Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Bolelang ho ba le Kamano e Ntle le Modimo?

Ho Bolelang ho ba le Kamano e Ntle le Modimo?

“E se eka Modimo a ka etsa hore . . . le be le boikutlo ba kelello bo tshwanang le boo Kreste Jesu a neng a na le bona.”BAR. 15:5.

DIPINA: 84,5

1, 2. (a) Batho ba bangata ba ikutlwa jwang ka kamano ya bona le Modimo? (b) Re tlo tshohla dipotso dife?

MORADIWABO rona e mong ya dulang Canada o re: “Ho ba le kamano e ntle le Modimo ho etsa hore ke thabe mme ho nthusa ho sebetsana ka katleho le mathata a letsatsi le letsatsi.” Morabo rona e mong ya dulang Brazil yena o re: “E se e le dilemo tse 23 nna le mosadi wa ka re nyalane, mme esale re thabile ka lebaka la kamano ya rona e ntle le Modimo.” Athe morabo rona e mong ya dulang Philippines o re: “Ho ba le kamano e ntle le Modimo ho nthusitse ho ba le kgotso ya kelello le hore ke phedisane hantle le batho ba bang.”

2 Dipolelo tsena di bontsha hore ho ba le kamano e ntle le Modimo ke ntho ya bohlokwa. Jwale sena se etsa hore re ipotse: ‘Nka etsang hore ke ntlafatse kamano ya ka le Modimo e le hore ke fumane melemo eo ho builweng ka yona serapeng se ka hodimo?’ Empa pele re araba potso eo, re lokela ho utlwisisa seo Bibele e se buang ka batho ba nang le kamano e ntle le Modimo. Kahoo sehloohong sena re tlo araba dipotso tsena tse tharo. (1) Ho ba le kamano e ntle le Modimo ho bolelang? (2) Ke mehlala efe e tla re thusa ho ntlafatsa kamano ya rona le Modimo? (3) Ho ba le “kelello ya Kreste” ho tla re thusa jwang hore re ntlafatse kamano ya rona le Modimo?

HO BOLELANG HO BA LE KAMANO E NTLE LE MODIMO?

3. Ke phapang efe e teng pakeng tsa motho wa moya le motho wa nama?

3 Ka Bibeleng, motho ya nang le kamano e ntle le Modimo o bitswa “motho wa moya.” Ke kahoo moapostola Pauluse a ileng a bua ka phapang e teng pakeng tsa “motho wa moya” le “motho wa nama.” (Bala 1 Bakorinthe 2:14-16.) Phapang ke efe? Bibele e re “motho wa nama ha a amohele dintho tsa moya wa Modimo, etswe ke bowatla ho yena; mme a ke ke a di tseba.” Ka lehlakoreng le leng, “motho wa moya” yena “o hlahloba dintho tsohle” mme o na le “kelello ya Kreste.” Pauluse o re kgothalletsa ho ba batho ba moya. Motho wa moya le motho wa nama ba fapane ka ditsela dife tse ding?

4, 5. Motho ya se nang kamano e ntle le Modimo o bonahala kang?

4 Motho wa nama kapa ya se nang kamano e ntle le Modimo, o bonahala ka tsela eo a nahanang ka yona. Batho ba jwalo ba amehile haholo ka ho kgotsofatsa ditakatso tsa bona. Pauluse o re menahano ya bona e laolwa ke moya “o sebetsang ho bara ba ho se mamele.” (Baef. 2:2) Moya ona o etsa hore batho ba bangata kajeno ba nahane ka ho tshwana le ho rata dintho tse tshwanang. Ba batla ho etsa dintho tse thabisang bona feela mme ha ba na taba le melao ya Modimo. Kahoo, hangata motho wa nama o ameha ka ho fumana maruo le ho hlahella mme o rata ho lwanela dintho tseo a nahanang hore ke ditokelo tsa hae.

5 Batho ba se nang kamano e ntle le Modimo ba bonahala kang hape? Ba etsa seo Bibele e se bitsang “mesebetsi ya nama.” (Bagal. 5:19-21) Pauluse o ile a bua ka mekgwa e meng ya bona lengolong la hae la pele le yang ho phutheho ya Korinthe. Mekgwa eo e akarelletsa: ho se hlomphe tokisetso ya bohlooho, ho ba leeme, ho isa ba bang makgotleng a dinyewe, ho baka dikarohano le diqabang, esita le ho ja kapa ho nwa ka ho fetelletseng. Batho ba se nang kamano e ntle le Modimo ba inehela ha bonolo feela ha ba tobane le diteko. (Liprov. 7:21, 22) Juda o ile a re ba bang ba ne ba tla senya kamano ya bona le Modimo hoo ba neng ba tla bitswa batho “ba se nang bomoya.”—Juda 18, 19.

