Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Ke Tletse ho Tlisa Sabole, Eseng Khotso”

“Ke Tletse ho Tlisa Sabole, Eseng Khotso”

Le se ke la nahana hore ke tletse ho tlisa khotso lefatšeng; ke tletse ho tlisa sabole, eseng khotso.MAT. 10:34.

LIPINA: 125, 135

1, 2. (a) Re na le khotso efe hona joale? (b) Re thibeloa ke’ng ho fumana khotso e feletseng? (Sheba setšoantšo se qalong.)

KAOFELA ha rona re batla ho ba le khotso bophelong eseng matšoenyeho. Re thaba haholo hore ebe re na le “khotso ea Molimo.” Khotso eo e khona ho sireletsa monahano le maikutlo a rona. (Bafil. 4:6, 7) Ka lebaka la boinehelo ba rona, re thabela ho ba le “khotso le Molimo” kapa kamano e ntle le eena.—Bar.5:1.

2 Leha ho le joalo, nako ea hore Molimo a tlise khotso ka ho feletseng lefatšeng ha e-s’o fihle. Re phela linakong tsa ho qetela ’me ho na le mathata a mangata haholo a tlisang matšoenyeho. Re pota-potiloe ke batho ba mabifi. (2 Tim. 3:1-4) Re boetse re lokela ho loana le Satane le lithuto tsa bohata tseo a li buellang. (2 Bakor. 10:4, 5) Empa bothata bo bong ke hore beng ka rona bao e seng Lipaki, ba ka luka khotso ea rona. Ba ka ’na ba soma bolumeli ba rona kapa ba re qosa ka hore re qhala malapa. Hape ba ka re tšosa ka hore ba tla re ntša lelokong haeba re sa tlohele ho ba Lipaki. Re lokela ho etsa’ng ha beng ka rona ba re hanyetsa?

RE KA ETSA’NG HA BENG KA RONA BA RE HANYETSA?

3, 4. (a) Lithuto tsa Jesu li ile tsa ba le liphello life? (b) Ke’ng e ka etsang hore ho se ke ha e-ba bonolo ho latela Jesu?

3 Jesu o ne a tseba hore lithuto tsa hae li tla arola malapa le hore balateli ba hae ba tla hloka ho ba sebete ha ba hanyetsoa. Lithuto tseo li ne li tla luka khotso e teng ka lapeng. Jesu o ile a re: “Le se ke la nahana hore ke tletse ho tlisa khotso lefatšeng; ke tletse ho tlisa sabole, eseng khotso. Kaha ke tletse ho baka karohano, ho motho khahlanong le ntat’ae, le morali khahlanong le ’m’ae, le mosali e mocha khahlanong le ’m’ae matsale. Ka sebele, lira tsa motho e tla ba batho ba ntlo ea hae.”—Mat. 10:34-36.

4 Ha Jesu Kreste a ne a re: “Le se ke la nahana hore ke tletse ho tlisa khotso lefatšeng,” o ne a batla hore bamameli ba hae ba nahane ka mathata a neng a ka ’na a ba hlahela ha ba mo latela. Molaetsa oa hae o ne o ka arola malapa. Ha e le hantle, morero oa Jesu e ne e le ho phatlalatsa molaetsa oa Molimo eseng ho qhala malapa. (Joh. 18:37) Leha ho le joalo, barutuoa ba hae ba ne ba lokela ho tseba hore ho ne ho ke ke ha e-ba bonolo ho mo latela, haholo-holo haeba metsoalle le beng ka bona ba sa amohele molaetsa.

5. Balateli ba Jesu ba ile ba mamella eng?

5 Jesu o ile a bolella balateli ba hae hore e ’ngoe ea lintho tseo ba lokelang ho li mamella, ke ho hanyetsoa ke beng ka bona. (Mat. 10:38) Kaha balateli ba Jesu ba ne ba batla ho mo khahlisa, ba ile ba mamella ha beng ka bona ba ba khesa ’me ba ba soma. Ka ho etsa joalo, ba ruile molemo o moholo ho feta seo ba lahlehetsoeng ke sona.—Bala Mareka 10:29, 30.

6. Re lokela ho hopola eng ha beng ka rona ba re hanyetsa?

6 Re lokela ho tsoela pele re rata beng ka rona leha ba re hanyetsa hobane re le barapeli ba Jehova. Empa re lokela ho rata Jehova le Jesu ho ba feta. (Mat. 10:37) Re lokela ho hopola hore Satane a ka etsa hore beng ka rona ba re sitise ho tšepahalla Jehova. A re ke re hlahlobeng a mang a maemo a ka etsang hore ho be thata ho mamella ha re hanyetsoa le hore na re ka a hlola joang.

