Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Ba Bonolo ba Tla Rua Lefatshe”

“Ba Bonolo ba Tla Rua Lefatshe”

Bongata ba rona re kile ra bona ha batho ba lokileng ba hlekefetswa ke batho ba kgopo. Na ho na le nako eo ka yona kgethollo le bokgopo di tla ke di fele?

Pesaleme ya 37 e re fa karabo le tataiso. A re ke re boneng hore na e reng mabapi le dipotso tsa bohlokwa tse latelang.

Mantswe a kgothatsang a Pesaleme ya 37, a re bolella ka bokamoso bo botle bo tla fumanwa ke batho ba tshepang Jehova mme ba boloka tsela ya hae. Dipaki Tsa Jehova di ka thabela ho o thusa hore o ithute Bibele le ho o bontsha hore na o ka etsang e le hore wena le bao o ba ratang le be le bokamoso bona.