6. Motho ya nang le kamano e ntle le Modimo o bonahala kang?

6 Jwale, ho ba le kamano e ntle le Modimo ho bolelang? Ho bolela ho nka kamano eo e le ya bohlokwa haholo. Motho ya jwalo o leka ka hohle ho ba ‘moetsisi wa Modimo.’ (Baef. 5:1) Ka mantswe a mang, pele a etsa qeto le ha e le efe o batla ho tseba hore na Jehova o ikutlwa jwang ka qeto eo. Modimo ke motho wa sebele ho yena. Motho ya nang le kamano e ntle le Modimo o leka ka hohle hore a phele ka melao ya Jehova. (Pes. 119:33; 143:10) Ho e na le hore a amehe feela ka ho kgotsofatsa ditakatso tsa hae, o bontsha “ditholwana tsa moya” bophelong ba hae. (Bagal. 5:22, 23) Kahoo, motho ya nang le kamano e ntle le Modimo o bitswa “motho wa moya” hobane o dumella hore moya o halalelang wa Modimo o mo tataise bophelong.

7. Bibele e reng ka batho ba nang le kamano e ntle le Modimo?

7 Bibele e babatsa batho ba nang le kamano e ntle le Modimo. Matheu 5:3 e re: “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ya bona ya moya [kapa kamano ya bona le Modimo], ka ha mmuso wa mahodimo ke wa bona.” Baroma 8:6 yona e re: “Ho beha kelello nameng ho bolela lefu, empa ho beha kelello moyeng ho bolela bophelo le kgotso.” Haeba re phathahane ka dintho tse matlafatsang kamano ya rona le Modimo, re ba metswalle ya hae mme re ba le tshepo ya ho fumana bophelo bo sa feleng nakong e tlang.

8. Ke hobaneng ha re lokela ho sebetsa ka thata hore re be le kamano e ntle le Modimo?

8 Re phela lefatsheng le kotsi. Ka ha re phela hara batho ba baithati, re lokela ho sebetsa ka thata hore re sireletse kamano ya rona le Modimo. Haeba re sa dumelle hore Lentswe la Modimo le susumetse dikelello tsa rona, ho tla ba bonolo hore di susumetswe ke menahano ya lefatshe. Re ka thuswa keng ho qoba seo? Hona re ka ntlafatsa kamano ya rona le Modimo jwang?

MEHLALA EO RE KA ITHUTANG HO YONA

9. (a) Re ka thuswa keng hore re ntlafatse kamano ya rona le Modimo? (b) Re tlo bua ka mehlala efe?

9 Ngwana o hlalefa kapele haeba a etsisa mohlala o motle wa batswadi ba hae. Ka ho tshwanang, le rona re ka ntlafatsa kamano ya rona le Modimo ka ho etsisa mehlala ya bahlanka ba Jehova ba nang le tumelo e matla. Ka le hlakoreng le leng, re lokela ho qoba ho etsisa batho ba se nang kamano e ntle le Modimo. (1 Bakor. 3:1-4) Ka ha sepheo sa rona ke ho ntlafatsa kamano ya rona le Modimo, a re ke re tshohleng mehlala e seng mekae ya batho bao re lokelang ho ba etsisa. Re tla bua ka mohlala wa Jakobo, Maria le Jesu.

Re ka ithutang mohlaleng wa Jakobo? (Sheba serapa sa 10)

10. Jakobo o ile a bontsha jwang hore o na le kamano e ntle le Modimo?

10 A re qaleng ka mohlala wa Jakobo. Bophelo bo ne bo se bonolo ho Jakobo, jwalo ka ha ho le jwalo ho ba bangata ba rona kajeno. Ka mohlala, ka nako e nngwe abuti wa hae Esau o ne a batla ho mo bolaya. Ho feta moo, ntate wa mosadi wa Jakobo o ne a sa tshepahale mme o ile a leka ka makgetlo ho mo qhekella. Le hoja Jakobo a ne a potapotilwe ke baithati ba jwalo, o ile a dula a na le kamano e ntle le Modimo. O ne a na le tumelo tshepisong eo Jehova a neng a e entse ho Abrahama. Jwale, Jakobo o ile a hlokomela lelapa la hae hobane o ne a tseba hore le ne le tla phetha karolo ya bohlokwa ho phethahatsa tshepiso eo. (Gen. 28:10-15) Mantswe le diketso tsa Jakobo di bontsha hore o ne a dula a nahana ka thato ya Modimo. Ka mohlala, ha a tshohile hore Esau o tla mo bolaya, Jakobo o ile a re ho Modimo: “Ke a o rapela, ntopolle . . . Wena o itse: ‘Ntle ho pelaelo ke tla sebetsana hantle le wena mme ke tla etsa hore peo ya hao e be jwalo ka lehlabathe la lewatle.’” (Gen. 32:6-12) Ho hlakile hore o ne a na le tumelo tshepisong eo Jehova a neng a e entse ho baholoholo ba hae mme a phela tumellanong le yona.

