare hantle hobane a tsoa naheng e ’ngoe. Empa ka mor’a hore a ee libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova o ile a re: “Le hoja boholo ba batho ba neng ba le moo, e ne e le Majapane, ba ile ba nkamohela ka mofuthu joalokaha eka ke motsoalle oa bona eo ba mo qetetseng khale.” Hore ebe bara le barali babo rona ba ile ba e-ba mosa ho eena, ho mo thusitse hore a be le kamano e ntle le Jehova. O ile a qetella a kolobelitsoe ’me hona joale ke moholo. Baholo ba phutheho eo a leng ho eona ba thabela ho ba le mor’abo rona Dannykarl le mohats’a hae Jennifer phuthehong eo. Ba re: “Kaha Dannykarl le mohats’a hae ke bo-pula-maliboho ba phelang bophelo bo itekanetseng, ke mohlala o motle oa batho ba batlang ’Muso pele.”—Luka 12:31.

9, 10. Fana ka mehlala e bontšang melemo ea ho tsotella batho tšebeletsong ea tšimo.

9 Ha re buisana le batho ka Bibele, re ba le monyetla oa ho ‘sebetsa se molemo ho bohle.’ (Bagal. 6:10) Lipaki tse ngata li ithuta puo e ’ngoe hobane li tsotella batho ba tsoang linaheng tse ling. (1 Bakor. 9:23) Mohlala, morali’abo rona Tiffany ea tsoang Australia ke pula-maliboho. O ile a ithuta Seswahili e le hore a thuse phutheho ea motseng oa Brisbane ea puo ea Seswahili. Le hoja ho ne ho le thata ho ithuta puo eo, o ile a atleha ’me hona joale o na le kamano e ntle le Jehova. O re: “Haeba u batla ho thabela tšebeletso, u ka sebeletsa phuthehong ea puo e ’ngoe. Ekare u naheng e ’ngoe empa u ntse u le naheng ea heno. Hape u tla hlokomela kamoo Lipaki Tsa Jehova li momahaneng kateng.”

Ke’ng e susumelletsang Bakreste hore ba thuse batho ba tsoang linaheng tse ling? (Sheba serapa sa 10)

10 Lelapa le leng la naheng ea Japane le ile la etsa se tšoanang. Morali oa lelapeng leo e leng Sakiko o re: “Ha re ne re sebetsa tšimo lilemong tsa bo-1990, re ne re atisa ho kopana le batho ba tsoang naheng ea Brazil. Ha re ba balla Tšenolo 21:3, 4 kapa Pesaleme ea 37:10, 11, 29, ba ne ba re mamela ka hloko. Ka linako tse ling ba bang ba ne ba lla.” Kaha lelapa lena le ne le batla ho bontša hore le tsotella batho bana ba tsoang naheng e ’ngoe, le ile la ithuta Sepotoketsi e le hore le ithute Bibele le bona. Hamorao lelapa leo le ile la kenya letsoho hore ho be le phutheho ea Sepotoketsi. Ha lilemo li ntse li e-ea, lelapa lena le ile la thusa batho ba bangata ba tsoang linaheng tse ling hore e be Lipaki Tsa Jehova. Sakiko o re: “Le hoja ho ne ho se bonolo ho ithuta Sepotoketsi, re ile ra atleha ’me re khotse litholoana tse molemo. Re leboha Jehova haholo.”—Bala Liketso 10:34, 35.

“LE IKAPESE . . . HO IKOKOBETSA KELELLONG”

11, 12. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho ba le sepheo se nepahetseng ha re fetola bophelo ba rona le mekhoa ea rona? (b) Ke’ng e ka re thusang ho lula re ikokobelitse?

11 Ha re fetola bophelo ba rona le mekhoa ea rona re lokela ho etsa joalo hobane re batla ho tlotlisa Jehova eseng hore batho ba re rorise. Hopola hore esita le lengeloi le phethahetseng le ile la ikhohomosa eaba le etsa sebe. (Bapisa Ezekiele 28:17) Kaha ha rea phethahala, ho ka ba thata le ho feta hore re qobe ho ikhohomosa. Leha ho le joalo, re ka khona ho ikokobetsa. Ke’ng e ka re thusang hore re ikokobetse?

12 Ntho e ka re thusang ho lula re ikokobelitse ke ho bala Bibele letsatsi le letsatsi ’me re nahanisise ka lintho tseo re ithutileng tsona. (Deut. 17:18-20) Re boetse re lokela ho nahana ka lintho tseo Jesu a ileng a re ruta tsona le kamoo a neng a ikokobelitse kateng. (Mat. 20:28) Jesu o ile a ba a hlatsoa maoto a baapostola ba hae. (Joh. 13:12-17) Hape re lokela ho rapela Jehova khafetsa hore a re thuse ka moea oa hae hore re se ke ra ikutloa re phahametse batho ba bang.—Bagal. 6:3, 4; Bafil. 2:3.

13. Melemo ea ho ikokobetsa ke efe?

13 Bala Liproverbia 22:4. Kaha re barapeli ba Jehova, re lokela ho ikokobetsa. Ha re etsa joalo, Jehova o tla re hlohonolofatsa haholo. Ha re ikokobelitse re tla bopa khotso ’me re etse hore phutheho e momahane. Hape Jehova o tla re hauhela. Moapostola Petrose o ile a re: “Kaofela ha lōna itlameng ka ho ikokobetsa kelellong e mong ho e mong, hobane Molimo o hanyetsa ba ikhohomosang, empa o fana ka mosa o sa tšoanelang ho ba ikokobelitseng.”—1 Pet. 5:5.

