Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Ke a Tseba Hore o Tla Tsoha”

“Ke a Tseba Hore o Tla Tsoha”

“Motswalle wa rona . . . o phomotse, empa ke ya moo ho mo tsosa borokong.”—JOH. 11:11.

DIPINA: 129, 154

1. Maretha o ne a kgodisehile kang mabapi le kgaitsedi ya hae Lazaro? (Sheba setshwantsho se qalong.)

MARETHA, eo e neng e le morutuwa le motswalle wa Jesu, o ne a lla. Kgaitsedi ya hae Lazaro, e ne e hlokahetse. Na ho na le ntho e neng e ka tshedisa Maretha? E, ho jwalo. Jesu o ile a re ho yena: “Kgaitsedi ya hao e tla tsoha.” Le hoja mantswe a Jesu a sa ka a fedisa bohloko boo Maretha a bo utlwang, a ile a mo tshedisa. Maretha o ile a araba ka ho re: “Ke a tseba hore o tla tsoha tsohong ka letsatsi la ho qetela.” (Joh. 11:20-24) O ne a kgodisehile hore ho ne ho tla ba le tsoho nakong e tlang. Jesu o ile a etsa mohlolo mme a tsosa Lazaro, hona letsatsing leo.

2. Ke hobaneng ha re hloka ho ba le kgodiseho e tshwanang le ya Maretha?

2 Re ka se lebelle hore Jesu kapa Ntate wa hae Jehova ba re etsetse mehlolo e jwalo kajeno. Empa na re kgodisehile jwalo ka Maretha hore batho ba habo rona ba hlokahetseng ba tla tsoha nakong e tlang? E ka nna yaba o hlokahalletswe ke molekane, mme, ntate, nkgono kapa ntatemoholo. Kapa mohlomong o hlokahalletswe ke ngwana. O ba hopotse mme o lakatsa ho ba aka, ho qoqa kapa ho tsheha le bona. Ho a thabisa ho tseba hore, jwalo ka Maretha, le wena o na le lebaka la ho dumela hore batho ba heno ba hlokahetseng ba tla tsoha. Le ha ho le jwalo, ho hotle hore Mokreste ka mong a ikgopotse mabaka a etsang hore a dumele tsohong.

3, 4. Ke mehlolo efe eo Jesu a ileng a e etsa, e ileng ya matlafatsa tumelo ya Maretha?

3 Ha ho bonahale eka Maretha, ya neng a dula Jerusalema, o ne a le teng ha Jesu a tsosa mora wa mohlolohadi ya itseng motseng wa Naine o Galilea. Le ha ho le jwalo, ho ka etsahala hore o ile a utlwela ka ketsahalo eo le hore Jesu o ile a tsosa moradi wa Jairuse. Batho ba neng ba le teng ntlong ya Jairuse, “ba ne ba tseba hore [ngwanana eo] o shwele.” Ho ntse ho le jwalo, Jesu o ile a tshwara letsoho la hae mme a re ho yena: “Ngwanana, tsoha!” Kapelepele feela o ile a tsoha. (Luka 7:11-17; 8:41, 42, 49-55) Maretha le kgaitsedi ya hae Maria, ba ne ba tseba hore Jesu o kgona ho fodisa batho ba kulang. Ka lebaka leo, ba ne ba kgodisehile hore kgaitsedi ya bona Lazaro, e ka be e sa shwa haeba Jesu a ne a le teng. Empa ka ha jwale Lazaro o ne a se a shwele, ho ne ho tla etsahalang? Hlokomela hore Maretha o ile a re Lazaro o tla tsoha “ka letsatsi la ho qetela,” e leng se bontshang hore o ne a bua ka nako e tlang.” Ke hobaneng ha a ne a kgodisehile ka seo? Hona ke hobaneng ha le wena o ka ba le kgodiseho ya hore ho tla ba le tsoho nakong e tlang?

4 Ho na le mabaka a utlwahalang a ho ba le kgodiseho e jwalo. Ha re ntse re tshohla a mang a mabaka ao, o tla hlokomela hore ho na le dintho tse ding ka Bibeleng tseo o neng o sa nahane hore di amana le tshepo ya tsoho.

DIKETSAHALO TSE FANANG KA TSHEPO

5. Ke hobaneng ha Maretha a ne a kgodisehile hore Lazaro o tla tsoha bafung?

5 Hlokomela hore Maretha ha a ka a re: ‘Ke tshepa hore kgaitsedi ya ka e tla tsoha.’ Empa o ile a re: “Ke a tseba hore o tla tsoha.” Maretha o ne a na le kgodiseho ka lebaka la mehlolo eo a neng a ithutile ka yona le pele Jesu a qala tshebeletso ya hae. O ne a ithutile ka mehlolo eo synagogeng le lapeng ha a sa le motjha. O ka nna wa hopola e meraro ya mehlolo eo e ngotsweng ka Mangolong.

