Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re Ithuta’ng Liponong Tsa Zakaria?

Re Ithuta’ng Liponong Tsa Zakaria?

“‘Khutlelang ho ’na,’ . . . ’me ke tla khutlela ho lōna.”—ZAK. 1:3.

LIPINA: 120, 117

1-3. (a) Boemo ba Baiseraele e ne e le bofe ha moprofeta Zakaria a qala ho profeta? (b) Ke hobane’ng ha Jehova a ile a kopa Baiseraele hore ba khutlele ho eena?

MOQOLO o fofang, mosali ea lutseng ka har’a seroto le basali ba babeli ba nang le mapheo a kang mapheo a mokotatsie. Tsena ke lipono tse makatsang tseo Zakaria a ileng a li bona. (Zak. 5:1, 7-9) Ke hobane’ng ha Jehova a ile a bontša Zakaria lipono tseo tse makatsang? Boemo ba Baiseraele ka nako eo e ne e le bofe? Hona lipono tseo tsa Zakaria li re ruta’ng?

2 Selemo sa 537 mehleng ea Zakaria e ile ea e-ba selemo se monate haholo ho batho ba Jehova. Ba ile ba ba botlamuoeng ka lilemo tse 70 Babylona, empa joale ba ne ba lokolotsoe. Ba ne ba thabile kaha joale ba ne tl’o khutlela Jerusalema ’me ba tsosolose tempele e le hore ba sebeletse Jehova. Ba ile ba qala ho tsosolosa tempele selemong se latelang. Baiseraele ba ne ba thabile haholo hoo ba ileng “ba hooa ka mohoo o phahameng, ’me molumo oo o ne o utluoa esita le hōle haholo.” (Esdr. 3:10-13) Leha ho le joalo, mosebetsi oa bona o ile oa sitisoa. Baiseraele ba ile ba nyahama ’me ba tlohela ho tsosolosa tempele. Eaba ba qala ho shebana le matlo a bona le ho lema masimo. Lilemo tse 16 hamorao tempele ea Jehova e ne e ntse e-s’o qetoe. Baiseraele ba ne ba lokela ho hopotsoa hore ba lokela ho khutlela ho Molimo ’me ba tlohele ho inahana bo bona. Jehova o ne a batla hore ba mo rapele ka lipelo tsa bona tsohle.

3 Selemong sa 520 mehleng ea Zakaria, Jehova o ile a romela moprofeta oa hae Zakaria hore a thuse Baiseraele ho hopola hore na ke hobane’ng ha a ne a ba lopolotse Babylona. Lebitso la Zakaria le bolelang “Jehova O Hopotse,” le ne le tl’o hopotsa Baiseraele hore le hoja ba ne ba lebetse seo Jehova a ba etselitseng sona, Jehova eena o ne a ntse a ba hopola. (Bala Zakaria 1:3, 4.) Jehova o ne a ba tšepisitse ho ba thusa ho tsosolosa tempele ea hae. Empa o ile a boela a ba lemosa hore o ne a ke ke a amohela borapeli ba bona haeba feela ba ne ba sa mo rapele ka lipelo tsa bona tsohle. A re hlahlobeng hore na re ka ithuta’ng liponong tse peli tseo Zakaria a ileng a li bona, e leng pono ea botšelela le pono ea bosupa.

KAHLOLO EA MOLIMO HO BA UTSOANG

4. Zakaria o ile a bona eng ponong ea hae ea botšelela, hona ke hobane’ng ha moqolo o ne o ngotsoe mahlakoreng a mabeli? (Sheba setšoantšo sa pele ho tse qalong.)

4 Khaolo ea bohlano ea lengolo la Zakaria e qala ka pono e makatsang. (Bala Zakaria 5:1, 2.) Zakaria o ile a bona moqolo o fofang o bolelele ba limithara tse robong ’me o le bophara ba limithara tse ’nè le halofo. Moqolo oo o ne o phutholotsoe ’me o lokeloa ho baloa. O ne o ngotsoe molaetsa oa kahlolo ka mahlakoreng a mabeli. (Zak. 5:3) Hangata molaetsa o ne o ngoloa lehlakoreng le le leng la moqolo, empa molaetsa ona e ne e le oa bohlokoa hoo o ileng oa ngoloa mahlakoreng a mabeli a moqolo.

