Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

NALANE EA RONA

Batho ba Ireland ba Ithuta Bibele ka ho Memeloa Lipuong Tsa Phatlalatsa

Batho ba Ireland ba Ithuta Bibele ka ho Memeloa Lipuong Tsa Phatlalatsa

HA SEKEPE se fihla koung ea Belfast Lough bapalami ba ka mokatong o ka holimo oa sekepe ba ne ba bona botle ba maralla a koahetsoeng ke botala ha letsatsi le chaba hoseng. E ne e le ka May 1910. Har’a bona e ne e le Charles T. Russell. Lena e ne e le leeto la hae la bohlano ho ea Ireland. Ha u lahlela mahlo pejana mane lebopong, ho ne e-na le likepe tse peli tse kholo tse ntseng li hahoa. Se seng sa tsona e leng Titanic, se ile sa soahlamana hamorao. Se seng se ne se bitsoa Olympic. * Haufi le moo likepe li ntseng li haheloa teng, ho ne ho e-na le sehlopha sa Liithuti Tsa Bibele se tlil’o khahlanyetsa mor’abo rona Russell boema-kepeng.

Lilemo tse 20 pejana, mor’abo rona Russell o ile a etsa qeto ea ho etsa maeto a mang linaheng tse ling ntle le Amerika. Morero e ne e le ho bolela litaba tse molemo lefatšeng lohle. O ile a qala pele ka ho etela naha ea Ireland, ka July 1891. Ha a le ka sekepeng se bitsoang City of Chicago, o ile a bona botle ba mahlaseli a ha letsatsi le likela lebopong la Queenstown. E tlameha ebe o ile a hopola ha batsoali ba hae ba mo qoqela ka Queenstown, e leng moo ba holetseng teng. Ha sekepe se ntse se feta litoropong tse fapaneng, mor’abo rona Russell le bao a tsamaeang le bona ba ile ba hlokomela hore masimo a “loketse kotulo.”

Mor’abo rona Russell o ile a etela Ireland ka makhetlo a supileng. Ka lekhetlo la pele, batho ba makholo ba ile ba thahasella molaetsa oa Bibele hoo ba ileng ba e-ba teng le makhetlong a mang ka mor’a moo. Ha a etela teng ka lekhetlo la bobeli ka May 1903, lipuo tsa phatlalatsa tse neng li tla tšoareloa Belfast le Dublin li ile tsa hlaha likoranteng. Mor’abo rona Russell o ile a hlokomela hore bamameli ba rata puo e reng “Tšepiso eo Molimo a Entseng Selekane ka Lebaka la Eona,” e buang ka tumelo ea Abrahama le litlhohonolofatso tseo Molimo a tlang ho li etsetsa batho.

Kaha batho ba Ireland ba ne ba rata molaetsa oa Bibele, o ile a boela a etela teng ka lekhetlo la boraro. Ha mor’abo rona Russell a fihla Belfast ’me a theoha ka sekepeng, o ile a khahlanyetsoa ke barab’abo rona ba bahlano. E ne e le ka April, 1908. Ba ile ba memela batho ho tla puong ea phatlalatsa ea sehlooho se reng “’Muso oa Satane oa Ketoloa.” Mantsiboeeng ao, ke batho ba 300 ba ileng ba e-ba teng. Le hoja har’a bamameli ho ne ho e-na le motho ea hananang le lithuto tse rutoang, o ile a kokobetsoa ke ha a utloa ho baloa Mangolo. Ha ba le Dublin, ho ile ha e-ba le mohanyetsi e mong eo lebitso la hae e leng O’Connor. E ne e le setho sa YMCA (Mokhatlo oa Bahlankana ba Bakreste). O ile a leka ho hlohlelletsa bamameli ba fetang sekete hore ba fetohele Liithuti Tsa Bibele. Ho ile ha etsahala’ng?

