Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

‘A re Khothatsaneng Kaha Letsatsi le Ntse le Atamela’

‘A re Khothatsaneng Kaha Letsatsi le Ntse le Atamela’

A re nahanelaneng . . . , re khothatsaneng, ’me re etse joalo haholo kaha re bona letsatsi le ntse le atamela.’​BAHEB. 10:24, 25.

LIPINA: 121, 119

1. Ke hobane’ng ha Bakreste ba Baheberu ba ne ba hloka ho khothatsana?

NA HOA hlokahala hore re phehelle ho khothatsa Bakreste-’moho le rona? Lengolo leo moapostola Pauluse a le ngoletseng Baheberu, le re fa lebaka leo ka lona ho leng molemo ho lula re khothatsana. O ile a re: “A re nahanelaneng hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle, re sa tlohele ho bokana ha rōna, joalokaha ba bang ba e-na le tloaelo eo, empa re khothatsana, me re etsa joalo haholo kaha le bona letsatsi le ntse le atamela.” (Baheb. 10:24, 25) Ho ne ho e-s’o fete le lilemo tse hlano Pauluse a buile mantsoe ao ha Bakreste bana ba hlokomela hore “letsatsi . . .  la Jehova” le haufi. Ka nako eo, ba ne ba hloka ho mamela keletso ea Jesu. (Lik. 2:19, 20; Luka 21:20-22) Letsatsi leo le ile la fihla ka selemo sa 70 ha Baroma ba timetsa Jerusalema.

2. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re khothatsane?

2 Le mehleng ena ha ho pelaelo hore ‘letsatsi la Jehova le leholo le le tšosang haholo’ le haufi. (Joele 2:11) Moprofeta Sofonia o itse: “Letsatsi le leholo la Jehova le haufi. Le haufi, ’me le potlakile haholo.” (Sof. 1:14) Mantsoe ana a ntse a le bohlokoa le mehleng ena. Kaha letsatsi lena le atametse haholo, Pauluse o khothalletsa Bakreste ho ‘nahanelana le ho susumeletsana leratong le mesebetsing e metle.’ (Baheb. 10:24) Kahoo, re lokela ho tsotellana e le hore re tle re tsebe ho khothatsa mang kapa mang nako eohle.

MOTHO E MONG LE E MONG O HLOKA HO KHOTHATSOA

3. Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a re motho ea nang le boikarabello ba ho khothatsa le eena o hloka ho khothatsoa? (Sheba setšoantšo se qalong.)

3 Liproverbia 12:25 e re: “Ho tšoenngoa ke lipelaelo ka pelong ea motho ho tla etsa hore e thulame, empa lentsoe le molemo le etsa hore e thabe.” Motho e mong le e mong a ka hlaheloa ke mathata ebe o hloka ho khothatsoa. Pauluse o ile a hlakisa hore le motho ea nang le boikarabello ba ho khothatsa batho ba bang le eena o ntse a ka nyahama. O ile a re ho Bakreste ba Roma: “Ke hlolohetsoe ho le bona, e le hore nka le fa mpho e ’ngoe ea moea e le hore le tiisoe; kapa, ho e-na le hoo, e le hore ho ka ba le ho khothatsana har’a lōna, e mong le e mong ka tumelo ea e mong, ea lōna le ea ka.” (Bar. 1:11, 12) Le hoja a ne a tloaetse ho khothatsa batho ba bang, le eena o ne a hloka ho khothatsoa ka linako tse ling.​—Bala Baroma 15:30-32.

4, 5. Ke bo-mang ba hlokang ho khothatsoa, hona hobane’ng?

4 Batho ba iteletseng ho sebeletsa Molimo ba hloka ho babatsoa. Ba bang ba bona ke bo-pula-maliboho kaha ba tetse lintho tse ngata hore ba sebeletse Molimo. Ho boetse ho na le litho tsa malapa a Bethele, baromuoa, bapotolohi le balekane ba bona hammoho le batho ba sebetsang liofising tsa phetolelo. E ka ba hantle ho khothatsa batho bana kaha ba tela lintho tse ngata e le hore ba sebeletse Molimo. Ho boetse ho na le bao maemo a bona a seng a sa ba lumelle ho tsoela pele ba le tšebeletsong ea nako e tletseng. Batho bana ba hloka ho khothatsoa.

5 Ho na le batho ba khethang hore ba se ke ba kena lenyalong hobane ba batla ho nyala kapa ho nyaloa feela “Moreneng.” Batho bana le bona ba hloka ho khothatsoa. (1 Bakor. 7:39) Bo-’mè ba malapa le bona baa thaba ha balekane ba bona ba ba babatsa. (Liprov. 31:28, 31) Re boetse re lokela ho khothatsa Bakreste-’moho le rona ba kulang le ba mameletseng mathata a mang. (2 Bathes. 1:3-5) Jehova le Jesu ba khothatsa batho bohle ba mameletseng ho sa tsotellehe hore na maemo a bona ke afe.​—Bala 2 Bathesalonika 2:16, 17.

