Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Kamoo Dipono Tsa Zakaria di o Amang Kateng

Kamoo Dipono Tsa Zakaria di o Amang Kateng

Kgutlelang ho nna, . . . mme ke tla kgutlela ho lona.”​ZAK. 1:3.

DIPINA: 120, 117

1-3. (a) Boemo ba batho ba Jehova bo ne bo le jwang ha Zakaria a ne a qala ho profeta? (b) Ke hobaneng ha Jehova a ile a kopa hore batho ba hae ba ‘kgutlele ho yena’?

BUKA ya Zakaria e bua ka dipono tse sa tlwaelehang. Hara tse ding, e bua ka moqolo o fofang, mosadi ya dutseng ka hara nkgo, le basadi ba babedi ba nang le mapheo a maholo a kang a nonyana. (Zak. 5:1, 7-9) Ke hobaneng ha Jehova a ile a fa moprofeta Zakaria dipono tseo? Ho ne ho etsahalang ka Baiseraele ka nako eo? Dipono tseo di re ama jwang kajeno?

2 Selemo sa 537 pele ho mehla ya Jesu e ne e le se thabisang ho batho ba Modimo. Ka mora dilemo tse 70, ba ile ba lokoloha botlamuweng Babylona. Ba ile ba etsa mosebetsi wa ho tsosollosa borapedi bo hlwekileng ka mahlahahlaha. Ka selemo se latelang sa 536, ba ile ba rala motheo wa tempele e Jerusalema. Ka nako eo, “batho ba ne ba howa ka mohoo o phahameng, mme modumo oo o ne o utluwa esita le hole haholo.” (Esdr. 3:10-13) Le ha ho le jwalo, ka mora nakwana dira di ile tsa leka ho sitisa mosebetsi wa bona wa kaho. Mathata ao a ile a ba nyahamisa, yaba ba tlohela ho haha tempele mme ba lokisa matlo le ho lema masimo a bona. Ka mora dilemo tse 16, ba ne ba se ba emisitse ka ho felletseng ho haha tempele. Batho ba Modimo ba ne ba lokela ho hopotswa hore ba kgutlele ho Jehova le hore ba kgaotse ho ipatlela dithahasello tsa bona. Jehova o ne a batla hore ba kgutlele ho yena mme ba boele ba mo sebeletse ka dipelo tsohle.

3 Ka selemo sa 520, Modimo o ile a roma moprofeta Zakaria ho thusa Baiseraele ho hopola lebaka le neng le entse hore ba lokollwe Babylona. Ho a thahasellisa hore lebitso la Zakaria le bolela “Jehova o Hopotse.” Le hoja Baiseraele ba ne ba lebetse dintho tseo Modimo a neng a ba etseditse tsona, Jehova yena o ile a ba hopola. (Bala Zakaria 1:3, 4.) O ile a tshepisa ho ba thusa ho tsosolosa borapedi bo hlwekileng, empa a ba lemosa hore a ke ke a amohela borapedi bo sa etsweng ka pelo yohle. A re boneng kamoo Jehova a ileng a sebedisa pono ya bo 6 le ya bo 7 ya Zakaria kateng ho ba thusa. Re tla boela re bone hore dipono tsena di re rutang kajeno.

KOTLO YA MODIMO HO BA UTSWANG

4. Zakaria o ile a bonang ponong ya hae ya bo 6, hona keng e neng e ikgetha ka moqolo o neng o ngotswe ka mahlakoreng a mabedi? (Sheba setshwantsho sa pele ho tse qalong.)

4 Kgaolo ya 5 e qala ka pono e sa tlwaelehang. (Bala Zakaria 5:1, 2.) Zakaria o bona moqolo o bolelele ba dimithara tse 9 le bophara ba dimithara tse 4.5 o fofa sebakeng! O se o phuthollotswe bakeng sa ho balwa. O na le molaetsa wa kahlolo o ngotsweng ka mahlakoreng a mabedi. (Zak. 5:3) Hangata moqolo o ne o ngolwa ka lehlakoreng le le leng feela, kahoo ho hlakile hore ona o ne o tshwere molaetsa wa bohlokwa le o matla.

