Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Bolela Bokamoso e sa le Pele

Ho Bolela Bokamoso e sa le Pele

Na o kile wa ipotsa hore na bokamoso bo tla ba jwang bakeng sa hao le ba lelapa la hao? Na o bona tjhelete e ngata kapa bofutsana, lerato kapa bodutu, o phela nako e telele kapa e kgutshwanyane? Batho ba bangata ba nnile ba ipotsa dipotso tse kang tsena ka dilemo tse ngata.

Mehleng ena, ditsebi di hlahloba boemo ba lefatshe ebe ka mora moo di akanya hore na bokamoso bo tla ba jwang. Ke nnete hore tse ding tsa dintho tseo di ileng tsa di bolela e sa le pele di ile tsa phethahala, empa ka maswabi tse ding di hlolehile. Ka mohlala, ka 1912 moqapi wa telegraph e sa hokahangwang ka dithapo ya bitswang Guglielmo Marconi, ha a akanya o ile a re: “Ho etswa ha telegraph ena ho tlo fedisa dintwa.” Ka 1962 teng, monna e mong ya neng a sebeletsa Khamphani e Rekotang e bitswang Decca, o ile a hana ho rekota sehlopha sa mmino wa rock se bitswang Beatles, hobane o ne a dumela hore dihlopha tse bapalang katara di ne di le haufi le ho fellwa ke nako.

Batho ba bangata ba ya ho batho ba etsang mehlolo hore ba ba bolelle hore na bokamoso bo ba tshwaretseng. Ba bang bona ba batla dikeletso ho dinohe tsa dinaledi, kapa ba sheba kgwedi eo ba hlahileng ka yona dikoranteng le dimakasineng, e le ho bona hore na e tsamaisana le naledi efe. Ha ba bang bona ba ya ho maselamose, e leng batho ba ipolelang hore ba ka o bolella bokamoso ka ho “bala” dikarete tsa tarot, dinomoro kapa mela e ka matsohong.

Mehleng ya kgale, e le hore ba bang ba tsebe hore na bokamoso bo ba tshwaretseng, ba ne ba ya ho baprista ba neng ba fetisetsa melaetsa ya bona ho medimo. Ka mohlala, ho bonahala ha Morena wa Lydia e leng Croesus a ile a romela dimpho tsa bohlokwa ho moprista ya neng a dula Delphi e Greece, e le ha a kopa hore a mo bolelle ka ditlamorao tse ka bang teng haeba a ka lwantsha Cyruse wa Persia. Moprista o ile a re Croesus o tla hapa “mmuso oo o matla” haeba a ka lwantsha Cyruse. Ka hoo, Croesus o ile a ya ntweng a kgodisehile hore o tla hlola empa ka maswabi, ho ile ha hlolwa yena.

Diketsahalo tseo moprista a ileng a di bolela e sa le pele e ne e le tsa lefeela, ka ha nnete ke hore ho ne ho ntse ho tlo ba le ya tla hlola pakeng tsa bona. Croesus o ile a lahlehelwa ke ntho e nngwe le e nngwe ka lebaka la boitsebiso bona bo fosahetseng. Na matsatsing ana batho ba batlang dikeletso ho batho ba bolelang bokamoso e sa le pele, ba atlehile?