Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE YA BOPHELO

Pele ke ne ke le Mofutsana, Empa Jwale ke Morui

Pele ke ne ke le Mofutsana, Empa Jwale ke Morui

Ke hlahetse torotswaneng e bitswang Liberty e Indiana, U.S.A. Re ne re dula mokhukhung. Heso re bana ba 7 mme nna ke wa bone.

Mona ke lapeng, mokhukhung wa ne oo ke itseng ke holetse ho ona

MEHLENG ya ka ha ke kena sekolo, o ne o tla fumana motho a qeta sekolo a ntse a kena le bana bao a neng a etsa kereite 1 le bona. O ne o bile o tseba batho ba bangata toropong moo ka mabitso.

Heso re bana ba 7 mme nna ke wa bone, mme ke ile ka ithuta mesebetsi e mengata ya mapolase

Torotswana eo ya Liberty, e ne e potolohilwe ke dipolasi tsa poone. Ntate wa ka o ne a sebetsa ho e nngwe ya dipolasi tseo ha ke hlaha. Ha ke ntse ke hola, ke ile ka ithuta ho kganna terekere le mesebetsi e meng ya polasi.

Ntate wa ka o ne a le moholo haholo ha ke hlaha, o ne a ka ba le dilemo di 56. Ha Mme yena a ne a le dilemo di 35. Ho ntse ho le jwalo, Papa e ne e le sekgothadi, a phetse hantle a bile a le matla. Ebile o ne a sa tswafe le ho re ruta mosebetsi. Ke nnete hore e ne e le mofutsana, le ha ho jwalo, o ne a etsa sohle seo a ka se kgonang ho re hlokomela. Re ne re na le diaparo, dijo le moo re behang hlooho teng. O hlokahetse a le dilemo di 93. Ha Mama yena a hlokahetse a le dilemo di 86. Empa e ne e se Dipaki Tsa Jehova. Le ha ho le jwalo, ngwaneso e mong, o ile a sebeletsa Jehova ka botshepehi e le moholo ho tloha ha tokisetso eo e qala ka bo 1970.

DILEMO TSA KA TSA BONYANENG

Mama e ne e le motho le kereke. Re ne re ya le yena kerekeng ya Baptist Sontaha se seng le se seng. Ke qadile ho utlwa taba ya Boraro bo Teroneng ha ke le dilemo di 12. Taba ena e ile ya etsa hore ke botse Mama: “Hao! Mama, ke jwang Jesu e ka bang Mora hape ya ba Ntate ka nako e le nngwe?” Ke hopola a re: “Ngwanaka, o ke ke wa e utlwisa, nthwena ke selotho.” Ene le jwale e ne e le selotho. Ho ntse ho le jwalo, ha ke le dilemo di 14, ke ile ka kolobeletswa nokeng e nngwe tjena mme ka qwediswa ka makgetlo a mararo ho latela thuto ya Boraro bo Teroneng.

1952 Ha ke le dilemo di 17, pelenyana ke iswa sesoleng

Ha ke le high school, ke ne ke na le motswalle ya neng a bapala ditebele, yaba o nkgothalletsa hore le nna ke di kenele. Ka hoo, ke ile ka kena kgabong le nna, ke bapalla mokgatlo wa papadi ya ditebele o bitswang Golden Gloves. Ka ha ehlile e ne e sa tsohe boroko, eitse ka mora hore ba nnepe monateng mona, ka e nyahlatsa. Hamorao, ka kgethwa hore ke kenele sesole sa U.S. yaba re iswa Germany. Ha ke ntse ke le moo, balaodi ba ka ba ile ba nromela kholetjheng ya sesole e bitswang Noncommissioned Officers Academy, hobane ba ne ba nahana hore ehlile ke na le bokgoni ba ho ba moetapele. Ba ne ba rerile ho nketsa lesole motjha o tjhele. Ka ha nna ke ne ke sa ikemisetsa ho ba lesole, ke ile ka lokollwa ka 1956 ka mora hore ke qete dilemo tse pedi ke le sesoleng. Empa ho e soye kae, ke ile ka kenela mofuta o mong wa sesole.

