Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Ba Bonolo ba Tla Rua Lefatše”

“Ba Bonolo ba Tla Rua Lefatše”

Batho ba bangata baa bona hore ha ho sa na toka lefatšeng le hore batho ba se nang molato ba utloisoa bohloko ke batho ba khopo. Na ho na le mohla bokhopo le ho hloka toka ho tla fela?

Lengolo la Pesaleme ea 37 le na le karabo ea potso eo, ebile lea re bolella hore na re ka etsa’ng hona joale. Hlokomela hore na le re’ng ka lipotso tsena tse latelang:

Mantsoe a hlahang lengolong la Pesaleme ea 37 a bontša ka ho hlaka hore batho ba ‘tšepang Jehova’ le ba ‘bolokang tsela ea hae’ ba tla hlohonolofatsoa haholo nakong e tlang. Lipaki Tsa Jehova li ka thabela ho u thusa ho ithuta Bibele le hore na u ka etsa’ng hore uena le baratuoa ba hao le tle le hlohonolofatsoe nakong e tlang.