“LE IKAPESE . . . BONOLO” LE MAMELLO

14. Ke mang eo e leng mohlala o phethahetseng oa ho ba bonolo le ho mamella?

14 Mehleng ena, ha motho a le bonolo a bile a khona ho mamella, o nkoa e le lekoala. Empa maikutlo ao a fosahetse. Ao ke a mang a makhabane ao Jehova Molimo ea phahameng ka ho fetisisa a nang le ’ona. Jehova ke mohlala o motle ka ho fetisisa oa ho ba bonolo le ho mamella. (2 Pet. 3:9) Nahana kamoo a ileng a mamella kateng ha Abrahama le Lota ba mo botsa lipotso. (Gen. 18:22-33; 19:18-21) Jehova o ile a boela a mamella liketso tsa Baiseraele ka lilemo tse fetang 1 500.—Ezek. 33:11.

15. Jesu o re behetse mohlala ofe oa ho ba bonolo le ho mamella?

15 Jesu o ne a le “maikutlo a bonolo.” (Mat. 11:29) A mamella bofokoli ba barutuoa ba hae. Ha a ntse a phetha tšebeletso ea hae lefatšeng, o ile a mamella ha baeta-pele ba bolumeli ba mo tšoaroa ka leeme. O ne a le bonolo ’me a mamella ho fihlela a bolaoa. Ha Jesu a le thupeng ea tlhokofatso a ntse a opeloa, o ile a kopa hore Jehova a tšoarele babolai ba hae hobane ba ne ba sa “tsebe seo ba se etsang.” (Luka 23:34) O ne a le bonolo ’me a mamella le hoja a ne a opeloa a bile a le tlas’a maemo ao a boima.—Bala 1 Petrose 2:21-23.

16. Re ka etsa’ng ho bontša hore re bonolo re bile re na le mamello?

16 Pauluse o ile a ngolla balumeli-’moho le eena hore na ba lokela ho etsa’ng ho bontša hore ba bonolo ba bile ba na le mamello. O ile a re: “Tsoelang pele le mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi haeba leha e le mang a e-na le sesosa sa pelaelo khahlanong le e mong. Esita le joalokaha Jehova a ile a le tšoarela ka bolokolohi, le etse joalo le lōna.” (Bakol. 3:13) Re lokela ho ba bonolo ’me re be le mamello e le hore re tšoarele batho ba bang. Ha re etsa joalo, re tla bopa khotso ’me re etse hore phutheho e momahane.

17. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re be bonolo ’me re be le mamello?

17 Jehova o batla hore re be bonolo ’me re be le mamello ha re sebetsana le batho. Ke makhabane a bohlokoa a tla re thusa hore re pholohe. (Mat. 5:5; Jak. 1:21) Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore re tla thabisa Jehova ’me re thuse batho ba bang hore le bona ba etse se tšoanang.—Bagal. 6:1; 2 Tim. 2:24, 25.

“LE IKAPESE LERATO”

18. Re lokela ho qoba eng haeba re rata batho?

18 Haeba re e-na le makhabane ao re buileng ka ’ona, re tla be re bontša hore re na le lerato. Mohlala, moapostola Jakobo o ile a khalemela balumeli-’moho le eena hobane ba ne ba khesa batho ba futsanehileng empa ba rata ba ruileng. O ile a hlalosa hore liketso tse joalo ha li lumellane le molao oa Molimo o reng: “U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.” A boela a re: “Haeba le tsoela pele ho bontša leeme, le etsa sebe.” (Jak. 2:8, 9) Haeba re rata batho, re ke ke ra ba tšoara ka leeme hobane e le ba morabe o itseng, ba sa ruteha kapa ba futsanehile. Ha rea lokela ho iketsa eka ha re leeme. Re lokela ho hloka leeme.

19. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re ikapese lerato?

19 Hape “lerato lea tiisetsa ’me le mosa. . . . Ha le ikhohomose.” (1 Bakor. 13:4) Re lokela ho tiisetsa kapa re be le mamello, re be mosa ’me re ikokobetse ha re bolella batho ka ’Muso oa Molimo. (Mat. 28:19) Ha re etsa joalo, ho tla ba bonolo hore re utloane le Bakreste bohle ka phuthehong. Melemo ea ho ba le lerato le joalo ke efe? Liphutheho li tla momahana ’me seo se tla etsa hore batho ba tlotlise lebitso la Jehova ebe ba tla ka phuthehong. Kahoo, ha Bibele e fera litaba tsena e re: “Empa, ntle ho lintho tsena kaofela, le ikapese lerato, etsoe ke tlamo e phethahetseng ea bonngoe.”—Bakol. 3:14.

“LE NCHAFALE”

20. (a) Re lokela ho ipotsa life? (b) Bophelo bo tla ba joang nakong e tlang?

20 Kaofela ha rona re lokela ho ipotsa potso ena: ‘Ke lokela ho etsa’ng ho bontša hore ke hlobotse mekhoa e mebe ebile ke e lahlile?’ Re lokela ho rapela Jehova, re mo kope hore a re thuse. Re boetse re lokela ho sebetsa ka thata hore re se ke ra etsa lintho tse fosahetseng kapa ra li nahana. Ha re etsa joalo re ka “rua ’muso oa Molimo.” (Bagal. 5:19-21) Re boetse re lokela ipotsa: ‘Na ke fetola tsela eo ke nahanang ka eona e le hore ke thabise Jehova?” (Baef. 4:23, 24) Re lokela ho sebetsa ka thata hore re lahle mekhoa ea rona e mebe ’me re e tlohellele ruri. Bophelo bo tla ba monate nakong eo batho bohle ba tla beng ba lahlile mekhoa e mebe ’me ba e-na le makhabane a Jehova.

^ ser. 3 Mehleng ea Bibele, Baskitha ba ne ba khelloa fatše.