Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Jehova o re Khalemela Hobane a re Rata

Jehova o re Khalemela Hobane a re Rata

“Jehova o laea eo a mo ratang.”BAHEB. 12:6.

LIPINA: 125, 117

1. Ka Bibeleng, hangata lentsoe “taeo” le akarelletsa’ng?

U NAHANA ka’ng ha u utloa lentsoe “taeo”? Batho ba bangata ba re lentsoe leo le bolela ho ruta motho e mong. Empa taeo ha se feela ho ruta. E ka boela ea bolela ho eletsa, ho khalemela kapa ho fana ka kotlo. Ke kahoo ka linako tse ling ha Jehova a re laea a boetseng a re khalemelang kapa a re fang kotlo. Leha ho le joalo likotlo tsa hae ha se tse khopo kapa tse tla re ntša kotsi. (Baheb. 12:6) Bibele e re taeo e molemong oa rona. Ka linako tse ling ha Bibele e bua ka taeo e boetse e hlahisa mantsoe a kang tsebo, bohlale, lerato le bophelo. (Liprov. 1:2-7; 4:11-13) Ha e le hantle, morero oa ho “laea” ke ho rupela, feela joalokaha motsoali a ka rupela ngoana oa hae.

2, 3. Khalemelo e ka akarelletsa’ng? (Sheba setšoantšo se qalong.)

2 Nahana ka mohlala ona: Moshanyana ea bitsoang Tokelo o ntse a bapalla bolo ka tlung. ’Mè oa hae o re: “Tokelo, oa tseba hore ha oa lokela ho bapalla bolo ka tlung. U tla choatla lintho tsa bohlokoa.” Empa ha ’mè oa hae a mo furalla, o tsoela pele ho bapalla ka tlung ’me o choatla bolompoto. ’Mè oa hae o ile a mo khalemela joang? Ka ho mo hlalosetsa hore na ke hobane’ng ha ntho eo a e entseng e le phoso. O ne a batla a hlokomele hore ke ntho e ntle ho mamela batsoali le hore litaelo tseo ba mo fang tsona li nepahetse ebile ba na le mabaka a utloahalang a ho fana ka tsona. O ile a mo khalemela ka hore a nke bolo eo. Le hoja Tokelo a ile a utloa bohloko, o ile a hopola hore ha a sa mamele batsoali ba hae, ho tla ba le litla-morao tse bohloko.

3 Kaha re Bakreste, re karolo ea lelapa la Jehova. (1 Tim. 3:15) Re hlompha Jehova hobane ke Ntate oa rona ’me o na le tokelo ea ho re bolella se nepahetseng le se fosahetseng le ho re khalemela ha re sa mamele litaelo tsa hae. Hape haeba liketso tsa rona li sa thabise Jehova, khalemelo ea hae e ka re hopotsa hore re lokela ho lula re mo mamela kaha ke Ntate oa rona. (Bagal. 6:7) Jehova o re rata haholo ’me ha a batle hore re utloe bohloko.—1 Pet. 5:6, 7.

4. (a) Jehova o hlohonolofatsa boiteko bofe? (b) Re tl’o hlahloba lipotso life sehloohong see?

4 Khalemelo kapa taeo e thehiloeng Bibeleng e ka thusa ngoana kapa motho ea ithutang Bibele hore a finyelle morero oa hae oa ho ba molateli oa Kreste. Re lokela ho sebelisa Bibele e le hore re ‘laee ka ho loka.’ Ha re etsa joalo, ngoana kapa motho eo re ithutang Bibele le eena o tla utloisisa ’me a ‘boloke lintho tsohle tseo Jesu a re laetseng tsona.’ (2 Tim. 3:16; Mat. 28:19, 20) Jehova o hlohonolofatsa boiteko boo re bo etsang ba ho thusa liithuti tsa Bibele hore e be balateli ba Kreste. (Bala Tite 2:11-14.) A re hlahlobeng lipotso tse tharo tsa bohlokoa: (1) Khalemelo eo Jehova a re fang eona e bontša joang hore oa re rata? (2) Re ka ithuta’ng ho batho bao Jehova a ileng a ba khalemela nakong e fetileng? (3) Re ka etsisa Jehova le Jesu joang ha re khalemela batho ba bang?

