Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA BOPHELO

Ke Hutse ka Thata, Empa Jehova o Ntlhohonolofalitse Haholo

Ke Hutse ka Thata, Empa Jehova o Ntlhohonolofalitse Haholo

Ke hlahetse motseng o monyenyane oa Liberty, o Indiana naheng ea Amerika. Re ne re lula ntlong e nyenyane ea kamore e le ’ngoe. Ke hlahlama bana ba bararo, e leng abuti le likhaitseli tse peli. Ke hlahlangoa ke baena ba babeli le khaitseli e le ’ngoe.

Ntlo e entsoeng ka likoqo eo re neng re lula ho eona

HA KE sa ntse ke kena sekolo, batho bao ke balileng sehlopha sa pele le bona, ke bao ke ileng ka ba ka qeta sekolo le bona. Ha e le hantle, batho ba motse kaofela ba ne ba tsebana.

Lapeng re ne re le bana ba supileng ’me ke ithutile lintho tse ngata ka temo

Motse oa Liberty o ne o le haufi le masimo a mangata a poone. Ha ke sa le ngoana, Ntate o ne a sebetsa ha sehoai se seng hona motseng moo. Ha ke le mohlankana, ke ile ka ithuta temo le ho khanna terekere.

Ha ke hlaha, Ntate o ne a le lilemo li 56 ha ’Mè a le lilemo li 35. Leha ho le joalo, Ntate o ne a phetse hantle, a le matla a bile a rata ho sebetsa ka thata. O ile a re ruta bohlokoa ba ho itšoarela ka matsoho. Le hoja a ne a sa etse chelete e ngata, o ne a re hlokomela. Re ne re e-na le moo re lulang teng, re bile re e-na le liaparo le lijo. O hlokahetse a le lilemo li 93. ’Mè eena o hlokahetse a le lilemo li 86. Ka bobeli e ne e se Lipaki Tsa Jehova. Moen’aka e ne e le Paki ea Jehova. E bile moholo ho tloha lilemong tsa bo-1970.

HA KE NTSE KE HOLA

’Mè o ne a rata kereke. Re ne re e-ea le eena kerekeng ea Baptiste Sontaha se seng le se seng. Ke qalile ho tseba ka Boraro-bo-teroneng ha ke le lilemo li 12. Kaha ke ne ke batla ho hlakeloa ke thuto ena, ke ile ka re ho ’Mè: “Ho tla joang hore ebe Jesu ke Mora ebile ke Ntate?” Ha a nkaraba o ile a re: “Ke misteri ngoan’aka. Re ke ke ra khona ho e utloisisa.” Ke ne ke hlile ke sa e utloisise. Ho ntse ho le joalo, ha ke le lilemo li 14 ke ile ka kolobeletsoa letamong le motseng oa heso. Ka qoelisoa ka makhetlo a mararo bakeng sa Boraro-bo-teroneng.

Ka 1952 Ha ke le lilemo li 17 pele ke e-ba lesole

Ha ke le sekolong se phahameng, motsoalle oa ka eo e neng e le ralitebele o ile a nkhothalletsa ho bapala litebele. Ka qala ho ikoetlisetsa tsona eaba ke kenela mokhatlo oa litebele o bitsoang Golden Gloves. Kaha ke ne ke se motle ka tsona, ke ile ka khaotsa ho li bapala. Hamorao ke ile ka ba lesole ka 1954 eaba ke isoa Jeremane. Ha ke le moo, beng ba ka ba ile ba nkisa k’holejeng ea masole kaha ba ne ba nka hore ke na le makhabane a ho etella pele. Ba ne ba batla hore ke be lesole bophelo bohle ba ka. Kaha ke ne ke sa rate ho ba lesole, ke ile ka itokolla ka 1956. Empa ka mor’a nakoana ke ile ka ba lesole la Kreste.

