Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Maselamose le Dinohe Tsa Dinaledi di ka o Bolella Nnete ka Bokamoso?

Na Maselamose le Dinohe Tsa Dinaledi di ka o Bolella Nnete ka Bokamoso?

BONOHE BA DINALEDI

Bonohe ba dinaledi ke mofuta wa bonohe o thehilweng tumelong ya hore dinaledi, kgwedi le dipolanete di ama batho ka tsela e itseng. Dinohe tsa dinaledi di hlalosa hore boemo ba dintho tsena nakong eo motho a tswalwang ka yona, di bontsha hore na botho ba motho eo le bokamoso ba hae bo tla ba jwang.

Le hoja bonohe ba dinaledi bo qadile mehleng ya kgale Babylona, le kajeno bo ntse bo atile. Ho latela dipatlisiso tse entsweng United States ka 2012, batho ba bangata ba ne ba nahana hore bonohe ba dinaledi “bo amana le saense,” ha ba bang bona ba ne ba kgodisehile hore “ke saense.” Na ehlile see ke nnete? Tjhe. A re ke re boneng mabaka.

  • Ha ho letho leo dinaledi le dipolanete di se etsang e amang batho jwalo ka ha dinohe tsa dinaledi di bolela.

  • Hangata dintho tseo dinohe tsa dinaledi di reng di tla etsahala, ke dintho tse ka etsahallang motho e mong le e mong.

  • Seo dinohe tsa dinaledi di se buang kajeno, se thehilwe tumelong ya mehleng ya kgale ya hore dipolanete di potoloha lefatshe. Ha e le hantle, dipolanete di potoloha letsatsi.

  • Dinohe tsa dinaledi di bua dintho tse fapaneng le hoja di bua ka motho a le mong.

  • Dinohe tsa dinaledi di hlalosa motho ho ya ka matshwao a 12 a tsamaisanang le letsatsi leo motho a hlahileng ka lona. Ka lebaka la ho fetoha ha sebaka seo lefatshe le neng le le ho sona dilemong tse makgolo tse fetileng, matsatsi a ileng a rehellwa ka matshwao ana, ha a sa dumellana.

Ho bonahala ha matshwao ana a fana ka lesedinyana la hore na o tla ba motho wa mofuta ofe. Nnete ke hore batho ba hlahileng ka letsatsi le le leng ha ba be le botho bo tshwanang, letsatsi la motho la tswalo ha le bolele letho ka botho ba hae. Ho ena le ho sheba batho ka tsela eo ba leng ka yona, dinohe tsa dinaledi di etsa qeto ka boitshwaro le botho ba motho ho ya ka seo bona ba se nahanang. Na see ha se ho ahlola motho?

BOSELAMOSE

Ha e sa le ho tloha mehleng ya kgale batho ba kopa dikeletso ho maselamose. Maselamose a mang a ne a sheba ditlhaloso dikahareng tsa diphoofolo le tsa batho kapa tseleng eo mokoko o jang ka yona. Ha ba bang bona, ba ne ba noha bokamoso ka hore ba shebe dithollo tsa kofi kapa mela e hlahang makgasing a tee. Kajeno maselamose a sebedisa dikarete tsa tarot, dibolo tsa kristale, madaese le dintho tse kang tsena, e le hore ba ka “bala” bokamoso ba motho. Na re ka tshepa maselamose hore a re bolelle bokamoso ba rona? Tjhe, re ka se etse jwalo. A re utlweng mabaka a sena.

A re boneng ho se tshwane ho teng pakeng tsa maselamose. Ka dinako tse ding seo maselamose a se buang se a hanyetsana, le hoja a ka sebedisa mokgwa o tshwanang. Ka mohlala, haeba motho a botsa maselamose a mabedi potso e tshwanang ka bokamoso mme maselamose ao a sebedisa dikarete tse tshwanang “ho noha,” ha e le hantle re lebeletse hore dikarabo tsa bona ka bobedi di tshwane. Empa hangata ha ho be jwalo.

Tsela eo maselamose a etsang dintho ka yona, e se e belaetsa batho. Bahlahlobisisi ba re dikarete kapa dibolo tsa kristale ke dintho feela tje. Ba re ha e le hantle maselamose a sheba boitshwaro ba motho eseng seo motho a hlileng a leng sona. Ka mohlala, maselamose a nang le tsebo, a o botsa potso ka bohlale mme a mamela ka hloko e le hore a fumane lesedinyana le itseng le tla a senolela ho itseng ka wena. Ka mora moo, a tla nka boitsebiso boo o a fileng bona o sa hlokomela mme a etse eka a iphumanetse bona. Maselamose a mang a ile a iphumanela tjhelete e ngata ho batho ha a hlokomela hore batho ba behile tshepo ho ona.

SEO BIBELE E RE BOLELLANG SONA

Maselamose le dinohe tsa dinaledi di hlalosa hore ho se ho ntse ho tsebahala hore na bokamoso ba motho bo tla ba jwang. Na ehlile ho jwalo? Bibele e re bolella hore re na le bokgoni ba ho ikgethela seo re se dumelang kapa seo re batlang ho se etsa, le hore diqeto tseo re di etsang di ka ama bokamoso ba rona.—Joshua 24:15.

Barapedi ba Modimo ba na le lebaka le leng la ho se sebedisane le dinohe tsa dinaledi hammoho le maselamose, hobane Modimo o hloile mefuta yohle ya bonohe. Ka Bibeleng re fumana mantswe ana: “Ho lona ha ho a lokela hore ho fumanwe le ha e le mang . . . ya sebedisang bonohe, ya sebedisang boselamose kapa le ha e le mang ya batlang dipontsho tsa se tlang kapa moloi, kapa ya betsang ba bang ka mantswe a boloi kapa le ha e le mang ya batlang keletso ho ya buisanang le meya kapa setsebi se bolelang diketsahalo e sa le pele kapa le ha e le mang ya botsang bafu. Etswe e mong le e mong ya etsang dintho tsena ke ntho e manyala ho Jehova.” *Deuteronoma 18:10-12.

^ par. 17 Lebitso la “Ya Phahameng ka ho Fetisisa hodima lefatshe lohle.”—Pesaleme ya 83:18.