JEHOVA O KHALEMELA KA LERATO

5. Ke ka litsela life khalemelo e tsoang ho Jehova e bontšang hore oa re rata?

5 Jehova o susumetsoa ke lerato ha a re eletsa, a re ruta leha a re rupela e le hore re ka atamela haufi le eena ’me re phele ka ho sa feleng. (1 Joh. 4:16) Ha a re hlabe ka mantsoe kapa hona ho etsa hore re ikutloe re se na thuso. (Liprov. 12:18) Ho e-na le hoo, Jehova o sheba makhabane ao re nang le ’ona ebile o re file bolokolohi ba ho ikhethela. Na u bona kamoo khalemelo eo re e fumanang ka Bibeleng, ka har’a lingoliloeng tsa rona, ho batsoali le ho baholo e bontšang kamoo Jehova a re ratang kateng? Ha baholo ba re eletsa ka mosa le ka lerato ha re etsa lintho tse fosahetseng, ba bontša hore ba etsisa Jehova.Bagal. 6:1.

6. Ke joang khalemelo e bontšang hore Jehova oa re rata esita le haeba re se re sa tšoanelehe ho fuoa likabelo?

6 Ka linako tse ling khalemelo ha e bolele feela ho eletsoa. Ha motho a entse sebe se tebileng, a ke ke a tšoaneleha ho fuoa likabelo tse itseng ka phuthehong. Ho ntse ho le joalo, khalemelo eo e bontša hore Jehova oa mo rata. Mohlala, e ka thusa motho hore a bone bohlokoa ba ho ithuta Bibele, ho nahanisisa ka lintho tseo a ithutileng tsona le ho rapela. Ha a etsa lintho tsena kamano ea hae le Jehova e tla matlafala. (Pes. 19:7) Ka mor’a nako e itseng, a ka boela a fumana likabelo. Esita le haeba motho a khaoloa, taba ena e bontša hore Jehova oa re rata hobane o sireletsa phutheho mekhoeng e mebe. (1 Bakor. 5:6, 7, 11) Kaha Jehova o re khalemela ka toka, motho ea khaotsoeng a ka utloisisa kamoo sebe sa hae se tebileng kateng ebe oa baka.—Lik. 3:19.

KHALEMELO EA JEHOVA E RE TSOELA MOLEMO

7. (a) Shebna e ne e le mang? (b) O ne a e-na le bothata bofe?

7 E le ho utloisisa bohlokoa ba ho khalemeloa, re tla hlahloba mehlala e ’meli ea batho bao Jehova a ileng a ba khalemela. Oa pele ke oa Shebna oa Moiseraele ea phetseng mehleng ea Morena Ezekiase. Oa bobeli ke oa mor’abo rona Graham. Kaha Shebna e ne e le monna “ea okametseng ntlo” ea Ezekiase, o ne a e-na le matla a itseng. (Esa. 22:15) Shebna o ile a iphahamisa ’me a batla hore batho ba mo nke e le motho oa bohlokoa. O ile a iketsetsa lebitla le majabajaba ’me a palama “likoloi tsa khanya.”—Esa. 22:16-18.

Haeba re ikokobelitse re bile re ikemiselitse ho fetoha, Jehova o tla re hlohonolofatsa (Sheba lirapa 8-10)

8. (a) Jehova o ile a khalemela Shebna joang? (b) Ho ile ha e-ba le litholoana life tse ntle?

8 Kaha Shebna o ne a batla hore ho rorisoe eena, Jehova o ile a mo ‘liha sebakeng sa hae sa bolaoli’ eaba boikarabelo ba hae bo fuoa Eliakime. (Esa. 22:19-21) Taba ena e etsahetse nakong ea ha Morena Sankeribe oa Moassyria a itokisetsa ho hlasela Jerusalema. Hamorao Sankeribe o ile a romela lebotho le leholo la sesole hore le tšose Bajuda e le hore Ezekiase a inehele. (2 Mar. 18:17-25) Ezekiase o ile a romela Eliakime le banna ba babeli ho ea kopana le ba boholong pusong ea Sankeribe. E mong oa banna bao e ne e le Shebna eo e neng e se e le mongoli. Tlalehong ena rea bona hore Shebna ha aa ka a ikutloela bohloko kapa a khopeha empa o ile a ithuta liphosong tsa hae ’me a ikokobetsa. Ho na le lintho tse tharo tseo re ka ithutang tsona ho Shebna.

9-11. (a) Ke ntho efe ea bohlokoa eo re ithutang eona mohlaleng oa Shebna? (b) U ikutloa joang ka tsela eo Jehova a ileng a sebelisana le Shebna ka eona?

