Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Kgalemelo ke Bopaki ba Hore Modimo o a re Rata

Kgalemelo ke Bopaki ba Hore Modimo o a re Rata

“Jehova o laya [kapa o kgalemela] eo a mo ratang”BAHEB. 12:6.

DIPINA: 125, 117

1. Bibele e reng ka kgalemelo?

KENG e tlang kelellong ya hao ha o utlwa lentswe “kgalemelo”? Mohlomong o nahana ka ho fuwa kotlo, empa kgalemelo e akarelletsa se fetang seo. Bibele e re tayo kapa kgalemelo ke ntho e molemo, ebile hangata ha e bua ka yona, e sebedisa mantswe a kang tsebo, bohlale, lerato le bophelo. (Liprov. 1:2-7; 4:11-13) Modimo o re kgalemela hobane a re rata a bile a batla hore re fumane bophelo bo sa feleng. (Baheb. 12:6) Le hoja ka dinako tse ding a re fa kotlo, seo ha se bolele hore Jehova ha a re rate. Lentswe “kgalemelo,” le akarelletsa ho ruta e leng ntho eo motswadi a e etsang ha a ntse a hodisa ngwana.

2, 3. Ke jwang kgalemelo e akarelletsang ho ruta hammoho le ho fana ka kotlo? (Sheba setshwantsho se qalong.)

2 Nahana ka mohlala ona: Moshanyana e monyenyane ya bitswang Johnny, o ntse a bapala ka bolo ka tlung. Mme wa hae o re: “Johnny, o a tseba hore ha o le ka tlung, ha o a lokela ho bapala bolo, hobane o tla thuba dintho!” Empa Johnny ha a mamele Mme wa hae. O tswela pele ka ho bapala bolo mme o qetella a thubile blompoto e hodima tafole. Mme wa hae o mo kgalemela jwang? O mo fa kotlo eitseng e bile o a mo ruta. O qala ka ho hlalosetsa Johnny hore na ke hobaneng ha ntho eo a e entseng e le phoso. Ka mora moo, o a mo hlokomedisa hore melao ya batswadi ke ya bohlokwa le hore o lokela ho e mamela. Ho ekelletsa moo, o tiisa mantswe a hae ka ho nkela Johnny bolo. Jwale, Johnny o tla ithuta hore ho se mamele batswadi ho na le ditlamorao tse bohloko.

3 Ka ha re Bakreste, re karolo ya lelapa la Modimo. (1 Tim. 3:15) Ka hoo, re hlompha tokelo ya Jehova ya ho re behela melao le ho re kgalemela ha re sa e mamele. Ho ekelletsa moo, ha re hlahelwa ke ditlamorao tse bohloko ka lebaka la diketso tsa rona, kgalemelo ya Jehova e tla re hopotsa hore ke ha bohlokwa ho mamela Ntate wa rona ya lehodimong. (Bagal. 6:7) Modimo o a re tsotella ebile ha a batle hore re hlahelwe ke dintho tse bohloko.—1 Pet. 5:6, 7.

4. (a) Jehova o hlohonolofatsa kwetliso ya mofuta ofe? (b) Re tlo bua kang sehloohong sena?

4 Ha re sebedisa Bibele ho kgalemela bana kapa batho bao re ithutang le bona, seo se tla ba thusa hore qetellong e be balatedi ba Kreste. Lentswe la Modimo le re thusa ho kgalemela ka ho loka. Le boetse le re thusa ho hlalosetsa bana ba rona kapa batho bao re balang le bona hore ba utlwisise le ‘ho boloka dintho tsohle tseo Jesu a re laetseng tsona.’ (2 Tim. 3:16; Mat. 28:19, 20) Ena ke tsela eo Jehova a batlang hore re ba kwetlise ka yona, hobane e ba thusa hore le bona ba thuse ba bang ho ba barutuwa ba Kreste. (Bala Tite 2:11-14.) Jwale a re tshohleng dikarabo tsa dipotso tse tharo: (1) Tsela eo Modimo a re kgalemelang ka yona e bontsha jwang hore o a re rata? (2) Re ka ithutang ditlalehong tsa batho bao Modimo a ileng a ba kgalemela nakong e fetileng? (3) Re ka etsisa Jehova le Jesu jwang ha re kgalemela ba bang?