MOLEKANE EA SA LUMELANG

7. Bakreste bao balekane ba bona e seng barapeli ba Jehova ba lokela ho etsa’ng?

7 Bibele e re bohle ba kenang lenyalong “ba tla ba le matšoenyeho.” (1 Bakor. 7:28) Haeba molekane e mong a sa sebeletse Jehova, hangata lenyalo le ba le mathata le matšoenyeho a mangata ho feta ha ka bobeli e le Bakreste. Leha ho le joalo, ke habohlokoa hore u shebe lintho ka tsela eo Jehova a li talimang ka eona. Taba ea hore ebe molekane oa hao ha se mohlanka oa Jehova ha se lebaka le utloahalang la hore u arohane le eena kapa u mo hlale. (1 Bakor. 7:12-16) Le hoja monna oa hao a sa etelle pele tabeng ea ho ruta lelapa ka Jehova, u lokela ho lula u mo hlompha ka lebaka la boemo boo Jehova a mo fileng bona e le hlooho ea lelapa. Ka ho tšoanang, le monna eo mosali oa hae e seng morapeli oa Jehova, o ntse a tlameha ho mo hlokomela le ho rata mosali oa hae.—Baef. 5:22, 23, 28, 29.

8. U ka ipotsa lipotso life haeba molekane oa hao a leka ho u behela meeli borapeling ba hao?

8 U lokela ho etsa’ng haeba molekane oa hao a u behela meeli? Mohlala, morali’abo rona e mong o ile a bolelloa ke molekane oa hae ea sa lumelang hore o lokela ho ea tšimong ka matsatsi a itseng feela. Haeba u kopana le boemo bo tšoanang le boo, ipotse: ‘Na molekane oa ka ha a batle ha ke sebeletsa Jehova? Haeba ha ho joalo na nka ikokobelletsa kopo ea hae?’ Ho etsa joalo ho ka u thusa ho qoba tse ling tsa likhohlano tsa lelapa tse ka hlahang.—Bafil. 4:5.

9. Bakreste ba ka thusa bana ba bona ho hlompha motsoali eo e seng Paki joang?

9 Ho ruta bana ba hao ka Jehova ho ka ba boima ka linako tse ling haeba molekane oa hao e se Paki. Mohlala, u hloka ho ruta bana ba hao ho mamela taelo ena ea Bibele: “Hlompha ntat’ao le ’m’ao.” (Baef. 6:1-3) Empa u lokela ho etsa’ng haeba molekane oa hao a sa latele melao ea Bibele ea boitšoaro? Behela bana ba hao mohlala ka ho mo hlompha. Ananela lintho tse ntle tseo a li etsang. Qoba ho ngangisana le molekane oa hao ka pel’a bana. Ho e-na le hoo, ba hlalosetse hore ba lokela ho iketsetsa qeto ea hore na ba tla sebeletsa Jehova kapa che. Boitšoaro bo botle ba bana bo ka thusa hore molekane ea sa rapeleng Jehova a batle ho ithuta Bibele.

Ruta bana ba hao Bibele ha monyetla o hlaha (Sheba serapa sa 10)

10. Batsoali ba Bakreste ba ka ruta bana ba bona ka Jehova joang haeba molekane e mong a hanyetsa?

10 Ka linako tse ling molekane eo e seng Paki a ka ’na a batla ho ruta bana ba hae lithuto tsa bolumeli ba bohata kapa a batle hore ba keteke mekete eo Bibele e sa lumellaneng le eona. Banna ba bang ba thibela basali ba bona ba Bakreste ho ruta bana ka Jehova. Leha ho le joalo, mosali oa Mokreste o lokela ho etsa seo a ka se khonang ho ruta bana ba hae ka Jehova. (Lik. 16:1; 2 Tim. 3:14, 15) Mohlala, monna eo e seng Paki a ka ’na a hanela mosali oa hae hore a ithute Bibele le bana kapa a ee libokeng le bona. Le hoja a hlompha qeto ea monna oa hae, o ntse a ka bua le bana ka tumelo ea hae ha monyetla o hlaha. Ka tsela eo ba ka khona ho ithuta ka Jehova le melao ea hae. (Lik. 4:19, 20) Qetellong bana ba lokela ho iketsetsa qeto ea hore na ba tsoela pele ho sebeletsa Jehova kapa che.—Deut. 30:19, 20. *

HA BENG KA RONA BA RE HANYETSA

11. Ke’ng e ka lukang khotso pakeng tsa rona le beng ka rona?

11 Ho ka etsahala hore ebe qalong re ne re tšaba ho bolella beng ka rona hore re ithuta le Lipaki Tsa Jehova. Empa ha tumelo ea rona e ntse e e-ba matla, re ile ra ba sebete ’me ra ba bolella hore re sebeletsa Jehova. (Mar. 8:38) Haeba ho tšepahalla Jehova ho lukile khotso pakeng tsa hao le beng ka uena, mehato e latelang e ka u thusa hore u leke ho bopa khotso le bona.