1954-1956 Ke ile ka qeta dilemo tse pedi ke le lesole la U.S. Army

JWALE KE QALA BOPHELO BO BOTJHA

Ho fihlela hona jwale bophelong ba ka, ke ne ke se ke ithutile ho ba mpodi. Ke tshwana le banna bao o tla ba fumana dimoving le makeisheneng mona ba etsa dintho ka tsela ya bona. Ke ka hona o tla lemoha hore taba ya ho ba moruti, e ne e se ntho tsa ka. Le ha ho le jwalo, ke ile ka ithuta ntho e ileng ya fetola bophelo ba ka. Ka tsatsi le leng tjena, ke ne ke ntse ke ikgannela koloi ya ka ya selahla e kgubedu ka toropong. Ke ha banana ba bang ba babedi ba nkemisa. Ke ne ke ba tseba, e ne e le bana babo sware sa ka. E ne e le Dipaki Tsa Jehova. Ba ne ba ile ba mpha Tora ya ho Lebela le Fadimehang! pelenyana ho moo. Empa atjhe ke ne ke utlwa Tora ya ho Lebela e hlile e sa nkene tjena. Lekgetlong lena, ba ile ba mmemela sebokeng sa Thuto ya Buka ya Phutheho, se neng se le ha bo bona. Ke ile ka ba bolella hore ke tla tla. Ba ile ba botsa difahleho tla bona di tletse pososelo, “kannete o a tshepisa?” Yaba ke re: “Ke a le tshepisa.”

Ka mora moo, ke ile ka utlwa eka ke itlamme ka ho etsa tshepiso e jwalo. Empa ho a tshwana ke ne ke se ke ba tshepisitse. Ka hoo, ke ile ka fela ka ya bosiung boo. Bana ba moo ba ile ba nkgahla haholo. Ke ne ke sa nahana hore bana ba ba kalonyana ba ka tseba Bibele hakana! Le hoja ke ne ke ya kerekeng le Mama Sontaha se seng le se seng, ke ne ke na le tsebo e fokolang ya Bibele. Jwale ke ne ke se ke ikemiseditse ho ithuta ho eketsehileng. Ka lebaka leo, ka dumela ho ballwa. Ke ile ka ithuta hore lebitso la Modimo ya Matla Ohle ke Jehova. Dilemo pele ho moo, ha ke ne ke botsa Mama hore na Dipaki Tsa Jehova ke bo mang, o ile a re “Oho ngwanaka! ba rapela ntatemoholo e mong tjena eo ba reng ke Jehova.” Empa hona jwale ke ne ke utlwa hore jwale mahlo a ka a a buleha!

Ka ha ke ne ke fumane nnete, ke ile ka hatela pele ka potlako. Ka mora seboka seo sa pele, ho nkile dikwedi tse 9 feela, yaba ke a kolobetswa ka March 1957. Ke ne se ke se motho eo ke neng ke le yena pele. Ha ke nahana ka moo ke neng ke le mmampodi kateng, ke a thaba hore ebe ke ile ka ithuta seo Bibele e se rutang ka ho ba monna wa sebele. Jesu e ne e le monna ya phethahetseng. O ne a na le matla a ka etsang hore ‘senatla’ se itshwabele. Ho ntse ho le jwalo, e ne e se mpodi, empa o ile a “itumella hore a hloriswe,” feela jwalo ka ha ho ne ho boletswe esale pele. (Esa. 53:2, 7) Ke ile ka ithuta hore molatedi wa nnete wa Jesu, e lokela ho ba motho ya “bonolo ho bohle.”—2 Tim. 2:24.