Re ka ithutang mohlaleng wa Maria? (Sheba serapa sa 11)

11. Keng e bontshang hore Maria o ne a na le kamano e ntle le Modimo?

11 Jwale a re ke re bueng ka mohlala o mong, e leng wa Maria. Ke hobaneng ha Jehova a ile a mo kgetha hore e be mme wa Jesu? Ke hobane Maria o ne a na le kamano e ntle le Modimo. Re tseba seo jwang? Ha Maria a ne a tjhaketse Zakaria le Elizabetha, o ile a rorisa Jehova a ba a qotsa Mangolo. (Bala Luka 1:46-55.) Ho hlakile hore Maria o ne a rata Lentswe la Modimo, leo ka nako eo e neng e le Mangolo a Seheberu. (Gen. 30:13; 1 Sam. 2:1-10; Mal. 3:12) Hlokomela hape hore Maria le Josefa ba ile ba qoba ho etsa thobalano ho fihlela Jesu a tswalwa, le hoja ba ne ba sa tswa nyalana. Seo se bontshang ka bona? Se bontsha hore ka bobedi ba bona ba ne ba amehile ka ho etsa thato ya Jehova e seng ho kgotsofatsa ditakatso tsa bona. (Mat. 1:25) Ha nako e ntse e ya, Maria o ile ela hloko dintho tse neng di etsahala bophelong ba Jesu le tseo Jesu a neng a di bua. Maria o ile a boloka dintho tseo “kaofela ka pelong ya hae.” (Luka 2:51) Ho hlakile hore o ne a thahasella ho tseba thato ya Modimo mabapi le Mesia. E se eka re ka etsisa mohlala wa Maria ka hore thato ya Modimo e be yona e tlang pele bophelong ba rona.

12. (a) Jesu o ile a etsisa Ntate wa hae ka tsela efe? (b) Re ka etsisa mohlala wa Jesu jwang? (Sheba setshwantsho se qalong.)

12 Le ha ho le jwalo, mohlala o moholo ka ho fetisisa wa motho ya nang le kamano e ntle le Modimo ke wa Jesu. Bophelong bohle ba hae, Jesu o ne a etsisa Ntate wa hae Jehova. O ne a nahana le ho etsa dintho jwalo ka Jehova, a ikutlwa jwalo ka yena, a bile a phela tumellanong le thato ya Modimo le melao ya hae. (Joh. 8:29; 14:9; 15:10) Ka mohlala, ela hloko kamoo moprofeta Esaia a ileng a hlalosa kamoo Jehova a bontshang qenehelo kateng, mme o bapise tlaleho eo le seo Mareka a ileng a se bua ka Jesu. (Bala Esaia 63:9; Mareka 6:34.) A re etsiseng mohlala wa Jesu ka hore re qenehele batho ba bang ha ba le mathateng le ho ba thusa. Ho feta moo, Jesu o ile a itela e le hore a etse mosebetsi wa ho bolela ditaba tse molemo. (Luka 4:43) Haeba re etsisa Jesu tabeng ena, re tla be re bontsha hore re na le kamano e ntle le Modimo.

13, 14. (a) Re ka ithutang mehlaleng ya kajeno ya batho ba nang le kamano e ntle le Modimo? (b) Fana ka mohlala.

13 Ntle le mehlala e hlahang ka Mangolong, kajeno ho na le mehlala e mengata ya batho ba nang le kamano e ntle le Modimo le ba bontshang botho bo kang ba Kreste. Mohlomong o hlokometse kamoo bahlanka bana ba Jehova ba tjhesehang kateng tshimong le kamoo ba bontshang makgabane a kang lerato le qenehelo esita le ho amohela baeti. Ba etsa sena sohle e ntse e le batho ba nang le mefokolo jwalo ka rona. Ka mohlala, Moradiwabo rona Rachel ya dulang Brazil o re: “Ke ne ke le motho ya ratang feshene. Kahoo, ke ne ke sa apare ka tsela e hlomphehang. Empa ho ithuta Bibele ho ile ha nthusa hore ke etse diphetoho e le hore ke be le kamano e ntle le Modimo. Ho ne ho se bonolo ho etsa diphetoho tseo, empa ke ile ka thaba haholo ha ke se ke di entse.”

