Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tswela Pele ho Ntlafatsa Kamano ya Hao le Modimo!

Tswela Pele ho Ntlafatsa Kamano ya Hao le Modimo!

Le nne le tsamaye ka moya.”BAGAL. 5:16.

DIPINA: 136,10

1, 2. Morabo rona e mong o ile a etsang ha a bona hore ho na le ntho e haellang kamanong ya hae le Jehova, mme o ile a lokisa dintho jwang?

ROBERT o ile a kolobetswa e sa le motjha, empa o ne a sa nke kamano ya hae le Modimo e le ya bohlokwa. O re: “Ke ne ke sa etse letho le fosahetseng, empa ke ne ke ya dibokeng feela hobane e ne e le tlwaelo. Ke ne ke bonahala ke le motho ya nang le kamano e ntle le Jehova, ke dula ke le teng dibokeng ebile ke nka bopulamadiboho bo thusang ka makgetlo a mmalwa selemong. Empa ho ne ho na le ntho e shotang.”

2 Robert ha a ka a hlokomela hore ho na le ho hong hoo a neng a sa ho etse hantle, ho fihlela ha a se a nyetse. Ka letsatsi le leng ha a ntse a phomotse le mosadi wa hae, ba ile ba qala ho botsana dipotso ka ditlaleho tse hlahang ka Bibeleng. Mosadi wa hae o ne a ithuta Bibele kamehla, kahoo ho ne ho le bonolo hore a arabe dipotso tseo, empa Robert o ile a iphumana a se a swabile hobane yena a sa kgone ho di araba. Robert o re: “E ne eka ha ke tsebe letho. Letsatsing leo ke ile ka ipolella hore haeba ke tlo ba hlooho ya mosadi wa ka, ke lokela ho ntlafatsa.’” Robert o ile a feela a etsa jwalo. O re: “Ke ile ka ithuta Bibele, ka etsa dipatlisiso mme ka qala ho e utlwisisa. Kahoo, kamano ya ka le Jehova e ile ya matlafala, e leng yona ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa.”

3. (a) Re ka ithutang mohlaleng wa Robert? (b) Re tlo tshohla dipotso dife?

3 Re ka ithuta dintlha tsa bohlokwa ho se ileng sa etsahalla Robert. E ka nna yaba re na le tsebo e itseng ya Bibele ebile kamehla re dula re le dibokeng tsa Bokreste le badumedi mmoho le rona, empa ho etsa dintho tsena ha ho bolele hore re na le kamano e ntle le Modimo. Kapa mohlomong re se re ntlafaditse kamano ya rona le Modimo, empa ha re tswela pele ho itlhahloba, re tla bona dintho tse ding tseo re ka ntlafatsang ho tsona. (Bafil. 3:16) E le hore re tswele pele ho ntlafatsa kamano ya rona le Jehova, re lokela ho ipotsa dipotso tsena tse tharo: (1) Keng e ka re thusang ho bona hore na kamano ya rona le Modimo e ntse e tiile? (2) Re ka etsang hore re be le kamano e ntle le Modimo mme re tswele pele ho e ntlafatsa? (3) Kamano e matla le Modimo e ka re thusa jwang bophelong ba letsatsi le letsatsi?

HO ITLHAHLOBA

4. Keletso e hlahang lengolong la Baefese 4:23, 24 e lebisitswe ho bomang?

4 Ha re ne re etsa qeto ya ho sebeletsa Modimo, re ile ra fetola bophelo ba rona. Le ha re se re kolobeditswe re ntse re tswela pele ho etsa diphetoho. Bibele e re bolella hore re lokela ho tswela pele re ‘ntjhafala matleng a susumetsang dikelello tsa rona.’ (Baef. 4:23, 24.) Ka ha ha re a phethahala, re lokela ho tswela pele ho etsa diphetoho. Le batho ba seng ba sebeleditse Jehova ka dilemo tse ngata, ba ntse ba lokela ho tswela pele ba ntlafatsa kamano ya bona le Modimo.—Bafil. 3:12, 13.