MODIMO O RE KGALEMELA KA LERATO

5. Jehova o bontsha jwang hore o a re rata ha a re kgalemela?

5 Jehova o a re ruta, o a re kgalemela, ebile o re kwetlisa hobane a re rata mme a batla hore re fumane bophelo bo sa feleng. (1 Joh. 4:16) Le ka mohla ha a re utlwise bohloko kapa hona ho re nyefola. (Liprov. 12:18) Ho e na le hoo, o sheba se setle ho rona ebile o hlompha tokelo ya rona ya ho ikgethela. Ena ke tsela eo re lokelang ho nka kgalemelo ya Modimo ka yona, ho sa tsotellehe hore na re e fumana Lentsweng la hae, dingolweng, ho batswadi ba Bakreste kapa ho baholo. Haeba re nka “mohato o fosahetseng,” mohlomong re sa hlokomele, ebe ka lerato baholo ba leka ho re thusa, ba tla be ba re bontsha lerato la Jehova.—Bagal. 6:1.

6. Re ka bona jwang hore Jehova o a re rata le hoja kgalemelo eo re e fuwang e akarelletsa hore re nkelwe boikarabelo boo re nang le bona ka phuthehong?

6 Ka dinako tse ding kgalemelo e akarelletsa se fetang ho eletswa ka molomo feela. Ka mohlala, haeba morabo rona a etsa sebe se tebileng, a ka nna a lahlehelwa ke ho sebeletsa e le moholo kapa mohlanka ya sebeletsang ka phuthehong. Empa le ha ho le jwalo, kgalemelo eo le yona e ntse e bontsha hore Modimo o a mo rata. Hangata mora eo wabo rona, o hlokomela bohlokwa ba ho matlafatsa kamano ya hae le Modimo ka hore a ithute Bibele, a nahanisise ka seo a ithutang sona le ho rapela. (Pes. 19:7) Ha nako e ntse e ya, a ka boela a tshwaneleha ho fuwa boikarabelo ka phuthehong. Ho kgaolwa le hona ho re bontsha lerato la Modimo, ka ha ho sireletsa phutheho. (1 Bakor. 5:6, 7, 11) Hape, ka ha Modimo o re kgalemela ka tsela e loketseng, ho kgaolwa ho ka etsa hore mofosi a hlokomele hore sebe sa hae se tebile hakae mme a batle ho baka.—Lik. 3:19.

O ILE A RUA MOLEMO KGALEMELONG YA JEHOVA

7. Shebna e ne e le mang, hona o ile a qala ho ba le mokgwa ofe o mobe?

7 E le hore re utlwisise bohlokwa ba kgalemelo, a re ke re bueng ka batho ba babedi bao Jehova a ileng a ba kgalemela. Wa pele ke Shebna wa mehleng ya Morena Ezekiase, mme wa bobedi ke Graham, e leng morabo rona wa mehleng ena. Shebna e ne e le motsamaisi “ya okametseng ntlo” ya Ezekiase mme a na le matla a bolaodi. (Esa. 22:15) Empa ka maswabi, o ile a ikgohomosa ka ho ipatlela thoriso. O ile a ikahela lebitla le turang ebile a kganna dikoloi tsa maemo.—Esa. 22:16-18.