14 Reylene ya tswang Philippines yena o ile a tobana le bothata bo fapaneng. Moradi enwa wabo rona o ile a hahamalla thuto e phahameng le ho fumana mosebetsi o patalang tjhelete e ngata. O re: “Kamano ya ka le Modimo e ile ya qala ho fokola. Empa ke ile ka qala ho hlokomela hore ho ne ho na le ntho e shotang bophelong ba ka, e bohlokwa haholo ho feta mosebetsi wa ka. Kahoo, ke ile ka etsa diphetoho mme ka etsa hore ho sebeletsa Jehova e be yona ntho e tlang pele bophelong ba ka.” Haesale ho tloha ka nako eo, Reylene o ile a beha mohlala o motle tabeng ya ho phela ka tsela e bontshang hore o nka tshepiso ya Jehova e ho Matheu 6:33, 34 e le ya sebele. O re: “Ke kgodisehile hore Jehova o tla ntlhokomela!” E ka nna yaba ka phuthehong ya heno ho na le batho ba tshwanang le Reylene. E se eka re ka etsisa bahlanka bana ba Jehova ba tshepahalang jwalo ka ha le bona ba etsisa Kreste.—1 Bakor. 11:1; 2 Bathes. 3:7.

EBA LE “KELELLO YA KRESTE”

15, 16. (a) Re lokela ho etsang hore re tshwane le Kreste? (b) Re ka dumella “kelello ya Kreste” jwang hore e susumetse menahano ya rona?

15 Re ka etsisa Kreste jwang? Ho 1 Bakorinthe 2:16, Bibele e re re lokela ho ba le “kelello ya Kreste.” Athe Baroma 15:5 e re re lokela ho ba le “boikutlo ba kelello bo tshwanang le boo Kreste Jesu a neng a e na le bona.” Kahoo, hore re tshwane le Kreste re lokela ho tseba botho ba hae le tsela eo a nahanang ka yona, mme re latele mohlala wa hae. Jesu o ne a etsisa Modimo mme a nka kamano ya hae le yena e le ntho ya bohlokwa. Kahoo haeba re etsisa Jesu, re boetse re etsisa Jehova. Ke kahoo ho leng bohlokwa hakaana hore re ithute ho nahana ka tsela eo Jesu a nahanang ka yona.

16 Re ka etsa seo jwang? Barutuwa ba Jesu ba ile ba bona ha a etsa mehlolo, ba utlwa ha a ruta, ba bona tsela eo a neng a tshwara batho ka yona esita le kamoo a neng a sebedisa melaomotheo ya Modimo kateng. Ba ile ba re: “Re dipaki tsa dintho tsohle tseo a ileng a di etsa.” (Lik. 10:39) Empa rona ha re so ka re bona Jesu ka mahlo. Le ha ho le jwalo, Jehova o entse hore ka Bibeleng ho be le ditlaleho tse buang ka bophelo ba Jesu tse re thusang ho ithuta ka tsela eo a neng a nahana ka yona.Ha re bala dibuka tsa Bibele tsa Matheu, Mareka, Luka le Johanne re dumella monahano wa Kreste ho susumetsa menahano ya rona. Kahoo re kgona ho ‘latela mehato ya Kreste haufiufi’ le ho ba le ‘boikutlo ba kelello’ bo tshwanang le ba hae.—1 Pet. 2:21; 4:1.

17. Ho nahana jwalo ka Kreste ho tla re thusa jwang?

17 Ho ithuta ho nahana jwalo ka Kreste ho tla re thusa jwang? Jwalo ka ha ho iphepa dijo tse nang le phepo ho matlafatsa mmele ya rona, ho tlatsa dikelello tsa rona ka menahano ya Kreste ho tla matlafatsa kamano ya rona le Modimo. Re tla qetella re se re tseba hore na Kreste o ne a tla etsang boemong ka bong boo re kopanang le bona. Kahoo, re tla etsa diqeto tse bohlale tse etsang hore Modimo a re amohele le tse etsang hore re be le letswalo le hlwekileng. Ha re nahana ka melemo ena yohle, ha re makale hore na ke hobaneng ha Bibele e re re “apare Morena Jesu Kreste”!—Bar. 13:14.

18. O ithutileng sehloohong see tabeng ya ho ba le kamano e ntle le Modimo?

18 Re ithutile hore na ho bolelang ho ba le kamano e ntle le Modimo. Re ile ra boela ra bona hore re ka ithuta ho hongata mehlaleng ya batho ba nang le kamano e ntle le Modimo. Qetellong, re ithutile kamoo ho ba le “kelello ya Kreste” ho re thusang kateng ho ba le kamano e ntle le Modimo. Le ha ho le jwalo, ho sa ntse ho na le dintho tse ding tseo re lokelang ho ithuta tsona tabeng ena. Ka mohlala, re ka tseba jwang hore kamano ya rona le Modimo e matla hakae? Na ho na le dintho tse ding hape tse ka re thusang ho ba le kamano e ntle le Modimo? Hape, ho ba le kamano e ntle le Modimo ho lokela ho ama bophelo ba rona ba letsatsi le letsatsi jwang? Sehlooho se latelang se tla araba dipotso tsena.