Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lerato ke la Bohlokwa Haholo

Lerato ke la Bohlokwa Haholo

MOAPOSTOLA Pauluse o ile a budulelwa hore a ngole ka makgabane a 9 ao moya o halalelang o thusang motho ho ba le wona. (Bagal. 5:22, 23) O ile a re makgabane ao ke “ditholwana tsa moya.” * Ditholwana tsena ke karolo ya “botho bo botjha.” (Bakol. 3:10) Jwalo ka ha sefate se beha ditholwana ha se hlokometswe hantle, motho le yena o bontsha ditholwana tsena tsa tshwantshetso ha moya wa Modimo o sebetsa ka bolokolohi ho yena.—Pes. 1:1-3.

Tholwana ya pele eo Pauluse a buang ka yona ke lerato. Ke la bohlokwa hakae? Pauluse o itse haeba a se na lerato, e ne e se “letho.” (1 Bakor. 13:2) Empa ha e le hantle lerato ke eng, hona re ka ba le lona le ho le bontsha jwang kamehla?

KAMOO LERATO LE BONAHALANG KATENG

Le hoja ho se bonolo ho hlalosa lerato ka mantswe, Bibele e re bolella kamoo re ka le bonang kateng. Ka mohlala, Bibele e re lerato “le a tiisetsa mme le mosa.” Hape “le thabela nnete” mme “le jara dintho tsohle, le dumela dintho tsohle, le tshepa dintho tsohle, le mamella dintho tsohle.” Lerato le boetse le akarelletsa boikutlo bo tebileng ba ho ameha ka batho ba bang, esita le ho ba kgomarela. Ka lehlakoreng le leng, moo lerato le leng siyo ho bonahala ka mona, boikgohomoso, boitshwaro bo sa lokang, boithati, lehloyo le ho se tshwarele. Lerato le fapane hole le mekgwa ena e mebe mme rona re batla ho ba le lerato le sa batleng “dithahasello tsa lona.”​—1 Bakor. 13:4-8.

LERATO LE BONTSHITSWENG KE JEHOVA LE JESU

Bibele e re: “Modimo ke lerato.” Ka sebele, Jehova ke mothofatso wa lerato. (1 Joh. 4:8) Mesebetsi le diketso tsa hae di bonahatsa lerato la hae. O bontshitse batho lerato le leholo ka ho fetisisa ha a romela Jesu hore a tlo re shwela. Moapostola Johanne o itse: “Lerato la Modimo le ile la bonahatswa ho rona ka sena, hobane Modimo o ile a romela Mora wa hae ya tswetsweng a nnotshi lefatsheng e le hore re ka fumana bophelo ka yena. Lerato le ka tsela ena, e seng hore re ratile Modimo, empa hore o ile a re rata mme a romela Mora wa hae e le sehlabelo sa poelano bakeng sa dibe tsa rona.” (1 Joh. 4:9, 10) Kaha Modimo o a re rata, o re tshwarela dibe mme o re fa tshepo le bophelo.

Jesu o ile a bontsha hore o rata batho ka ho ithaopela ho etsa thato ya Modimo. Pauluse o ngotse sena: “[Jesu] o re: ‘Bona! Ke tlile ho etsa thato ya hao.’ . . . Ka ‘thato’ e boletsweng re halaleditswe ka ho nyehelwa ha mmele wa Jesu Kreste hang le ka ho ke keng ha phetwa.” (Baheb. 10:9, 10) Ha ho na motho e mong ya ka re bontshang lerato le fetang lena. Jesu ka boyena o itse: “Ha ho ya nang le lerato le leholo ho lena, hore motho a nehelane ka moya wa hae molemong wa metswalle ya hae.” (Joh. 15:13) Na rona batho re ka kgona ho etsisa lerato leo Jehova le Jesu ba re bontshitseng lona? Ho jwalo! Re ka etsa seo jwang? A re ke re bone.

