Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Modimo o Ikutlwa Jwang ka Mathata a Hao?

Modimo o Ikutlwa Jwang ka Mathata a Hao?

Batho ba bang ba nahana hore Modimo ha a bone mathata a rona ebile ha a a tsotelle.

NAHANA KA SEO BIBELE E SE BUANG

  • Modimo o a bona ebile o a kgathalla

    “Jehova a bona hore bobe ba motho bo bongata lefatsheng . . . , mme pelo ya hae ya utlwa bohloko.”—Genese 6:5, 6.

  • Modimo o tla fedisa mathata ohle

    “Ho setse nakwana e seng kae, mme ya kgopo ha a sa tla hlola a eba teng; ka sebele o tla lebisa tlhokomelo sebakeng sa hae, mme o tla be a le siyo. Empa ba bonolo ba tla rua lefatshe, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng kgotsong e ngata.”—Pesaleme ya 37:10, 11.

  • Seo Modimo a o batlelang sona

    “‘Ke tseba hantle menahano eo ke e nahanang ka lona,’ ho bolela Jehova, ‘menahano ya kgotso, eseng ya tlokotsi, ho le fa bokamoso le tshepo. Ka sebele le tla mpitsa mme le tlo nthapela, mme ke tla le mamela.’” —Jeremia 29:11, 12.

    “Atamelang ho Modimo, mme o tla atamela ho lona.”—Jakobo 4:8.