Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

HISTORI YA RONA

Naha ya Ireland e Fumana Ditaba Tse Molemo ka Dipuo Tsa Phatlalatsa

Naha ya Ireland e Fumana Ditaba Tse Molemo ka Dipuo Tsa Phatlalatsa

HA SEKEPE se fihla lewatleng la Belfast Lough, bapalami ba ne ba eme ka hara sona ba shebile maralla a matala hoseng ha letsatsi le hlaha. E ne e le ka May selemong sa 1910. E mong wa banna ba neng ba le hara bapalami bao e ne e le Charles T. Russell, eo e neng e se e le lekgetlo la bohlano a etela Ireland. Ka pela hae ho ne ho na le sekepe sa Titanic le sa Olympic, tseo di neng di ntse di etswa. * Ka nqane ho dikepe tseo tse pedi ho ne ho eme Baithuti ba Bibele ba tlilo kgahlanyetsa Morabo rona Russell.

Dilemo tse 20 pejana, Morabo rona Russell o ile a etsa qeto ya ho etela dinaha tse ding tse ka ntle ho America, hobane o ne a batla hore ditaba tse molemo di tsebahale lefatsheng lohle. O ile a qala ka ho etela Ireland ka July 1891. Ha a le ka sekepeng sa City of Chicago, o ne a ntse a shebile letsatsi ha le dikela lebopong la Queenstown mme mohlomong o ile a hopola dintho tseo batswadi ba hae ba neng ba mo qoqela tsona ka motse oo wa habo. Ha Morabo rona Russell le metswalle ya hae ba ntse ba feta metse e metle, ba ne ba hlokomela hore tshimo e ne e se e “lokile bakeng sa kotulo.”

Morabo rona Russell o ile a etela Ireland ka makgetlo a 7. Batho ba bangata ba ile ba thabela molaetsa wa hae ha a ne a tlile ka lekgetlo la pele, mme seo sa etsa hore ha a se a tla ka makgetlo a mang, ho be le batho ba bangata le ho feta, ba batlang ho utlwa dipuo tsa hae. Leetong la hae la bobedi, ka May 1903, diboka tsa phatlalatsa motseng wa Belfast le wa Dublin di ile tsa bapatswa dikoranteng. Morabo rona Russell o re “ba mamedi ba ne ba mametse ka hloko” sehlooho se reng “Tshepiso eo Modimo a Ikanneng Hore o Tla e Phetha.” Sehlooho seo se ne se bua ka tumelo ya Abrahama le dintho tseo Modimo a tla re etsetsa tsona nakong e tlang.

Ka ha batho ba bangata ba Ireland ba ne ba rata molaetsa wa Bibele, Morabo rona Russell o ile a boela a ba etela ha a ne a ya Europe. O ile a kgahlanyetswa ke barababo rona ba bahlano ha a ne a fihla Belfast hoseng ka April 1908. Hamorao bosiung boo, ho ile ha ba le “bamamedi ba ka bang 300” puong ya phatlalatsa e neng e ile ya bapatswa, ya sehlooho se reng “Ho Fediswa ha Puso ya Satane.” Morabo rona Russell o ile a araba dipotso tsa mohanyetsi e mong hara bamamedi bao ka boqhetseke, a sebedisa Mangolo. Motseng wa Dublin mohanyetsi ya bitswang Monghadi O’Connor, eo e neng e le mongodi wa mokgatlo wa bodumedi wa YMCA, o ile a leka ho etsa hore bamamedi ba fetang 1 000 ba hlanohele Baithuti ba Bibele. Na o ile a atleha?

