Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na o tseba Jehova Jwalo ka Noe, Daniele, le Jobo?

Na o tseba Jehova Jwalo ka Noe, Daniele, le Jobo?

“Batho ba ineheletseng bobe ba ke ke ba utlwisisa kahlolo, empa ba batlang Jehova ba ka utlwisisa ntho e nngwe le e nngwe.”LIPROV. 28:5.

DIPINA: 43,133

1-3. (a) Keng e tla re thusa hore re dule re tshepahalla Modimo matsatsing ana a ho qetela? (b) Re tlo tshohlang sehloohong see?

JWALO ka ha matsatsi a ho qetela a ya a lebile pheletsong, batho ba kgopo ba ntse ba eketseha mme ba “hlomela jwalo ka dimela.” (Pes. 92:7) Ke kahoo re sa makaleng ha re bona batho ba ntse ba fellwa ke boitshwaro. Empa Bibele e re Bakreste e lokela ho ba “bana mabapi le bobe,” le ha ho le jwalo e be “ba hodileng ka ho felletseng matleng a kutlwisiso.” Re ka etsa seo jwang lefatsheng lee le kgopo?—1 Bakor. 14:20.

2 Re fumana karabo lengolong la rona la sehlooho, le reng: “Ba batlang Jehova ba ka utlwisisa ntho e nngwe le e nngwe.” Ka mantswe a mang, ba tla utlwisisa “ntho e nngwe le e nngwe” e hlokahalang hore ba kgahlise Modimo. (Liprov. 28:5) Lengolo la Liproverbia 2:7, 9 le lona le re Jehova o “bolokela ba lokileng bohlale bo sebetsang.” Ka lebaka la bohlale boo, batho ba lokileng ba kgona ho “utlwisisa ho loka le kahlolo le bokgabane, tsela yohle ya se molemo.”

3 Noe, Daniele le Jobo ba ile ba fumana bohlale bo jwalo. (Ezek. 14:14) Ho jwalo le ka batho ba Modimo kajeno. Empa ho thweng ka wena? Na o “utlwisisa ntho e nngwe le e nngwe” eo o lokelang ho e etsa hore o kgahlise Jehova? Ntho e ka sehloohong e ka o thusang ke ho ba le tsebo e nepahetseng ka yena. Re ntse re nahanne ka taba ena, a re ke re tshohleng (1) kamoo Noe, Daniele le Jobo ba ileng ba tseba Modimo kateng, (2) kamoo ho tseba Modimo ho ileng ha ba thusa kateng, le (3) kamoo re ka bang le tumelo e tshwanang le ya bona.

NOE O ILE A SEBELETSA MODIMO LEFATSHENG LE KGOPO

4. Noe o ile a tseba Jehova jwang, mme ho tseba Modimo hantle ho ile ha mo thusa jwang?

4 Kamoo Noe a ileng a tseba Jehova kateng. Ho tloha nakong ya ha Adama le Eva ba qala ho ba le bana, batho ba ile ba ithuta ka Modimo ka ditsela tse tharo: ka ho sheba mesebetsi ya Modimo ya popo, ka ho ithuta ho bahlanka ba bang ba Modimo le ka ho bona kamoo Modimo a neng a ba hlohonolofatsa kateng ha ba mo mamela. (Esa. 48:18) Ha Noe a sheba mesebetsi ya popo, e tlameha ebe o ile a bona bopaki bo bongata ba hore Modimo o teng esita le makgabane a hae a kang “matla le Bomodimo ba hae ba ka ho sa feleng.” (Bar. 1:20) Ka lebaka leo, Noe o ile a ba le tumelo e matla ho Modimo.