9 Shebna o ile a lahleheloa ke boemo ba hae. Mohlala oa hae o re hopotsa hore “boikakaso bo etella ho oa pele, ’me moea o ikhohomosang o etella ho khoptjoa pele.” (Liprov. 16:18) Haeba u e-na le boikarabelo bo itseng ka phuthehong, batho ba bang ba ka u nka u le motho oa bohlokoa. Kahoo, na u tla lula u ikokobelitse? Na u tla lula u hopola hore lintho tse ntle tseo u li finyelletseng ke ka thuso ea Jehova? (1 Bakor. 4:7) Moapostola Pauluse o ile a re: “Ke bolella e mong le e mong moo har’a lōna hore a se ke a inahana haholo ho feta kamoo ho hlokahalang ho nahana.”—Bar. 12:3.

10 Ntlha ea bobeli, ha Jehova a khalemela Shebna, o ne a lumela hore a ka mamela ’me a fetoha. (Liprov. 3:11, 12) Ke mohlala o motle ho batho ba seng ba se na boikarabelo ka phuthehong. Ho e-na le hore ba koate, ba ka tsoela pele ba sebeletsa Jehova. Ba lokela ho utloisisa hore Jehova o ba khalemela hobane a ba rata. Lula u hopola hore Ntate oa rona o hlohonolofatsa ba ikokobelletsang eena. (Bala 1 Petrose 5:6, 7.) Khalemelo ea Jehova e ka re thusa haeba re ikokobelitse ’me re tšoana le letsopa le bonolo, re lumele ha Jehova a re bopa.

11 Ntlha ea boraro, re ithuta taba ea bohlokoa tseleng eo Jehova a ileng a sebelisana le Shebna ka eona. Le hoja Jehova a hloile sebe, o ntse a rata motho ea entseng sebe. Jehova o sheba makhabane a rona. Haeba u motsoali kapa u moholo phuthehong, na u tla etsisa Jehova ha u khalemela?—Juda 22, 23.

12-14. (a) Batho ba bang ba itšoara joang ha ba khalemeloa? (b) Lentsoe la Molimo le ile la thusa mor’abo rona e mong joang hore a fetohe? (c) Jehova o ile a mo hlohonolofatsa joang?

12 Ka masoabi, ka mor’a hore batho ba bang ba khalemeloe, ba ikarola ho Jehova le phutheho ea hae. (Baheb. 3:12, 13) Na taba ee e bolela hore ba ke ke ba thuseha? Che. Nahana ka mohlala ona. Mor’abo rona Graham o ile a khaoloa eaba hamorao o khutlisetsoa ka phuthehong. Leha ho le joalo, o ile a khaotsa ho ea tšimong le libokeng. Moholo e mong o ile a etsa boiteko ba hore e be motsoalle oa hae. Graham o ile a mo kopa hore a ithute Bibele le eena.

13 Moholo eo o ile a re: “Bothata ba Graham e ne e le boikhohomoso. O ne a lula a tšoaea-tšoaea liphoso baholo ba ileng ba sebetsa litaba tsa hae ha a tla khaoloa. Ka mor’a ho bala le eena lithuto tse seng kae, re ile ra buisana ka Mangolo a buang ka boikhohomoso le hore na bo ka re ama joang. Lentsoe la Molimo le ile la thusa Graham ho hlokomela hore o lokela ho fetoha. O ile a hlokomela hore o ne a fahluoe ke ‘leballo,’ e leng boikhohomoso le hore o na le bothata ba ho tšoaea-tšoaea liphoso eaba kapele-pele oa fetoha. O ile a qala ho ea libokeng kamehla, ho ithuta Bibele ka ho teba le ho rapela letsatsi le letsatsi. A boela a phetha boikarabelo ba ho ba hlooho ea lelapa. Kahoo, lelapa la hae le ile la thaba.”—Luka 6:41,42; Jak. 1:23-25.

14 Moholo eo o tsoela pele ho re: “Ka letsatsi le leng Graham o ile a bua mantsoe a ileng a nkama pelo. O ile a re: ‘Ke na le lilemo ke le Paki ea Jehova. Ke ne ke bile ke le pula-maliboho. Empa ke hona ke utloang hore ehlile ke rata Jehova.’ O ile a fuoa kabelo ea ho sebetsa lefapheng la molumo libokeng. O ne a thabela ho phetha kabelo eo haholo. Mohlala oa hae o nthutile hore ha motho a ikokobelitse, Jehova oa mo hlohonolofatsa.”

ETSISA JEHOVA LE JESU HA U KHALEMELA

15. Re lokela ho etsa’ng haeba re batla hore batho ba mamele keletso eo re ba fang eona?

15 Haeba re batla ho ba mesuoe e hloahloa, re lokela ho ba liithuti tse khothetseng. (1 Tim. 4:15, 16) Ka tsela e tšoanang, haeba Jehova a u file boikarabelo ba ho khalemela batho ba bang, u lokela ho lula u ikokobelitse ’me u lumelle hore a u tataise. Ha ba bang ba hlokomela hore u ikokobelitse, ba tla nolofalloa ho u hlompha le ho amohela keletso eo u ba fang eona. Nahana ka mohlala oa Jesu.

