Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ha e le Hantle ho ba le Kamano e Ntle le Molimo ho Bolela’ng?

Ha e le Hantle ho ba le Kamano e Ntle le Molimo ho Bolela’ng?

“E se eka Molimo . . . a ka etsa hore har’a lōna le be le boikutlo ba kelello bo tšoanang le boo Kreste Jesu a neng a e-na le bona.”BAR. 15:5.

LIPINA: 84, 5

1, 2. (a) Ho ba le kamano e ntle le Molimo ho thusitse bara le barali babo rona ba bang joang? (b) Re tl’o araba lipotso life tsa bohlokoa?

MORALI’ABO RONA e mong oa Canada o re: “Ho ba le kamano e ntle le Molimo ho nthusitse ho lula ke thabile le hore ke khone ho mamella liteko tsa letsatsi le letsatsi.” Mor’abo rona e mong oa Brazil eena o re: “Kaha re leka ka hohle ho matlafatsa kamano ea rona le Molimo, re se re qetile lilemo tse 23 re thabile lenyalong la rona.” Mor’abo rona e mong oa Philippines o re: “Ho ba le kamano e ntle le Molimo ho nthusitse ho lula ke khobile matšoafo hape ho ntlafalitse tsela eo ke tšoarang barab’abo rona ba merabe e fapaneng ka eona.”

2 Litlhaloso tsena li hlakisa melemo ea ho ba le kamano e ntle le Molimo. Joale, re ka ’na ra ipotsa, ‘Nka matlafatsa kamano ea ka le Molimo joang e le hore ke une melemo e tšoanang le ea barab’abo rona bao ho buuoeng ka bona ka holimo?’ Empa, pele re araba potso ena, re lokela ho utloisisa hantle hore na Bibele e re ho ba le kamano e ntle le Molimo ho bolela’ng. Sehloohong sena, re tl’o araba lipotso tse tharo tsa bohlokoa. (1) Ho ba le kamano e ntle le Molimo ho bolela’ng? (2) Ke mehlala ea bo-mang e ka re thusang? (3) Ho ba le “kelello ea Kreste” ho ka re thusa joang ho matlafatsa kamano ea rona le Molimo?

HO BA LE KAMANO E NTLE LE MOLIMO HO BOLELA’NG?

3. Bibele e re motho ea nang le kamano e ntle le Molimo le ea se nang eona ba fapane joang?

3 Moapostola Pauluse o re thusa ho utloisisa hore na ho ba le kamano e ntle le Molimo ho bolela’ng ha a bua ka phapang pakeng tsa “motho oa moea,” e leng motho ea nang ea le kamano e ntle le Molimo le “motho oa nama,” e leng motho ea se nang kamano e ntle le Molimo. (Bala 1 Bakorinthe 2:14-16.) Phapang ke efe? Bibele e re motho ea se nang kamano e ntle le Molimo ha a amohele “lintho tsa moea oa Molimo, etsoe ke booatla ho eena; ’me a ke ke a li tseba.” Ka lehlakoreng le leng, motho ea nang le kamano e ntle le Molimo ke ea ‘hlahlobang lintho tsohle’ a bile a e-na le “kelello ea Kreste.” Pauluse o re khothalletsa ho ba le kamano e ntle le Molimo. Joale batho ba nang le kamano e ntle le Molimo le ba se nang eona ba fapane ka litsela life tse ling?

4, 5. Motho ea se nang kamano e ntle le Molimo o bonahala ka eng?

4 A re qaleng ka ho hlahloba hore na motho ea se nang kamano e ntle le Molimo o itšoara joang. Hona joale batho ba bangata ba phelela ho ikhotsofatsa. Moapostola Pauluse o re ba na le “moea oo hona joale o sebetsang ho bara ba ho se mamele.” (Baef. 2:2) Moea ona o etsa hore batho ba latele bongata. Ba etsa lintho ho latela hore na bona ba batla’ng eseng hore na melao ea Molimo e re’ng. Hangata batho ba joalo ba nka hore maemo a bona, chelete kapa litokelo tsa bona li bohlokoa ho feta eng kapa eng.

5 Batho ba se nang kamano e ntle le Molimo ba etsa “mesebetsi ea nama.” (Bagal. 5:19-21) Ha Pauluse a ngolla Bakreste ba Korinthe, o ile a bua ka lintho tse ling hape tseo batho ba joalo ba li etsang. Ke batho ba likhang, baa qabanya, ba khothalletsa ba bang ho ba marabele, ba isana makhotleng, ha ba hlomphe bohlooho ebile ba rata lijo le lino ho tlola. Motho ea se nang kamano e ntle le Molimo oa inehela ha a lekeha hore a etse ntho e fosahetseng. (Liprov. 7:21, 22) Lengolo la Juda le re ho na le ba liketso li mpe hoo “ba se nang bomoea.”—Juda 18, 19.

