Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lula U E-na le Kamano e Ntle le Jehova

Lula U E-na le Kamano e Ntle le Jehova

“Le ’ne le tsamaee ka moea.”BAGAL. 5:16.

LIPINA: 136, 10

1, 2. Mor’abo rona e mong o ile a hlokomela hore o na le bothata bofe, hona o ile a etsa’ng ka bothata boo?

MOR’ABO RONA ROBERT o kolobelitsoe a le lilemo li 15. Leha ho le joalo, o ne a sa nke ho sebeletsa Jehova e le eona ntho e tlang pele bophelong ba hae. O re: “Ha ho letho le phoso leo ke neng ke le etsa. Empa ke ne ke etsa lintho feela ho ea ka tloaelo. Ke ne ke shebahala ke e-na le kamano e ntle le Jehova hobane ke lula ke le teng libokeng ’me khafetsa ke e-ba pula-maliboho ea thusang. Empa ho ne ho e-na le ntho e haellang.”

2 Mor’abo rona Robert o ne a sa utloisise hore na bothata bo hokae ho fihlela a nyala. Eena le mohats’ae ba ne ba ikhatholla ka ho botsana lipotso tsa Bibele. Kaha mohats’ae o ne a tseba Bibele hantle, o ne a khona ho li araba. Empa kaha mor’abo rona Robert eena o ne a hloleha ho li araba, o ne a ikutloa a soabile. O re: “E ne eka ha ho letho leo ’na ke le tsebang. Ke ile ka nahana ka re, ‘Haeba ke batla ho ba hlooho e nepahetseng bakeng sa mosali oa ka, ke lokela ho etsa liphetoho.’” O ile a fela a etsa joalo. O re: “Ke ile ka ithuta Bibele khafetsa-khafetsa eaba ke qala ho e utloisisa. Taba ea bohlokoa le ho feta ke hore ke ile ka ba le kamano e ntle le Jehova.”

3. (a) Ke lintho life tseo re ka ithutang tsona paleng ea mor’abo rona Robert? (b) Re tl’o araba lipotso life tsa bohlokoa?

3 Ho na le lintho tsa bohlokoa tseo re ka ithutang tsona paleng ena ea mor’abo rona Robert. Le hoja re ka tseba Bibele, ra ea libokeng le tšimong kamehla, ha se hore re se re e-na le kamano e ntle le Jehova. Esita le haeba re ntse re leka ho matlafatsa kamano ea rona le eena, re ka hlokomela hore ho na le liphetoho tseo re lokelang ho li etsa. (Bafil. 3:16) Sehloohong sena re tla araba lipotso tsena tsa bohlokoa: (1) Re ka thusoa ke’ng hore re itlhahlobe hore na kamano ea rona le Jehova e matla hakae? (2) Re ka etsa’ng ho matlafatsa kamano ea rona le Jehova? (3) Ho lula re e-na le kamano e ntle le Jehova ho ka re tsoela molemo joang?

ITLHAHLOBE

4. Lengolo la Baefese 4:23, 24 le eletsa bo-mang?

4 Ha re qala ho sebeletsa Molimo, re ile ra etsa liphetoho bophelong ba rona. Le ka mor’a hore re kolobetsoe re ile ra ’na ra etsa liphetoho. Bibele e re re ne re “nchafale matleng a susumetsang likelello” tsa rona. (Baef. 4:23, 24) Kaha ha rea phethahala, re lokela ho tsoela pele re etsa liphetoho bophelong ba rona. Esita le haeba re e-na le lilemo re sebeletsa Jehova, re lokela ho lula re matlafatsa kamano ea rona le eena.—Bafil. 3:12, 13.

