Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bibele e ka U Thusa ho ba le Tšepo

Bibele e ka U Thusa ho ba le Tšepo

A K’U NAHANE u tsamaea lefifing mantsiboeeng a mang. Le hoja letsatsi e le khale le liketse, u ntse u e-na le tšepo hobane u nkile toche. Ha u e shebisa fatše, u bona tsela hantle ’me ha u e shebisa pele, khanya ea eona e fihla hole moo e leng hona u eang.

Bibele le eona e tšoana le toche eo. Re ithutile lihloohong tse fetileng hore e ka re thusa ho rarolla mathata a re hlahelang letsatsi le letsatsi. E boetse e re bontša hore na ho tla etsahala’ng ka moso le hore na re ka etsa’ng e le hore re tle re phele ka ho sa feleng re thabile. (Pesaleme ea 119:105) E ka re thusa joang?

Re tl’o ithuta hore na Bibele e re thusa joang ho ba le tšepo. 1 E re thusa ho thaba le, 2 ea re bontša hore na re ka etsa’ng e le hore re phele ka ho sa feleng.

1 E RE THUSA HO THABA

Bibele e etselitsoe ho hlabolla batho le ho ba fa likeletso tse molemo tse ka ba thusang ho rarolla mathata. Ha e re khothalletse hore re amehe ka mathata a rona feela, empa e re khothalletsa hore re tsotelle le batho ba bang. Re tla thaba hafeela re ka etsa joalo.

Ka mohlala, Bibele e re: “Ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.” (Liketso 20:35) Na ho na le mohla u kileng oa thusa motho ka ntho e itseng eo a e hlokang, kapa mohlomong oa ipha nako e le hore u mamele motsoalle oa hao ha a u bolella mabinabine a pelo ea hae? E ka ’na eaba u ile oa thaba ha u bona kamoo a thabileng kateng hobane u mo thusitse.

Re thaba haholo ha re fana re sa lebella ho pataloa. Sengoli se seng se ile sa re: Hafeela motho a itella ho thusa batho a sa lebella ho pataloa ka tsela leha e le efe, o fumana ho hongata ho feta hoo a ho tetseng ho ba thusa.” Ho thusa batho, haholo-holo ba se nang mokhoa oa ho re patala, ho tla re tsoela molemo. Re tla be re bontša hore ha re inahane borona. Jehova le eena oa thaba, ebile o nka a re kolota ha re thusitse batho. (Liproverbia 19:17) O ananela haholo lintho tseo re li etsang ho thusa batho ’me o tšepisa ho re putsa ka ho re fa bophelo bo sa feleng Paradeiseng.—Pesaleme ea 37:29; Luka 14:12-14. *

Bibele e boetse e re ruta hore ntho e ka sehloohong e tla re thusa ho thaba bophelong ke ho sebeletsa Jehova. E re re mo rorise, re mo hlomphe re be re mamele melao ea hae. (Moeklesia 12:13; Tšenolo 4:11) Ha re etsa joalo, Jehova o tla thaba haholo. O re: “Hlalefa ’me u thabise pelo ea ka.” (Liproverbia 27:11) Ha re etsa liqeto tse nepahetseng hobane re mamela likeletso tse ka Bibeleng, Jehova oa thaba. Hobane’ng? Oa re rata ’me o batla hore re mamele likeletso tsa hae kaha oa tseba hore li tla re tsoela molemo. (Esaia 48:17, 18) Ho sebeletsa Jehova le ho etsa lintho tse mo thabisang ke eona feela ntho e tla etsa hore re thabe haholo bophelong.

2 E KA RE THUSA HORE RE PHELE KA HO SA FELENG

Bibele e boetse e re ruta ho ba metsoalle ea Jehova. E re: “Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.” (Jakobo 4:8) Ka linako tse ling ho thata ho lumela hore re ka ba metsoalle ea Jehova. Empa Bibele e re re “batle Molimo” ’me re ‘tla mo fumana’ hobane ‘ha a hōle le e mong le e mong oa rōna.’ (Liketso 17:27) Keletso ee e tla re thusa joang hore re be le bokamoso?

Ha ho letho leo re ka le etsang hore re se ke ra shoa. (1 Bakorinthe 15:26) Molimo eena o tla lula a le teng ka ho sa feleng. Kahoo, o batla hore le rona re phele ka ho sa feleng. Bibele ea bontša hore na Jehova o batla hore ho etsahale’ng ka rona. E re: “E se eka lipelo tsa lōna li ka phela ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 22:26.

U ka etsa’ng e le hore u tle u phele ka ho sa feleng? Lula u ithuta Bibele e le hore u tsebe Jehova haholoanyane. (Johanne 17:3; 2 Timothea 3:16) Mo kope hore a u thuse ho e utloisisa. Bibele e re haeba re lula re kopa Molimo hore a re fe bohlale, o tla fela a re fe bona. * (Jakobo 1:5) Hape, mamela likeletso tse ka Bibeleng e le hore Lentsoe la Molimo e be “lebone la leoto la [hao]” le “leseli tseleng ea [hao]” ka ho sa feleng.—Pesaleme ea 119:105.

^ ser. 8 Bala khaolo ea 3 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova. Khaolong eo, u tla ithuta haholoanyane ka bophelo bo sa feleng boo Molimo a re tšepisitseng bona.

^ ser. 13 Lipaki Tsa Jehova li ithuta Bibele le batho mahala e le ho ba thusa hore ba utloisise Lentsoe la Molimo. E le hore u bone hore na li ithuta Bibele le batho joang, re kopa hore u shebelle video ea Ho Etsahala’ng Thutong ea Bibele?

Molimo o tla lula a le teng ka ho sa feleng. Kahoo, o batla hore le rona re phele ka ho sa feleng