5. Noe o tsebile jwang ka thato ya Modimo mabapi le batho?

5 Bibele e re “tumelo e latela ntho e utlwilweng.” (Bar. 10:17) Ebe Noe yena o ile a utlwa jwang ka Jehova? Ha ho pelaelo hore o ile a ithuta dintho tse ngata ka Modimo ho ba lelapa labo. E mong wa bona e ne e le ntate wa hae e leng Lameke, ya neng a na le tumelo ho Modimo ebile a phetse ka nako e le nngwe le Adama. (Sheba setshwantsho se qalong.) Athe ba bang e ne e le ntatemoholo wa hae Methusela le ntatemoholo wa hae e mong ya bitswang Jarede, ya neng a phetse hammoho le Noe ka dilemo tse 366. * (Luka 3:36, 37) Ho ka etsahala hore banna bana le basadi ba bona ba ile ba ruta Noe ka tshimoloho ya batho, hore thato ya Modimo e ne e le hore lefatshe le tlale batho ba lokileng le kamoo Adama le Eva ba ileng ba fetohela Modimo kateng Edene. (Gen. 1:28; 3:16-19, 24) Dintho tseo Noe a ileng a ithuta tsona di ile tsa finyella pelo ya hae mme tsa mo susumelletsa ho sebeletsa Modimo.—Gen. 6:9.

6, 7. Tshepo e ile ya matlafatsa tumelo ya Noe jwang?

6 Tshepo e matlafatsa tumelo. O se o ka inahanela feela kamoo Noe a ileng a ikutlwa kateng ha a hlokomela hore lebitso la hae, le bolelang “Phomolo” kapa “Matshediso,” le ne le fana ka tshepo! (Gen. 5:29) Ha Noe a tswalwa, Lameke o ile a re ka yena: “Enwa o tla re tlisetsa matshediso mosebetsing wa rona le bohlokong ba matsoho a rona bo bakwang ke lefatshe leo Jehova a le rohakileng.” Noe o ne a tshepile Modimo. Jwalo ka Abele le Enoke ba neng ba phetse pele ho yena, Noe le yena o ne a dumela hore ka le leng “peo” e ne e tla kgoba noha hlooho.—Gen. 3:15.

7 Le hoja Noe a ne a sa utlwisise boprofeta bo ho Genese 3:15 ka botlalo, ha ho pelaelo hore bo ile ba mo fa tshepo ya hore batho ba ne ba tla lopollwa. Ho feta moo, tshepiso e boprofeteng boo e ne e dumellana le molaetsa o neng o bolelwa ke Enoke wa hore Modimo o ne a tla fedisa batho ba kgopo. (Juda 14, 15) Noe o ile a tiiswa tumelo le tshepo ke molaetsa oo wa Enoke, o tla phethahala ka ho felletseng ka Armagedone!

8. Ho tseba Modimo ho ile ha sireletsa Noe jwang?

8 Kamoo ho tseba Modimo ho ileng ha thusa Noe kateng. Ho tseba Jehova hantle ho ile ha thusa Noe ho ba le tumelo le bohlale, e leng dintho tse ileng tsa sireletsa kamano ya hae le Modimo. Ka mohlala, ka ha Noe “o ne a tsamaya le Modimo wa nnete,” ha a ka a tlwaelana le batho ba sa sebeletseng Modimo. Ha a ka a thetswa ke bademona ba neng ba iphetotse batho, ba ileng ba kgelosa batho ba se nang tumelo. Ho ka etsahala hore ba bang ba ne ba bile ba rapela bademona bao hobane feela ba kgahlilwe ke matla a bona a fetang a tlhaho. (Gen. 6:1-4, 9) Noe o ne a boetse a tseba hore ke batho ba neng ba lokela ho tswala bana le ho tlala lefatshe. (Gen. 1:27, 28) Kahoo e tlameha ebe o ne a tseba hore thobalano pakeng tsa batho le mangeloi e ne e fosahetse ebile e se ntho ya tlhaho. Kahoo basadi ba ileng ba robala le mangeloi ao ba ile ba tswala bana ba sa tlwaelehang. Ha nako e ntse e ya, Modimo o ile a bolella Noe hore o ne a tlo tlisa Morwallo hodima lefatshe. Tumelo ya Noe e ile ya mo susumelletsa hore a hahe areka e ileng ya pholosa lelapa la hae.—Baheb. 11:7.

9, 10. Re ka etsisa tumelo ya Noe jwang?

