Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Nnete e “Tlisa Sabole, Eseng Kgotso”

Nnete e “Tlisa Sabole, Eseng Kgotso”

Le se ke la nahana hore ke tletse ho tlisa kgotso lefatsheng; ke tletse ho tlisa sabole, e seng kgotso.”​MAT. 10:34.

DIPINA: 125, 135

1, 2. (a) Ke kgotso efe eo re nang le yona? (b) Ke hobaneng ha re sa kgone ho ba le kgotso e felletseng hona jwale? (Sheba setshwantsho se qalong.)

KAOFELA ha rona re batla ho phela ka kgotso. Re thaba hakaakang hore ebe re na le “kgotso ya Modimo!” Jehova o re fa kgotso ena e re thusang hore re se ke ra tshwenyeha ka letho. (Bafil. 4:6, 7) Kaha re inehetse ho Jehova re boetse re thabela ho ba le “kgotso le Modimo,” e leng kamano e ntle le yena.—Bar. 5:1.

2 Le ha ho le jwalo, nako ya hore Modimo a tlise kgotso e felletseng lefatsheng ha e so fihle. Batho ba mehleng ena ya bofelo ha ba na kgotso. (2 Tim. 3:1-4) Kahoo jwalo ka Bakreste re lokela ho lwana le Satane le dithuto tsa hae tsa bohata. (2 Bakor. 10:4, 5) Empa batho ba ka re hlokisang kgotso le ho feta, ke ba leloko bao e seng Dipaki. Ba ka nna ba re soma, ba re qosa ka hore re arola lelapa kapa ba re tshosetsa ka hore ba tla re lahla haeba re sa tlohele bodumedi ba rona. Re lokela ho nka kganyetso eo jwang? Hona re ka emelana jwang le yona?

HO SEBETSANA LE KGANYETSO YA BA LELOKO

3, 4. (a) Dithuto tsa Jesu di ama malapa jwang? (b) Ke maemong afe ao ho ona ho ka bang thata le ho feta ho mamela dithuto tsa Jesu?

3 Jesu o ne a tseba hore dithuto tsa hae di ne di tla arola batho le hore balatedi ba hae ba ne ba tla hloka sebete hore ba mo latele ha ba hanyetswa. Kganyetso ena e ka etsa hore ho se ke ha ba le kgotso ka lapeng. Jesu o ile a re: “Le se ke la nahana hore ke tletse ho tlisa kgotso lefatsheng; ke tletse ho tlisa sabole, eseng kgotso. Kaha ke tletse ho baka karohano, ho motho kgahlanong le ntatae, le moradi kgahlanong le mmae, le mosadi e motjha kgahlanong le mmae matsale. Ka sebele, dira tsa motho e tla ba batho ba ntlo ya hae.”​—Mat. 10:34-36.

4 Ha Jesu a ne a re: “Le se ke la nahana hore ke tletse ho tlisa kgotso,” o ne a bolela hore balatedi ba hae ba lokela ho nahanisisa ka ditlamorao tsa ho mo latela. Molaetsa wa hae o ne o ka arola batho. Ke nnete hore sepheo sa Jesu e ne e le ho phatlalatsa molaetsa wa Modimo, e seng ho baka dikarohano. (Joh. 18:37) Le ha ho le jwalo, ho tshepahalla dithuto tsa Kreste ho ne ho tla ba thata le ho feta haeba e mong ka lapeng a tlohela nnete.

5. Barutuwa ba Jesu ba ile ba mamella eng?

5 Jesu o ile a re ho hanyetswa ke ba lelapa ke e nngwe ya dintho tseo balatedi ba hae ba neng ba tla lokela ho di mamella. (Mat. 10:38) E le hore ba pake hore ba a tshwaneleha ho latela Kreste, barutuwa ba hae ba ile ba mamella ha ba malapa a bona ba ba soma kapa ba ba lahla. Empa ba ile ba fumana ha lekgolo dintho tse ileng tsa ba lahlehela.​—Bala Mareka 10:29, 30.

6. Re lokela ho hopolang haeba ba malapa a rona ba re hanyetsa?

6 Le ha ba malapa a rona ba re hanyetsa, re tla nne re ba rate. Empa re lokela ho rata Modimo le Kreste pele. (Mat. 10:37) Haeba re rata ba malapa a rona haholo, Satane a ka sebedisa lerato leo ho senya botshepehi ba rona. A re tshohleng e meng ya mehlala ya kganyetso e tswang ho ba leloko. Re tla boela re tshohle kamoo re ka sebetsanang ka katleho le maemo ao.

