Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Modimo o ne a le Hokae?”

“Modimo o ne a le Hokae?”

“HANGATA BATHO BA DULA BA BOTSA POTSO ENA: MODIMO O NE A LE HOKAE?”—Mopapa Benedict XVI o ile a bua mantswe ana ha a ne a etetse kampo ya mahloriso e Auschwitz, Poland.

NA HA O HLAHELWA KE MATHATA A BOIMA, O NA LE HO IPOTSA HORE MODIMO O HOKAE?

E ka nna yaba o ikutlwa jwalo ka Sheila ya dulang United States. O holetse lelapeng la badumedi bana ba popota, mme o re: “Ho tloha bongwaneng ha e sa le ke rata Modimo hobane ke yena ya re bopileng. Le ha ho le jwalo, ke ne ke utlwa eka o hole le nna le hoja ke ne ke dumela hore o a mpona. Ke ne ke ipotsa hore na Modimo wa nrata kapa tjhe.” Ebe ke hobaneng ha Sheila a ne a na le dipelaelo? Ha a hlalosa o re: “Lelapa leso le ile la hlahelwa ke mathata ka mora mathata mme Modimo ha a ka a re thusa.”

Jwalo ka Sheila, e ka nna yaba le wena o a dumela hore Modimo ya Matla Ohle o teng. Le ha ho le jwalo, ho ka etsahala hore ebe o a ipotsa hore na o a o kgathalla kapa tjhe. Le monna ya lokileng Jobo, o ile a ba le dipelaelo le hoja a ne a tshepile matla le bohlale ba Mmopi. (Jobo 2:3; 9:4) Ka mora hore Jobo a hlahelwe ke mathata a latellanang, o ile a botsa Modimo a re: “Ke hobaneng ha o pata sefahleho sa hao, o nkuka ke le sera sa hao?”—Jobo 13:24.

Bibele yona e reng? Na ke Modimo ya re bakelang mathata? Na ho na le bopaki bo bontshang hore Modimo o kgathalla e mong le e mong wa rona? Na re ka re Modimo o a re bona, o a re utlwisisa, o re utlwela bohloko ebile a ka re thusa ka mathata a rona?

Dihloohong tse latelang re tlo bona hore na ke jwang popo e re bontshang hore Modimo o a re kgathalla. (Baroma 1:20) Re tla boela re hlahlobe hore na Bibele e bontsha jwang hore Modimo o a re kgathalla. Ha o ntse o tswelapele ho “mo tseba” haholwanyane ka ho sheba popo le ho ithuta Lentswe la hae, o tla kgodiseha hore o a o kgathalla.—1 Johanne 2:3; 1 Petrose 5:7.