6. Ke mohlolo ofe o ileng wa etswa ke Elia?

6 Tsoho ya pele e ngotsweng ka Bibeleng, e etsahetse mehleng ya moprofeta Elia. Mosadi wa mohlolohadi ya neng a futsanehile, o ile a amohela moprofeta enwa lelapeng la hae motseng wa Sarepta. Ka mohlolo, Modimo o ile a thusa mosadi eo hore a se ke a fellwa ke dijo, e le hore yena le mora wa hae ba ka tswela pele ba phela. (1 Mar. 17:8-16) Hamorao, mora wa hae o ile a kula mme a shwa. Elia o ile a mo thusa. Elia o ile a ama setopo mme a rapela, a re: “Modimo wa ka, ka kopo, etsa hore moya wa ngwana enwa o kgutlele ka hare ho yena.” Ho ile ha feela ha ba jwalo! Modimo o ile a utlwa thapelo ya Elia mme ngwana eo a tsoha. (Bala 1 Marena 17:17-24.) Maretha o ne a ithutile ka tlaleho eo e ikgethang.

7, 8. (a)Hlalosa kamoo Elisha a ileng a thusa mosadi ya tswang Shuneme kateng. (b) Mohlolo oo Elisha a ileng a o etsa o re rutang ka Jehova?

7 Tsoho ya bobedi ka Mangolong e etsahetse mehleng ya Elisha, ya ileng a hlahlama Elia jwalo ka moprofeta. Mosadi ya tsebahalang wa Moiseraele o ile a amohela moprofeta Elisha ka mofuthu lelapeng la hae, motseng wa Shuneme. Mosadi eo o ne a sa kgone ho ba le bana. Modimo o ile a sebedisa Elisha ho putsa mosadi eo le monna wa hae ka ho ba fa mora. Dilemo tse mmalwa hamorao, mora wa bona o ile a shwa. Nahana feela hore mme wa hae o ne a utlwile bohloko hakakaang! Ka tumello ya monna wa hae, mosadi eo o ile a tsamaya dikhilomitara tse 30 ho ya kopana le Elisha Thabeng ya Karmele. Moprofeta Elisha o ile a roma mohlanka wa hae ya bitswang Gehazi ha mosadi eo. Gehazi o ile a hloleha ho tsosa moshanyana eo. Hamorao Elisha le mosadi eo ba ile ba fihla.

8 Elisha o ile a ema pela setopo mme a rapela. Ka mohlolo, moshanyana eo o ile a tsoha. Mme wa hae o ne a sa tsebe hore a iketseng ke thabo! (Bala 2 Marena 4:32-37.) Ho ka etsahala hore mosadi eo o ile a hopola mantswe a thapelo ya Anna, ha a ne a tlisitse mora wa hae Samuele tabernakeleng, mme a re: ‘Jehova ke Mmoloki wa bophelo mme o nyolla batho lebitleng.’ (1 Sam. 2:6) Ka tsela ya sebele, Modimo o ile a tsosa kapa a nyolla moshanyana eo lefung. Jehova o ile a bontsha ka ho hlaka hore o na le bokgoni ba ho tsosa bafu.

9. Hlalosa kamoo Elisha a ileng a ameha kateng tsohong ya boraro e tlalehilweng ka Bibeleng.

9 Le ha ho le jwalo, oo e ne e se mohlolo wa ho qetela o amang moprofeta Elisha. O ile a qeta dilemo tse ka hodimo ho 50 e le moprofeta, yaba o a kula hoo a ileng a qetella a shwele. Hamorao, setopo sa Elisha e ne e se e le masapo. Ka letsatsi le leng, Baiseraele ba itseng ba ne ba le tseleng ho ilo pata motho ya shweleng. Empa eitse ha ba bona lebotho la dira tsa bona, ba tshoha yaba ba lahlela motho eo ka lebitleng le neng le na le masapo a Elisha mme ba baleha. Bibele e re: “Ha motho eo a ama masapo a Elisha, kapelepele a phela mme a ema ka maoto.” (2 Mar. 13:14, 20, 21) O ka inahanela feela hore na ditlaleho tseo di ile tsa ama Maretha hakaakang! Ho nahana ka ditlaleho tsena ho ka o thusa le wena hore o kgodisehe hore Modimo o na le matla a ho tsosa bafu. Ruri Modimo o na le matla a maholo, a ke keng a lekanngwa!