BAHOLO BAA RE KHOTHATSA

6. Mosebetsi oa baholo ke ofe ho latela Esaia 32:1, 2?

6 Bala Esaia 32:1, 2Jesu Kreste o sebelisa batlotsuoa le linku tse ling tseo e leng “likhosana” ho khothatsa batho ba nyahameng le ba imetsoeng ke mathata. Baholo ha se balaoli empa ke “basebetsi-’moho” le Bakreste ba bang. Ba batla ho re thusa hore re lule re thabile.—2 Bakor. 1:24.

7, 8. Baholo ba ka boela ba khothatsa Bakreste-’moho le bona joang?

7 Moapostola Pauluse o re behetse mohlala o motle haholo. O ile a re ho Bakreste ba Thesalonika: ‘Re na le lerato le mofuthu bakeng sa lōna, ha rea ka ra khahloa ke ho le fa litaba tse molemo feela tsa Molimo, empa le meea ea rōna, hobane le bile ba ratoang ho rōna.’—1 Bathes. 2:8.

8 Pauluse o ile a bontša hore ha hoa lekana ho khothatsa motho ka mantsoe, empa re lokela ho bontša le ka liketso. O ile a re ho baholo ba Efese: “Le thuse ba fokolang, ’me le hopole mantsoe a Morena Jesu, ha a re, ‘Ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.’” (Lik. 20:35) Pauluse o ne a sa khothatse ka molomo feela empa o ne a ikemiselitse ho itella Bakreste-’moho le eena. (2 Bakor. 12:15) Baholo le bona ba lokela ho etsisa mohlala ona oa Pauluse ka hore ba tsotelle Bakreste-’moho le bona.—1 Bakor. 14:3.

9. Jesu o behetse baholo mohlala ofe?

9 Re ka boela ra khothatsa batho ka ho ba eletsa. Empa pele baholo ba etsa joalo, ba lokela ho ithuta hore na Bibele e re motho o lokela ho eletsoa joang. Nakoana ka mor’a hore Jesu a tsosoe bafung, o ile a bontša hore na batho ba ka eletsoa joang. Nakong eo a neng a hloka ho khalemela Bakreste ba phutheho ea Efese, Pergame le Thyatire o ile a ba babatsa pele a ba khalemela. (Tšen. 2:1-5, 12, 13, 18, 19) O ile a re ho phutheho ea Laodisia: “Ke khalemela bohle bao ke ba ratang ’me kea ba laea. Ka hona cheseha ’me u bake.” (Tšen. 3:19) E ka ba hantle hore baholo ba etsise Jesu tabeng ena.

KAOFELA RE LOKELA HO KHOTHATSANA

Batsoali ba lokela ho ruta bana ba bona ho khothatsa batho ba bang (Sheba serapa sa 10)

10. Re lokela ho etsa’ng e le hore re khothatsane?

10 Ha se baholo feela ba lokelang ho khothatsa. Pauluse o khothalletsa Bakreste ho bua lintho tse ‘molemo bakeng sa ho haha kamoo tlhokahalo e ka bang kateng, e le hore ba ka fana ka se molemo’ ho bohle. (Baef. 4:29) Kaofela ha rona re lokela ho tsotellana re tsebe hore na e mong o hloka eng. Pauluse o ile a re ho Bakreste ba Baheberu: “Otlollang matsoho a lepeletseng le mangole a tšeremang, ’me le ’ne le otlolle litsela bakeng sa maoto a lōna, e le hore se holofetseng se se ke sa ntšoa lenonyellong, empa ho e-na le hoo e le hore se ka fola.” (Baheb. 12:12, 13) Ho sa tsotellehe hore na re banyenyane kapa re baholo, kaofela ha rona re lokela ho khothatsana.

11. Morali’abo rona Maretha o ile a thusoa ke eng ha a ne a e-na le khatello ea maikutlo?

11 Morali’abo rona Maretha, * o ne a e-na le khatello ea maikutlo. O re: “Ka letsatsi le leng ke ile ka kopa Jehova hore a nthuse. Ka mor’a moo, ka kopana le morali’abo rona e mong ea ileng a bua le ’na ka mosa. E ne e le eona ntho eo ke neng ke e hloka. Ke ile ka tšeliseha haholo ha a qeta ho mpolella hore na ke eng e ileng ea mo thusa ha a ne a le boemong boo ke neng ke le ho bona.” Ho ka etsahala hore ebe morali enoa oabo rona o ne a sa hlokomele kamoo a ileng a thusa Maretha kateng.

12, 13. Bafilipi 2:1-4 e re khothalletsa ho etsa’ng?

12 Moapostola Pauluse o ile a eletsa phutheho ea Filipi a re: “Haeba ho e-na le khothatso leha e le efe ho Kreste, haeba ho e-na le matšeliso leha e le afe a lerato, haeba ho e-na le karolelano leha e le efe ea moea, haeba ho e-na le lerato le mofuthu le qenehelo leha e le efe, le tlatse thabo ea ka ka hore le na le kelello e tšoanang ’me le na le lerato le tšoanang, le kopane hammoho moeeng, le bolokile kelellong monahano o le mong, le sa etse letho ka lebaka la ho rata likhang kapa ka lebaka la ho ipolelisa, empa ka ho ikokobetsa kelellong le nka hore ba bang ba le phahametse, le sa hlokomele lithahasello tsa litaba tsa lōna feela, empa hape le hlokomela lithahasello tsa ba bang.”—Bafil. 2:1-4.

