Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Dikoloi Tsa Ntwa le Moqhaka di Tla o Sireletsa

Dikoloi Tsa Ntwa le Moqhaka di Tla o Sireletsa

Ho tla etsahala—haeba ruri le tla mamela lentswe la Jehova Modimo wa lona.”​ZAK. 6:15.

DIPINA: 17, 136

1, 2. Boemo bo ne bo le jwang Jerusalema ha pono ya bo 7 ya Zakaria e fela?

PONO ya bo 7 eo Zakaria a ileng a e bona e ile ya matlafatsa moprofeta eo haholo. Ponong eo, Jehova o ile a bontsha kamoo a tlang ho otla batho ba kgopo le ba sa tshepahaleng kateng. Tshepiso eo e ile ya kgothatsa Zakaria. Le ha ho le jwalo, dintho di ne di so ka di fetoha. Batho ba kgopo le ba sa tshepahaleng ba ne ba ntse ba le teng le mosebetsi wa ho aha tempele o ne o ntse o emisitse. Ke hobaneng ha Bajuda ba ne ba tlohetse mosebetsi oo Modimo a neng a ba file ona? Na ba ne ba kgutletse Jerusalema e le hore feela ba lokise matlo a bona le ho phela ha monate?

2 Zakaria o ne a tseba hore Bajuda ba ileng ba kgutlela Jerusalema e ne e le banna le basadi ba nang le tumelo. Modimo o ne a ba susumeditse hore ba siye bophelo bo monate ba Babylona le dikgwebo tsa bona. (Esdr. 1:2, 3, 5) Ba bangata ba bona ba ne ba tlohetse sebaka seo ba neng ba holetse ho sona mme ba ya naheng eo ba tla beng ba qala ho e bona. Haeba ho aha tempele ho ne ho se bohlokwa ho bona, ba ne ba ke ke ba nka leeto le le lelele la dikhilomitara tse 1 600, ba tsamaya sebakeng se dithaba le se omeng.

3, 4. Bajuda ba neng ba kgutletse Jerusalema ba ile ba tobana le mathata afe?

3 Leeto leo le ne le le jwang? Ha Bajuda ba ntse ba le leetong, ho ka etsahala hore ba ne ba nahana ka sebaka seo ba yang ho sona. Ba ne ba utlwile kamoo motse wa Jerusalema o neng o kile wa ba motle kateng. Batho ba baholo hara bona ba ne ba kile ba bona botle ba tempele ya Jerusalema. (Esdr. 3:12) Haeba o ne o tsamaya le bona, o ka be o ile wa ikutlwa jwang ha o bona Jerusalema ka lekgetlo la pele? Na o ne o tla hlonama ha o bona mehaho ya teng e senyehileng le e metseng lehola kapa mofoka? Na o ne o tla bapisa mabota a maholo a tshepe a Babylona le mabota a Jerusalema a weleng? Le ha ho le jwalo, dintho tsena ha di a ka tsa nyahamisa Bajuda bao. Ba ne ba bone kamoo Jehova a ileng a ba thusa kateng ha ba le tseleng e tlang Jerusalema. Ntho ya pele feela eo ba ileng ba e etsa ha ba fihla, e ile ya ba ho aha aletare le ho etsetsa Jehova mahlabelo letsatsi le letsatsi. (Esdr. 3:1, 2) Ka nako eo ho ne ho bonahala eka ba tla qeta mosebetsi ntle le ditshitiso.

4 Ntle le ho aha tempele, Baiseraele ba ne ba boetse ba lokela ho tsosolosa metse ya bona. Ba ne ba lokela ho lokisa matlo le ho lema masimo. (Esdr. 2:70) Mosebetsi o ne o bonahala o le mongata haholo. Ho feta moo, dira di ile tsa qala ho ba sitisa, nakwana feela ba qadile ho sebetsa. Le hoja ba ile ba kgona ho mamella kganyetso eo ka dilemo tse 15, Bajuda ba ile ba qala ho nyahama. (Esdr. 4:1-4) Dintho di ile tsa mpefala le ho feta ka selemo sa 522, ha morena wa Persia a thibela mosebetsi wa kaho ka ho felletseng Jerusalema. Ho ne ho bonahala eka motse ona o ke ke wa hlola o tsosoloswa.​—Esdr. 4:21-24.

5. Jehova o ile a reng ha batho ba hae ba emisa ho aha tempele?

5 Jehova o ne a tseba seo batho ba hae ba se hlokang. O ile a fa Zakaria pono ya ho qetela. Pono eo e ne e tla hopotsa Bajuda hore Jehova o a ba rata le hore o ne a tla ba sireletsa ho dira tsa bona haeba ba ne ba ka kgutlela mosebetsing. Ha Jehova a bua ka ho haha tempele, o ile a re: “Ho tla etsahala—haeba ruri le tla mamela lentswe la Jehova Modimo wa lona.”​—Zak. 6:15.