5. Ke dipotso dife tse ka re thusang ho itlhahloba?

5 E le hore re ntlafatse kamano ya rona le Modimo, re lokela ho itlhahloba ka botshepehi. Ho sa tsotellehe hore na re batjha kapa re se re tsofetse, re lokela ho ipotsa dipotso tsena: ‘Na ke bona diphetoho bophelong ba ka, tse bontshang hore ke na le kamano e ntle le Modimo? Na botho ba ka bo bontsha hore ke batla ho etsisa Kreste? Na tsela eo ke itshwarang ka yona ha ke le dibokeng e bontsha hore kamano ya ka le Modimo e matlafetse? Dintho tseo ke ratang ho bua ka tsona di bontshang ka seo ke batlang ho se finyella bophelong? Tsela eo ke ithutang Bibele, ke aparang ka yona, le eo ke itshwarang ka yona ha ke kgalemelwa, e bontsha hore ke motho wa mofuta ofe? Ke etsa jwang ha ke tobane le diteko? Na ke tseba dithuto tsa motheo tsa Bibele feela, kapa ke se ke le Mokreste ya tsebang dithuto tsa Bibele ka ho hlakileng?’ (Baef. 4:13) Ho nahana ka dikarabo tsa dipotso tsena ho tla re thusa ho ntlafatsa kamano ya rona le Modimo.

6. E le hore re hlokomele hore na re na le kamano e ntle le Jehova, re ka thuswa keng?

6 Ka dinako tse ding batho ba bang ba ka re thusa ha ba hlokomela hore kamano ya rona le Modimo e se e fokola. Moapostola Pauluse o ile a re motho ya se nang kamano e ntle le Modimo ha a hlokomele hore tsela eo a phelang ka yona ha e kgahlise Modimo. Empa ka lehlakoreng le leng, motho ya nang le kamano e ntle le Modimo o tseba se nepahetseng le se fosahetseng mahlong a Modimo. (1 Bakor. 2:14-16; 3:1-3) Ka ha baholo ba na le kelello ya Kreste, ba kgona ho hlokomela ka pele ha Mokreste mmoho a qala ho etsa dintho tse sa thabiseng Jehova. Haeba ba leka ho re thusa, na re amohela thuso ya bona? Haeba re ba mamela, re tla be re bontsha hore re batla ho ba le kamano e ntle le Modimo.—Moek. 7:5, 9.

E BA LE KAMANO E NTLE LE MODIMO

7. Ke hobaneng ha ho tseba Bibele ho sa lekana hore motho a be le kamano e ntle le Modimo?

7 Ha motho a tseba Bibele, seo ha se bolele hore o na le kamano e ntle le Modimo. Morena Solomone wa boholoholo o ne a na le tsebo e ngata ka Jehova. Hamorao mantswe a hae a ile a ngolwa ka Bibeleng. Empa kamano ya hae le Jehova e ile ya qala ho fokola, yaba o hloleha ho mo tshepahalla. (1 Mar. 4:29, 30; 11:4-6) Jwale, ntle le ho tseba Bibele, keng hape eo re lokelang ho e etsa? Re lokela ho tswela pele re matlafatsa kamano ya rona le Modimo. (Bakol. 2:6, 7) Empa re ka etsa seo jwang?

8, 9. (a) Keng e tla re thusa hore kamano ya rona le Modimo e be e tsitsitseng? (b) Sepheo sa rona ke sefe ha re ithuta Bibele re bile re nahanisisa ka yona? (Sheba setshwantsho se qalong.)