1954-​1956 Ke qetile lilemo tse peli sesoleng Amerika

BOPHELO BA KA BOA FETOHA

Ke ne ke ikoetliselitse ho ba monna ea litšika. Kaha batho ba hlahang lifiliming le bao ke phelang har’a bona ba ne ba e-na le maikutlo a hore monna o lokela ho ba litšika-tšika, ba ile ba susumetsa tsela eo ke nahanang ka eona. Ke ne ke nka hore baruti ha se banna ba sebele. Empa ke ile ka ithuta lintho tse ileng tsa fetola bophelo ba ka. Ka letsatsi le leng ha ke ntse ke khanna koloi ea ka e khubelu ea selahla, baroetsana ba babeli ba ile ba nkemisa. E ne e le likhaitseli tsa soare sa ka ea nyetseng ausi oa ka. Baroetsana bana e ne e le Lipaki Tsa Jehova. Ba ne ba atisa ho mpha limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Leha ho le joalo ke ne ke nka hore Molula-Qhooa o bua litaba tse thata haholo. Empa lekhetlong lena ba ile ba ’memela habo bona moo ho neng ho tšoareloa Thuto ea Buka ea Phutheho. E ne e le seboka se senyenyane seo ho sona batho ba neng ba ithuta Bibele le ho e tšohla. Ke ile ka ba bolella hore ke tla inahana. Ba mpotsa ba bososela ba re: “Oa re tšepisa?” Eaba ke re: “Kea le tšepisa.”

Le hoja ke ne ke ikoahlaela ho ba tšepisa joalo, ke ne ke utloisisa hore ke lokela ho tšepahala. Kahoo ke ile ka fela ka ea mantsiboeeng ao. Ka khahloa ke tsela eo bana ba banyenyane ba neng ba tseba Bibele ka eona. Le hoja ke ne ke e-ea kerekeng le ’Mè Sontaha se seng le se seng, ke ne ke ntse ke sa tsebe Bibele. Kahoo ka ikemisetsa ho ithuta eona. Ke ile ka lumela ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Li sa tloha feela, ke ile ka ithuta hore lebitso la Molimo ea matla ’ohle ke Jehova. Lilemo pele ho moo, ha ke botsa ’Mè ka Lipaki o ile a re: “Oh, ba rapela monna-moholo e mong ea bitsoang Jehova.” Ke ile ka hlokomela hore Lipaki li mputse mahlo.

Kaha ke ne ke kholisehile hore lintho tseo ke ithutang tsona ke ’nete, ke ile ka kolobetsoa ka mor’a likhoeli tse robong ka March, 1957. Ka fetola tsela eo ke nahanang ka eona. Ke thabela hore ebe ke ithutile hore na Bibele e re’ng ka monna oa sebele, ho e-na le lintho tseo ke neng ke li nahana. Jesu o ne a phethahetse a bile a le matla ho feta monna ofe kapa ofe oa sehanyata. Leha ho le joalo, ha ho mohla a kileng a loana. Ho e-na le hoo, o ile “a itumella hore a hlorisoe,” feela joalokaha Bibele e ile ea bolela. (Esa. 53:2, 7) Ke ile ka ithuta hore molateli oa ’nete oa Jesu o lokela ho ba “bonolo ho bohle.”—2 Tim. 2:24.

Ke qalile ho ba pula-maliboho ka 1958. Empa ka mor’a nako e khutšoanyane ke ile ka lokela ho khaotsa ka nakoana ho ba pula-maliboho. Lebaka ke hore ke ne ke tl’o nyala e mong oa baroetsana bane ba babeli ba ileng ba ’memela thutong ea buka. Lebitso la hae ke Gloria. Ha ho mohla nkileng ka ikoahlaela ho etsa qeto eo. Gloria ke lehakoe la pelo ea ka. Ho ’na o ne a tšoana le taemane eo ho leng thata ho e fumana. Empa ke ile ka mo fumana ra ba ra nyalana. E-re a ke a re qaa-qaa ka pale ea bophelo ba hae.