MOLEKANE EO E SENG PAKI

7. Bakreste ba nang le balekane bao e seng Dipaki ba lokela ho ba tshwara jwang?

7 Bibele e re banyalani “ba tla ba le matshwenyeho nameng ya bona.” (1 Bakor. 7:28) Matshwenyeho ao a ka ba maholo le ho feta haeba molekane wa hao e se Paki. Le ha ho le jwalo, ke ha bohlokwa hore o tadime boemo ba hao ka tsela eo Jehova a bo tadimang ka yona. Taba ya hore molekane wa hao ha a batle ha o rapela Jehova, ha e bolele hore o lokela ho arohana le yena kapa o mo hlale. (1 Bakor. 7:12-16) Le hoja monna wa hao e se Paki, o lokela ho mo hlompha hobane ke hlooho ya lelapa. Ka ho tshwanang, le monna wa Mokreste ya nang le mosadi eo e seng Paki, o lokela ho mo rata.​—Baef. 5:22, 23, 28, 29.

8. O ka ipotsa dipotso dife haeba molekane wa hao a o behela meedi mabapi le ho sebeletsa Jehova?

8 O ka etsang haeba molekane wa hao a o behela meedi mabapi le ho sebeletsa Jehova? Ka mohlala, monna wa moradi e mong wabo rona o ile a mo kopa hore a ye tshimong ka matsatsi a itseng feela a beke. Haeba o tobane le boemo bo jwalo, ipotse: ‘Na ehlile molekane wa ka o hana ha ke sebeletsa Modimo? Haeba ha ho jwalo, na nka etsa seo a se kopang?’ Ho tenyetseha le maemo ka tsela ena ho ka o thusa ho qoba diqabang tse sa hlokahaleng lenyalong la hao.—Bafil. 4:5.

9. O ka thusa bana jwang ho hlompha molekane wa hao eo e seng Paki?

9 Ho ruta bana ho ka ba thata haeba molekane wa hao e se Paki. Ka mohlala, o lokela ho ruta bana ba hao ho mamela taelo ena e reng: “Hlompha ntatao le mmao.” (Baef. 6:1-3) Empa ho thweng haeba molekane wa hao a sa phele tumellanong le melao ya Bibele? Behela bana mohlala ka hore o hlomphe molekane wa hao. Sheba dintho tse ntle tseo molekane wa hao a di etsang mme o bontshe hore o a mo ananela. Qoba ho bua hampe ka molekane wa hao ka pela bana. Thusa bana ba hao ho hopola hore motho ka mong o lokela ho iketsetsa qeto ya hore o tla sebeletsa Jehova kapa tjhe. Haeba bana ba itshwere hantle, ba ka susumelletsa motswadi eo e seng Paki ho sebeletsa Modimo.

Ruta bana ba hao Bibele ha monyetla o hlaha (Sheba serapa sa 10)

10. Motswadi wa Mokreste a ka ruta bana ba hae Bibele jwang le ha molekane wa hae e se Paki?

10 Ka dinako tse ding, molekane eo e seng Paki a ka nna a tsitlella hore bana ba kopanele meketeng e kgahlanong le Mangolo. Monna a ka nna a hanela mosadi wa hae wa Mokreste ho ruta bana Bibele. Esita le boemong boo, mosadi o lokela ho etsa sohle seo a ka se kgonang ho ruta bana ba hae. (Lik. 16:1; 2 Tim. 3:14, 15) Ka mohlala, a re re monna o hana ha mosadi a kgannela bana thuto ya Bibele kapa o hana ha bana ba iswa dibokeng. Mosadi wa Mokreste o lokela ho hlompha monna wa hae. Le ha ho le jwalo, o tla sebedisa menyetla efe kapa efe e hlahang ho ruta bana ka seo a se dumelang le haeba a sa ba kgannele thuto ya Bibele. (Lik. 4:19, 20) Motswadi o lokela ho hopola hore qetellong ke bana ba tla iketsetsa qeto tabeng ya hore ba kgetha bodumedi bofe.​—Deut. 30:19, 20. *

HA BA LELOKO BA HANYETSA BORAPEDI BA NNETE

11. Keng se ka nnang sa o qabanya le ba leloko?

11 Ho ka etsahala hore ha o a ka wa tsebisa ba leloko ha o qala ho ithuta Bibele le Dipaki Tsa Jehova. Empa e itse ha tumelo ya hao e hola, o ile wa bona ho le bohlokwa ho ba bolella hore o batla ho sebeletsa Jehova. (Mar. 8:38) Haeba seo se ile sa le qabanya, ela hloko e meng ya mehato eo o ka e nkang ho bopa kgotso le bona le ho dula o tshepahalla Jehova.