Bakreste ba lokela ho qoba bosholu ba mofuta ofe kapa ofe (Sheba serapa sa 5 ho ea ho 7)

5, 6. Jehova o ikutloa joang ka batho ba utsoang?

5 Bala Zakaria 5:3, 4Batho bohle lefatšeng ba ikarabella ho Molimo ka lintho tseo ba li etsang. Empa bahlanka ba hae ba ikarabella haholoanyane hobane ba bitsoa ka lebitso la hae. Kaha bahlanka ba Jehova baa mo rata, baa tseba hore ho utsoa ho tlisa ‘thohako lebitsong la Molimo [oa bona].’ (Liprov. 30:8, 9) Batho ba bang ba nka ho utsoa e se phoso ha motho a na le lebaka la ho etsa joalo. Empa ho sa tsotelehe hore na lebaka ke lefe, motho ea utsoang ha a hlomphe Jehova, lebitso la hae le melao ea hae.   

6 Na u hlokometse hore lengolo la Zakaria 5:3, 4 le re: “Thohako . . . e tla kena ka tlung ea lesholu . . . ’me e tla lula ka har’a ntlo ea hae le ho e felisa.” Kahoo, Jehova a ka senola le ho ahlola mang kapa mang ea etsang sebe har’a batho ba hae. Jehova o bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo motho a e utsoang, le hoja mapolesa, mohiri, baholo kapa batsoali ba ke ke ba tseba ka eona. (Baheb. 4:13) Ruri hoa thabisa ho ba har’a batho ba etsang sohle se matleng a bona ho lula ba tšepahala “linthong tsohle.”—Baheb. 13:18.

7. Re ka qoba kahlolo ea Jehova joang?

7 Bosholu ba mofuta ofe kapa ofe bo koatisa Jehova. Ke tlotla ho tseba melao ea Jehova, ho e mamela le ho phela ka tsela e tlotlisang lebitso la hae. Ka ho etsa joalo, Jehova a ke ke a re ahlola kaha re tla be re mamela melao ea hae le ho mo hlompha.

PHELELA MANTSOE A HAO “LETSATSI LE LETSATSI”

8-10. (a) Kano ke’ng? (b) Morena Tsedekia o ile a hloleha ho boloka kano efe?

8 Molaetsa o mong o ngotsoeng moqolong oo o ne o fana ka temoso ho ba ‘etsang kano e hlapanyelitsoeng ka bohata ka lebitso la Molimo.’ (Zak. 5:4) Kano ke polelo e pakahatsang hore taba ke ’nete kapa tšepiso eo motho a e etsang ho netefatsa hore o tla etsa ntho e itseng kapa a ke ke a e etsa.

9 Ho hlapanya ka lebitso la Jehova ke taba e tebileng. Re ithuta bohlokoa ba sena ho se ileng sa etsahalla Tsedekia, morena oa ho qetela ea ileng a busa Jerusalema. Tsedekia o ile a ikana ka lebitso la Jehova hore o tla lula a tšepahalla morena oa Babylona. Empa ha aa ka tšepahala. Kahoo Jehova o ile a re ho Tsedekia: “Ka ’na ea phelang, . . . sebakeng sa morena ea behang ea nyelisitseng kano ea hae e le morena le ea tlōtseng selekane sa hae, [Tsedekia] o tla shoa hammoho le eena har’a Babylona.”—Ezek. 17:16.

10 Morena Tsedekia o ile a etsa tšepiso a ikana ka lebitso la Jehova ’me Jehova o ne a lebeletse hore a phethe tšepiso eo ea hae. (2 Likron. 36:13) Empa Tsedekia o ile a kopa hore Baegepeta ba mo thuse ho lokoloha ho Babylona. Leha ho le joalo, Baegepeta ba ile ba hloleha ho mo thusa.—Ezek. 17:11-15, 17, 18.