Bakreste ha ba a lokela ho utswa ka tsela le ha e le efe (Sheba serapa sa 5-7)

5, 6. Jehova o ikutlwa jwang ka ho utswa?

5 Bala Zakaria 5:3, 4Batho bohle ba ikarabella ho Jehova ka diketso tsa bona, haholohiolo bahlanka ba hae ba bitswang ka lebitso la hae. Ba ratang Modimo ba a hlokomela hore ho utswa ha mofuta le ha e le ofe ho tlisa ‘thohako lebitsong la Modimo.’ (Liprov. 30:8, 9) Ho sa tsotellehe hore na motho o utswa ka mabaka afe, ha a etsa jwalo o bontsha hore o meharo mme o rata dintho tse bonahalang ho feta Modimo. Ha a hlomphe Jehova le melao ya hae ebile o nka lebitso la Jehova e se la bohlokwa.

6 Na o hlokometse hore lengolo la Zakaria 5:3, 4 le re: “Thohako . . . e tla kena ka tlung ya leshodu . . . mme e tla dula ka hara ntlo ya hae le ho e fedisa”? Kahlolo ya Modimo e ke ke ya hloleha. E tla finyella le ho pepesa diketso tsa motho ya kgopo hara batho ba Modimo. Le ha motho a ka pata diketso tsa hae ho ba molao, bahiri, baholo kapa ho batswadi ba hae, a ke ke a di patela Modimo, ya bonang dintho tsohle. (Baheb. 4:13) Ke ho kgathollang hakakaang ho ba hara batho ba ikemiseditseng ho tshepahala “dinthong tsohle”!​—Baheb. 13:18.

7. Re ka qoba kahlolo ya Jehova jwang?

7 Mefuta yohle ya ho utswa e kgopisa Modimo. Empa rona re thabela ho hlompha melao ya Jehova ya boitshwaro le ho itshwara ka tsela e ke keng ya tlisa thohako lebitsong la hae. Ha re etsa jwalo, re tla qoba kahlolo eo Jehova a tla e fa batho ba sa mameleng melao ya hae ka boomo.

HO PHELELA BOINEHELO BA RONA “LETSATSI LE LETSATSI”

8-10. (a) Kano ke eng? (b) Ke kano efe eo Morena Tsedekia a ileng a hloleha ho e phetha?

8 Jwale molaetsa o moqolong o fana ka temoso ho ‘ba etsang kano e hlapanyeditsweng ka bohata ka lebitso la Modimo.’ (Zak. 5:4) Kano ke tiiso ya hore ntho e itseng ke nnete. E boetse ke tshepiso ya hore motho o tla etsa ntho e itseng kapa a ke ke a e etsa.

9 Ho etsa kano ka lebitso la Jehova ke ntho e tebileng. Ke sona seo morena wa ho qetela, ya ileng a busa Jerusalema a ileng a se etsa. Tsedekia o ile a etsa kano ka lebitso la Jehova hore o tla tshepahalla morena wa Babylona. Empa ha a ka a phetha kano ya hae. Kahoo Jehova o ile a mo ahlola ka mantswe a reng: “Ka nna ya phelang, . . . [Tsedekia] o tla shwella Babylona, moo ho dulang morena eo a ileng a roba kano ya hae le ya tlotseng selekane sa hae.”​—Ezek. 17:16NW.

10 Morena Tsedekia o ne a lokela ho phetha kano eo a ileng a e etsa ka lebitso la Jehova. (2 Likron. 36:13) Empa Tsedekia o ile a roba kano ya hae, a kopa hore morena wa Egepeta a mo thuse ho lokoloha Babylona.​—Ezek. 17:11-15, 17, 18.

11, 12. (a) Ke kano efe ya bohlokwa ka ho fetisisa eo re ka e etsang? (b) Boinehelo ba rona bo lokela ho ama tsela eo re phelang ka yona jwang?

