Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Bonohe bo ka re Thusa ho Tseba Bokamoso?

Na Bonohe bo ka re Thusa ho Tseba Bokamoso?

BONOHE BA LINALELI

Ke mofuta o mong oa bonohe. Linohe tsa linaleli li lumela hore linaleli, khoeli le lipolanete li ama batho. Li boetse li re nakong eo motho a hlahang, tsela eo linaleli, khoeli le lipolanete li lutseng ka eona ea bontša hore na o tla itšoara joang le hore na bokamoso ba hae bo tla ba joang.

Bonohe ba linaleli bo ntse bo atile le hoja bo qalile mehleng ea khale haholo motseng oa Babylona. Phuputso e ’ngoe e ileng ea etsoa naheng ea United States ka 2012 e bontša hore batho ba bang ba nka hore bonohe ba linaleli “bo batla bo amana le lithuto tsa mahlale.” Ba bang bona ba ne ba re bonohe ba linaleli “bo amana haholo le lithuto tsa mahlale.” Empa litaba tseo ha se ’nete ka mabaka a latelang:

  • Lipolanete le linaleli ha li na matla a ho ama tsela eo batho ba itšoarang ka eona le bokamoso ba bona.

  • Ntho eo senohe sa linaleli se ka reng e tla etsahalla motho a le mong ka ho khetheha, ke ntho e ka etsahallang motho e mong le e mong.

  • Linohe tsa linaleli li noha batho li ipapisitse le taba ea hore lipolanete li pota-potile lefatše. Empa ’nete ke hore lipolanete li pota-potile letsatsi.

  • Lintho tseo linohe tsena li ileng tsa li bua lia fapana le hoja li noha motho a le mong.

  • Ho ea ka tsona, ho na le matšoao a 12 a rehelletsoeng ka lihlopha tse 12 tsa linaleli tse teng sepakapakeng. Matšoao ao a tsamaisana le likhoeli tsa selemo.

Linohe tsena li re motho e mong le e mong o na le letšoao la hae ho itšetlehile ka hore na o hlahile khoeling efe. Empa kaha lefatše ha le eme nģa e le ’ngoe, lihlopha tseo tse 12 tsa linaleli le tsona ha li eme nģa e le ’ngoe. Kahoo, le matšoao ao ha a lule a tsamaisana le likhoeli li le ling. Li re matšoao ao aa li bontša hore na motho o joang. Leha ho le joalo, hore na motho o hlahile neng ha ho amane ho hang le tsela eo a itšoarang ka eona hobane esita le batho ba hlahileng ka letsatsi le le leng ba itšoara ka litsela tse fapaneng. Linohe tsa linaleli ha li etse boiteko ba hore li tsebe motho, empa li hakanya feela hore na motho o joang li sa mo tsebe le ho mo tseba. Ho etsa joalo ke ho ba leeme.

HO PROFETA BATHO

Haesale batho ba rata ho profetoa. Mehleng ea khale, linohe li ne li sheba lintho tse kang litho tsa ’mele ea batho, likahare tsa liphoofolo kapa tsela eo khoho e jang poone ka eona, e le hore ba tsebe ho profeta. Tse ling li ne li profeta li shebile lintho tse kang kofi kapa mela e hlahang makhasing a tee. Mehleng ena linohe li sebelisa lintho tse kang litaola le tse ling hore li leke ho tseba bokamoso ba motho. Na lintho tseo linohe li li buang ka bokamoso ba batho ke ’nete? Che, ha se ’nete ka mabaka a latelang:

Linohe li sebelisa mekhoa e fapaneng ho profeta batho, ebile li bua lintho tse sa tšoaneng ka bokamoso ba motho. Leha li sebelisa mokhoa o tšoanang ho profeta motho, lintho tseo li li buang lia fapana. Mohlala, haeba motho a ea ho lingaka tse peli tsa Sesotho a li botsa hore na bokamoso ba hae bo tla ba joang, ebe lingaka tseo ka bobeli li mo profetela li sebelisa litaola, re ka lebella hore li bue lintho tse tšoanang. Empa hangata ha ho be joalo.

Batho ba se ba qalile ho belaella mekhoa eo linohe li e sebelisang le tsela eo li sebeletsang batho ka eona. Ba re linohe tse ling li qhekella batho ka ho etsa eka li sebelisa litaola empa ha e le hantle li bala motho mahlong. Mohlala, senohe se botsa motho lipotso tse amanang le bophelo ba hae. Ha a ntse a araba, se mo mamela le ho mo sheba ka hloko e le hore se ka ithuta ho hong ka eena likarabong tsa hae. Ka mor’a moo, senohe se etsa eka ho na le lintho tseo se neng se ntse se li tseba ka motho eo le pele a li bua, athe ke lintho tseo motho eo a li buileng a sa rera. Linohe tse ngata li isitse batho le khongoana holimo ka tsela ena ’me li ba jele li ba qetile.

BIBELE EONA E RE’NG?

Mekhoa ena ea bonohe eo re seng re buile ka eona e fa batho maikutlo a hore Molimo o se a ntse a rerile hore na bokamoso ba rona bo tla ba joang. Empa taba eo ha se ’nete. Bibele e ruta hore re na le bolokolohi ba ho iketsetsa liqeto le hore bokamoso ba rona bo itšetlehile ka liqeto tseo re li etsang hona joale.—Joshua 24:15.

Kaha Molimo o hloile mefuta eohle ea bonohe, bahlanka ba Molimo ha baa lokela ho e sebelisa ho leka ho batla hore na bokamoso ba bona bo tla ba joang. Bibele e re: “Ho lōna ha hoa lokela hore ho fumanoe leha e le mang . . . ea sebelisang bonohe, ea sebelisang boselamose kapa leha e le mang ea batlang lipontšo tsa se tlang kapa moloi, kapa ea betsang ba bang ka mantsoe a boloi kapa leha e le mang ea batlang keletso ho ea buisanang le meea kapa setsebi se bolelang liketsahalo esale pele kapa leha e le mang ea botsang bafu. Etsoe e mong le e mong ea etsang lintho tsena ke ntho e manyala ho Jehova.” aDeuteronoma 18:10-12.

a Jehova ke lebitso la Molimo “Ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle.”—Pesaleme ea 83:18.