8 Pauluse o ile a eletsa Bakreste ba mehleng ya hae hore ba ‘hatele pele kgolong e felletseng.’ (Baheb. 6:1) Ke mehato efe eo re ka e nkang hore re sebedise keletso ya Pauluse kajeno? Mohato wa bohlokwa ka ho fetisisa ke wa ho ithuta buka ya Le Ipoloke Leratong la Molimo.” Ho qeta buka eo ho tla o thusa hore o tsebe ho sebedisa melaomotheo ya Bibele. Haeba o se o e qetile, mohlomong o ka bala dibuka tse ding tse tla etsa hore kamano ya hao le Modimo e tsitse. (Bakol. 1:23) Re boetse re lokela ho kopa Jehova hore a re bontshe hore na re ka sebedisa seo re ithutang sona jwang bophelong ba rona.

9 Re nahanisisa ka seo re ithutang sona hobane re rata Jehova mme re batla ho mamela melao ya hae. (Pes. 40:8; 119:97) Ho etsa jwalo ho tla boela ho re thuse ho qoba dintho tse tla senya kamano ya rona le Modimo.—Tite 2:11, 12.

10. Batjha ba ka etsang hore ba be le kamano e ntle le Modimo?

10 Haeba o motjha, na ho na le seo o lakatsang ho se finyella tshebeletsong ya Modimo? Morabo rona e mong ya sebeletsang Bethele, o rata ho bua le batho ba tlo kolobetswa kopanong pele lenaneo le qala. Ba bangata ba bona ke batjha. Morabo rona o ba botsa hore na ba batla ho finyella eng tshebeletsong ya Jehova. Ba bangata ba mo fa dikarabo tse bontshang hore ba kgodisehile ka seo ba batlang ho se etsa tshebeletsong ya Modimo. Ba bang ba re ba batla ho kenela tshebeletso ya nako e tletseng kapa ba ye tlhokahalong. Empa ka dinako tse ding ho ba le ba sa tsebeng hore na ba arabe jwang. Na seo se bontsha hore batjha baa, ha ba so etse qeto ya hore na ba batla ho etsang ka bophelo ba bona? Haeba o motjha, o ka nna wa ipotsa: ‘Na ke sebeletsa Modimo hobane feela ke batla ho kgahlisa batswadi ba ka? Na kamano ya ka le Modimo e ntse e ntlafala?’ Ha e le hantle kaofela ha rona re lokela ho tseba hore na re batla ho finyellang tshebeletsong ya Modimo. Ho etsa jwalo ho tla etsa hore kamano ya rona le Jehova e be matla.—Moek. 12:1, 13.

11. (a) Re lokela ho etsang haeba re batla ho ntlafatsa kamano ya rona le Modimo? (b) Ke mohlala ofe o hlahang ka Bibeleng, oo re ka o etsisang?

11 Ha re se re bone hore na re ka ntlafatsa hokae, re lokela ho etsa jwalo ka potlako. Ho ba le kamano e ntle le Modimo ke ntho ya bohlokwa, hobane haeba re se na yona re ka lahlehelwa ke bophelo bo sa feleng. (Bar. 8:6-8) Jehova ha a lebella hore re be batho ba sa etseng diphoso, ebile o re thusa ka moya wa hae o halalelang. Empa re hloka ho sebetsa ka thata ho etsa diphetoho. Ha Morabo rona John Barr, eo e neng e le e mong wa Sehlopha se Busang a bua ka Luka 13:24, o ile a re: “Ba bangata ba a hloleha hobane ha ba ikitlaetse ka matla hore ba hole.” Re lokela ho tshwana le Jakobo, ya sa kang a tlohela ho lwana le lengeloi ho fihlela le mo hlohonolofatsa. (Gen. 32:26-28) Ke nnete hore ho bala Bibele ho monate, empa ha re a lokela ho e bala feela ho itlosa bodutu. Re lokela ho e bala ka sepheo sa ho fumana matlotlo a ka re thusang.

12, 13. (a) Keng e ka re thusang hore re sebedise lengolo la Baroma 15:5? (b) Mohlala wa moapostola Petrose o ka re tswela molemo jwang? (c) O ka etsang e le hore o be le kamano e ntle le Modimo? (Sheba lebokose le reng “Mehato ya Seo o ka se Etsang e le Hore o be le Kamano e Ntle le Modimo.”)