12. Ke hobane’ng ha beng ka rona ba ka re hanyetsa, empa re ka ba nahanela joang?

12 Nahanela beng ka uena ba sa lumelang. Re thaba haholo hore ebe re ithutile ka Jehova. Leha ho le joalo, beng ka rona ba ka ’na ba nahana hore re qhekeletsoe kapa hore re karolo ea bolumeli bo makatsang. Ba ka nka hore ha re sa ba rata hobane re sa be le bona meketeng e mengata kapa hore ho na le kotsi e tla re etsahalla ka mor’a hore re shoe. Leha ho le joalo, re lokela ho ba nahanela ka hore re leke ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha ba ikutloa ka tsela eo. (Liprov. 20:5) Moapostola Pauluse o ile a leka ho utloisisa “batho ba mefuta eohle” e le hore a ka ba ruta litaba tse molemo. Haeba re leka ho utloisisa beng ka rona, seo se ka re thusa ho ba ruta ka Jehova.—1 Bakor. 9:19-23.

13. Re lokela ho bua joang le beng ka rona ba sa lumelang?

13 Bua ka bonolo. Bibele e re: “Seo le se buang kamehla e ke e be se nang le mosa.” (Bakol. 4:6) Re ka kopa Jehova hore a re fe moea oa hae o halalelang hore o re thuse ho ba bonolo le ho ba mosa ha re sebetsana le beng ka rona. Re lokela ho qoba ho etsa khang le bona ka lithuto tse fosahetseng tsa bolumeli ba bona ba bohata. Haeba ba re utloisa bohloko ka lipuo kapa liketso tsa bona, re ka etsisa mohlala oa Baapostola. Pauluse o ile a re: “Ha re ntse re hlapaoloa, rea hlohonolofatsa; ha re ntse re hlorisoa, rea mamella; ha re ntse re nyelisoa, re kōpa ka tieo.”—1 Bakor. 4:12, 13.

14. Re fumana melemo efe ha re lula re itšoere hantle?

14 Lula u itšoere hantle. Le hoja ho bua ka bonolo ho ka re thusa ha re bua le beng ka rona, boitšoaro ba rona bo ka re buella le ho feta. (Bala 1 Petrose 3:1, 2, 16.) E-ba mohlala o motle ho beng ka uena e le hore ba ka bona hore Lipaki Tsa Jehova li thabile, li hlokomela bana ba tsona le hore malapa a tsona a thabile ’me li itšoere hantle. Jehova oa thaba ha boitšoaro ba rona bo le botle le hoja qetellong beng ka rona e sa be Lipaki.

15. Re ka qoba maemo a ka etsang hore re phehe khang le beng ka rona joang?

15 Rera esale pele. Nahana ka maemo a ka etsang hore u phehe khang le beng ka uena. Ebe u etsa qeto esale pele hore na u tla etsa joang. (Liprov. 12:16, 23) Morali’abo rona e mong oa Australia o ile a re: “Ntate matsale ha a rate Lipaki. Pele re mo letsetsa, ’na le monna oa ka re ne re rapela Jehova hore a re thuse hore re se ke ra mo arabela re koatile. Re ne re nahana esale pele seo re tla se bua le eena e le hore moqoqo oa rona e ’ne e be o monate. E le ho qoba moqoqo o molelele o qetellang ka likhang mabapi le bolumeli, re ne re lumellana esale pele hore na re tla nka nako e kae re bua.”