Modimo o tla re hlohonolofatsa haeba re ikokobeditse (Sheba serapa sa 8-10)

8. Jehova o ile a kgalemela Shebna jwang, hona phello e ile ya ba efe?

8 Ka ha Shebna o ne a ipatlela thoriso, Modimo o ile a mo tlosa boemong ba hae ba ho ba motsamaisi mme a etsa hore Eliakime a mo nkele sebaka. (Esa. 22:19-21) Sena se ile sa etsahala nakong eo Morena Sankeribe wa Assyria, a neng a batla ho hlasela Jerusalema. Hamorao, morena eo o ile a romela bahlanka ba hae hammoho le lebotho la hae Jerusalema, ho ya tshosetsa Bajuda le ho etsa hore Ezekiase a inehele. (2 Mar. 18:17-25) Ho ile ha rongwa Eliakime hore a ilo bua le bahlanka bao, empa ha a a ka a tsamaya a le mong. O ile a tsamaya le banna ba bang ba babedi mme e mong wa bona e ne e le Shebna eo e neng e se e le mongodi. Ho a hlaka hore Shebna ha a ka a kwata ha a ne a kgalemelwa, empa o ile a ikokobetsa mme a amohela ho sebeletsa boemong bo tlase. A re ke re hlahlobeng dintho tse tharo tseo re ithutang tsona tlalehong ena.

9-11. (a) Re ka ithuta dintho dife tsa bohlokwa tlalehong ya Shebna? (b) O ikutlwa jwang ka tsela eo Jehova a ileng a kgalemela Shebna ka yona?

9 Shebna o ile a lahlehelwa ke boemo ba hae ba ho ba motsamaisi. Ntlha ya pele eo re ithutang yona tlalehong ya Shebna ke hore, “boikakaso bo etella ho wa pele, mme moya o ikgohomosang o etella ho kgoptjwa pele.” (Liprov. 16:18) Haeba o na le boikarabelo bo eketsehileng ka phuthehong, na o tla dula o ikokobeditse? Na o tla lebisa thoriso ho Jehova jwalo ka ha e le yena ya o fileng sohle seo o se finyelletseng? (1 Bakor. 4:7) Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Ke bolella e mong le e mong moo hara lona hore a se ke a inahana haholo ho feta ka moo ho hlokahalang ho nahana; empa a nahane e le hore a be le kelello e hlaphohileng.”—Bar. 12:3.

10 Ntlha ya bobedi eo re ithutang yona hape ke hore, kgalemelo e matla eo Jehova a ileng a efa Shebna, e bontsha hore o ne a bona hore Shebna a ka kgona ho lokisa dintho. (Liprov. 3:11, 12) Ona ke mohlala o motle hakaakang ho ba ileng ba lahlehelwa ke boikarabelo ka phuthehong! Ho e na le hore o kwate, e se e ka o ka tswela pele o sebeletsa Jehova ka hohle ka moo o ka kgonang kateng. Ho feta moo, o lokela ho nka kgalemelo eo o e fuwang e le bopaki ba hore Jehova o a o rata. Hopola hore Ntate wa rona a ke ke a re fella pelo haeba re ikokobetsa. (Bala 1 Petrose 5:6, 7.) Kgalemelo ke tsela e nngwe eo Jehova a re bopang ka yona. Ka lebaka leo, e se e ka re ka ba letsopa le bonolo matsohong a hae.

11 Ntlha ya boraro eo re ithutang yona hape ke hore, tsela eo Jehova a ileng a kgalemela Shebna ka yona, e ruta batswadi le balebedi ba Bakreste thuto ya bohlokwa. Thuto efe? Ya hore le hoja Jehova a hloile sebe, o ntse a rata moetsadibe. Haeba o motswadi kapa o moholo, na ha o fana ka kgalemelo o tla etsisa Jehova, o hloye se sebe empa o sheba se setle ho motho ya entseng sebe?—Juda 22, 23.

12-14. (a) Batho ba bang ba etsang ha ba kgalemelwa? (b) Lentswe la Modimo le ile la thusa morabo rona e mong jwang?