11 Jehova o a mamela ha re etsa ditshepiso. O nka dikano tsa rona ka botebo mme re lokela ho di phetha e le hore re mo kgahlise. (Pes. 76:11) Hara dikano tseo re ka di etsang, ya bohlokwa ka ho fetisisa ke ya ho inehela ho Jehova. Ha re etsa jwalo, re ikana hore re tla mo sebeletsa maemong ohle.

12 Re ka etsang hore re phethe kano ya rona ya ho inehela ho Jehova? Diqeto tseo re di nkang ha re hlahelwa ke diteko di lokela ho bontsha hore re nka kano ya rona ya ho rorisa Jehova “letsatsi le letsatsi” e le ya bohlokwa. (Pes. 61:8) Ka mohlala, ha motho e mong sekolong kapa mosebetsing a o fereha, na o nka monyetla oo ho bontsha hore o “kgahliswa ke ditsela tsa [Jehova]” ka ho hanela diketso tse jwalo? (Liprov. 23:26) Haeba e le wena feela Paki ka lapeng, na o kopa Jehova ho o thusa hore o lwanele ho itshwara jwalo ka Mokreste ka dinako tsohle? Na re rapela Jehova kamehla ho mo leboha ka tataiso le lerato la hae? Na re ipha nako ya ho bala Bibele kamehla? Ha e le hantle, ha re ne re inehela ho Modimo re ile ra tshepisa ho etsa dintho tsena. Ha re di etsa re tla be re bontsha hore re mamela Modimo ebile re a mo rata. Re lokela ho rapela Jehova ka dinako tsohle. Ha re tshepahala re tla rua molemo hona jwale le nakong e tlang.​—Deut. 10:12, 13.

13. Re ka ithutang ponong ya bo 6 ya Zakaria?

13 Pono ya Zakaria ya bo 6 e re thusitse ho hlokomela hore ba ratang Jehova ha ba a lokela ho utswa kapa ho etsa dikano tsa leshano. Re bone hape hore le ha Baiseraele ba ne ba fosetsa Jehova, o ile a nna a ba mamella. O ne a utlwisisa kgatello eo ba neng ba tobana le yona ha ba ne ba pota potilwe ke dira. Jehova o re behela mohlala o motle ka ho tshepahalla ditshepiso tsa hae, mme o tla re thusa ho tshepahalla tsa rona. Tsela e nngwe eo a re thusang ka yona ke ka ho re fa tshepo ya hore haufinyane o tla fedisa bobe lefatsheng lohle. Pono e latelang ya Zakaria e netefatsa seo.

BOKGOPO BO BEHWA SEBAKENG SA BONA SE NEPAHETSENG

14, 15. (a) Zakaria o bonang ponong ya hae ya bo 7? (Sheba setshwantsho sa bobedi ho tse qalong.) (b) Mosadi ya ka hara nkgo o tshwantshetsang, mme ke hobaneng ha a kwalletswe hape a tsamaiswa?

14 Ka mora ho bona moqolo o fofang, lengeloi le laela Zakaria hore a ‘phahamise mahlo’. Ebe pono ya bo 7 e mo tshwaretseng? Zakaria o bona nkgo e bitswang “efa.” (Bala Zakaria 5:5-8.) Nkgo ena e na le “sekwahelo se tjhitja kapa se ronto sa loto.” Ha sekwahelo seo se tloswa, Zakaria o bona ‘mosadi ya itseng a dutse ka hare.’ Lengeloi le re lebitso la mosadi eo ke “Bokgopo.” Nahana kamoo Zakaria a ileng a tshoha kateng ha a bona mosadi eo a leka ho tswa ka hara nkgo eo! Kapele pele lengeloi le mo kgutlisetsa ka nkgong mme le e kwala ka sekwahelo le ho se tiisa. Re ithutang ponong ena?

15 Pono ena e re ruta hore Jehova a ke ke a dumella bobe ba mofuta ofe kapa ofe hara batho ba hae. Ha a bona bobe ka phuthehong, o tla potlakela ho bo tlosa. (1 Bakor. 5:13) Lengeloi le ponong le netefatsa sena ka hore le kgutlisetse sekwahelo nkgong le be le se tiise.