9 Kamoo re ka bang le tumelo e jwalo ka ya Noe. Re ka etsa sena ka hore re ithute Lentswe la Modimo le hore re nke ka botebo seo re ithutang sona mme re se dumelle ho re tataisa. (1 Pet. 1:13-15) Jwale tumelo le bohlale bo tswang ho Modimo di tla re sireletsa kgahlanong le tshusumetso ya lefatshe le hore re se ke ra qhekellwa ke Satane. (2 Bakor. 2:11) Tshusumetso eo e etsa hore batho ba rate ntwa le boitshwaro bo bobe. E boetse e etsa hore ba amehe feela ka ho kgotsofatsa ditakatso tsa bona. (1 Joh. 2:15, 16) Tshusumetso eo e ka etsa le hore motho a hlokomolohe bopaki ba hore letsatsi le leholo la Modimo le haufi haholo. Ela hloko hore ha Jesu a ne a bapisa lefatshe la rona le la mehleng ya Noe, ha a ka a bua ka pefo le boitshwaro bo bobe ba mehleng eo, empa o buile ka tsela eo batho ba ileng ba sitiseha ka yona ho sebeletsa Modimo.—Bala Matheu 24:36-39.

10 Ipotse: ‘Na tsela eo ke phelang ka yona e bontsha hore ke tseba Jehova e le kannete? Na tumelo ya ka e ntshusumelletsa hore ke phele ka melao ya Modimo esita le ho bolella ba bang ka yona?’ E se eka dikarabo tsa hao dipotsong tsena di ka bontsha hore le wena o “tsamaya le Modimo wa nnete.”

DANIELE O ILE A BONTSHA BOHLALE HA A LE BABYLONA YA BOHETENE

11. (a) Tsela eo Daniele a neng a rata Modimo ka yona e bontsha hore o ne a hodisitswe jwang? (b) Ke makgabane afe a Daniele ao le wena o batlang ho ba le ona?

11 Kamoo Daniele a ileng a tseba Jehova kateng. Daniele o ile a rutwa ke batswadi ba hae ho rata Jehova le Lentswe la hae. Daniele o ile a etsa sena bophelo bohle ba hae. O ile a tswela pele ho ithuta Mangolo ka hloko esita le botsofading. (Dan. 9:1, 2) Thapelo ya Daniele e tswang botebong ba pelo e ngotsweng ho Daniele 9:3-19, e bontsha hore o ne a tseba Modimo le dintho tsohle tseo a neng a di etseditse Baiseraele. Iphe nako ya ho bala thapelo eo le ho nahanisisa ka yona, mme o ele hloko seo thapelo eo e o rutang sona ka Daniele.

12-14. (a) Daniele o ile a bontsha bohlale ka ditsela dife? (b) Daniele o ile a putswa jwang bakeng sa sebete le botshepehi ba hae ho Modimo?

12 Kamoo ho tseba Modimo ho ileng ha thusa Daniele kateng. Ho ne ho se bonolo hore morapedi wa Jehova a phele Babylona. Hopola hore Jehova o ne a itse ho batho ba hae: “Le batlele motse oo ke entseng hore le ye kgolehong ho wona kgotso.” (Jer. 29:7) Empa ka nako e tshwanang, Jehova o ne a ba laetse hore ba rapele yena feela. (Ex. 34:14) Keng e ileng ya thusa Daniele ho etsa dintho tsee ka bobedi? Bohlale bo tswang ho Modimo bo ile ba thusa Daniele ho utlwisisa hore na motho o lokela ho ikokobelletsa babusi ho fihlela hokae. Dilemo tse makgolo hamorao, Jesu o ile a ruta yona thuto eo.—Luka 20:25.

13 Hamorao hona mehleng ya Daniele, ho ile ha etswa molao o neng o thibela batho ho rapela medimo e meng ntle le morena wa naha ka matsatsi a 30. (Bala Daniele 6:7-10.) Daniele o ne a ka nna a ipehela mabaka, mohlomong ka ho re: ‘Ke matsatsi a 30 feela!’ Empa ha a ka a dumella molao wa naha ho mo thibela ho phetha boikarabelo ba hae bo hlahang ka Mangolong. Ke nnete hore o ne a ka nna a rapela ka tsela e neng e tla etsa hore a se ke a bonwa. O ne a tseba hore batho ba bangata ba ne ba hlokometse hore o tlwaetse ho rapela. Le hoja bophelo ba Daniele bo ne bo le kotsing, o ne a sa batle hore ho bonahale eka o kgaoditse ho rapela Modimo.