13 Re lokela ho tsotellana, re ratane, re thusane hore re tšepahalle Molimo re be re qenehelane. Hape re lokela ho nka maikutlo a batho ba bang a le bohlokoa.

LINTHO TSE RE KHOTHATSANG

14. Ke eng e ka re khothatsang?

14 Hoa khothatsa ho tseba hore batho bao re ba thusitseng hore ba tsebe Jehova ba ntse ba tsoela pele hantle. Moapostola Johanne o ile a bua ka taba ena a re: “Ha ho letho le nthabisang ho feta lintho tsena, hore ebe ke utloa hore bana ba ka ba tsoela pele ho tsamaea ’neteng.” (3 Joh. 4) Bo-pula-maliboho ba bangata ba tseba monate ona. Ba thusitse batho ba bangata bao hona joale le bona e seng e le bo-pula-maliboho. Kahoo, re ka ba khothatsa ka ho ba hopotsa lintho tse kang tsena.

15. Batho ba tšebeletsong ea nako e tletseng ba khothatsoa ke eng?

15 Balebeli ba potoloho ba bangata ba re ba khothala haholo ha litho tsa phutheho li ananela ketelo ea bona. Baholo, baromuoa, bo-pula-maliboho le litho tsa malapa a Bethele kaofela baa thaba ha Bakreste-’moho le bona ba bontša hore ba ananela mosebetsi oo ba o etsetsang Jehova.

A RE KHOTHATSANENG

16. Re ka khothatsana ka ho etsa’ng?

16 A re se keng ra nahana hore re ke ke ra khona ho khothatsana hobane feela re le lihlong kapa re sa tsebe hore na re ka re’ng. Ha ho hlokahale hore re etse letho le mohlolo empa re ka khothatsana le ka ho lumelisana ka mosa. Ho ka etsahala hore u bone motho a hlomohile ha u mo lumelisa. Nakong eo, e ka ba hantle ho mo kopa hore a u bolelle hore na ke eng e mo tšoenyang. U ka khothatsa motho eo ka hore u mo mamele ka hloko ha a u bolella hore mathata a hae.—Jak. 1:19.

17. Ke eng e ileng ea thusa mor’abo rona Thabang ha a ne a nyahame?

17 Mor’abo rona Thabang ea lilemo li 20 o ile a nyahama haholo ha batho ba bang bao a amanang le bona ba tlohela ho sebeletsa Jehova. E mong oa batho bao e ne e le ntate oa hae eo e neng e le moholo. Mopotolohi e mong o ile a mo thusa haholo. O ile a ipha nako ea ho hahloa ke moea le eena e le hore Thabang a tle a mo bolelle mabinabine a pelo ea hae. Thabang a hlokomela hore haeba a ka lula a tšepahala o tla be a thusa beng ka eena ho khutlela ho Molimo. O ile a tšelisoa ke Mangolo ana: Pesaleme ea 46, Sofonia 3:17 le Mareka 10:29, 30.

Kaofela ha rona re lokela ho khothatsana (Sheba serapa sa 18)

18. (a) Morena Solomone o itse’ng? (b) Moapostola Pauluse o ile a re khothalletsa ho etsa’ng?

18 Re ka kholiseha hore hoa khoneha ho khothatsa Bakreste-’moho le rona. Re bone bopaki ba taba ena mohlaleng oa mor’abo rona Thabang le morali’abo rona Maretha. Morena Solomone o itse: “Lentsoe le buuoang ka nako ea lona e nepahetseng le molemo hakaakang! Ho khanya ha mahlo ho thabisa pelo; tlaleho e ntle e nontša masapo.” (Liprov. 15:23, 30) Ntho e ’ngoe e ka thusang motho ea nyahameng ke lihlooho tse hlahang Molula-Qhooeng le ho jw.org. Moapostola Pauluse le eena o ile a bontša hore ho bina lipina tsa ’Muso ho ka re khothatsa. O itse: “Le ’ne le rutane le ho eletsana ka lipesaleme, lithoriso ho Molimo, lipina tsa moea ka mosa, le binela Jehova ka lipelong tsa lōna.”—Bakol. 3:16; Lik. 16:25.

19. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho lula re khothatsana? (b) Re lokela ho hopola’ng?

19 Hona joale kaha “letsatsi [la Jehova] le ntse le atamela,” ho bohlokoa hore re leke ka matla ho lula re khothatsana. (Baheb. 10:25) Re lokela ho lula re hopola keletso ea Pauluse e reng: “Le ’ne le tšelisane le ho hahana, feela joalokaha le etsa.”—1 Bathes. 5:11.

^ ser. 11 Mabitso a fetotsoe.