12 Ka maswabi, batho ba bang ha ba kgalemelwa, ba utlwa bohloko hoo ba qetellang ba tlohela phutheho. (Baheb. 3:12, 13) Na batho ba jwalo ba ka thuswa? Graham, ke morabo rona ya ileng a kgaolwa mme hamorao a kgutlisetswa ka phuthehong. Empa ka mora moo, o ile a kgaotsa ho ya dibokeng le tshimong. Ka mora dilemo tse mmalwa, Graham o ile a kopa moholo eo e neng e se e le motswalle wa hae hore a ithute Bibele le yena.

13 Moholo eo o re: “Graham o ne a na le bothata ba ho ikgohomosa. O ne a sa rata ka moo baholo ba ileng ba sebetsa taba ya hae kateng ha a ne a kgaolwa. Ka hoo, ha ke ne ke qala ho ithuta le yena, re ile ra qeta nako re bala mangolo a buang ka boikgohomoso. Graham o ile a qala ho ipona ka ho hlaka ka Lentsweng la Modimo le hlaloswang e le seipone. Ka mora moo, a etsa diphetoho tse kgolo haholo ha a lemoha hore o ne a foufaditswe ke ‘leballo’ la boikgohomoso, le hore bothata ba hae e ne e le ho tshwaya baholo diphoso. Yaba jwale o qalella ho ya dibokeng, ho bala Bibele le ho rapela kamehla. Ka ha ke hlooho ya lelapa, o ile a boela a thusa lelapa ho matlafatsa kamano ya lona le Modimo, mme mosadi le bana ba thaba haholo.”—Luka 6:41, 42; Jak. 1:23-25.

14 Morabo rona o tswela pele ho re: “Ka letsatsi le leng Graham o ile a mpolella ntho e ileng ya nkama maikutlo. O ile a re: ‘Ke tsebile Jehova ka dilemo tse ngata ebile ke se ke ile ka ba pulamadiboho. Empa hona jwale ke hona ke utlwang hore ke rata Jehova ho tswa botebong ba pelo.’ Ho eso ye kae, Graham o ile a fuwa boikarabelo ba ho tsamaisa dimaekrofouno dibokeng, mme o thabela mosebetsi oo haholo. Ke ile ka ithuta mohlaleng wa Graham hore ha motho a ikokobetsa ka ho amohela kgalemelo, Modimo o tla mo hlohonolofatsa!”

ETSISA MODIMO LE KRESTE HA O KGALEMELA BA BANG

15. Re lokela ho etsang hore kgalemelo ya rona e tswele batho molemo?

15 E le hore re be matitjhere a Bibele a hlwahlwa, re lokela ho ba baithuti ba Bibele ba hlwahlwa. (1 Tim. 4:15, 16) Ka tsela e tshwanang, haeba o e mong wa batho bao Jehova a ba sebedisang ho kgalemela ba bang, le wena o lokela ho ikokobetsa mme o dumelle Jehova ho o tataisa. Ha o etsa jwalo, batho ba tla o hlompha ebile ho tla ba bonolo hore ba o mamele ha o ba kwetlisa kapa o ba bontsha diphoso tsa bona. Mohlala wa Jesu o ka re thusa tabeng ena.

16. Re ka ithutang mohlaleng wa Jesu mabapi le ho kgalemela batho ka tsela e atlehang?

16 Kamehla Jesu o ne a mamela Ntate wa hae, le ha ka dinako tse ding ho ne ho le thata ho etsa jwalo. (Mat. 26:39) O ne a bolella batho hore bohlale ba hae le dintho tseo a ba rutang tsona, di tswa ho Ntate wa hae. (Joh. 5:19, 30) Boikokobetso ba Jesu bo ne bo etsa hore batho ba dipelo dintle, ba batle ho mo mamela, hape bo ne bo etsa hore ebe mosuwe ya nang le kutlwelo bohloko le mosa. (Bala Luka 4:22.) Mantswe a Jesu a ne a kgothatsa batho ba tshwanang le lehlaka le tletleraneng kapa ba felletsweng ke matla jwalo ka kgwele ya lebone le haufi le ho tima. (Mat. 12:20) Jesu o ne a na le mamello. Ha baapostola ba ne ba phehisana kgang ka hore na ke mang ya moholo hara bona, Jesu ha a a ka a teneha, empa o ile a bua le bona ka mosa.—Mar. 9:33-37; Luka 22:24-27.