“LE TSWELE PELE HO TSAMAYA LERATONG”

Pauluse o re ho rona: “Le be baetsisi ba Modimo, jwalo ka bana ba ratwang, mme le tswele pele ho tsamaya leratong, feela jwalo ka ha Kreste le yena a ile a le rata mme a inehela bakeng sa lona.” (Baef. 5:1, 2) Re ‘tswela pele ho tsamaya leratong’ ka ho bontsha lerato dikarolong tsohle tsa bophelo ba rona. Lerato leo le bonahala ka diketso e seng ka mantswe feela. Johanne o ile a ngola: “Bana ba banyenyane, a re se keng ra rata ka lentswe kapa ka leleme, empa re rate ka ketso le nnete.” (1 Joh. 3:18) Ka mohlala, haeba re rata Modimo le moahelane, re tla bolella ba bang “ditaba tse molemo tsa Mmuso.” (Mat. 24:14; Luka 10:27) Re boetse re bontsha lerato ka ho ba batho ba mamellang, ba mosa esita le ka ho tshwarela. Ke kahoo Bibele e re fang keletso ena: “Jwalo ka ha Jehova a ile a le tshwarela ka bolokolohi, le etse jwalo le lona.”​—Bakol. 3:13.

Ho ba le lerato la mofuta ona ha ho bolele hore motho a be bonolo ka ho fetelletseng. Ka mohlala, motswadi ya bonolo haholo a ka nna a tefisa ngwana hae ebe o mo fa ntho e nngwe le e nngwe eo a e llelang. Empa motswadi ya hlileng a rata ngwana wa hae o tla tiisa letsoho ha ho hlokahala. Ka ho tshwanang, Modimo le yena o rata batho mme “Jehova o laya eo a mo ratang.” (Baheb. 12:6) Haeba re tsamaya leratong, re tla boela re fe ba bang keletso ha e hlokahala. (Liprov. 3:11, 12) Re tla etsa jwalo re ntse re hopola hore le rona re etsa diphoso ebile ka nako tse ding re etsa dintho tse sa bontsheng lerato. Kahoo, kaofela ha rona ho na le moo re lokelang ho ntlafatsa teng tabeng ya ho bontsha ba bang lerato. Re ka etsa see jwang? A re ke re tshohleng ditsela tse tharo.

O KA ETSANG HORE O BE LE LERATO?

Tsela ya pele: Kopa Modimo a o fe moya wa hae, hobane ke ona o hlahisang tholwana ena ya lerato. Jesu o itse Jehova o fana ka “moya o halalelang . . . ho ba mo kopang.” (Luka 11:13) Haeba re rapella moya o halalelang mme re ikemiseditse ho ‘tsamaya ka moya,’ lerato le tla bonahala haholwanyane diketsong tsa rona. Ka mohlala, haeba o moholo ka phuthehong, o ka rapella ho fumana moya o halalelang e le hore o fe ba bang keletso e tswang ka Bibeleng ka tsela e lerato. Kapa haeba o motswadi, o ka rapella hore moya o halalelang o o thuse ho kgalemela bana ba hao ka tsela e lerato ho e na le ho ba halefela.

Tsela ya bobedi: Nahanisisa kamoo Jesu a ileng a bontsha lerato kateng, esita le ha dira tsa hae di ne di leka ho mo halefisa. (1 Pet. 2:21, 23) Re hloka ho etsa sena haholoholo haeba re tshwerwe ka leeme kapa re halefile. Potso eo re lokelang ho ipotsa yona boemong boo ke hore: ‘Jesu yena o ne a tla etsang?’ Moradiwabo rona e mong ya bitswang Leigh o hlokometse hore ho ipotsa potso eo ho mo thusa ho nahana pele a etsa ntho leha e le efe. O re: “Ke hopola mohla mosadi e mong eo ke sebetsang le yena a ileng a mpua hampe molaetseng wa email oo a neng a o romelletse basebetsi mmoho ba bang. Ke ne ke utlwile bohloko haholo. Empa ke ile ka ipotsa: ‘Nka etsisa Jesu jwang ha ke sebetsana le taba ee?’ Ka mora ho ipotsa potso ena, ke ile ka etsa qeto ya ho tlohela taba eo. Hamorao, ke ile ka utlwa hore mosadi eo o ne a kula haholo a bile a tetebetse maikutlong. Ke ile ka ipolella hore mohlomong e ne e le lona lebaka le neng entse hore a ngole dintho tseo a neng a di ngotse ka nna.” E, re tla bontsha lerato kamehla haeba re etsisa Jesu.