“Heso re bana ba 17. ’Mè e ne e le Paki ea Jehova e tšepahalang. O ile a hlokahala ke le lilemo li 14. Ka nako eo, Ntate o ne a ntse a ithuta Bibele. Kaha ’Mè o ne a se a le sieo, Ntate o ile a kopa mosuoe-hlooho oa sekolo sa ka hore ’na le ausi oa ka re chenchane ka matsatsi ho ea sekolong e le hore re hlokomele bana babo rona. O ne a boetse a batla hore ha a fihla a tsoa mosebetsing, a fumane re phehile lijo tsa mantsiboea. Mosuoe-hlooho o ile a lumela eaba re chenchana joalo ho fihlela ausi oa ka a qetile sekolong. Re ne re ithuta Bibele le malapa a mabeli a Lipaki eaba ba 11 ba rona e e-ba Lipaki Tsa Jehova. Ke ne ke thabela ho ea tšimong le hoja ke ne ke le lihlong. Mohats’aka o ile a nthusa ho sebetsana le bothata bona ka lilemo tse ngata.”

’Na le Gloria re nyalane ka February, 1959. Re ne re thabela ho bula maliboho ’moho. Ka mor’a likhoeli tse hlano, re ile ra etsa kopo ea ho sebeletsa Bethele kaha esale re labalabela ho sebetsa ntlo-kholo ea Lipaki Tsa Jehova. Mor’abo rona Simon Kraker o ile a buisana le rona eaba o re hlalosetsa hore ka nako eo, ho ne ho sa amoheloe banyalani Bethele. Le hoja re sa ka ra lahla tšepo, ho ne ho hlakile hore re tla lokela ho leta nako e telele.

Re ile ra ngolla ntlo-kholo re kopa hore re romeloe moo ho hlokehang bahoeletsi ba eketsehileng. Karabo ea re re lebe Pine Bluff, Arkansas. Mehleng eo, ho ne ho e-na le liphutheho tse peli, ea batho ba basoeu le ea batho ba batšo. Re ile ra isoa phuthehong ea batho ba batšo. E ne e e-na le bahoeletsi ba 14 feela.

BOTHATA BA KHETHOLLO EA MORABE

Mohlomong oa ipotsa hore na ke hobane’ng ha ho ne ho aroloa phutheho ea batho ba basoeu le ba batšo. Lebaka ke hore ho ne ho e-na le molao oa hore batho ba batšo le ba basoeu ba se ke ba kopana ’moho. Ha ba ka kopana, e ne e ka ba tlolo ea molao ho bile ho ka baka merusu. Libakeng tse ngata barab’abo rona ba ne ba e-na le mabaka a utloahalang a ho tšoha kaha ba ne ba tseba hore Holo ea ’Muso e ka senngoa. Litlhaselo tse joalo li ne li tloaelehile. Ha barab’abo rona ba batšo ba ne ba ka ea ka ntlo le ntlo sebakeng seo ho lulang batho ba basoeu, ba ne ba ka tšoaroa kapa ba khakhathoa. Kahoo, e le hore mosebetsi oa boboleli o tsoele pele, re ne re mamela melao ka tšepo ea hore maemo a tla fetoha.

A mang a mathata ao re neng re kopana le ’ona tšebeletsong ke hore ebe re kokota lelapeng la batho ba basoeu le hoja re ntse re sebetsa moo ho lulang batho ba batšo. Re ne re lokela ho inahana kapele hore na ha re kopana le motho e mosoeu re tla mo balla temana e khutšoanyane feela kapa re kope tšoarelo ebe rea feta. Libakeng tse ling re ne re kopana le maemo a joalo.

Re ne re lokela ho fumana mesebetsi e neng e tla re nolofalletsa hore re tsoele pele re le bo-pula-maliboho. Hangata mesebetsi eo e ne e patala chelete e nyenyane haholo ka letsatsi. Gloria o ne a sebetsa malapeng a ’maloa. Lelapa le leng le ne le ntumella ho mo thusa e le hore a qete kapele. Re ne re fuoa lijo tsa motšehare tseo re neng re li arolelana le Gloria pele re chaisa. Hape o ne a terekela lelapa le leng beke le beke. Ke ne ke hloekisa jarete, ke hlatsoa lifensetere, ke etsa le mesebetsi e meng ea ka ntle. Lelapeng le leng la batho ba basoeu, re ne re hlatsoa lifensetere re le babeli. ’Na ke li hlatsoa ke le ka ntle, Gloria eena a le ka tlung. Re ile ra qeta letsatsi lohle kahoo ra fuoa lijo tsa motšehare. Gloria o ne a jella ka tlung thoko ho lelapa leo empa ’na ke jella ka karacheng. Ke ne ke se na bothata kaha lijo tseo li ne li hlabosa. E ne e le batho ba lokileng empa ba susumelitsoe ke tsela eo batho ba moo ba neng ba tšoara batho ba batšo ka eona. Ke hopola ka letsatsi le leng re qeta ho tšela peterole eaba ke botsa motho ea neng a ntse a re thusa hore na Gloria a ka sebelisa matloana, o ile a ntonela mahlo eaba o re: “Ho notletsoe.”