LEBOTHO LA LEKGOTLA LA MANGELOI

6. (a) Zakaria o bonang pele ponong ya hae ya bo 8? (Sheba setshwantsho se qalong.) (b) Ke hobaneng ha dipere di na le mmala e sa tshwaneng?

6 Pono ya bo 8 ya Zakaria, e leng ya ho qetela, e kgothatsa haholo. (Bala Zakaria 6:1-3.) A ko leke ho bona seo Zakaria a ileng a se bona: Ho hlaha dikoloi tse nne tsa ntwa tse hulwang ke dipere mme di tswa “pakeng tsa dithaba tse pedi . . . tsa koporo.” Dipere tseo di na le mmala e sa tshwaneng. Sena se re thusa ho kgetholla mopalami ka mong. Ha Zakaria a bona dikoloi tseo o a botsa: “Ke ding tsee?” (Zak. 6:4) Le rona re batla ho tseba kaha pono ena e a re ama.

Jehova o ntse a sebedisa mangeloi ho sireletsa le ho matlafatsa batho ba hae

7, 8. (a) Dithaba tse pedi di tshwantshetsa eng? (b) Ke hobaneng ha dithaba di entswe ka koporo?

7 Ka dinako tse ding, Bibele e sebedisa dithaba ho tshwantshetsa mebuso. Dithaba tse pedi tse ponong ya Zakaria di tshwana le dithaba tse pedi tse hlahang boprofeteng ba Daniele. Thaba e nngwe e tshwantshetsa bobusi boo Jehova e sale a na le bona, e leng ba ka ho sa feleng. Thaba ya bobedi e tshwantshetsa Mmuso wa Bomesia o ileng wa thehwa hamorao, oo morena wa ona e leng Jesu. (Dan. 2:35, 45) Ha esale ho tloha ha Jesu a etswa morena ka 1914, dithaba tsena tse pedi tsa tshwantshetso di nnile tsa phetha karolo ya bohlokwa mabapi le morero wa Modimo lefatsheng.

8 Ke hobaneng ha dithaba tseo di entswe ka koporo? Koporo ke ya bohlokwa haholo jwalo ka kgauta. Ka mohlala, Jehova o ile a re ho sebediswe koporo ha ho ne ho etswa tabernakele le ha ho ahwa tempele e Jerusalema. (Ex. 27:1-3; 1 Mar. 7:13-16) Ke ho utlwahalang hore ebe le dithaba tse ponong ya Zakaria di entswe ka koporo. E re hopotsa kamoo puso ya Jehova le Mmuso wa Bomesia di phahameng le ho halalela kateng le hore di tla etsetsa batho dintho tse molemo lefatsheng.

9. Bapalami ba dikoloi tsa ntwa ke bo mang, hona ba fuwe mosebetsi ofe?

9 A re kgutleleng ponong ya Zakaria. Bapalami ba dikoloi tsa ntwa ke bo mang? Ba tshwantshetsa mangeloi ho ya ka dihlopha tsa ona. (Bala Zakaria 6:5-8.) Ba tloha “ka pela Morena wa lefatshe lohle” ho ya etsa mosebetsi wa bohlokwa. Ke mosebetsi ofe oo ba o fuweng? Dikoloi tseo tsa ntwa di lebile dibakeng tse itseng lefatsheng. Bapalami ba tsona ba fuwe mosebetsi wa ho sireletsa batho ba Jehova, haholoholo ho Babylona e bitswang ‘naha ya leboya’ ponong. Ho ya ka pono ena, Jehova o ne a tla sireletsa batho ba hae hore e se hlole eba makgoba a Babylona. E tlameha ebe sena se ile sa kgothatsa Baiseraele hakakaang mehleng ya Zakaria! Ba ne ba sa lokela ho tshoswa ke dira tsa bona.