12 Moya o halalelang o tla re thusa hore re be le kamano e ntle le Modimo. Moya ona o tla re thusa hore re nahane jwalo ka Kreste. (Bar. 15:5.) Ho feta moo, moya ona o tla re thusa hore re be le makgabane a tshwanang le a Modimo. (Bagal. 5:16, 22, 23) Haeba o hlokomela hore o dula o nahana ka ho fumana maruo, kopa Jehova hore a o thuse ka moya wa hae o halalelang. Moya oo o tla o thusa hore o nahane ka dintho tse ruisang molemo. (Luka 11:13) Hopola mohlala wa moapostola Petrose. Ka makgetlo a mangata, o ne a etsa dintho tse bontshang hore ha a tshepe Modimo. (Mat. 16:22, 23; Luka 22:34, 54-62; Bagal. 2:11-14) Empa ha a ka a nyahama. Hanyane ka hanyane, ka thuso ya Jehova, Petrose o ile a qala ho nahana jwalo ka Kreste. Le rona re ka etsa se tshwanang.

13 Hamorao Petrose o ile a re bolella hore ke dintho dife tseo re lokelang ho ntlafatsa ho tsona. (Bala 2 Petrose 1:5-8.) Ha re ntse re etsa “boiteko bohle bo tiileng” ho ntlafatsa botho ba rona dinthong tse kang, boitshwaro, mamello, boikutlo bo mofuthu ba bara ba motho, dintho tsena di tla re thusa hore re tswele pele re ntlafatsa kamano ya rona le Jehova. Letsatsi le letsatsi ipotse, ‛Nka ntlafatsa hokae kajeno?’

HO SEBEDISA MELAOMOTHEO YA BIBELE BOPHELONG BA RONA

14. Ho ba le kamano e ntle le Modimo ho ka ama bophelo ba hao jwang?

14 Ho nahana jwalo ka Kreste ho ka ama tsela eo re itshwarang ka yona ha re le sekolong le mosebetsing. Ho ka boela ha ama le tsela eo re buang le ho etsa diqeto ka yona. Diqeto tseo di tla bontsha hore re ikitlaetsa ho ba balatedi ba Kreste. Ha re batle hore ntho le ha e le efe e senye kamano ya rona le Ntate wa rona wa lehodimong. Kahoo re leka ka matla hore re tshepahale ha re tobana le diteko. Ha o etsa diqeto, ipotse: ‛Nka thuswa ke molaomotheo ofe? Kreste yena o ne a tla etsang boemong boo? Ke qeto efe e tla thabisa Jehova?’ A re ke re hlahlobe mehlala e mmalwa e tla re thusa ho itlwaetsa ho nahana ka tsela ena. Hlokomela kamoo melaomotheo ya Bibele e sa tshwaneng e sebedisitsweng kateng mehlaleng e latelang ho re thusa ho etsa diqeto tse napahetseng.

15, 16. Fana ka mehlala e bontshang hore na ho nahana jwalo ka Kreste ho re thusa jwang ha re etsa diqeto tse amanang le (a) ho kgetha molekane. (b) ho kgetha metswalle.

15 Ho kgetha molekane. Molaomotheo o buang ka taba ena o hlaha lengolong la 2 Bakorinthe 6:14, 15. (Le bale.) Mantswe a Pauluse a bontsha ka ho hlaka hore motho ya nang le kamano e ntle le Modimo, a ke ke a thabela ho phela le motho ya se nang yona. Re ka sebedisa keletso ya Pauluse jwang ha re kgetha molekane?