BATHO BAO RE KE KENG RA BA LEBALA

Leha ho le joalo, re ile ra thabela ho sebetsa le barab’abo rona. Re ne re rata tšebeletso haholo. Ha re qala ho fihla Pine Bluff, re ne re lula ha mor’abo rona eo e neng e le mohlanka oa phutheho ka nako eo. Mosali oa hae e ne e se Paki eaba Gloria o ithuta Bibele le eena. Ke ile ka ithuta Bibele le morali oa bona le mokhoenyana oa bona. ’Mè le morali e ile ea ba Lipaki.

Re ne re e-na le metsoalle ea bohlokoa phuthehong ea batho ba basoeu. Re ne re lokela ho ipata ha re ile lijong ha bona. Sehlopha se mabifi sa Ku Klux Klan (KKK), se ne se susumetsa khethollo ea merabe le lintoa ’me se hlaheletse haholo ka nako eo. Ke hopola ka letsatsi la Halloween ke bona monna e mong a apere joaloka batho ba sehlopha sa KKK. O ne a lutse ka ntle ha hae ’me a shebahala a le motlotlo ka liaparo tseo. Liketso tse joalo ha lia ka tsa sitisa barab’abo rona ho bontšana mosa. Ka letsatsi le leng re ne re se na chelete ea ho ea kopanong eaba re etsa qeto ea ho rekisa koloi ea rona e le hore re fihle moo. Khoeli hamorao, re ile ra etsahalloa ke ntho eo re neng re sa e lebella. Re ne re tsoa tšimong le lithutong, re khathetse kaha ho ne ho chesa. Ha re fihla hae, ra fumana koloi ea rona eo re neng re e rekisitse e eme ka pel’a ntlo. Ho ne ho e-na le lengolo fensetereng ea koloi le reng: “Ke le file koloi ea lona e le mpho e tsoang ho ’na. Mor’abo lona.”

Lelapa le leng le ile la etsa ntho eo nke keng ka e lebala. Ka 1962, ke ile ka memeloa ho ea Sekolong sa Tšebeletso sa ’Muso se neng se le South Lansing, New York. Barab’abo rona ba etellang pele liphuthehong, balebeli ba tsamaeang le ba setereke ba ne ba il’o qeta khoeli ba rutoa sekolong seo. Ha ke fumana memo eo, ke ne ke sokola kaha ke ne ke sa sebetse. Leha ho le joalo, ke ile ka hlahlobeloa mosebetsi k’hamphaning ea lifono e Pine Bluff. Haeba ba ne ba ka amohela kopo eaka, ke ne ke tla be ke le motho oa pele e motšo oa ho sebeletsa khoebo eo. Ba ile ba re ke fumane mosebetsi oo. Ebe ke ne ke lokela ho etsa joang? Ke ne ke se na chelete ea ho ea New York. Ke ne ke utloa e ka ho betere ho amohela mosebetsi ebe ke tlohela ho ea sekolong. Ha e le hantle, ke ne ke itokisetsa ho ngola lengolo le bontšang hore ha ke na hoba teng sekolong, empa ha etsahala ntho eo nke keng ka e lebala.