Tsela ya boraro: Bontsha lerato ka hore o itele bakeng sa ba bang, kaha sena ke letshwao le kgethollang Bakreste ba nnete. (Joh. 13:34, 35) Tabeng ena, Mangolo a re kgothalletsa ho ba le ‘boikutlo ba kelello’ bo tshwanang le ba Jesu. “O ile a ikgokgotha” kapa a itela molemong wa rona ka hore a tlohe lehodimong, mme “a mamela ho isa lefung.” (Bafil. 2:5-8) Ha re ntse re etsisa lerato lena la Kreste, menahano ya rona le maikutlo di tla tshwana le tsa hae, mme re tla itella batho ba bang. Ke melemo efe e meng eo re e fumanang ka baka la ho ba le lerato?

MELEMO E TLISWANG KE HO BONTSHA LERATO

Ho na le melemo e mengata eo re e fumanang ha re rata batho ba bang. Nahana ka ena e mmedi.

Re rua molemo jwang ha re rata batho ba bang?

  • BARABABO RONA BA LENG LEFATSHENG LOHLE: Kaha re a ratana, re a tseba hore phutheho efe kapa efe eo re ka yang ho yona, bara le baradibabo rona moo ba tla re amohela. Ho thabisa hakaakang ho ratwa ke ‘mokgatlo wohle wa barababo rona lefatsheng’! (1 Pet. 5:9) Ha ho na sebaka kapa mokgatlo o mong wa batho ba ka ratanang ka tsela ena.

  • KGOTSO: Ho ‘mamellana ka lerato’ ho re thusa ho ba le “tlamo e kopanyang ya kgotso.” (Baef. 4:2, 3) Dibokeng tsa Bokreste, dikopanong tse kgolo le tse nyenyane ho rena kgotso. Kannete ke ntho e ikgethang hore ebe re na le kgotso e jwalo lefatsheng lena le arohaneng. (Pes. 119:165; Esa. 54:13) Ha re phehella ho ba le kgotso le batho ba bang, re bontsha hore re a ba rata mme sena se thabisa Ntate wa rona ya lehodimong.—Pes. 133:1-3; Mat. 5:9.

“LERATO LE A HAHA”

Pauluse o ile a ngola, a re: “Lerato le a haha.” (1 Bakor. 8:1) Lerato le haha ka tsela efe? Ho kgaolo ya 13 ya lengolo la hae la pele ho Bakorinthe, moapostola Pauluse o hlalosa kamoo lerato le hahang kateng. Ha ho makatse hore ebe ba bang ba bitsa kgaolo eo “Pesaleme ya Lerato.” Hara dintho tse ding, lerato le nahanela dithahasello tsa motho e mong pele. (1 Bakor. 10:24; 13:5) Ho feta moo, kaha lerato le a nahanela, le a mamella, ebile le mosa, le haha malapa a mofuthu le diphutheho tse momahaneng.​—Bakol. 3:14.

Lerato la rona ho Modimo ke lona la bohlokwa ka ho fetisisa. Lerato leo le kopanya batho ba ditso, merabe le maleme ohle hore ba sebeletse Jehova ‘mahetla a bapile’ mme ba thabile. (Sof. 3:9) E se eka re ka ikemisetsa ho bontsha tholwana ena ya moya o halalelang letsatsi le letsatsi.

^ par. 2 Sehlooho sena ke sa pele ho tse 9 tse tlang ho tshohla karolo ka nngwe ya ditholwana tsa moya.