6. Makhabane a motho ea nang le kamano e ntle le Molimo ke afe?

6 Motho ea nang le kamano e ntle le Molimo o fapana le ea se nang eona ka hore eena o rata Molimo. O lumella Jehova hore a mo tataise ka moea oa hae o halalelang ’me o sebetsa ka thata ho mo etsisa. (Baef. 5:1) Kahoo o leka ka hohle ho ithuta hore na Jehova o rata eng ’me a shebe lintho kamoo Jehova a li shebang kateng. O nka Jehova e le motsoalle oa hae. Motho ea nang le setsoalle le Molimo o mamela melao ea Hae linthong tsohle. (Pes. 119:33; 143:10) Ho e-na le hore a etse “mesebetsi ea nama,” o leka ho ba le “litholoana tsa moea.”—Bagal. 5:22, 23.

7. Bibele e re’ng ka batho ba nang le kamano e ntle le Molimo?

7 Bibele e re batho ba nang le kamano e ntle le Molimo ba thabile. Matheu 5:3 e re: “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea, kaha ’muso oa maholimo ke oa bona.” Baroma 8:6 e re: “Ho beha kelello nameng ho bolela lefu, empa ho beha kelello moeeng ho bolela bophelo le khotso.” Ka mantsoe a mang, bophelo ba rona bo itšetlehile ka hore re nahane ka tsela eo Jehova a nahanang ka eona. Ha re etsa joalo, re tla ba metsoalle ea hae, re be le khotso ’me re be le tšepo ea bophelo bo sa feleng.

8. Ke hobane’ng ha ho ka ’na ba thata ho lula re le metsoalle ea Jehova?

8 Leha ho le joalo, re phela lefatšeng le kotsi. Kaha re phela har’a batho ba sa nahaneng ka tsela eo Jehova a nahanang ka eona, ho re hloka boiteko hore re sireletse likelello tsa rona. Haeba re sa nahane ka tsela eo Jehova a nahanang ka eona, batho ba lefatše lena ba tla re susumelletsa ho etsa lintho tse se nang thuso. Re ka etsa’ng ho qoba ho tlatsa likelello tsa rona ka lintho tse se nang thuso? Re ka holisa setsoalle sa rona le Jehova joang?

MEHLALA EO RE KA ITHUTANG HO EONA

9. (a) Re ka thusoa ke’ng hore re be metsoalle ea Jehova? (b) Ke mehlala ea bo-mang e metle eo re tl’o ithuta ka eona?

9 Joalokaha ngoana a ka ithuta le ho etsisa mohlala o motle oa batsoali ba hae, re lokela ho ithuta le ho etsisa batho ba nang le kamano e ntle le Jehova. Kahoo, le rona re tla ba metsoalle ea Jehova. Ka lehlakoreng le leng, ha re sheba batho ba se nang setsoalle le Molimo, re ithuta lintho tseo re lokelang ho li qoba. (1 Bakor. 3:1-4) Bibele e bua ka mehlala e metle le e mebe. A re ithuteng mehlala e metle ea batho bao re ka ba etsisang e leng Jakobo, Maria le Jesu.

Re ka ithuta’ng ho Jakobo le Maria?(Sheba lirapa 10 le 11)

10. Jakobo o ile a bontša joang hore o na le tumelo e matla ho Jehova?

10 Jakobo o ile a hlaheloa ke mathata joaloka rona. Moholoane oa hae Esau o ne a batla ho mo bolaea. Mohoe oa hae o ne a batla ho mo qhekella. Leha ho le joalo, Jakobo o ne a e-na le tumelo e matla ea hore Jehova o tla phethahatsa lintho tseo a li tšepisitseng Abrahama. O ne a tseba hore lelapa la hae ke lona le neng le tla phethahatsa morero oa Jehova, kahoo o ile a le hlokomela. (Gen. 28:10-15) Jakobo ha aa ka a lumella hore mekhoa e mebe ea batho ba mo potolohileng e etse hore a lebale ka tšepiso ea Jehova. Mohlala, ha Jakobo a ne a nahana hore moholoane oa hae o tl’o mo hlasela, o ile a rapela Jehova, a mo kopa hore a mo pholose. A re: “Kea u rapela, ntopolle letsohong la mor’eso . . . Uena, u itse, ‘Ntle ho pelaelo ke tla sebetsana hantle le uena ’me ke tla etsa hore peō ea hao e be joaloka lehlabathe la leoatle.’” (Gen. 32:6-12) Tsela eo Jakobo a neng a phela ka eona ea bontša hore o ne a kholisehile hore Jehova o tla phetha litšepiso tsohle tsa hae.

