Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Mahlo a hao a ile a mpona ke sa le lesea le sa tswa emolwa.”—PESALEME YA 139:16

Na Modimo o a o Utlwisisa?

Na Modimo o a o Utlwisisa?

SEO POPO E RE RUTANG SONA

Na o kile wa bona ka moo mafahla a utlwanang ka teng? Lebaka ke hore a na le kamano e ikgethang. Nancy Segal e leng Mookamedi wa Twin Studies Center, ebile e le lefahla, o re: “Lefahla le a tseba hore na ho jwang ho bua ntho e itseng ho le leng ntle le hore le le hlalosetse hore na le reng.” Mosadi e mong ha a hlalosa kamano eo a nang le yona le lefahla la hae, o re: “Re tsebana hantle.”

Ke hobaneng ha tsela eo mafahla a utlwanang ka yona e ikgetha? Dipatlisiso di bontsha hore le hoja sebaka le tsela eo batswadi ba hodisang ngwana ka yona di bapala karolo ya bohlokwa kgolong ya hae, empa ho mafahla teng, ho mading hore ba etse dintho ka tsela eo ba di etsang ka yona.

NAHANA KA SENA: Ka ha Modimo ke yena ya bopileng mafahla ka tsela ena e ikgethang, re ka bua re sa hlathe kwana le kwana hore o tseba e mong le e mong wa rona ho feta motho le ha e le ofe. Mongodi e mong wa Pesaleme e leng Davida, o ile a tiisa seo ha a re: “O ile wa mpoloka ke sireleditswe ka mpeng ya Mme. Masapo a ka a ne a sa pateha ho wena ha ke etswa sephiring. . . . Mahlo a hao a ile a mpona ke sa le lesea le sa tswa emolwa, dikarolo tsohle tsa lona tsa ngolwa fatshe bukeng ya hao.” (Pesaleme ya 139:13, 15, 16) Ke Modimo feela ya utlwisisang hantle hore na re bopilwe jwang, le hore dintho tse re etsahalletseng ke tsona tse etsang hore re be batho bao re leng bona kajeno. Tsela e ikgethang eo Modimo a re tsebang ka yona le eo a re bopileng ka yona, e ya re tiisetsa hore o re utlwisisa ka ho felletseng.

BIBELE E RE MODIMO O A RE UTLWISISA

Davida o ile a rapela a re: “Jehova, o ntlhahlobisisitse ka hohle, mme o a ntseba. O tseba ho dula ha ka le ho ema ha ka. O etse hloko monahano wa ka o le hole. Etswe ha ho lentswe lelemeng la ka, empa, bona! Jehova, o se o ntse o le tseba kaofela.” (Pesaleme ya 139:1, 2, 4) Ho ekelletsa moo, Jehova o bona se ka pelong ebile o “lemoha tshekamelo e nngwe le e nngwe ya menahano.” (1 Likronike 28:9; 1 Samuele 16:6, 7) Ditemana tsee di re bolella eng ka Modimo?

Le hoja re ka fellwa ke mantswe ha re bolella Mmopi ka moo re ikutlwang ka teng, o bona dintho tseo re di etsang ebile o a utlwisisa hore na ke hobaneng ha re di etsa. O boetse o a utlwisisa hore mefokolo ya rona e ka re sitisa ho etsa dintho tse tla mo thabisa. Ka ha Modimo o re file bokgoni ba ho rata, ho hlakile hore o ikemiseditse ho sheba le ho utlwisisa dintho tse ntle tseo re di nahanang le tseo re batlang ho di etsa.—1 Johanne 4:7-10.

Nnete ke hore Modimo o bona ntho e nngwe le e nngwe. O bona mathata a rona ebile o a a utlwisisa

Mangolo a re kgodisa hore

  • “Mahlo a Jehova a tadimile ba lokileng, mme o sekehela thapedi ya bona tsebe; empa sefahleho sa Jehova se kgahlanong le ba etsang dintho tse mpe.”—1 PETROSE 3:12.

  • Modimo o re tshepisitse a re: “Ke tla etsa hore o be le temohisiso mme ke o rupele ka tsela eo o lokelang ho tsamaya ka yona. Ke tla o fa keletso leihlo la ka le le hodima hao.”—PESALEME YA 32:8.

MODIMO O NA LE KUTLWELO BOHLOKO

Na ho tseba hore Modimo o utlwisisa maemo a rona le hore re ikutlwa jwang, ho ka o thusa hore o mamelle mathata? Ako nahane ka se etsahalletseng Anna ya dulang Nigeria. O re: “Ha ke sheba mathata a ka, ke ile ka ipotsa hore na molemo wa hore ke phele ke ofe. Ke ne ke le mohlolohadi ebile ke hlokometse moradi wa ka ya nang le bolwetsi bo bitswang hydrocephalus, e leng ho ba le metsi a mangata ka bokong. Ka nako e tshwanang, ke ne ke lokela ho etsa opereishene, chemotherapy le radiotherapy, hobane ke ne ke ena le kankere ya letswele. Ho ne ho le boima haholo ho ba sepetlele ka nako e le nngwe le moradi wa ka.”

Keng e thusitseng Anna hore a mamelle? “Ke ile ka nahanisisa ka lengolo le kang la Bafilipi 4:6, 7, le reng ‘kgotso ya Modimo e fetang monahano wohle e tla lebela dipelo tsa lona le matla a lona a kelello.’ Kamehla ha ke ne ke hopola lengolo lena, ke ne ke ikutlwa ke le haufi le Jehova, hobane ke a tseba hore o nkutlwisisa ho nfeta. Ke ne ke boetse ke fumana dikgothatso tse tswang ho badumedimmoho le nna.”

“Nnete ke hore ke ntse ke kula, empa maemo a rona ha a sa tshwana le pele. Ka ha re tshepile Jehova, re ithutile hore ha re a lokela ho nahana ka dintho tse re nyahamisang ha re kopana le mathata. Lengolo la Jakobo 5:11, le a re tiisetsa ha le re: ‘Re phatlalatsa hore ba mameletseng ba thabile. Le utlwile ka mamello ya Jobo mme le bone phello eo Jehova a ileng a fana ka yona, hore Jehova o na le lerato le mofuthu haholo mme o mohau.’” Jehova o ne a utlwisisa boemo ba Jobo hantle, ka hoo, le rona re ka kgodiseha hore o utlwisisa mathata ohle ao re kopanang le ona.