16. U ka etsa’ng haeba u ikutloa u le molato ka hore ebe ha u utloane le beng ka uena?

16 Ke ’nete hore ha se kamehla re ka khonang ho qoba ho pheha likhang le beng ka rona. Likhang kapa likhohlano tse ka bang teng li ka ’na tsa etsa hore u ikutloe u le molato, haholo-holo hobane u ba rata haholo ’me mohlomong u ’nile oa leka ho etsa sohle hore u ba khahlise. Haeba u ikutloa ka tsela ena, loanela ho tšepahala ho Jehova ho e-na le ho rata beng ka uena haholo. Ho ikemela ho joalo ho ka thusa beng ka uena hore ba bone hore lerato la hao ho Jehova ke taba ea bohlokoa haholo ho uena. Hape hopola hore u ke ke oa qobella motho ho rata Jehova. Ho e-na le hoo, etsa hore ba bone ho uena melemo ea ho ba mohlanka oa Jehova. Bonneteng, Molimo oa rona ea lerato Jehova o re file monyetla o tšoanang oa hore re mo sebeletse.—Esa. 48:17, 18.

HAEBA MONG KA UENA A KHAOTSA HO SEBELETSA JEHOVA

17, 18. Ke’ng e ka u thusang haeba mong ka uena a khaotsa ho sebeletsa Jehova?

17 Haeba mong ka rona a khaoloa kapa a ikarola phuthehong, re utloa bohloko bo otlang pelo. Re ka sebetsana le bohloko boo joang?

18 Boloka kamano ea hao le Jehova e tsitsitse. Ha u utloile bohloko bo joalo, u lokela ho matlafatsa tumelo ea hao. Bala Bibele letsatsi le letsatsi, e-ea libokeng kamehla u be u li lokisetse, tsoela pele u ea tšimong ’me u rapele Jehova hore a u fe matla a ho mamella. (Juda 20, 21) U ka etsa’ng haeba le ka mor’a ho etsa tsena kaofela, bohloko bo ntse bo le teng? U se ke oa tela. Ho etsa lintho tse tla u thusa ho boloka kamano ea hao le Jehova ho ka u thusa. Nahana ka mohlala oa mongoli oa Pesaleme ea 73. Ho ile ha e-ba le nako eo ho eona a ileng a thatafalloa ho laola maikutlo a hae. Empa ho rapela Jehova ho ile ha mo thusa hore a bone lintho ka tsela e nepahetseng hape. (Pes. 73:16, 17) U ka etsa se tšoanang le uena.

19. Re ka bontša joang hore re hlompha tsela eo Jehova a khalemelang bahlanka ba hae ka eona?

19 Hlompha taeo ea Jehova. Jehova oa tseba hore taeo ea hae e tla ruisa bohle molemo, ho akareletsa le mofosi ea khaotsoeng. Le hoja ka linako tse ling ho ka ba bohloko ha motho eo re mo ratang a khalemeloa, seo se ka mo thusa hore a khutlele ho Jehova ka moso. (Bala Baheberu 12:11.) Mohlala, Jehova o re laela hore re “khaotse ho itsoakanya” le bafosi ba sa bakeng. (1 Bakor. 5:11-13) Ho sa tsotellehe hore na ho utloisa bohloko hakae, re lokela ho qoba ho buisana le mong ka rona ea khaotsoeng. Ebang ke ka ho mo letsetsa, ho etsa molaetsa ka fono, ho mo romella lengolo ka poso kapa ka e-mail kapa ho sebelisa mecha e meng ea puisano Inthaneteng.

20. Re ka lula re e-na le tšepo efe?

20 Lula u e-na le tšepo. Lerato “le tšepa lintho tsohle,” kahoo re na le tšepo ea hore baratuoa ba rona ba tla khutlela ho Jehova. (1 Bakor. 13:7) Haeba u bona phetoho e e-ba teng ho mong ka uena ea haufi ea khaotsoeng, u ka mo rapella hore a be le matla a ho amohela keletso ea Bibele a be a amohele le memo ea Jehova e reng: “U khutlele ho ’na.”—Esa. 44:22.

21. U lokela ho etsa’ng haeba beng ka uena ba u hanyetsa hobane u le molateli oa Jesu?

21 Jesu o ile a re ha rea lokela ho rata batho ho mo feta. O ne a kholisehile hore barutuoa hae ba ne ba tla ba le sebete sa ho lula ba tšepahala ho eena leha ba malapa a bona ba ne ba ka ba hanyetsa. Joale haeba beng ka uena ba u hanyetsa hobane u le molateli oa Jesu, u lokela ho tšepa Jehova. Mo kope hore a u thuse ho mamella. (Esa. 41:10, 13) E se eka u ka lula u hopola hore Jehova le Jesu baa thaba ha u tšepahala le hore botšepehi ba hao ha se ba lefeela.

^ ser. 10 E le hore u fumane lintlha tse ka u thusang ho ruta bana ka Jehova le hoja molekane oa hao e se Paki, sheba “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” ho Molula-Qhooa oa August 15, 2002.