A re ke re nahane ka liketsahalo tsa letsatsi leo. Ho ile ha e-ba le ntate ea ileng a tl’a mamela puo ea phatlalatsa e hlahileng koranteng ea The Irish Times. O ile a sokola ho fumana setulo kaha batho ba ne ba le bangata haholo ka holong. O ne a mametse ka hloko ha mor’abo rona Russell a ntse a bua. Mor’abo rona Russell o ne a fana ka puo a ntse a e-ea koana le koana sethaleng. A tšetleha litaba ka boqhetseke a sebelisa Mangolo. Ntate eo o ile a qala ho utloisisa. Le hoja ka nako eo ho ne ho se na libuela-hole, bamameli ba ne ba mo mametse ka hloko. Puo e ne e nka hora le metsotso e 30. Ka mor’a moo, ho ile ha e-ba le nako lipotso le likarabo. O’Connor le metsoalle ea hae ba ile ba mo lika ka lipotso empa a khona ho ba araba ka Bibele. Bamameli ba ile ba opa liatla ke thabo. Ka mor’a moo, ntate eane ea sokotseng ho fumana setulo o ile a ea ho barab’abo rona ho ea ithuta haholoanyane. Batho ba bangata ba ile ba ithuta Bibele ka tsela ena.

Mor’abo rona Russell o ile a tloha New York ka May 1909 ho ea Ireland ka lekhetlo la bone. O ne a tsamaea le mor’abo rona Huntsinger. Mosebetsi oa hae e ne e le ho ngola mantsoe ao mor’abo rona Russell a mo bitsetsang ’ona bakeng sa ho hatisa lihlooho tsa Molula-Qhooa. Ha ba le Belfast, mor’abo rona Russell o ne a mametsoe ke batho ba 450. Ba lekholo ba ne ba eme ka maoto kaha ho ne ho se moo ba ka lulang.

Mor’abo C. T. Russell o ka sekepeng se bitsoang Lusitania

Leetong la mor’abo rona Russell la bohlano, leo re buileng ka lona qalong, ho ile ha ’na ha e-ba le nako ea lipotso le likarabo. Ka mor’a hore a fane ka puo Dublin, o ile a araba lipotso tsa moruti ea tummeng eo O’Connor a neng a tlileng le eena. Bamameli ba ile ba khotsofala haholo kaha mor’abo rona Russell o ne a araba lipotso tsohle tsa hae ka Mangolo. Ka le hlahlamang, ba ile ba leba Liverpool moo ba ileng ba palama sekepe se bitsoang Lusitania ’me ba ea New York. *

Puo ea phatlalatsa e hlaha koranteng ea The Irish Times, ka la 20 May, 1910

Ka 1911, leetong la botšelela le la bosupa la mor’abo rona Russell, barab’abo rona ba ne ba memela batho ho tla puong ea phatlalatsa. Ha ba le Belfast ka April, barab’abo ba 20 ba ne ba memme batho ba 2 000 ho tla mamela puo e reng “Ha motho a e-shoa o ea hokae?” O’Connor o ile a boela a tla le moruti e mong hore mor’abo rona Russell a arabe lipotso tsa hae. Bamameli ba ile ba opa liatla ha ba utloa tsela eo a arabang lipotso ka eona. Likhoeli tse seng kae hamorao, ba ile ba etela litoropo tse ’maloa ’me le hona moo batho ba tla ka bongata. Le hoja O’Connor a ile a tla le batho ba lekholo ba morusu libokeng tse neng li tšoaretsoe Dublin, bamameli ba ile ba tšehetsa sebui.

Hangata mor’abo rona Russell e ne e le eena ea fanang ka lipuo tsa phatlalatsa, empa o ne a sa inke a le bohlokoa ho feta batho ba bang hobane o ne a re “mosebetsi ona ha se oa motho, empa ke oa Molimo.” Kaha ba ne ba memela batho puong ea phatlalatsa esale pele, oo e ne e le monyetla o motle oa hore batho ba fumane molaetsa oa Bibele. Ho bile le litholoana life? Batho ba bangata ba ile ba rutoa ka Jehova ’me ha e-ba le liphutheho tse ngata litoropong tsa Ireland.—Nalane ea rona Brithani.

^ ser. 3 Titanic e ile ea soahlamana ka mor’a lilemo tse peli.

^ ser. 9 Sekepe sa Lusitania se ile sa soahlamana ka May 1915.