11, 12. (a) Kano ea bohlokoa ka ho fetisisa eo re ka e etsang ke efe? (b) Re ka phelela kano eo re e etselitseng Jehova joang?

11 Jehova o nka ka ho teba likano le litšepiso tseo re li etsang. Kahoo, re lokela ho li boloka e le hore re mo thabise. (Pes. 76:11) Kano ea bohlokoa ka ho fetisisa eo re e etsang ke ha re inehela ho Jehova ka kolobetso. Kolobetso ke kano eo re e etsetsang Jehova hore re tla mo sebeletsa tlas’a maemo ’ohle.

12 Re ka phelela kano eo re e etselitseng Jehova joang? Ka hore “letsatsi le letsatsi” re lule re tšepahala ho sa tsotelehe hore na ntho e amang kamano ea rona le Jehova e nyane kapa e kholo ha kae. (Pes. 61:8) Mohlala, u ka etsa’ng ha ngoana eo u kenang sekolo le eena kapa mosebetsi-’moho le uena a etsa lintho tse bontšang hore oa u rata? Na u tla tšepahala ’me u thabise Jehova? (Liprov. 23:26) Kapa haeba e le uena feela Paki heno, na u kopa Jehova hore a u thuse ho lula u phela ka melao ea hae? Na u lula u leboha Jehova hore ebe o re ratile le hore ebe o re file monyetla oa hore re busoe ke eena? Na u ipha nako ea ho bala Bibele kamehla? Re ile ra tšepisa ho etsa lintho tsena ha re ne re inehela ho Jehova. Ha re etsa sohle se matleng a rona ho mamela Jehova, re bontša hore rea mo rata ebile re inehetse ho eena ka ho feletseng. Re mo sebeletsa ka lipelo tsohle tsa rona eseng feela ho phetha molao. Jehova o tla re fa bokamoso bo sireletsehileng ha re lula re mo tšepahalla.—Deut. 10:12, 13.

13. Pono ea botšelela ea Zakaria e re thusa ho hlokomela eng?

13 Pono ea botšelela ea Zakaria e re thusitse ho hlokomela hore haeba re rata Jehova, re tla qoba ho etsa likano tseo re sa tl’o li tšepahalla le ho qoba ho utsoa. Re ile ra boela ra hlokomela hore le hoja Baiseraele ba ne ba etsa liphoso, Jehova ha aa ka a ba lebala. O ne a utloisisa hore ba ile ba tšosoa ke lira tsa bona tse neng li ba pota-potile. Jehova ke mohlala o motle oa hore re lokela ho lula re tšepahalla likano tsa rona ebile re kholisehile hore a ka re thusa ho li phetha. Tsela e ’ngoe eo a re thusang ka eona ke ka ho re fa tšepo ea hore o tla felisa bokhopo bohle lefatšeng. Pono e latelang ea Zakaria e tl’o bua ka tšepo ena.

JEHOVA O FELISA BOKHOPO

14, 15. (a) Zakaria o ile a bona eng ponong ea hae ea bosupa? (Sheba setšoantšo sa bobeli ho tse qalong.) (b) Mosali ea ka har’a seroto o emela’ng hona ke hobane’ng ha lengeloi le ile la koahela seroto?

14 Ka mor’a ho bona moqolo o fofang, lengeloi le ile la re ho Zakaria: “Phahamisa mahlo.” Pono ea hae ea bosupa e ne e le eng? Zakaria o ile a bona “efa” kapa seroto. (Bala Zakaria 5:5-8.) Seroto seo se ne se e-na le “sekoahelo se chitja sa loto.” Ha sekoahelo seo se tlosoa, Zakaria o ile a bona “mosali ea itseng ea lutseng ka har’a” seroto. Lengeloi le ile la hlalosetsa Zakaria hore mosali eo ea ka har’a seroto o ne a emela “bokhopo.” E tlameha ebe Zakaria o ile a tšoha ha a bona mosali eo a leka ho tsoa ka har’a seroto seo. Empa lengeloi le ile la khutlisetsa mosali eo kapele ka har’a seroto ’me la koahela seroto seo ka sekoahelo se boima. Pono ee e bolela’ng?