Re ka ithuta’ng ho Jakobo le Maria?(Sheba lirapa 10 le 11)

11. Re tseba joang hore Maria o ne a rata Lentsoe la Molimo?

11 Mohlala o mong ke oa Maria. Jehova o ile a khetha Maria ho ba ’mè oa Jesu hobane o ne a nahana lintho ka tsela eo Jehova a li nahanang ka eona. Re tseba joang? Re thusoa ke ha re bala mantsoe a hae nakong eo a neng a chaketse beng ka eena e leng Zakaria le Elizabetha. (Bala Luka 1:46-55.) Mantsoe a Maria a bontša hore o ne a rata Lentsoe la Molimo a bile a tseba Mangolo a Seheberu. (Gen. 30:13; 1 Sam. 2:1-10; Mal. 3:12) Le ka mor’a hore Maria le Josefa ba nyalane, ha baa ka ba kopanela liphate ho fihlela Jesu a hlahile. Ba ne ba nka ho phetha thato ea Jehova ho le bohlokoa ho feta ho khotsofatsa litakatso tsa bona. (Mat. 1:25) Hamorao, Maria o ile a bona lintho tse etsahalang bophelong ba Jesu ’me a mamela ka hloko lintho tseo a neng a li bua. Eaba o “boloka ka hloko lipolelo tsena kaofela ka pelong ea hae.” (Luka 2:51) Ho hlakile hore o ne a thahasella ho bona morero oa Molimo oa ho tla ha Mesia o phethahala. E se eka re ka etsisa Maria ka hore re etse thato ea Molimo ka linako tsohle.

12. (a) Jesu o ne a etsisa Ntate oa hae joang? (b) Re ka etsisa Jesu joang? (Sheba setšoantšo se qalong.)

12 Har’a batho bohle ba kileng ba e-ba teng, Jesu Kreste ke mohlala o ka sehloohong oa motho ea nahanang lintho ka tsela eo Jehova a nahanang ka eona. Ha a le lefatšeng, o ile a bontša hore o batla ho etsisa ntate oa hae, Jehova. O ne a nahana le ho etsa lintho joaloka ntate oa hae, a bile a mamela melao ea Hae. (Joh. 8:29; 14:9; 15:10) Mohlala, bapisa tsela eo Esaia a ileng a hlalosa kamoo Jehova a utloelang batho bohloko kateng le tsela eo Mareka a hlalosang maikutlo a Jesu ka eona. (Bala Esaia 63:9; Mareka 6:34.) Na re etsisa Jesu ka hore re ikemisetse ho thusa batho ba hlokang thuso? Hape, na re etsisa Jesu ka hore re nke ho bolella batho ka ’Muso oa Molimo le ho ba ruta ka oona e le eona ntho ea bohlokoa bophelong ba rona? (Luka 4:43) Ha re etsa joalo, re tla be re bontša hore re nahana ka tsela eo Jehova a nahanang ka eona le hore re na le kamano e ntle le eena.

13, 14. (a) Re ka ithuta’ng ho batho ba nang le kamano e ntle le Jehova? (b) Fana ka mohlala.

13 Mehleng ena ho na le bara le barali babo rona ba sebetsang ka thata hore ba be le kamano e ntle le Jehova feela joaloka Jesu. Ba chesehela tšebeletso ea tšimo, ba amohela baeti ba bile ba na le kutloelo-bohloko le makhabane a mang a matle. Joaloka rona, ba sebetsana le bofokoli le ho se phethahale ha ba ntse ba loanela ho etsa thato ea Jehova. Morali’abo rona Rachel oa Brazil o re: “Kaha ke ne ke rata feshene, ke ne ke sa apare ka tsela e hlomphehang. Empa ho ithuta Bibele ho ile ha nthusa hore ke be le kamano e ntle le Jehova. Le hoja ho ne ho se bonolo ho etsa liphetoho, ke ile ka thaba ’me bophelo ba ka ba ntlafala.”