12. Ke hobaneng ha ba leloko ba ka nna ba re hanyetsa, hona re ka etsang ho leka ho ba utlwisisa?

12 Ikenye dieteng tsa bona. Le hoja re thabetse dintho tseo re ithutileng tsona ka Bibeleng, ho ka etsahala hore ba leloko ba nahana hore re thetsitswe. Ba ka nna ba nahana hore ha re sa ba rata hobane ha re sa keteka matsatsi a phomolo le bona. Ebile ba ka nna ba nahana hore re tlo ya diheleng ha re shwa. Re lokela ho ikenya dieteng tsa bona mme re leke ho utlwisisa hore na ke hobaneng ha ba tshwenyehile ka rona. (Liprov. 20:5) Moapostola Pauluse o ne a leka ho utlwisisa “batho ba mefuta yohle” e le hore a ka ba bolella ditaba tse molemo mme le rona re ka rua molemo ha re ka mo etsisa.​—1 Bakor. 9:19-23.

13. Re lokela ho bua jwang le ba leloko?

13 Bua ka bonolo. Bibele e re: “Seo le se buang kamehla e ke e be se nang le mosa.” (Bakol. 4:6) Re ka kopa Jehova hore a re fe moya o halalelang ho re thusa hore re bue hantle le ba leloko. Ha re a lokela ho ngangisana le bona ka dithuto tsohle tsa bona tsa bodumedi ba bohata. Haeba ba re utlwisa bohloko ka dipuo kapa ka diketso tsa bona, re ka etsisa mohlala wa baapostola. Pauluse o ile a ngola a re: “Ha re ntse re hlapaolwa, re a hlohonolofatsa; ha re ntse re hloriswa, re a mamella; ha re ntse re rohakwa, re araba ka bonolo.”​—1 Bakor. 4:12, 13NW.

14. Ho ba le boitshwaro bo botle ho tlisa melemo efe?

14 Eba le boitshwaro bo botle. Le hoja ho bua ka bonolo ho ka re thusa ha ba leloko ba re hanyetsa, boitshwaro ba rona bo botle ke ba bohlokwa le ho feta. (Bala 1 Petrose 3:1, 2, 16.) Behela ba lelapa la hao mohlala e le hore ba bone hore Dipaki Tsa Jehova di thabile manyalong a tsona, di hlokomela bana ba tsona ebile di na le boitshwaro bo hlwekileng. Ebang ba leloko eba Dipaki kapa tjhe, re thabiswa ke ho tseba hore re kgahlisa Jehova ka ho mo tshepahalla.

15. Re ka itokisa jwang esale pele bakeng sa diqabang tse ka nnang tsa hlaha pakeng tsa rona le ba leloko?

15 Itokise esale pele. Nahana ka dintho kapa maemo a ka nnang a etsa hore o qabane le ba leloko. Rera esale pele hore o tla sebetsana jwang le maemo ao. (Liprov. 12:16, 23) Moradiwabo rona e mong ya dulang Australia o re: “Ratswale wa ka o ne a sa batle Dipaki ho hang. Pele re mo etela, nna le monna wa ka re ne re rapela Jehova ho mo kopa hore a re thuse ho se nkehe maikutlo ha ratswale a bua dintho tse halefisang. Re ne re nahana esale pele hore re ka qoqa kang le yena e ke keng ya re qabanya. Re ne re boetse re beha nako eo re tla e dula ha hae, e le hore re ka qoba meqoqo e melelele haholo e amanang le bodumedi, e ka qetellang e re qabantse.”