16 Ho kgetha metswalle. Ela hloko molaomotheo o hlahang ho 1 Bakorinthe 15:33 (E bale.) Motho ya ratang Modimo a ke ke a itswakanya le batho ba ka senyang kamano ya hae le Modimo. E le hore re kgethe metswalle ka bohlale, re ka nna ra ipotsa: ‘Molaomotheo ona o ka nthusa jwang hore ke etse diqeto tse nepahetseng ha ke sebedisa metjha ya puisano? Na ke lokela ho bapala dipapadi tsa Inthanete le batho bao ke sa ba tsebeng?’

Na diqeto tsa ka di etsa hore ke matlafatse kamano ya ka le Modimo, ke atolose tshebeletso ya ka le ho bopa kgotso le batho? (Sheba serapa sa 17)

17-19. Ho ba le kamano e ntle le Modimo ho ka o thusa jwang hore o (a) qobe ho hahamalla dintho tse se nang thuso? (b) ikemisetse ho finyella dintho tse itseng bophelong? (c) rarolle diqabang?

17 Dintho tse re sitisang ho ntlafatsa kamano ya rona le Modimo. Pauluse o ile a lemosa Bakreste mmoho le yena ka dintho tse jwalo. (Bala Baheberu 6:1.) Ke mesebetsi efe “e shweleng” eo re lokelang ho e qoba? Ke dintho le ha e le dife tse sa matlafatseng kamano ya rona le Modimo. Molaomotheo ona o ka re thusa ho araba dipotso tse kang: ‘Na ntho ee ke e nngwe ya dintho tse se nang thuso? Na ke lokela ho kenela kgwebo ee? Ke hobaneng ha ke sa lokela ho kenela mekgatlo e lwanelang ditokelo tsa batho?’

Na diqeto tsa ka di etsa hore ke matlafatse kamano ya ka le Modimo, ke atolose tshebeletso ya ka le ho bopa kgotso le batho? (Sheba serapa sa 18)

18 Dintho tseo o batlang ho di finyella tshebeletsong ya Modimo. Thutong ya Thabeng, Jesu o ile a fana ka tataiso e hlakileng mabapi le ho sebeletsa Modimo. (Mat. 6:33.) Motho ya nang le kamano e ntle le Modimo o beha Mmuso wa Modimo pele. O ntse o nahanne ka molaomotheo ona, ipotse: ‘Na ke lokela ho ya univesithi ha ke qeta metriki?’ Molaomotheo ona o ka boela wa thusa Mokreste ha a kgetha mosebetsi.

Na diqeto tsa ka di etsa hore ke matlafatse kamano ya ka le Modimo, ke atolose tshebeletso ya ka le ho bopa kgotso le batho? (Sheba serapa sa 19)

19 Diqabang. Keletso eo Pauluse a ileng a e fa phutheho ya Roma mabapi le ho rarolla diqabang e ka re thusa jwang? (Bar. 12:18.) Jwalo ka balatedi ba Kreste, re leka ka matla hore re be le “kgotso le batho bohle.” Ha re qabana le ba bang, na ho ba boima hore re ba tshwarele, kapa re batho ba tsebahalang ka ho bopa kgotso le ba bang?—Jak. 3:18.

20. Ke hobaneng ha o batla ho ntlafatsa kamano ya hao le Modimo?

20 Mehlala ena e bontsha kamoo melaomotheo ya Bibele e ka re thusang ho etsa diqeto tse bohlale kateng. Ho ba le kamano e ntle le Modimo ho ka etsa hore re thabe bophelong. Robert, eo re ileng ra bua ka yena qalong, o re: “Ka mora hore ke be le kamano e ntle le Jehova, ke ile ka ba molekane le ntate ya molemo. Ke ne ke thabile ebile ke kgotsofetse.” Le rona re ka thaba haeba re matlafatsa kamano ya rona le Modimo mme re etsa hore e tle pele bophelong ba rona. Ha re na le kamano e ntle le Modimo, re tla thabela bophelo hona jwale le “bophelo ba sebele” nakong e tlang.—1 Tim. 6:19.