Hoseng ho hong, morali’abo rona eo monna oa hae e seng Paki o ile a fihla ha rona eaba o mpha enfelopo. E ne e tšetse chelete. Eena le bana ba hae ba ne ba ile ba sebetsa masimong a k’hothone, Ok. Thank ba hlaola lipakeng tsa lijalo, e le hore ba bokelle chelete ea hore ke ee New York. O ile a re: “Re labalabela hore u ee sekolong e le hore ha u khutla u tl’o re ruta.” Hamorao ke ile ka kopa ba k’hamphani ea lifono hore ba mphe libeke tse hlano pele ke tla mosebetsing. Ba ile ba ntatolela. Empa ho ne ho se na le moo ho reng teke! hobane ke ne ke se ke entse qeto. Kea thaba hore ebe ha kea ka ka amohela mosebetsi oo.

Ha Gloria a hopola nako eo re bileng le eona Pine Bluff o re: “Ke ne ke rata tšimo ea moo haholo. Ke ne ke e-na le lithuto tsa Bibele tse 15 ho ea ho tse 20. Re ne re sebetsa tšimo hoseng ebe ka mor’a moo re ea lithutong letšehare kaofela. Ka linako tse ling ho fihlela ka bo-11 bosiu. Tšimo e ne e le monate haholo. Kaha ke ne ke rata tšimo, ke ne ke sa lakatse ho fetola kabelo eo ebe re ba bapotolohi, empa Jehova eena o ne a nahanne ka tsela e fapaneng.”

BOPHELO MOSEBETSING OA POTOLOHO

Ha re ntse re bula maliboho Pine Bluff, re ile ra etsa kopo ea ho ba bo-pula-maliboho ba khethehileng. Re ne re lebeletse hore re tla atleha kaha molebeli oa setereke o ne a batla hore re il’o thusa phutheho e ’ngoe Texas ’me a batla re bebo-pula-maliboho ba khethehileng moo. Re ne re lebeletse kabelo eo ka tjantjello e kholo. Re ile ra leta re sa fele pelo, hore re fumane karabo e tsoang Mokhatlong empa ra se ke ra e fumana. Qetellong lengolo le ile la fihla ka January 1965. Le ne le re re abetsoe mosebetsi oa potoloho. Mor’abo rona Leon Weaver, eo hona joale e leng mohokahanyi oa Komiti ea Lekala la United States le eena o ile a koptjoa ka nako eo hore e be molebeli oa potoloho.

Ke ne ke tšohile ha ke koptjoa hore ke be molebeli oa potoloho. Hoo e ka bang selemo pele ho moo, Mor’abo rona James A. Thompson, Jr., o ile a ntlhahloba hore na kea tšoaneleha. Ka mosa o ile a mpontša moo ke lokelang ho lokisa teng, a ba a bua ka lintho tse hlokehang hore motho e be molebeli oa potoloho. Ka mor’a nakoana e seng kae feela, ke ha ke hlokomela hore ke ne ke hloka keletso eo. Ha ke se ke le molebeli oa potoloho, Mor’abo rona Thompson e bile eena molebeli oa setereke oa pele oa hore ke sebetse le eena. Ke ithutile lintho tse ngata ho eena.

Ke ananela tsela eo barab’abo rona ba nthusitseng ka eona

Mehleng eo, molebeli oa potoloho o ne a fuoa thupelo e nyenyane. Ke nkile beke ke ntse ke shebile hore na molebeli oa potoloho o etsa lintho joang. Eaba beke e latelang oa ntlhahloba ha ke etetse phutheho e ’ngoe. A nkeletsa hore na nka ntlafatsa hokae. Ka mor’a moo re ile ra itjara. Ke hopola ke re ho Gloria: “Ekare ba ka se tsamaee.” Ha nako e ntse e-ea ke ile ka hlokomela hore ntho ea bohlokoa ke hore ho na le Bakreste ba lulang ba ikemiselitse ho re thusa haeba re ba lumella. Le hona joale ke ntse ke ananela thuso eo ke ileng ka e fuoa ke barab’abo rona ba nang le boiphihlelo. E mong oa bona ke Mor’abo rona James R. Brown eo ka nako eo e neng e le molebeli oa potoloho. Ke ile ka boela ka thusoa ke mor’abo rona Fred Rusk oa lelapa la Bethele.