15 Pono ena e re fa tšepo ea hore Jehova a ke ke a lumella bokhopo har’a bahlanka ba hae. O tla bo felisa ka potlako. (1 Bakor. 5:13) Lengeloi le ile la re fa tšepo ea sena ha le ne le koahela seroto ka sekoahelo se boima ka potlako.

Jehova o lula a hloekisa borapeli ba hae (Sheba serapa sa 16 ho ea ho 18)

16. (a) Zakaria o ile a bona ho etsahala eng hape ka seroto? (Sheba setšoantšo sa boraro ho tse qalong.) (b) Basali ba neng ba e-na le mapheo ba ile ba isa seroto kae?

16 Ka mor’a moo ho ile ha hlaha basali ba babeli ba neng ba e-na le mapheo a kang a mokotatsie. (Bala Zakaria 5:9-11.) Basali bana ba fapane le mosali ea neng a le ka har’a seroto. Ka mapheo a bona a matla, ba ile ba nka seroto seo se neng se tšetse “bokhopo” ba fofa ka sona. Ba ne ba se isa kae? Ba ile ba se isa “naheng ea Shinare” kapa Babylona. Ke hobane’ng ha ba ne ba se isa Babylona?

17, 18. (a) Ke hobane’ng ha Shinare e ne e le sebaka se nepahetseng sa ho isa “bokhopo”? (b) Kaofela ha rona re na le boikarabelo bofe?

17 Baiseraele ba neng ba phela mehleng ea Zakaria ba ne ba utloisisa hore na ke hobane’ng ha Shinare e ne e le sebaka se nepahetseng sa ho isa “bokhopo.” Ba ne ba tseba hore e ne e le naha e tletseng boitšoaro bo bobe le borapeli ba bohata. Zakaria le Bajuda ba bang ba neng ba lula moo ba ile ba leka hore kamehla ba hanyetse tšusumetso e mpe ea borapeli ba bohata bo teng naheng eo. Kahoo, pono ena e ne e ba fa tšepo ea hore Jehova o tla boloka borapeli ba hae bo hloekile.   

18 Ka lehlakoreng le leng, pono ena e ne e hopotsa Bajuda hore ba lokela ho lula ba e-na le borapeli bo hloekileng. Jehova a ke ke a lumella bokhopo ho ba har’a bahlanka ba hae. Jehova o re file tokelo ea ho ba ka har’a mokhatlo oa hae o hloekileng ’me oa re sireletsa ebile oa re rata. Kaofela ha rona re na boikarabelo ba ho etsa hore mokhatlo oa hae o lule o hloekile. Bokhopo ha boa lokela ho ba teng har’a batho ba Molimo.

BATHO BA HLOEKILENG BA TLISA THORISO HO JEHOVA

19. Lipono tsa Zakaria li re ruta’ng?

19 Pono ea botšelela le ea bosupa ea Zakaria li lemosa batho bohle ba etsang lintho tseo Jehova a sa li rateng ’me li re hopotsa hore Jehova a ke ke a lumella bokhopo ka ho sa feleng. Re lokela ho bontša hore re bahlanka ba Jehova ka hore re hloee bokhopo. Lipono tsena li boetse li re tiisetsa hore ha feela re etsa thato ea Jehova, a ke ke a re timetsa empa o tla re sireletsa le ho re hlohonolofatsa. Ka thuso ea Jehova re ka khona ho lula re tšepahala lefatšeng lena le khopo. Empa re ka kholisoa ke’ng hore borapeli ba ’nete bo tla lula bo le teng lefatšeng lee le khopo? Re tseba joang hore Jehova o tla sireletsa mokhatlo oa hae nakong ea matšoenyeho a maholo? Lipotso tsena li tla arajoa sehloohong se latelang.