Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Molimo o ikutloa joang ha re hlaheloa ke mathata?

Molimo o ikutloa joang ha re hlaheloa ke mathata?

Batho ba bang ba lumela hore Molimo ha a bone ha re hlaheloa ke mathata ebile ha a re tsotelle.

BIBELE EONA E RE’NG?

  • Molimo oa bona ha re e-na le mathata ’me oa re tsotella

    “Jehova a bona hore bobe ba motho bo bongata lefatšeng . . . , ’me pelo ea hae ea utloa bohloko.”—Genese 6:5, 6.

  • Molimo o tla felisa mahlomola ’ohle

    “Ho setse nakoana e seng kae, ’me ea khopo ha a sa tla hlola a e-ba teng; Ka sebele u tla lebisa tlhokomelo sebakeng sa hae, ’me o tla be a le sieo. Empa ba bonolo ba tla rua lefatše.”—Pesaleme ea 37:10, 11.

  • Molimo o re tšepisa’ng?

    “‘Etsoe ke tseba hantle menahano eo ke e nahanang ka lōna,’ ho bolela Jehova, ‘menahano ea khotso, eseng ea tlokotsi, ho le fa bokamoso le tšepo. Ka sebele le tla mpitsa ’me le tl’o nthapela, ’me ke tla le mamela.’”—Jeremia 29:11, 12.

    “Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.”—Jakobo 4:8.