14 Jehova o ile a hlohonolofatsa sebete seo Daniele a ileng a se bontsha, ka hore a mo pholose ditleneng tsa lefu. Ha e le hantle, mohlolo oo Jehova a ileng a o etsetsa Daniele o ile wa tsebahala hohle esita le dikarolong tse hole tsa Mmuso wa Medo-Persia!—Dan. 6:25-27.

15. Re ka etsang hore re be le tumelo e tshwanang le ya Daniele?

15 Kamoo re ka bang le tumelo e jwalo ka ya Daniele. Ntho e ka sehloohong e ka re thusang hore re be le tumelo e matla hase ho bala Lentswe la Modimo feela, empa re boetse re lokela ho le ‘utlwisisa.’ (Mat. 13:23) Ho utlwisisa melaomotheo ya Bibele ho tla re thusa ho tseba hore na Modimo o ikutlwa jwang ka dintho tse itseng. Kahoo, re hloka ho nahanisisa ka seo re se balang Bibeleng. Ntho e nngwe ya bohlokwa ke ho rapela kamehla ho tswa pelong, haholoholo ha re tobane le mathata. Jehova o tla re fa matla le bohlale ha re mo kopa ka thapelo.—Jak. 1:5.

JOBO O NE A SEBEDISA MELAOMOTHEO YA MODIMO KAMEHLA

16, 17. Ho tlile jwang hore Jobo a tsebe Modimo?

16 Kamoo Jobo a ileng a tseba Jehova kateng. Jobo e ne e se Moiseraele. Empa o ne a amana le batho ba neng ba tseba Jehova le thato ya hae, ba kang Abrahama, Isaka le Jakobo. Kahoo Jobo o ile a ithuta nnete ka Modimo, le hoja Bibele e sa hlalose hore na jwang. (Jobo 23:12) Jobo o ile a re ka Modimo: “Ke utlwile ka wena ka monyenyetsi.” (Jobo 42:5) Ho ekelletsa moo, Jehova o ile a re Jobo o buile nnete ka Yena.—Jobo 42:7, 8.

Tumelo ya rona e a tiya ha re bona makgabane a Modimo dinthong tseo a di bopileng (Sheba serapa sa 17)

17 Jobo o ile a boela a bona makgabane a Modimo ha a sheba popo. (Jobo 12:7-9, 13) Hamorao, Elihu le Jehova ba ile ba sebedisa popo ho hopotsa Jobo hore motho o monyenyane hakaakang ha a bapiswa Modimo. (Jobo 37:14; 38:1-4) Mantswe a Jehova a ile a ama pelo ya Jobo, hoo Jobo a ileng a re ho Modimo: “Ke a tseba hore o kgona ho etsa dintho tsohle, ha ho kgopolo eo o ke keng wa e fihlela. . . . Ke baka ke le leroleng le moloreng.”—Jobo 42:2, 6.

18, 19. Jobo o ile a bontsha jwang hore o tseba Jehova?

18 Kamoo ho tseba nnete ka Modimo ho ileng ha thusa Jobo. Jobo o ne a utlwisisa melaomotheo ya Modimo ka botlalo. O ne a tseba Jehova hantle a bile a sebedisa tsebo eo ho etsa diqeto tse bohlale. Ka mohlala, Jobo o ne a tseba hore a ke ke a bua ka molomo feela hore o rata Modimo empa a sa tshware baahelane ba hae ka mosa. (Jobo 6:14) O ne a sa iphahamisetse batho ba bang empa o ne a ba rata, ho sa tsotellehe hore na ke barui kapa mafutsana. O ile a re: “Na Ya nketsang ka mpeng ha aa ka a mo etsa?” (Jobo 31:13-22) Ho hlakile hore maruo ao Jobo a neng a na le ona pele, ha a ka a etsa hore a kgelle batho fatshe. Sena se fapane hakaakang le seo batho ba ruileng ba se etsang kajeno!