Ka nako eo, batho ba bangata ba ne ba e-na le khethollo ea morabe. Ka letsatsi le leng mokhatlo oa KKK o ile oa etsa mohoanto toropong eo re neng re e etetse ea Tennessee. Ke hopola ka le leng re le tšimong eaba re khefutsa hanyane ’me re ja reschorenteng e ’ngoe. Ha ke ema ke e-ea ntloaneng, monna ea shebahalang a le mabifi o ile a ntšala morao. O ne a ingotse ’meleng joaloka batho ba ratang khethollo ea ’mala. Empa mor’abo rona e mosoeu ea neng a refohile ho mo feta o ile a re sala morao. A re: “U hantle mor’abo rona Herd?” Monna eo o ile a tsamaea kapele a bile a sa kena le ka matloaneng. Ka lilemo tse ngata ke ile ka hlokomela hore khethollo ea ’mala ha se feela ho khesa batho ba ’mala o itseng, empa ke bothata bo bileng teng ka lebaka la sebe sa Adama. Ke boetse ke ithutile hore mor’eno ke mor’eno ho sa tsotellehe hore na ke oa ’mala ofe. A ka ba a u shoela ha ho hlokeha.

JEHOVA O RE HLOHONOLOFALITSE HAHOLO

Re qetile lilemo tse 33 re le balebeli ba tsamaeang, tse 21 tsa tsona re le balebeli ba setereke. E ne e le lilemo tse monate ka ho fetisisa. Re bile le liphihlelo tse matlafatsang. Empa ho na le ho hong ho monate ho neng ho tla. Toro ea rona e ile ea phethahala ka August 1997 ha re memeloa ho ea sebeletsa Bethele e United States ka mor’a lilemo tse 38 re entse kopo. Khoeling e hlahlamang re ile ra qala mosebetsi oa rona Bethele. Ke ne ke nahana hore ke memetsoe ho tla sebetsa nakoana e khutšoanyane empa ho ne ho se joalo.

Haesale Gloria e le lehakoe la pelo ea ka ho tloha ha re nyalana

Ke qalile ke sebetsa Lefapheng la Tšebeletso ’me ke ile ka ithuta lintho tse ngata. Barab’abo rona moo ba sebetsana le lipotso tse boima tse tsoang ho baholo le balebeli ba potoloho naheng eohle. Ke ile ka ananela tsela eo barab’abo rona ba ileng ba ’mamella ka eona ha ba ntse ba nthupela. Leha ho joalo, haeba nka boela ka fuoa kabelo eo, ke ntse ke tla ikutloa joaloka motho ea se nang boiphihlelo.

’Na le Gloria re rata bophelo ba Bethele. Kaha haesale re tloaetse ho li raha, ho bile bonolo hore re tloaele bophelo ba Bethele. Hoo e ka bang ka mor’a selemo ke ile ka qala ho sebeletsa ke le mothusi Komiting ea Tšebeletso ea Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova. Ke bile setho sa Sehlopha se Busang ka 1999. Ke ithutile lintho tse ngata kabelong ena. Empa ka holim’a tsohle ke ithutile hore Jesu Kreste, eseng motho leha e le ofe, ke eena hlooho ea phutheho ea Bokreste.

Ke bile setho sa Sehlopha se Busang ho tloha ka 1999

Ka linako tse ling ha ke hetla morao ke ee ke ikutloe joaloka moprofeta Amose. Jehova o ne a ananela mosebetsi oa molisa eo ea neng a etsa mosebetsi o tlaase oa ho kha lifeiga tsa sikamora, e leng lijo tseo ka nako eo e neng e le tsa mafutsana. Jehova o ile a mo khetha hore e be moprofeta, e leng mosebetsi oa bohlokoa. (Amose 7:14, 15) Le ’na Jehova o ile a nkela hloko le hoja ke ne ke le mora oa sehoai se futsanehileng sa Liberty, Indiana. O ile a ntlhohonolofatsa ho feta kamoo nka lekanyang kateng. (Liprov. 10:22) Le hoja ke ne ke futsanehile, Jehova o ntlhohonolofalitse haholo ’me ke ruile hobane ke na le kamano e ntle le eena.