Jehova o ile a netefatsa hore borapedi ba hae bo dula bo hlwekile (Sheba serapa sa 16-18)

16. (a) Keng se etsahalang ka nkgo ya efa e ponong ya Zakaria? (Sheba setshwantsho sa boraro ho tse qalong.) (b) Basadi ba nang le mapheo ba isa nkgo hokae?

16 Ha Zakaria a ntse a shebile ponong, o bona basadi ba babedi ba nang le mapheo a maholo a kang a nonyana e bitswang mokotatsie. (Bala Zakaria 5:9-11.) Basadi bana ba fapane hole le mosadi yane ya ka nkgong! Ba sebedisa mapheo a bona a matla ho kuka nkgo e nang le mosadi ya bitswang “Bokgopo.” Ebe ba mo isa hokae? Ba isa nkgo eo “naheng ya Shinare” kapa Babylona. Empa ke hobaneng ha ba isa nkgo eo Babylona?

17, 18. (a) Ke hobaneng ha Shinare e le ‘sebaka se tshwanetseng’ bakeng sa “Bokgopo”? (b) Re lokela ho ikemisetsa ho etsang?

17 Ho Baiseraele ba mehleng ya Zakaria, Shinare e ne e le sebaka se tshwanetseng bakeng sa Bokgopo. Baiseraele bao ba ne ba tseba Babylona e le sebaka se neng se tletse bokgopo kapa bobe mehleng eo. Ka nako eo ba neng ba dula Babylona, ba ile ba bona kamoo e neng e le sebaka se tletseng boitshwaro bo ditshila le borapedi ba ditshwantsho kateng. Ba ile ba lokela ho itebela hore ba se ke ba susumetswa ke mekgwa eo. E tlameha ebe pono ena ya Zakaria e ile ya ba thabisa hakakaang! Pono ena e ile ya ba fa kgodiseho ya hore Jehova o ne a tla boloka borapedi ba bona bo hlwekile.

18 Le ha ho le jwalo, pono ena e ile ya hopotsa Baiseraele hore le bona ba ne ba na le boikarabelo ba ho boloka borapedi ba bona bo hlwekile. Bokgopo bo ke ke ba dumellwa ka tsela le ha e le efe hara batho ba Jehova. Jehova o re tlisitse ka hara mokgatlo wa hae o sireletsehileng le o hlwekileng. Kahoo re lokela ho ikemisetsa ho o boloka o hlwekile. Ha re a lokela ho dumella bobe ba mofuta ofe kapa ofe ho kena ka phuthehong.

BOHLWEKI BA RONA BO RORISA JEHOVA

19. Re ithutang diponong tsa Zakaria?

19 Dipono tsa Zakaria tseo re buileng ka tsona di na le molaetsa wa bohlokwa ho rona kajeno. Di re lemosa hore Jehova ha a rate batho ba sa tshepahaleng. Jehova o batla hore barapedi ba hae ba hloye bobe. Dipono tsena di boetse di na le molaetsa o kgothatsang o tswang ho Ntate wa rona ya lehodimong. Haeba re ikitlaelletsa ho dula re le batho ba amohelwang ke Modimo, re ke ke ra fumana thohako eo Zakaria a buileng ka yona e tlisang lefu. Ho e na le hoo, re tla fumana tlhohonolofatso e tswang ho Jehova. Re ke ke ra itshola ka boiteko boo re bo etsang ba ho ipoloka re hlwekile lefatsheng lena le kgopo. Re ka kgodiseha hore Jehova o tla re thusa hore re atlehe. Empa re tseba jwang hore borapedi bo hlwekileng bo tla dula bo le teng? Jwalo ka ha matshwenyeho a maholo a ntse a atamela, re na le kgodiseho efe ya hore Jehova o tla sireletsa mokgatlo wa hae? Dipotso tsena di tla arajwa sehloohong se latelang.