Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ke hobane’ng ha e le phoso ho beha lingoliloeng tsa Lipaki Tsa Jehova liwebsaeteng tse ling kapa mecheng ea phatlalatso?

Kaha re fana ka lingoliloeng tsa rona ntle ho tefo, batho ba bang ba nahana hore ho li kopitsa le ho li beha websaeteng kapa mecheng ea phatlalatso ho lumelletsoe. Leha ho le joalo, ho etsa joalo ho khahlanong le Melao ea Tšebeliso * ea websaete ea rona ’me ho bakile mathata a mangata. Joalokaha ho boletsoe Melaong eo, ha ho motho ea lumeletsoeng ho “beha litšoantšo, lingoliloeng, matšoao a JW, ’mino, lifoto, livideo kapa lihlooho tse hlahang websaeteng ena Inthaneteng (websaeteng efe kapa efe, websaeteng eo ho arolelanoang lifaele ho eona kapa livideo esita le mecheng ea phatlalatso).” Ke hobane’ng ha ho entsoe melao ee?

Ha ho motho ea lumeletsoeng ho beha lingoliloeng tsa rona liwebsaeteng

Lintho tsohle tse hlahang websaeteng ea rona li na le litokelo tsa bangoli. Bakoenehi le batho ba bang ba re hanyetsang ba leka ho sebelisa lingoliloeng tsa rona liwebsaeteng tsa bona ho hohela Lipaki Tsa Jehova le batho ba bang. Morero oa liwebsaete tseo ke ho etsa hore babali ba be le lipelaelo. (Pes. 26:4; Liprov. 22:5) Batho ba bang ba sebelisa litaba tse hlahang ho lingoliloeng kapa ba sebelise letšoao la rona la jw.org bakeng sa ho bapatsa, ba le behe linthong tseo ba li rekisang kapa ba le sebelise mananeong a lisebelisoa tsa elektronike. Ha re sireletsa litokelo tsa bangoli re bile re sireletsa matšoao a rona, re tla be re e-na le tokelo ea molao ea ho thibela hore batho ba li sebelise hampe. (Liprov. 27:12) Empa haeba re lumella batho, esita le barab’abo rona hore ba behe litaba tse hlahang websaeteng ea rona kapa ba sebelise letšoao la rona la jw.org bakeng sa ho rekisa, makhotla a ke ke a re tšehetsa ha re leka ho thibela bahanyetsi le bo-rakhoebo ho li sebelisa hampe.

Ho daonlouda lingoliloeng tsa rona kae kapa kae haese ho jw.org ho ka ba kotsi. Ke “lekhoba le tšepahalang le le masene” feela leo Jehova a le fileng boikarabelo ba ho fana ka lijo tsa moea. (Mat. 24:45) “Lekhoba” le sebelisa feela liwebsaete tse molaong ho fana ka lijo tsena. Tsona ke ​—www.pr418.com, tv.pr418.com le wol.pr418.com. Re na le mananeo a mararo feela a molaong e leng ​—JW Language®, JW Library® le JW Library Sign Language®. Re kholisehile hore tsena kaofela ha li na lipapatso kapa tšusumetso ea Satane. Haeba re fumana litaba tsena ho tsoa mehloling e meng, ho ka etsahala hore ebe li fetotsoe kapa li fetelelitsoe.—Pes. 18:26; 19:8.

Hape, ha re beha lingoliloeng tsa rona liwebsaeteng tse lumellang batho ho ngola maikutlo a bona, re fa bakoenehi le bahanyetsi monyetla oa ho susumetsa ba bang hore ba se ke ba tšepa mokhatlo oa Jehova. Bakreste ba bang ba ile ba lekeha ho kena liphehisanong tse joalo, empa ha qetella ka hore lebitso la Jehova le rohakoe le ho feta. Hape, ho araba websaeteng ha se tsela ea ho ‘rupela ka bonolo ba ratang ho hanyetsa.’ (2 Tim. 2:23-25; 1 Tim. 6:3-5) Ho boetse ho hlokomelehile hore batho ba etsa liak’haonte le liwebsaete tsa bohata ’me ba etsa eka li entsoe ke mokhatlo, Sehlopha se Busang kapa e mong oa litho tsa Sehlopha se Busang. Leha ho le joalo, ha ho setho leha e le sefe sa Sehlopha se Busang se nang le websaete kapa se keneng mecheng ea phatlalatso.

Ha re bontša batho websaete ea jw.org re thusa hore litaba tse molemo li tsebahale. (Mat. 24:14) Lithulusi tseo mokhatlo o re fang tsona bakeng sa tšimo li ntse li ntlafatsoa nako le nako. E ka ba hantle hore motho e mong le e mong a li sebelise. Kahoo, joalokaha Melao ea Tšebeliso e bontša, u ka romella motho kopi ea sengoliloeng ka e-mail kapa oa mo romella link ea sengoliloeng se hlahang ho jw.org. Ha re bolella batho ka liwebsaete tsa rona tse molaong, re ba isa mohloling oa lithuto tsa Molimo e leng “lekhoba le tšepahalang le le masene.”

^ ser. 1 U ka fumana Melao ea Tšebeliso qetellong ea leqephe le qalang la jw.org. Melao eo e sebetsa nthong e ’ngoe le e ’ngoe e teng websaeteng ea rona.