16. O ka etsang hore o se ke wa ikutlwa o le molato ha ba leloko ba o hanyetsa?

16 Ke nnete hore ka dinako tse ding re tla qabana le ba leloko bao e seng Dipaki. Diqabang tsena di ka etsa hore o ikutlwe o le molato, haholo hobane o rata ba leloko la hao mme kamehla o leka ho ba kgahlisa. Haeba o ikutlwa jwalo, ameha haholo ka ho tshepahalla Jehova ho e na le ho thabisa ba lelapa la hao. Ha o etsa jwalo, ba tla bona hore ho latela melao ya Bibele ke ha bohlokwa. Le ha ho le jwalo, o lokela ho amohela hore o ke ke wa qobella batho hore e be Dipaki. Ba behele mohlala wa hore ho sebeletsa Jehova ho molemo. Modimo wa rona ya lerato o ba fa monyetla wa hore ba ikgethele hore ba batla ho sebeletsa mang.​—Esa. 48:17, 18.

HA WA LELOKO A TLOHELA HO SEBELETSA JEHOVA

17, 18. O ka thuswa keng hore o dule o tiile tumelong ha e mong wa lelapa a tlohela ho sebeletsa Jehova?

17 Ha e mong ka lapeng a kgaolwa kapa a ikarola phuthehong, re ka utlwa bohloko bo tshwanang le ba ho hlajwa ka sabole. O ka sebetsana le bohloko boo jwang?

18 Matlafatsa tumelo ya hao. O ka etsa sena ka ho bala Bibele kamehla, ho rapela, ho ya tshimong, ho lokisetsa le ho ya dibokeng. (Juda 20, 21) Ho etsa dintho tsena ho ka o thusa hore o kgaotse ho nahana ka dintho tse bohloko. Empa o ka etsang haeba o utlwa eka bohloko boo ha bo fele? O se ke wa nyahama! Nahana ka mongodi wa Pesaleme ya 73. Qalong o ne a nahana ka dintho tse bohloko mme di ne di mo nyahamisa. Empa ho ya tempeleng ya Modimo ho ile ha mo thusa ho lokisa monahano wa hae mme a boela a thaba. (Pes. 73:16, 17) Ho phathahana ka ho sebeletsa Jehova ho ka o thusa ka tsela e tshwanang.

19. Re ka bontsha jwang hore re hlompha tokisetso ya Jehova ya ho kgaola bafosi ba sa bakeng?

19 Hlompha kgalemelo ya Jehova. Tokisetso ya hae e ka tswela bohle molemo, ho akarelletsa le mofosi, esita le hoja re ke ke ra hlokomela seo hanghang. (Bala Baheberu 12:11.) Ka mohlala, Jehova o re laela hore re “kgaotse ho itswakanya” le mofosi ya sa bakeng. (1 Bakor. 5:11-13) Le hoja re utlwile bohloko, re lokela ho qoba ho bua le motho ya kgaotsweng ka ho mo founela, ho mo ngolla melaetsa ka founu kapa ka e-mail esita le ho bua le yena inthaneteng.

20. Re lokela ho dula re na le tshepo efe?

20 Dula o na le tshepo. Lerato le “tshepa dintho tsohle,” ho akarelletsa le tshepo ya hore ba tlohetseng Jehova ba tla kgutlela ho yena. (1 Bakor. 13:7) Haeba o bona bopaki ba hore e mong wa lelapa ya kgaotsweng o a itshola ka lebaka la diketso tsa hae, o ka rapella hore Mangolo a mo matlafatse mme a mamele Jehova ha a re: ‘Kgutlela ho nna.’​—Esa. 44:22.

21. O ka kgodiseha kang haeba ho latela Jesu ho tlisitse “sabole” ka lelapeng la hao kapa lelapeng leno?

21 Jesu o ile a re haeba re rata motho e mong ho mo feta, ha re tshwanelehe ho ba barutuwa ba hae. Le ha ho le jwalo, o ne a kgodisehile hore barutuwa ba hae ba ne ba tla mo tshepahalla le ha ba malapa a bona ba ba hanyetsa. Haeba ho latela Jesu ho tlisitse “sabole” ka lelapeng la hao kapa lelapeng leno, kgodiseha hore Jehova o tla o thusa ho sebetsana le boemo boo ka katleho. (Esa. 41:10, 13) Hopola hore Jehova le Jesu ba a o rata mme ba tla putsa botshepehi ba hao.

^ par. 10 Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng tabeng ya ho hodisa bana lelapeng le nang le motswadi eo e seng Paki, sheba “Lipotso tse Tsoang ho Babali” ho Molula-Qhooa wa August 15, 2002.