19 Jobo o ne a qoba mefuta yohle ya borapedi ba ditshwantsho, esita le ka pelong ya hae. O ne a tseba hore borapedi ba bohata, ho akarelletsa le ho hahamalla maruo, ho ne ho tla etsa hore a kgaotse ho sebeletsa “Modimo wa nnete.” (Bala Jobo 31:24-28.) O ne a nka lenyalo e le kamano e halalelang pakeng tsa monna le mosadi. O ile a ba a etsa selekane le mahlo a hae hore a ke ke a sheba morwetsana ka tsela e fosahetseng. (Jobo 31:1) O hopole hore ka nako eo Modimo o ne a dumelletse sethepu. Kahoo Jobo a ka be a ile a nyala mosadi wa bobedi haeba a ne a batla. * Ho hlakile hore o ile a latela mohlala wa lenyalo la pele leo Modimo a ileng a le theha tshimong ya Edene. (Gen. 2:18, 24) Dilemo tse 1 600 hamorao, Jesu Kreste o ile a ruta bamamedi ba hae hore ba latele melaomotheo e jwalo mabapi le lenyalo le thobalano.—Mat. 5:28; 19:4, 5.

20. Ho tseba nnete ka Jehova ho re thusa jwang ho kgetha metswalle le boithabiso bo nepahetseng?

20 Kamoo re ka bang le tumelo e jwalo ka ya Jobo. Re lokela ho ba le tsebo e nepahetseng ka Jehova le ho sebedisa tsebo eo bophelong ba rona. Ka mohlala, Davida o re Jehova o “hloile mang kapa mang ya ratang pefo.” Davida o boetse o re lemosa hore re se ke ra tlwaelana le “batho ba leshano.” (Bala Pesaleme ya 11:5, 26:4.) Ditemana tsee di o thusa jwang hore o utlwisise tsela eo Jehova a etsang dintho ka yona? Kutlwisiso eo e lokela ho ama jwang dintho tse tlang pele bophelong ba hao, tsela eo o sebedisang Inthanete ka yona, le kamoo o kgethang metswalle le boithabiso kateng? Dikarabo tsa hao di tla o thusa hore o bone hore na o tseba Jehova hakae. E le hore re dule re se na molato lefatsheng lena le kgopo, re lokela ho kwetlisa ‘matla a rona a ho lemoha’ hore re kgone ho kgetholla e seng feela se nepahetseng le se fosahetseng, empa le hore re kgone ho etsa diqeto tse bohlale.—Baheb. 5:14; Baef. 5:15.

21. Keng e tla re thusa ho “utlwisisa ntho e nngwe le e nngwe” eo re hlokang ho e tseba hore re kgahlise Ntate wa rona ya lehodimong?

21 Ka ha Noe, Daniele le Jobo ba ile ba batla Jehova ka dipelo tsohle tsa bona, Jehova o ile a etsa hore ba mo fumane. O ile a ba thusa ho “utlwisisa ntho e nngwe le e nngwe” eo ba neng ba hloka ho e tseba hore ba mo kgahlise. Kahoo ba ile ba re behela mohlala o motle wa hore ha re mamela Jehova re tla atleha bophelong. (Pes. 1:1-3) Jwale ipotse: ‘Na ke tseba Jehova jwalo ka Noe, Daniele le Jobo?’ Ha e le hantle, ka ha re se re utlwisisa Bibele haholwanyane, re ka kgona ho tseba Jehova le ho feta! (Liprov. 4:18) Kahoo etsa dipatlisiso ha o ntse o ithuta Lentswe la Modimo. Nahanisisa ka dintho tseo o ithutang tsona. O boele o kope hore Jehova a o fe moya o halalelang. Ha o etsa jwalo, kamano ya hao le Ntate wa hao ya lehodimong e tla tiya le ho feta. Ebile o tla etsa dintho ka bohlale lefatsheng lena le tletseng batho ba sa rateng Modimo.—Liprov. 2:4-7.

^ par. 5 Ntatemoholo wa Noe e leng Enoke le yena o ile “a nna a tsamaya le Modimo wa nnete.” Le ha ho le jwalo, “Modimo o ile a mo nka” dilemo tse ka bang 69 pele Noe a tswalwa.—Gen. 5:23, 24.

^ par. 19 Noe le yena a ka be a ile a etsa se tshwanang. O ne a na le mosadi a le mong, le hoja batho ba ile ba qala ho inkela basadi ba bangata ho tloha ka mora hore Adama le Eva ba fetohele Modimo.—Gen. 4:19.