10. Boprofeta ba Zakaria bo buang ka bapalami ba dikoloi tsa ntwa bo fa batho ba Modimo kgodiseho efe kajeno?

10 Jwalo ka mehleng ya Zakaria, Jehova o ntse a sebedisa mangeloi ho sireletsa batho ba hae. (Mal. 3:6; Baheb. 1:7, 14) Batlotsuwa ba ile ba lokollwa botlamuweng ba tshwantshetso ba Babylona e Moholo ka 1919. Ha esale ho tloha ka nako eo, borapedi ba nnete bo nnile ba hola ho sa tsotellehe kganyetso. (Tšen. 18:4) Re kgodisehile hore mangeloi a tla sireletsa batho ba Modimo hore e se hlole e ba makgoba a dithuto tsa bohata tsa Babylona e Moholo. (Pes. 34:7) Ho e na le hoo, re ka kgodiseha hore mosebetsi wa batho ba Modimo o tla tswela pele ho atleha lefatsheng lohle. Pono ena ya Zakaria e re fa kgodiseho ya hore re sireletsehile moriting wa tshwantshetso wa dithaba tse pedi tseo a ileng a di bona.

11. Ke hobaneng ha re sa lokela ho tshoswa ke tlhaselo e tla tlela batho ba Modimo nakong e tlang?

11 Haufinyane mebuso ya dipolotiki ya lefatshe la Satane e tla ikopanya hore e hlasele batho ba Modimo le ho ba fedisa. (Ezek. 38:2, 10-12; Dan. 11:40, 44, 45; Tšen. 19:19) Boprofeta ba Ezekiele bo re batho ba tla tshehetsa mebuso eo ho re lwantsha, ba tla ba bangata jwalo ka maru a kwahelang naha. (Ezek. 38:15, 16) * Na see se lokela ho re tshosa? Le hanyenyane! Re na le lebotho le tla re lwanela. Nakong eo ya matshwenyeho a maholo, mabotho a mangeloi a tla lwanela batho ba Modimo mme a fedise bohle ba kgahlanong le puso ya Jehova. (2 Bathes. 1:7, 8) Ho tla nkga ho sa bola! Empa ke mang ya tla etella lebotho la Jehova pele?

MORENA EO E LENG MOPRISTA O RWESWA MOQHAKA

12, 13. (a) Jehova o bolella Zakaria hore a etseng? (b) Hlalosa hore na ke hobaneng ha monna ya bitswang Lehlomela a tshwantshetsa Jesu Kreste.

12 Ho tla fihlela jwale, Zakaria o se a bone dipono tse 8, tse bonweng ke yena a le mong. Empa jwale o etsa ntho eo batho ba bang ba e bonang, e neng e tla kgothatsa ba ahang tempele ya Modimo. (Bala Zakaria 6:9-12.) Heldai, Tobija, le Jedaia ba qeta ho fihla ho tswa Babylona. Jehova o re Zakaria a nke silevera le kgauta ho banna bana mme a etse “moqhaka o moholo” ka tsona. (Zak. 6:11) Ka nako eo, Mmusi Zerubabele wa moloko wa Juda ebile e le setloholwana sa Davida, e ne e le moetapele wa batho ba Modimo. Na Zakaria o ne a tla kenya moqhaka oo hloohong ya mmusi eo? Tjhe. Ba shebelletseng ba ile ba makala ha a o rwesa Moprista ya Phahameng ya bitswang Joshua.

13 Na see se ne se bolela hore Joshua e ne e se e le morena? Ha ho jwalo, hobane e ne e se wa lesika la borena la Davida mme a sa tshwanelehe hore e ka ba morena. Ho rweswa ha hae moqhaka ho ne ho tshwantshetsa se neng se tla etsahalla morena e mong wa moprista nakong e tlang. Morena eo wa moprista o ne a tla bitswa Lehlomela. Mangolo a bontsha ka ho hlaka hore Lehlomela ke lebitso la Jesu Kreste la boprofeta.​—Esa. 11:1.

14. Mosebetsi wa Jesu ke ofe jwalo ka Morena le Moprista ya Phahameng?

14 Jesu ke Morena le Moprista ya Phahameng. O etella lebotho la mangeloi pele mme o sireletsa batho ba Jehova lefatsheng lena le kgopo. (Jer. 23:5, 6) Nakong e tlang, Kreste o tla di hula pele ha mangeloi a fedisa ditjhaba tse kgahlanong le bobusi ba Modimo. (Tšen. 17:12-14; 19:11, 14, 15) Pele seo se etsahala, ho na le mosebetsi o mong o moholo oo Lehlomela a lokelang ho o etsa.

O TLA AHA TEMPELE

15, 16. (a) Ke mosebetsi ofe wa ho tsosolosa le wa ho hlwekisa o entsweng mehleng ya kajeno, hona o entswe ke mang? (b) Ho tla etsahalang Pusong ya Kreste ya Dilemo Tse Sekete?