16. Re ka ithuta’ng ho Jesu?

16 Kamehla Jesu o ne a lula a mamela Ntate oa hae esita leha ho le boima. (Mat. 26:39) O ile a hopotsa balateli ba hae hore lithuto tseo a li rutang le bohlale ba hae li tsoa ho Jehova. (Joh. 5:19, 30) Kamehla Jesu o ne a etsa lintho tseo a li laetsoeng ke Ntate oa hae. Ke kahoo e neng e le mosuoe ea utloelang batho bohloko. Balateli ba hae ba ne ba thabela ho ba le eena. (Bala Luka 4:22.) Mantsoe a Jesu a mosa a ile a khothatsa batho ba nyahameng le ba fokolang. (Mat. 12:20) Jesu o ne a ka ’na a tenehela baapostola ba hae ha ba ne ba phehisana khang ka hore na e moholo ho bona ke ofe. Ho e-na le hoo, o ile a ba eletsa ka mosa le ka lerato.—Mar. 9:33-37; Luka 22:24-27.

17. Baholo ba ka hlokomela mohlape oa Molimo joang?

17 Kamehla baholo ba etsisa Kreste ka hore ba sebelise Mangolo ha ba khalemela. Ka ho etsa joalo, ba bontša hore ba tataisoa ke Jehova le Jesu. Moapostola Petrose o ile a re: “Lisang mohlape oa Molimo o tlhokomelong ea lōna, eseng ka ho qobelloa, empa ka ho rata; eseng ka lebaka la lerato la leruo la ho se tšepahale, empa ka tabatabelo; eseng ka ho rena ka thata holim’a bao e leng lefa la Molimo, empa le e-ba mehlala ho mohlape.” (1 Pet. 5:2-4) Ha baholo ba khalemela ka tsela eo Jehova le Kreste ba khalemelang ka eona, Jehova oa ba hlohonolofatsa ’me o hlohonolofatsa le phutheho.—Esa. 32:1, 2, 17, 18.

18. (a) Jehova o lebeletse hore batsoali ba etse’ng? (b) Jehova o thusa batsoali joang hore ba phethe boikarabelo ba bona?

18 Molao-motheo o tšoanang o ka sebetsa le ka lapeng. Ha Jehova a bua le lihlooho tsa malapa o re: “Le se ke la halefisa bana ba lōna, empa le tsoele pele ho ba hōlisa ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.” (Baef. 6:4) Na ho ba eletsa le ho ba khalemela ehlile hoa hlokahala? Lengolo la Liproverbia 19:18 le bontša hore ho khalemela ngoana ho ka bolela bophelo empa ho se mo khalemele ho ka bolela lefu. Jehova o file batsoali boikarabelo ba ho khalemela bana ba bona. Ha ba sa etse joalo, ba tla ikarabella. (1 Sam. 3:12-14) Empa Jehova a ka fa batsoali bohlale le matla haeba ba mo kopa ka thapelo ba bile ba bala Bibele le ho lumella moea o halalelang ho ba tataisa.—Bala Jakobo 1:5.

ITHUTE HO PHELA KA KHOTSO KA HO SA FELENG

19, 20. (a) Re ka fumana litlhohonolofatso life ha re amohela khalemelo ea Jehova? (b) Re tl’o ithuta’ng sehloohong se latelang?

19 Ha re amohela khalemelo ea Jehova, re bile re etsisa tsela eo Jehova le Jesu ba khalemelang ka eona, re tla fumana litlhohonolofatso tse ngata. Ho tla ba le khotso ka malapeng a rona le ka phuthehong ’me motho e mong le e mong o tla ikutloa a sireletsehile, a utloe a ratoa a bile a amoheleha. Hona joale re thabile ebile re na le khotso. Empa re tla thaba le ho feta lefatšeng le lecha. (Pes. 72:7) Ha Jehova a re khalemela, o re ruta ho phela ka khotso ka ho sa feleng le hore re be lelapa la hae le momahaneng. (Bala Esaia 11:9.) Haeba re hopola taba ena, re tla utloisisa hore Jehova o re khalemela hobane a re rata e le kannete.

20 Sehloohong se latelang, re tla ithuta haholoanyane ka khalemelo ka lapeng le ka phuthehong. Re tla ithuta le hore na re ka ikhalemela joang. Re tla boela re ithute hore na ke joang re ka qobang bohloko bo fetang ho khalemeloa.