17. Ke makgabane afe a tla thusa baholo hore e be badisa ba molemo?

17 Baholo ba lokela ho etsisa mohlala wa Jesu ha ba fana ka kgalemelo e mabapi le ho sebedisa melaomotheo ya Bibele. Ha ba etsa jwalo, ba tla be ba bontsha hore ba batla ho boptjwa ke Modimo le Jesu. Moapostola Petrose o ile a re: “Disang mohlape wa Modimo o tlhokomelong ya lona, eseng ka ho qobellwa, empa ka ho rata; eseng ka lebaka la lerato la leruo la ho se tshepahale, empa ka tabatabelo; eseng ka ho rena ka thata hodima bao e leng lefa la Modimo, empa le e ba mehlala ho mohlape.” (1 Pet. 5:2-4) Baholo ba ikokobelletsang Modimo le Kreste ba tla rua molemo mme le phutheho e tla thabela ho tataiswa ke badisa ba jwalo.—Esa. 32:1, 2, 17, 18.

18. (a) Jehova o batla hore batswadi ba etseng? (b) Modimo o thusa batswadi jwang hore ba phethe boikarabelo ba bona?

18 Malapa a lokela ho sebedisa melaomotheo e buang ka bohlooho. Bibele e re ho dihlooho tsa malapa: “Le se ke la halefisa bana ba lona, empa le tswele pele ho ba hodisa ka tayo le kelello e laolwang ke Jehova.” (Baef. 6:4) Taba ena e tebile hakae? Lengolo la Liproverbia 19:18 le re: ‘Shapa mora wa hao ha ho ntse ho na le tshepo; hore o se ke wa ikarabella bakeng sa lefu la hae.’ Jehova o beha batswadi molato haeba ba hloleha ho kgalemela bana ba bona. (1 Sam. 3:12-14) Le ha ho le jwalo, Jehova o fa batswadi bohlale le matla ao ba a hlokang haeba ba mo kopa ka thapelo, ba bala Bibele ba bile ba latela tataiso ya moya o halalelang.—Bala Jakobo 1:5.

HO ITHUTA HO PHELA KA KGOTSO KA HO SA FELENG

19, 20. (a) Re fumana melemo efe ha re amohela kgalemelo ya Modimo? (b) Re tla bua kang sehloohong se latelang?

19 Re fumana melemo e mengata ha re amohela kgalemelo le ha re etsisa Jehova le Jesu ha re kgalemela ba bang. E meng ya melemo eo ke hore ho tla ba le kgotso malapeng le diphuthehong tsa rona. Batho ba tla utlwa ba ratwa, ba sireletsehile ebile e le ba bohlokwa. Ena ke tsela eo re tla ikutlwa ka yona nakong e tlang. (Pes. 72:7) Kgalemelo ya Jehova e re kwetlisetsa ho phela ka ho sa feleng ka kgotso bonngweng, jwalo ka lelapa le tlasa tlhokomelo ya hae. (Bala Esaia 11:9.) Haeba re nka kgalemelo ka tsela ena, re tla e bona e le tsela eo Jehova a re botshang ka yona hore o a re rata.

20 Sehloohong se latelang, re tla ithuta ka kgalemelo eo re e fuwang ka phuthehong, le ka moo batswadi ba lokelang ho kgalemela bana ba bona kateng. Re tla boela re bue ka hore na re ka etsa jwang hore re be le boitshwaro. Hape re tla boela re ithute hore le hoja ho le bohloko ho kgalemelwa, re ka qoba ditlamorao tse bosula haeba re mamela kgalemelo.