15 Ntle le ho ba Morena le Moprista ya Phahameng, Jesu o fuwe mosebetsi wa ho “haha tempele ya Jehova.” (Bala Zakaria 6:13.) Mehleng ya kajeno, mosebetsi oo wa ho haha o ile wa akarelletsa ho lokolla batho ba Modimo botlamuweng ba Babylona e Moholo ka 1919. Jesu o ile a boela a beha “lekgoba le tshepahalang le le masene” ho laola mosebetsi mabaleng a lefatsheng a tempele ya Modimo ya tshwantshetso. (Mat. 24:45) O ile a boela a thusa batho ba Modimo ho hlwekisa borapedi ba bona.​—Mal. 3:1-3.

16 Pusong ya hae ya Dilemo Tse Sekete, Jesu hammoho le marena le baprista ba 144 000, ba tla etsa hore batho ba boele ba phethahale. Ka nako eo, lefatsheng ho tla be ho setse batho ba rapelang Modimo feela. Qetellong borapedi bo hlwekileng bo tla be bo tsosolositswe ka ho felletseng.

NKA KAROLO MOSEBETSING WA HO AHA

17. Kgothatso eo Jehova a ileng a e fa Bajuda e ile ya ba ama jwang?

17 Molaetsa wa Zakaria o ile wa ama Bajuda ba mehleng ya hae jwang? Jehova o ile a tshepisa hore o tla ba thusa le ho ba sireletsa le hore ba ne ba tla qeta ho aha tempele. Tshepiso ena e ile ya ba matlafatsa. Empa ke jwang batho ba mmalwa ba neng ba ka etsa mosebetsi o moholo hakaalo? Mantswe a Zakaria a ile a fedisa dipelaelo le ha e le dife le ho tshoha ho batho ba Modimo. Ntle le batho ba tshepahalang ba jwalo ka Heldai, Tobija le Jedaia, Modimo o ile a bua ka ba bang ba bangata ba neng ‘ba tla tla mme ba hahe tempele ya Jehova.’ (Bala Zakaria 6:15.) Kaha ba ne ba kgodisehile hore Modimo o tla ba thusa, Bajuda ba ile ba kgutlela mosebetsing wa ho haha tempele ka mafolofolo. Hopola hore morena wa Persia o ne a thibetse mosebetsi wa bona. Le hoja tshitiso ena e ne e tshwana le thaba e kgolo ho batho ba Modimo, Jehova o ile a e tlosa. Kahoo ba ile ba qeta ho aha tempele ka selemo sa 515. (Esdr. 6:22; Zak. 4:6, 7) Le ha ho le jwalo, mantswe ao Jehova a ileng a a bua ho Bajuda, a phethahala ka kutlwisiso e kgolwanyane kajeno.

Jehova a ke ke a lebala lerato leo re mo bontshang lona! (Sheba serapa sa 18, 19)

18. Zakaria 6:15 e phethahala jwang kajeno?

18 Kajeno ho na le barapedi ba Modimo ba dimilione lefatsheng. Ba sebedisa ‘dintho tsa bona tsa bohlokwa’ tse kang nako, matla le thepa mosebetsing wa Jehova wa boboledi. (Liprov. 3:9) Re tseba jwang hore Jehova o ananela seo re mo etsetsang sona? Hopola Heldai, Tobija le Jedaia, ba ileng ba fana ka kgauta le silevera ho Zakaria. Zakaria o ile a di sebedisa ho etsa moqhaka o ileng wa sebetsa e le “sehopotso” sa monehelo oo banna bao ba ileng ba o ntsha. (Zak. 6:14) Ka ho tshwanang, Jehova a ke ke a lebala mosebetsi wa rona le lerato leo re ileng ra le bontsha ho yena.​—Baheb. 6:10.

19. Dipono tsa Zakaria di lokela ho re ama jwang kajeno?

19 Seo mokgatlo wa Modimo o se finyelletseng kajeno ke bopaki bo matla ba hore Jehova o a re hlohonolofatsa le hore Kreste o etella mosebetsi pele. Re karolo ya mokgatlo o sireletsehileng le o tla ba teng ka ho sa feleng. Morero wa Jehova ka borapedi bo hlwekileng o tla “etsahala.” Ananela ho ba karolo ya mokgatlo wa Modimo mme o tswele pele ho ‘mamela lentswe la Jehova Modimo wa hao.’ Ha o etsa jwalo, Morena le Moprista ya Phahameng esita le bapalami ba dikoloi tsa ntwa ba lehodimong, ba tla dula ba o sireleditse. Etsa sohle se matleng a hao ho tshehetsa borapedi ba nnete. Ka ho etsa sena, o ka kgodiseha hore Jehova wa mabotho o tla o sireletsa matshwenyehong a maholo le ka ho sa feleng!

^ par. 11 Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, sheba “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” ho Molula-Qhooa wa May 15, 2015, leq. 27-28.