Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Ke hobaneng ha e le ntho e sa dumellwang ho beha dingolwa tsa Dipaki Tsa Jehova websaeteng ya botho kapa metjheng ya phatlalatso?

Ka ha re fana ka dingolwa tsa rona mahala, batho ba bang ba nahana hore ha ho na bothata ho di beha diwebsaeteng tse ding kapa metjheng ya phatlalatso. Empa ho etsa jwalo ke ho roba Melao ya Tshebediso * ya websaete ya rona mme ho se ho bakile mathata a maholo. Melao eo e bontsha ka ho hlaka hore ha ho na motho ya dumelletsweng “ho beha dintshwantsho, dingolwa, letshwao la rona la jw.org le lentswe jw, mmino, dinepe, divideo, kapa ho beha dihlooho tse hlahang websaeteng ya rona Inthaneteng. Hape ha di a lokela ho behwa websaeteng le ha e le efe e nngwe ho akaraletsa le tseo ho tsona batho ba qoqisanang le ho fanana divideo teng.” Ke hobaneng ha ho entswe thibelo e jwalo?

Ha ho na motho ya dumelletsweng ho beha dingolwa tsa rona diwebsaeteng tse ding

Re na le ditokelo tsa bongodi dinthong tsohle tse websaeteng ya rona. Bakwenehi le bahanyetsi ba bang ba leka ho sebedisa dingolwa tsa rona diwebsaeteng tsa bona ho thetsa Dipaki Tsa Jehova le batho ba bang. Dintho tse hlahang diwebsaeteng tseo tsa bona, di etseditswe ho jala dipelaelo dikellelong tsa babadi. (Pes. 26:4; Liprov. 22:5) Batho ba bang ba sebedisa dintho tse hlahang dingolweng tsa rona kapa letshwao la rona la jw.org ho di app tsa difouno le ha ba bapapatsa dintho tseo ba di rekisang. Ka ha re na le ditokelo tsa bongodi re ka sireletsa mosebetsi wa rona. (Liprov. 27:12) Empa haeba re dumella batho ho akarelletsa bara le baradibabo rona ho beha dingolwa tsa rona diwebsaeteng tse ding kapa ho beha letshwao la jw.org dinthong tseo ba di rekisang, lekgotla le ke ke la re tshehetsa ha re qosa bahanyetsi le boradikgwebo ba sebedisang dingolwa tsa rona hampe.

Ho downloada dingolwa tsa rona diwebsaenteng tse ding ntle le ho jw.org ho kotsi. Boikarabelo ba ho fana ka dingolwa, bo filwe “lekgoba le tshepahalang le le masene” feela. (Mat. 24:45) “Lekgoba” leo le sebedisa diwebsaete tsa rona tse molaong feela, ho fana ka nnete ya Bibele eo re ka reng e tshwana le dijo tseo Jehova a fanang ka tsona. Diwebsaete tseo ke www.pr418.com, tv.pr418.com, le wol.pr418.com. Re boetse hape re na le di app tse tharo feela tse molaong, e leng JW Language®, JW Library® le JW Library Sign Language®. Re ka kgodiseha hore diwebsaete le di app tsena tsa rona, ha di na dipapatso ebile ha di a silafatswa ke mashano a Satane. Empa haeba re ka nka dijo tsena tseo lekgoba le fanang ka tsona diwebsaeteng tse ding ntle le tsa rona, re tla be re sa kgodiseha hore ha di a silafala.—Pes. 18:26; 19:8.

Ho feta moo, ho beha dingolwa tsa rona diwebsaeteng tse dumellang batho ho ntsha maikutlo a bona, ho bulela bahanyetsi le batho ba ratang ho tshwayatshwayang diphoso monyetla wa hore ba jale dipelaelo ka mokgatlo wa Jehova. Bara le baradibabo rona ba bang le bona, ba ile ba kenella dingangisanong tse hlahang Inthaneteng mme seo se sentse lebitso la Jehova. Hopola hore Inthanete ha se sebaka se loketseng bakeng sa ho ‘rupela ka bonolo ba ratang ho hanyetsa.’ (2 Tim. 2:23-25; 1 Tim. 6:3-5) Ho bonahala ho na le batho ba iketseditseng diakhaonte metjheng ya phatlalatso mme ba re ke tsa mokgatlo kapa tsa ditho tsa Sehlopha se Busang. Le ha ho le jwalo, ha ho na setho sa Sehlopha se Busang se nang le akhaonte motjheng le ha e le ofe wa phatlalatso kapa websaete ya botho.

Ho lebisa batho websaeteng ya jw.org, ke tsela e nngwe ya ho tsebahatsa “ditaba tse molemo.” (Mat. 24:14) Dithulusi tseo re di sebedisang tshebeletsong ya tshimo, di dula di ntlafatswa. Ka hona, re batla hore batho bohle ba rue molemo ho tsona. Ka hoo, jwalo ka ha Melao ya Tshebediso e bontsha, o ka nna wa romella motho sengolwa ka e-mail kapa wa mo romela linki ya jw.org. Ha re isa batho diwebsaeteng tsa rona, re ba fa monyetla wa ho fumana mohlodi wa nnete ya Bibele e tswang ho “lekgoba le tshepahalang le le masene.”

^ par. 1 O tla fumana Melao ya Tshebediso botlaseng ba leqhephe le qalang la jw.org mme dithibelo tse moo, di ama dintho tsohle tse fumanwang websaeteng eo.