A re kgutleleng morao ka leihlo la kelello re leke ho bona hore na mohlomong ho ile ha etsahalang ketsahalong eo. Monna ya ratang Bibele o etsa qeto ya ho ya mamela puo ya phatlalatsa, e ileng ya bapatswa koranteng ya The Irish Times. Ha a fihla holong, o sokola ho fumana setulo hobane ho tletse. Empa ha a se a se fumane, o mamela ka hloko ha sebui se moriri o mosweu, se ditedu le se apereng baki e telele e ntsho se bea puo. Sebui se fana ka puo se ntse se ya kwana le kwana sethalleng, se hlalosa mangolo ka tsela e utlwahalang mme se etsa hore monna yane a utlwisise seo Bibele e se rutang. Le hoja ho se na microphone, lentswe la sebui le utlwahala hohle ka holong mme bamamedi ba qeta hora le halofo ba mametse ka hloko. Ka nako ya ho botsa dipotso, O’Connor le metswalle ya hae ba hlaba sebui ka dipotso tse sa feleng, empa se araba dipotso tseo kaofela se sebedisa Bibele. Bamamedi ba bontsha hore ba dumellana le yena ka ho opa matsoho. Ha letshwele le se le kgutsitse, monna yane ya ratang Bibele o ya ho sebui le ho barababo rona ho ya ba bolella hore o batla ho ithuta Bibele. Batho ba kileng ba ba teng diketsahalong tsena ba re ena ke tsela eo batho ba bangata ba ileng ba ithuta nnete ka yona.

Ha Morabo rona Russell a tloha New York ka May 1909, a ya Ireland ka lekgetlo la bone, o ile a tsamaya le mongodi, e leng Morabo rona Huntsinger, hore ha ba ntse ba le ka sekepeng sa Mauretania, ba nne ba ngole dihloho tsa Tora ya ho Lebela. Ha Morabo rona Russell a bea puo Belfast, ho ile ha tla batho ba 450 ba dulang motseng oo. Ba 100 ba bona ba ne ba eme ka maoto hobane ho ne ho tletse haholo.

Morabo rona C. T. Russell sekepeng sa Lusitania

Ha Morabo rona Russell a ne a tlile ka lekgetlo la bohlano, jwalo ka ha re boletse qalong, ho ile ha boela ha ba le batho ba mo hlomang dipotso. Ka mora puo ya phatlalatsa Dublin, bamamedi ba ile ba thaba haholo ha dipotso tsa setsebi se seng sa bodumedi se neng se tlile le O’Connor di ne di arajwa ka Mangolo. Letsatsing le hlahlamang, barababo rona ba ile ba kena seketswaneng se tsamayang kapele ba ya Liverpool. Ha ba fihla moo, ba ile ba kena sekepeng se neng se tumme se bitswang Lusitania, ba ya New York. *

Puo ya phatlalatsa e bapaditsweng koranteng ya The Irish Times, ka la 20 May, 1910

Morabo rona Russell o ile a boela a bea dipuo ha a ne a tlile ka lekgetlo la bo 6 le la bo 7 ka 1911. Ha mariha a qeta ho fela, Baithuti ba Bibele ba 20 ba Belfast ba ile ba amohela batho ba 2 000 ba neng ba tlilo mamela puo ya sehlooho se reng “Ho Tloha Jwale ho ya Pele.” O’Connor o ne a le teng sebokeng sa Dublin. O ne a tlile le moruti e mong ya neng a botsa dipotso. Empa bamamedi ba ne ba kgahlwa ke tsela eo Morabo rona Russell a neng a araba moruti eo ka yona a sebedisa Bibele. Hona selemong seo, Morabo rona o ile a etela le metse e meng moo Ireland mme batho ba ne ba tla ka bongata. O’Connor le banna ba bang ba 100 ba ile ba leka ho baka morusu sebokeng sa Dublin, empa bamamedi ba ile ba tshehetsa sebui ka mafolofolo.

Le hoja Morabo rona Russell e ne e le yena ya beang dipuo tsa phatlalatsa ka nako eo, o ne a sa nke hore ha a ka ba siyo dipuo di ne di ke ke tsa ba teng hobane o ne a dumela hore “mosebetsi ona ha se wa motho empa ke wa Modimo.” Dipuo tsa phatlalatsa di ne di fana ka monyetla wa ho ruta batho molaetsa wa Bibele, ebile di ile tsa etsa hore qetellong re be le Seboka sa Phatlalatsa. Phello e bile efe? Dipuo tsa Phatlalatsa di ile tsa etsa hore ditaba tse molemo di bolelwe dibakeng tse ngata ebile ho ile ha thehwa diphutheho metseng e mengata naheng ya Ireland.—Tlaleho ena e tswa Britain.

^ par. 3 Sekepe sa Titanic se ile sa swahlamana ka mora dilemo tse pedi se entswe.

^ par. 9 Sekepe sa Lusitania se ile sa otlwa ke bomo e tsamayang ka metsing lebopong le ka borwa ho Ireland ka May 1915.