5. Ke lipotso life tse ka re thusang ho itlhahloba?

5 Ho sa tsotellehe hore na re bacha kapa re se re holile, re lokela ho itlhahloba ka botšepehi. Ipotse: ‘Na ke etsa liphetoho tse bontšang hore ke batla ho ba le kamano e ntle le Jehova? Na ke na le makhabane a tšoanang le a Jesu? Tsela eo ke itšoarang ka eona le eo ke etsang lintho ka eona ha ke le libokeng e bontša ke le motho ea joang? Lintho tseo ke li buang li bontša hore ke lintho life tse tlang pele bophelong ba ka? Tsela eo ke ithutang Bibele ka eona, eo ke aparang le ho itlhopha ka eona le eo ke itšoarang ka eona ha ke khalemeloa e bontša ke le motho ea joang? Ke etsa’ng ha ho hlaha maemo ao ho ’ona ho ka bang thata hore ke lule ke tšepahala? Na setsoalle sa ka le Jehova se matla?’ (Baef. 4:13) Ho nahana ka lipotso tsena ho tla re thusa ho itlhahloba hantle hore na kamano ea rona le Jehova e ntse e matlafala hakae.

6. Ke’ng hape e ka re thusang ho itlhahloba hore na kamano ea rona le Jehova e matla hakae?

6 Ka linako tse ling re ka hloka hore batho ba bang ba re thuse ho matlafatsa kamano ea rona le Jehova. Moapostola Pauluse o ile a re motho ea se nang kamano e ntle le Jehova ha a hlokomele hore tsela eo a phelang ka eona ha e khahlise Molimo. Empa motho ea nang le kamano e ntle le Molimo eena, oa utloisisa hore na Jehova o ikutloa joang. Hape oa tseba hore Jehova ha a rate ha re phela joaloka batho bao e seng metsoalle ea hae. (1 Bakor. 2:14-16; 3:1-3) Kaha baholo ba nahana ka tsela eo Jesu a nahanang ka eona, ba atisa ho bona esale pele ha motho a suthela hole le Jehova ’me ba leka ho mo thusa. Na re mamela keletso ea bona ha ba leka ho re thusa? Haeba re etsa joalo, re tla be re bontša hore re batla ho matlafatsa kamano ea rona le Jehova.—Moek. 7:5, 9.

MATLAFATSA KAMANO EA HAO LE JEHOVA

7. Ke hobane’ng ha ho tseba Bibele ho sa bolele hore re se re e-na le kamano e ntle le Jehova?

7 Ho tseba Bibele ha ho bolele hore re se re e-na le kamano e ntle le Jehova. Morena Solomone o ne a tseba lintho tse ngata ka Jehova. A mang a mantsoe a Solomone a ile a ngoloa ka Bibeleng. Empa hamorao, kamano ea hae le Jehova e ile ea fokola eaba o khaotsa ho tšepahalla Jehova. (1 Mar. 4:29, 30; 11:4-6) Joale ntle le ho tseba Bibele, re lokela ho etsa’ng hape? Re lokela ho lula re matlafatsa tumelo ea rona. (Bakol. 2:6, 7) Re ka etsa joalo joang?

8, 9. (a) Re ka etsa’ng ho matlafatsa tumelo ea rona? (b) Sepheo sa rona e lokela ho ba sefe ha re ithuta Lentsoe la Molimo ’me re nahanisisa ka lintho tseo re ithutileng tsona? (Sheba setšoantšo se qalong.)

8 Moapostola Pauluse o ile a eletsa Bakreste ba mehleng ea hae hore ba ‘hatele pele ka matla khōlong e feletseng.’ (Baheb. 6:1) Re ka etsa’ng ho bontša hore re mamela keletso eo? Ntho e ’ngoe ea bohlokoa eo re ka e etsang ke ho ithuta buka ea Le Ipoloke Leratong la Molimo.” Ha re ithuta buka eo, re tla utloisisa melao-motheo ea Bibele ’me re e sebelise bophelong ba rona. Haeba re se re ithutile eona, re ka boela ra bala lingoliloeng tse ling tse ka re thusang hore re matlafatse tumelo ea rona. (Bakol. 1:23) Re boetse re lokela ho nahanisisa ka lintho tseo re ithutileng tsona ’me re kope Jehova hore a re thuse ho li sebelisa.

