Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Haufinyane Molimo o Tla Felisa Mahlomola ’Ohle

Haufinyane Molimo o Tla Felisa Mahlomola ’Ohle

“Jehova, ke tla hoeletsa halelele hakae ho kōpa thuso, ’me u sa utloe? Ke tla hoeletsa halelele hakae ho uena ho kōpa thuso pefong, ’me u sa pholose?” (Habakuke 1:2, 3) Mantsoe ana a ile a buuoa ke Habakuke ea neng a ratoa ke Molimo. Na mantsoe aa a ne a bontša hore ha a na tumelo ho Molimo? Che. Molimo o ile a tiisetsa Habakuke hore ho na le nako eo a e behileng eo ka eona a tla felisa mahlomola ’ohle.—Habakuke 2:2, 3.

Hangata ha re hlaheloa ke mathata kapa a hlahela motho ea haufi le rona, re ka bona eka Molimo o lieha ho re thusa. Empa ho oa khothatsa ho tseba hore Bibele e re: “Jehova ha a liehe mabapi le tšepiso ea hae, joalokaha batho ba bang ba ho nka e le tieho, empa ha a le felle pelo hobane ha a lakatse hore leha e le mang a timetsoe empa o lakatsa hore bohle ba fihle pakong.”—2 Petrose 3:9.

HANTLE MOLIMO O TLA FELISA MAHLOMOLA NENG?

Molimo o tla felisa mahlomola haufinyane. Jesu o ile a re ho na le moloko o tla bona ha ho phethahala lintho tsohle tseo ho profetiloeng hore li tla etsahala mehleng ea bofelo. (Matheu 24:3-42) Ho phethahala ha boprofeta bona mehleng ena ea rona ho bontša ka ho hlaka hore haufinyane Molimo o tla rarolla mathata ’ohle a batho. *

Molimo o tla felisa mahlomola ’ohle a batho joang? Ha Jesu a ne a le lefatšeng, o ile a bontša hore Molimo o na le matla a ho felisa lintho tsohle tse bakelang batho mahlomola. A re hlahlobeng tse ling tsa tsona.

Likoluoa Tsa Tlhaho: Ka nako e ’ngoe ha Jesu le baapostola ba hae ba ntse ba tsamaea ka sekepe Leoatleng la Galilea, se ile sa tsukutloa ke maqhubu a matla ’me sa batla se teba. Ketsahalong ena, Jesu o ile a bontša hore eena le Ntate oa hae ba na le matla a ho laola lintho tsa tlhaho. (Bakolose 1:15, 16) Jesu o ile a re: “Thōla! Khutsa!” Eaba ka mor’a moo “moea oa kokobela, ’me khutso e khōlō ea e-ba teng.”—Mareka 4:35-39.

Ho Kula: Jesu o ne a tsebahala haholo ka ho phekola batho ba sa boneng, ba holofetseng, hammoho le ba tšoeroeng ke mafu a kang sethoathoa, lepera le a mang. O ile “a phekola bohle ba neng ba ea hampe.”—Matheu 4:23, 24; 8:16; 11:2-5.

Khaello ea Lijo: Jesu o ile a sebelisa matla ao a neng a a fuoe ke Ntate oa hae ho atisa lijo tse neng li fokola. Ka Bibeleng ho tlalehiloe makhetlo a mabeli ao ho ’ona Jesu a ileng a fepa batho ba likete.—Matheu 14:14-21; 15:32-38.

Lefu: Makhetlong a mararo ao Jesu a ileng a tsosa bafu ka ’ona, a tlalehiloeng ka Bibeleng, o ile a paka hore Jehova o na le matla a ho tsosa bafu. E mong oa batho bao a ileng a ba tsosa o ne a se a e-na le matsatsi a mane a hlokahetse.—Mareka 5:35-42; Luka 7:11-16; Johanne 11:3-44.

^ ser. 5 Ho fumana lintlha tse ling mabapi le matsatsi a ho qetela, sheba khaolo ea 9 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova ’me u ka e fumana mahala ho www.pr418.com/st.