Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

O Nahana Jwang ka Taba Ena?

O Nahana Jwang ka Taba Ena?

Na Bibele e ka o thusa hore o be motswalle wa Modimo?

BATHO BA BANG BA DUMELA HORE . . .

ho ke ke ha kgonahala hore e be metswalle ya Modimo hobane ba ikutlwa ba sa hlweka kapa e le baetsadibe. Ha ba bang bona ba re ho a tshwana hobane Modimo ha a ba kgathalle. Ebe wena o nahana jwang ka taba ena?

SEO BIBELE E SE BUANG

Modimo “o na le kamano e haufiufi le ba lokileng.” (Liproverbia 3:32) Kahoo, haeba re mamela Modimo re tla kgona ho ba metswalle ya hae.

KENG HAPE EO RE KA ITHUTANG YONA KA BIBELENG?

  • Modimo o batla ho ba motswalle wa rona. —Jakobo 4:8.

  • Ka ha ke Motswalle wa rona, o ikemiseditse ho re thusa le ho re tshwarela.—Pesaleme ya 86:5.

  • Metswalle ya Modimo e rata seo a se ratang mme e hloile seo a se hloileng.—Baroma 12:9.