9 Ha re ithuta Lentsoe la Molimo re bile re nahanisisa ka lintho tseo re ithutileng tsona, re lokela ho etsa joalo ka sepheo sa hore re khahlise Jehova ’me re mamele melao ea hae. (Pes. 40:8; 119:97) Re boetse re lokela ho sebetsa ka thata ho tlohela lintho tse tla re sitisa ho matlafatsa setsoalle sa rona le Jehova.—Tite 2:11, 12.

10. Bacha ba ka etsa’ng ho matlafatsa kamano ea bona le Jehova?

10 Haeba u mocha, na u ikemiselitse ho sebeletsa Jehova haholoanyane? Mor’abo rona e mong ea sebetsang Bethele o tloaetse ho bua le bacha ba il’o kolobetsoa kopanong ebe oa ba botsa hore na ba ikemiselitse ho sebeletsa Jehova haholoanyane joang. Boholo ba bona baa bontša hore ba ile ba nahanisisa ka hore na ba tla sebeletsa Jehova joang. Ba bang ba batla ho ba bo-pula-maliboho kapa ba sebetse moo ho hlokehang bahoeletsi ba eketsehileng. Leha ho le joalo, ho na le bacha ba bang ba sa tsebeng hore na ba arabe potso eo joang. Na lebaka ke hore ha ba e-s’o bone bohlokoa ba ho eketsa tšebeletso ea bona? Haeba u mocha, ipotse: ‘Na ke ea libokeng le tšimong hobane feela batsoali ba ka ba batla hore ke ee? Na ke iketselitse setsoalle le Jehova?’ Kaofela re lokela ho ikemisetsa ho sebeletsa Jehova haholoanyane ho sa tsotellehe hore na re bacha kapa re se re holile. Ha re etsa joalo, kamano ea rona le Jehova e tla matlafala.—Moek. 12:1, 13.

11. (a) Re lokela ho etsa’ng e le hore re be le kamano e ntle le Molimo? (b) Ke mohlala ofe o hlahang ka Bibeleng oa motho eo re ka mo etsisang?

11 Ka mor’a ho itlhahloba hore na re lokela ho etsa liphetoho hokae, re lokela ho nka mehato e tla re thusa hore re li etse. Ho bohlokoa hore re be le kamano e ntle le Jehova kaha ho ka bolela bophelo empa ho se be le eona ho ka bolela lefu. (Bar. 8:6-8) Jehova ha aa lebella hore re phethahale e le hore re be metsoalle ea hae. A ka re thusa ka moea o halalelang. Empa re lokela ho sebetsa ka thata e le hore re be le kamano e ntle le Molimo. Mor’abo rona John Barr eo e neng e le setho sa Sehlopha se Busang o ile a bua ka Luka 13:24 a re: “Ba bangata baa hloleha hobane ha ba mafolofolo ka ho lekaneng hore ba be matla.” Re lokela ho tšoana le Jakobo ea ileng a loana le lengeloi ho fihlela le mo hlohonolofatsa. (Gen. 32:26-28) Le hoja ho bala Bibele ho le monate, ha rea lokela ho e bala ka sepheo sa ho itlosa bolutu joalokaha eka ke buka ea lipale. Re lokela ho sebetsa ka thata hore re ithute lintho tsa bohlokoa ho eona.

12, 13. (a) Re ka thusoa ke’ng ho mamela keletso e ho Baroma 15:5? (b) Re ithuta’ng ho moapostola Petrose? (c) Re ka etsa’ng ho matlafatsa kamano ea rona le Jehova? (Sheba lebokose le reng “ U ka Matlafatsa Kamano ea Hao le Molimo Joang?”)