DIKETSAHALO TSA MEHLENG YA BAAPOSTOLA

10. Petrose o ile a thusa Dorkase jwang?

10 Re boetse re ithuta kamoo Modimo a ileng a sebedisa batho kateng ho tsosa bafu ka Mangolong a Segerike a Bakreste. Re bona mohlala wa sena ha Jesu a ne a tsosa motho pela motse wa Naine le ha a ne a tsosa moradi wa Jairuse. Moapostola Petrose le yena o ile a tsosa mosadi wa Mokreste ya bitswang Dorkase (kapa Tabitha). Petrose o ile a fihla moo setopo sa Dorkase se neng se behilwe teng. Petrose o ile a ema pela setopo mme a rapela. Yaba o re: “Tabitha, tsoha!” Mosadi eo o ile a tsoha mme Petrose ‘a mo hlahisa ho Bakreste mmoho le yena a phela.’ Ketsahalo eo e ile ya ama batho mme “ba bangata ya eba badumedi ho Morena.” Ba ile ba qala ho rorisa Morena le ho paka hore Jehova o kgona ho tsosa bafu.—Lik. 9:36-42.

11. Luka o ile a tlalehang ka Eutikase, hona se ileng sa etsahala se ile sa ama ba bang jwang?

11 Ho na le tsoho e nngwe hape e ileng ya etsahala hamorao. Moapostola Pauluse o ne a fana ka puo sebokeng se neng se tshwaretswe mokatong wa boraro wa ntlo motseng wa Troase, oo hona jwale e seng e le karolo e ka leboya bophirima ya naha ya Turkey. Pauluse o ile a bua ho fihlela hara mpa bosiu. Mohlankana e mong ya bitswang Eutikase o ne a mametse a dutse pela fenstere. Empa o ile a kgaleha yaba o wela ka ntle ka fenstere mme a otlana fatshe. Ho ka etsahala hore Luka, eo e neng e le ngaka, o ile a fihla pele ho Eutikase. Luka o tlaleha hore Eutikase o ne a sa lemala, empa o ne a shwele! Pauluse o ile a theohela fatshe, a fihla a inama hodima setopo, yaba o makatsa batho ha a re: ‘O a phela.’ E tlameha ebe mohlolo oo o ile wa ama ba neng ba le teng hakakaang! Ke kahoo Bibele e reng ba ile ba “tshediseha ho feta tekanyo.”—Lik. 20:7-12.

TSHEPO E TIILENG

12, 13. Ditlaleho tse buang ka tsoho tseo re di tshohlileng, di etsa hore re ipotse dipotso dife?

12 Ditlaleho tseo re sa tswa di tshohla, di lokela ho etsa hore o be le kgodiseho e tshwanang le ya Maretha. O lokela ho kgodiseha hore Modimo wa rona ya fanang ka bophelo, o na le matla a ho tsosa motho ya shweleng. Ho a thahasellisa hore ditlalehong tsena kaofela, ho ne ho na le motho eo Modimo a neng a mo sebedisa ho etsa mehlolo eo. Le ha ho le jwalo, ho thweng ka bafu ba bang ka kakaretso? Na batho ba phetseng dinakong tseo Modimo a sa kang a tsosa bafu ka tsona, ba ka kgodiseha hore Modimo o tla tsosa bafu nakong e tlang? Na ba ka kgona ho bua jwalo ka Maretha mme ba re: “Ke a tseba hore [ngwaneso] o tla tsoha tsohong ka letsatsi la ho qetela”? Ke hobaneng ha Maretha a ne a kgodisehile ka tsoho, hona le wena o ka fumana kgodiseho eo jwang?

13 Ho na le mehlala e ka Bibeleng e bontshang hore bahlanka ba Jehova ba tshepahalang ba ne ba tseba hore tsoho ya bafu e tla ba teng. A re ke re hlahlobeng e seng mekae.

14. Tlaleho ya Bibele e buang ka Abrahama e re rutang ka tsoho?

14 Nahana ka seo Modimo a ileng a re Abrahama a se etse ka mora wa hae Isaka. Jehova o ile a re: “Ka kopo, nka mora wa hao, mora wa hao ya mong eo o mo ratang haholo, Isaka, . . . o mo nyehele e le nyehelo ya setjheso.” (Gen. 22:2) O ka inahanela feela kamoo ho neng ho ka ba thata kateng ho Abrahama ho mamela taelo eo. Jehova o ne a tshepisitse hore ditjhaba tsohle di tla hlohonolofatswa ka e mong wa bana ba Abrahama. (Gen. 13:14-16; 18:18; Bar. 4:17, 18) Jehova o ile a re tlhohonolofatso eo e ne e “tla ba teng ka Isaka.” (Gen. 21:12) Empa seo se ne se tla etsahala jwang haeba Abrahama a ne a ka bolaya mora wa hae Isaka ka ho mo etsa sehlabelo? Bibele e re Abrahama o ne a dumela hore Modimo o ne a ka kgona ho tsosa Isaka bafung. (Bala Baheberu 11:17-19.) Le ha ho le jwalo, Bibele ha e re Abrahama o ne a lebelletse hore Modimo a tsose Isaka ka mora dihora tse itseng kapa ka mora beke. Abrahama o ne a sa tsebe hore mora wa hae o tla tsoswa neng. Empa o ne a kgodisehile hore Jehova o tla tsosa Isaka.