14 Morali’abo rona Reylene oa Philippines o ne a e-na le bothata bo fapaneng. O ne a lelekisa thuto e phahameng le mosebetsi o motle e le hore a ka atleha bophelong. O re: “Boikemisetso ba ka ba ho batla ho sebeletsa Jehova bo ile ba fokotseha. Empa ke ile ka hlokomela hore ho na le ntho e haellang bophelong ba ka. Ntho ea bohlokoa le ho feta mosebetsi oa ka. Eaba ke khetha hore ho sebeletsa Jehova e be eona ntho e tlang pele bophelong ba ka.” Kaha o se a tšepa mantsoe a Jehova a hlahang ho Matheu 6:33, 34, o re: “Hona joale ke tseba hantle hore Jehova o tla ntlhokomela.” Mohlomong phuthehong eo u leng ho eona hona le bara le barali beno ba etsang lintho ka tsela e tšoanang. Ha re bona tsela eo ba etsisang Kreste ka eona, le rona re batla ho ba etsisa.—1 Bakor. 11:1; 2 Bathes. 3:7.

E-BA LE “KELELLO EA KRESTE”

15, 16. (a) Re ka etsisa Kreste joang? (b) Re ka nahana joaloka Jesu joang?

15 Re ka etsisa Kreste joang? 1 Bakorinthe 2:16 e bua ka ho ba le “kelello ea Kreste.” Lengolo la Baroma 15:5 lona le bua ka ho ba “le boikutlo ba kelello bo tšoanang le boo Kreste Jesu a neng a e-na le bona.” Kahoo, e le hore re tšoane le Kreste, re lokela ho tseba hantle hore na o nahana joang le hore na makhabane a hae ke afe. Ebe rea mo etsisa. Kamano ea hae le Molimo e ne e le eona ntho ea bohlokoa bophelong. Joale ha re etsisa Jesu, re tla etsa lintho joaloka Jehova. Kahoo, ho bohlokoa hore re nahane le ho etsa lintho joaloka Jesu.

16 Re ka nahana joaloka Jesu joang? Barutuoa ba Jesu ba ile ba bona ha a etsa mehlolo, ba mo mamela ha a ruta batho ba bangata, ba bona ha a folisa ba kulang eaba ba hlokomela hore o tataisoa ke monahano oa Jehova. Ba ile ba re: “Re lipaki tsa lintho tsohle tseo a ileng a li etsa.” (Lik. 10:39) Mehleng ena ha re phele le Jesu. Empa Jehova o re file tlaleho ea bophelo ba Jesu ka Bibeleng. Tlaleho ena e re thusa ho mo tseba haholoanyane. Ha re bala le ho nahanisisa ka Mangolo a kang Matheu, Mareka, Luka le Johanne re ithuta haholoanyane kamoo Jesu a nahanang kateng. Kahoo, re ka ‘latela mehato ea hae haufi-ufi’ hape re “itlhomelle ka boikutlo bo tšoanang ba kelello” joaloka Kreste.—1 Pet. 2:21; 4:1.

17. Re tla rua molemo ofe ka ho nahana joaloka Kreste?

17 Re tla rua molemo ofe ka ho nahana joaloka Kreste? Joalokaha ho ja lijo ho matlafatsa ’mele ea rona, ha re lula re nahana ka lintho tseo Jehova a li ratang, re tla matlafatsa setsoalle sa rona le eena. Butle-butle, re ka khona ho bona hore na Jesu o ne a tla etsa qeto efe tlas’a maemo a fapaneng. Kahoo, le rona re tla tseba ho etsa liqeto tse tla thabisa Jehova ’me re be le kamano e ntle le eena. Ho etsa joalo ho tla re thusa hore re “apare Morena Jesu Kreste.”—Bar. 13:14.

18. U ithutile’ng sehloohong see?

18 Sehloohong sena re ithutile hore na ho bolela’ng ho ba le kamano e ntle le Molimo. Re ithutile mehlaleng e metle ea batho bao e leng metsoalle ea Molimo. Ra qetella ka ho ithuta hore ho ba le “kelello ea Kreste” ho re thusa ho nahana lintho ka tsela eo Jehova a nahanang ka eona le ho ba le kamano e haufi le eena. Leha ho le joalo, ho na le lintho tse eketsehileng tseo re ka ithutang tsona. Mohlala, re ka tseba joang hore na kamano ea rona le Jehova e matla hakae? Re ka etsa’ng ho holisa kamano ea rona le Jehova? Ho ba metsoalle ea Jehova ho ka re thusa joang ho sebetsana le mathata a letsatsi le letsatsi? Re tla araba lipotso tsena sehloohong se latelang.