12 Ha re ntse re sebetsa ka thata ho matlafatsa kamano ea rona le Jehova, moea o halalelang o tla re thusa hore re fetole tsela eo re nahanang ka eona. O tla re thusa hore hanyane ka hanyane re nahane lintho ka tsela eo Jesu a neng a nahana ka eona. (Bar. 15:5) O tla boela o re thuse ho qoba menahano e fosahetseng ’me re be le makhabane ao Jehova a batlang hore re be le ’ona. (Bagal. 5:16, 22, 23) Haeba re hlokomela hore re lula re nahana ka maruo kapa menyaka, ha rea lokela ho iphella pelo. Re lokela ho tsoela pele re kopa Jehova hore a re thuse ka moea o halalelang e le hore re nahane ka lintho tse nepahetseng. (Luka 11:13) Nahana ka moapostola Petrose. Ka linako tse ling o ne a sa nahane lintho ka tsela eo Jesu a nahanang ka eona. (Mat. 16:22, 23; Luka 22:34, 54-62; Bagal. 2:11-14) Kaha ha aa ka a nyahama, Jehova o ile a mo thusa. Butle-butle o ile a ithuta ho nahana ka tsela eo Jesu a nahanang ka eona. Le rona re ka mo etsisa.

13 Hamorao Petrose o ile a bua ka makhabane a ka re thusang. (Bala 2 Petrose 1:5-8.) Re lokela ho sebetsa ka thata ho ba le boitšoaro, mamello, boikutlo bo mofuthu ba bara ba motho le makhabane a mang. Letsatsi le letsatsi re lokela ho ipotsa, ‘Ke lokela ho loanela ho ba le makhabane afe e le hore ke matlafatse kamano ea ka le Jehova?’

LULA U SEBELISA MELA-MOTHEO EA BIBELE

14. Ho nahana lintho ka tsela eo Jesu a nahanang ka eona, ho tla ama bophelo ba rona joang?

14 Ho nahana lintho ka tsela eo Jesu a nahanang ka eona, ho tla ama tsela eo re itšoarang ka eona ha re le mosebetsing kapa sekolong. Ho tla boela ho ame tsela eo re buang ka eona hammoho le eo re etsang liqeto ka eona letsatsi le letsatsi. Liqeto tsa rona li tla bontša hore re leka ho etsisa Jesu. Ha rea lokela ho etsa letho le tla senya kamano ea rona le Jehova. Re tla sireletsa kamano ea rona le Jehova esita leha ho hlaha maemo ao ho ’ona ho ka bang thata hore re lule re tšepahala. Pele re etsa liqeto re lokela ho nahana ka lipotso tse latelang: ‘Ke melao-motheo efe ea Bibele e ka nthusang? Jesu o ne a tla etsa’ng boemong boo? Ke qeto efe e tla thabisa Jehova?’ Re lokela ho itloaetsa ho nahana ka tsela ena. Kahoo, a re hlahlobeng maemo a ka hlahang. Mohlaleng ka mong, re tla bua ka Lengolo le ka re thusang ho etsa qeto e nepahetseng.

15, 16. Ho nahana ka tsela eo Jesu a nahanang ka eona ho ka u thusa joang hore u etse qeto e nepahetseng (a) ha u khetha molekane? (b) ha u khetha metsoalle?

15 Ha u khetha molekane. Molao-motheo o hlaha ho 2 Bakorinthe 6:14, 15. (E bale.) Pauluse o ile a hlakisa hore motho ea nang le kamano e ntle le Molimo o fapane le ea se nang eona. Ha ba bone lintho ka tsela e tšoanang. Molao-motheo oo o ka u thusa joang ha u khetha molekane?

16 Ha u khetha metsoalle. Molao-motheo o hlaha ho 1 Bakorinthe 15:33 (E bale.) Ha motho e le motsoalle oa Jehova a ke ke a iketsa motsoalle oa batho ba ka senyang setsoalle seo. Nahana hore na u ka sebelisa molao-motheo oo maemong afe. Mohlala, o ka u thusa joang hore u be seli ha u sebelisa mecha ea puisano? O ka u thusa joang hore u etse qeto ea hore na u tla bapala geimi Inthaneteng le motho eo u sa mo tsebeng kapa che?