15. Jobo o ne a na le tshepo efe?

15 Jobo le yena o ne a dumela hore ho tla ba le tsoho nakong e tlang. O ile a hlokomela hore le ka mora hore sefate se renngwe, se kgona ho intjhafatsa ka hore se mele makala a matjha. Empa o ile a hlokomela hore ho etsahala se fapaneng ka motho. (Jobo 14:7-12; 19:25-27) Ha motho a shwa, a ke ke a kgona ho itsosa lebitleng. (2 Sam. 12:23; Pes. 89:48) Le ha ho le jwalo, seo ha se bolele hore Modimo ha a na matla a ho tsosa motho ya shweleng. Ha e le hantle, Jobo o ne a na le tshepo ya hore Jehova o tla mo hopola ha a se a shwele mme a mo tsose. (Bala Jobo 14:13-15.) Jobo o ne a sa tsebe hore seo se tla etsahala neng. Ho ntse ho le jwalo, o ne a dumela hore Modimo ya bopileng motho o ne a tla mo hopola ha a se a shwele mme a mo tsose.

16. Lengeloi le ile la kgothatsa moprofeta Daniele jwang?

16 Daniele ke e mong wa batho ba tshepahalang bao re ithutang ka bona ka Mangolong a Seheberu. O ile a sebeletsa Modimo ka botshepehi ka dilemo tse ngata mme Jehova o ile a mo thusa maemong a mangata. Ka nako e nngwe, lengeloi le ile la re Daniele ke “monna ya kgahlehang haholo,” mme la re a be le “kgotso” le hore a be “matla.”—Dan. 9:22, 23; 10:11, 18, 19.

17, 18. Modimo o ile a re ho tla etsahalang ka Daniele nakong e tlang?

17 Daniele o ne a se a le dilemo tse ka bang 100 mme a le haufi le ho shwa. Ho ka etsahala hore o ne a ipotsa hore na bokamoso bo mo tshwaretseng. Na le yena o ne a tla tsoha? Ka sebele! Modimo o ile a re ho Daniele: “Ha e le wena, e ya bofelong; mme o tla phomola.” (Dan. 12:13) Daniele o ne a tseba hore bafu ba phomotse Sheole kapa Lebitleng le hore ha ba na merero, “tsebo kapa bohlale.” Daniele le yena o ne a le haufi le ho shwa. (Moek. 9:10) Empa eo e ne e ke ke ya ba qetello ya hae. Modimo o ile a tshepisa ho mo tsosa.

18 Modimo o ile a tswela pele ho re ho moprofeta Daniele: “O tla ema bakeng sa kabelo ya hao bofelong ba matsatsi.” Daniele ha a ka a bolellwa letsatsi le nako e tobileng. O ne a tla lokela ho shwa pele mme a phomole. Le ha ho le jwalo, tshepiso ya hore o ne a tla ‘ema bakeng sa kabelo ya hae,’ e ne e bolela hore o ne a tla tsoha nakong e tlang, nako e telele ka mora lefu la hae. Seo se ne se tla etsahala “bofelong ba matsatsi.”

Jwalo ka Maretha, o ka kgodiseha hore tsoho e tla ba teng (Sheba serapa sa 19, 20)

19, 20. (a) Ditlaleho tseo re seng re di tshohlile, di amana jwang le seo Maretha a ileng a se bua ho Jesu? (b) Re tla bua kang sehloohong se latelang?

19 Maretha o ne a na le lebaka la ho kgodiseha hore kgaitsedi ya hae e ne e tla “tsoha tsohong ka letsatsi la ho qetela.” Tshepiso e ileng ya fuwa Daniele le kgodiseho eo Maretha a neng a na le yona, di lokela ho tiisa tshepo ya rona tsohong. Ka sebele tsoho e tla ba teng!

20 Ditlalehong tseo re sa tswa bua ka tsona, re ithutile hore tsoho ke ntho ya sebele. Re boetse re bone kamoo banna le basadi ba neng ba sebeletsa Modimo ka nako eo, ba neng ba dumela kateng hore ho tla ba le tsoho nakong e tlang. Le ha ho le jwalo, na re na le bopaki ba hore tsoho e tla ba teng le hoja e se e le nako e telele e tshepisitswe? Haeba ho jwalo, re tla ba le mabaka a eketsehileng a ho e letela ka kgodiseho jwalo ka Maretha. Empa tsoho e tla etsahala neng? Re tla fumana dikarabo tsa dipotso tsena sehloohong se latelang.