Na liqeto tsa ka li tla nthusa hore ke be le kamano e matla le Jehova, ke ikemisetse ho mo sebeletsa ’me ke “be le khotso le batho bohle”? (Sheba lirapa 17-19

17-19. Ho ba le kamano e ntle le Jehova ho ka re thusa joang (a) ho qoba lintho tse se nang thuso? (b) ho khetha ho sebeletsa Jehova? (c) ho sebetsana le liqabang?

17 Lintho tse ka senyang kamano ea rona le Jehova. Ho na le keletso ea bohlokoa e hlahang ho Baheberu 6:1. (E bale.) ‘Mesebetsi e shoeleng’ eo re lokelang ho e qoba ke efe? Ke lintho tsohle tse se nang thuso tse ke keng tsa re thusa hore re matlafatse kamano ea rona le Jehova. Molao-motheo ona o ka re thusa ho araba lipotso tse kang: ‘Na ntho ee e oela tlas’a mesebetsi e shoeleng? Na ke lokela ho kena khoebong ee? Ke hobane’ng ha ke sa lokela ho ba karolo ea mekhatlo e lekang ho fetola maemo a lefatše?’

Na liqeto tsa ka li tla nthusa hore ke be le kamano e matla le Jehova, ke ikemisetse ho mo sebeletsa ’me ke “be le khotso le batho bohle”? (Sheba lirapa 17-19)

18 Khetha ho sebeletsa Jehova. E ’ngoe ea lintho tseo Jesu a ileng a bua ka tsona Thutong ea Thabeng ke hore ho bohlokoa ho sebeletsa Jehova. (Mat. 6:33) Motho ea ratang ho sebeletsa Jehova o etelletsa ’Muso oa Molimo pele bophelong ba hae. Molao-motheo ona o ka re thusa ho araba lipotso tsena: ‘Na ke lokela ho ntšetsa pele lithuto tsa ka ka hore ke ee univesithi? Na ke lokela ho amohela mosebetsi o mong le o mong oo ke o fumanang?’

Na liqeto tsa ka li tla nthusa hore ke be le kamano e matla le Jehova, ke ikemisetse ho mo sebeletsa ’me ke “be le khotso le batho bohle”? (Sheba lirapa 17-19)

19 Ho sebetsana le liqabang. Keletso ea Pauluse e eang ho phutheho ea Roma e ka re thusa ha ho e-na le liqabang lipakeng tsa rona le ba bang. (Bar. 12:18) Re lokela hore re “be le khotso le batho bohle.” Re itšoara joang ha ho e-ba le liqabang? Na re thatafalloa ho amohela maikutlo a ba bang kapa re tsebahala re le batho ba potlakelang ho bopa khotso?—Jak. 3:18.

20. Ke hobane’ng ha u ikemiselitse ho holisa kamano ea hao le Jehova?

20 Mehlala ena e re ruta kamoo melao-motheo ea Bibele e ka re thusang kateng ho etsa liqeto tse tla bontša hore re tataisoa ke moea oa Molimo. Haeba re nahana lintho ka tsela eo Jehova a nahanang ka eona, re tla lula re khotsofetse re bile re thabile. Mor’abo rona Robert eo re buileng ka eena pejana o re: “Ka mor’a hore ke sebeletse ho ba le kamano e ntle le Jehova, ke ile ka ba monna ea molemo ho molekane oa ka ’me ka ba ntate oa sebele ho bana ba ka. Ke khotsofetse ebile ke thabile.” Haeba re sebetsa ka thata ho holisa setsoalle sa rona le Jehova, O tla re hlohonolofatsa haholo. Re tla lula re thabile hona joale esita le nakong e tlang ’me re fumane “bophelo ba sebele.”—1 Tim. 6:19.