Selemong se latelang ka 1958, ke ile ka ba pulamadiboho. Empa ho e so ye kae, ka tlameha ho kgaotsa ho ba pulamadiboho. Hobaneng? Ke ne ke se ke batla ho nyala Gloria. E leng e mong wa dithope tsane tse ileng tsa mmemela dibokeng. Ha ke so ka ke ikwahlahela qeto eo. Gloria e ne e le lehakwe la bohlokwa ha ke mo nyala mme le jwale e sa ntse e le lona. Ho nna, o motle ho feta mofuta le ha e le ofe wa taemane. Empa tsena tseo ke di bolelang ke dinyane feela, e reng a ke a le hlabe malotsana ho se ho kae ka yena:

“Heso re bana ba 17. Mama e bile Paki e tshepahalang ka nako e telele. O hlokahetse ha ke le dilemo di 14. Yaba Papa o qala ho ithuta Bibele ho tloha ka nako eo. Ka ha Mama o ne a se a hlokahetse, Papa o ile a tlameha ho tswa ka polane. O ile a kopa prinsepala ya rona hore nna le Ausi wa ka, re tjhentjhane ka matsatsi a ho ya sekolong. Ausi wa ka o ne a se a haba ho qeta high school. Lebaka la sena e ne e le hore bobedi ba rona re thusane ka mesebetsi ya ka tlung. E le hore ha Papa a tjhaisa, a fumane re se re hlophisitse dijo tsa mantsibuya mme le bana ba hlokometswe hantle. Prinsepala e ile ya dumellana le kopo eo, mme ra tjhentjhana jwalo ho fihlela Ausi wa ka a qeta sekolo. Malapa a mabedi a Dipaki a ile a re ruta Bibele, mme nna le banabeso ba 10, ra ba Dipaki Tsa Jehova. Le hoja ke le dihlong ka tlhaho, ke ne ke thabela ho ya tshimong. Haesale Sam a wa a tsoha le nna ho theosa le dilemo.”

Nna le Gloria re ile ra nyalana ka February 1959. Re ne re thabela bopulamadiboho. Ya re ka July, ra kenya kopo ya ho sebeletsa Bethele, ka ha re ne re labalabela ho sebeletsa ntlokgolo. Morabo rona Simon Kraker ya ratehang, o ile a buisana le rona ka taba ena. A re bolella hore Bethele e ne e sa amohele banyalani ka nako eo. Le ha ho le jwalo, ha re a ka ra tela le hoja re ne re tla lokela ho leta.

Re ile ra ngolla ntlokgolo, ra etsa kopo ya ho ya tlhokahalong. Yaba re abelwa ho ya toropong ya Pine Bluff e Arkansas. Mehleng eo, ho ne ho na le diphutheho tse pedi feela Pine Bluff, ya makgowa le ya batho ba batsho. Rona ra romelwa ho ya batho ba batsho e neng e na le bahweletsi ba 14 feela.

HO MAMELLA KGETHOLLO YA MORABE

Mohlomong o a ipotsa hore na ke hobaneng ha batho ba ne ba arolwa ho ya ka merabe diphuthehong tsa Dipaki Tsa Jehova. Karabo e bonolo ke hore, ho ne ho se na boikgethelo ka nako eo. Ho ne ho na le melao e neng e qobella batho hore ba arolwe ho ya ka merabe, mme ha e ne e sa latelwe, ho ne ho ka fella ka merusu. Ka lebaka leo dibakeng tse ngata, barababo rona ba ne ba tshaba hore ha ba ka itswakanya le ba merabe e meng, Holo ya bona e ne e tla senngwa. Merusu eo e jwalo, e ne e hlile e etsahlala. Haeba Dipaki tsa batho ba batsho di ne di etsa tshebeletso ya ntlo le ntlo moo ho dulang makgowa, di ne di tshwarwa di be di shapuwe. Ka hoo, re ile ra hlompha melao eo e le hore mosebetsi wa boboledi o tswele pele, re tshepile hore dintho di tla fetoha.

Le ha re se re re re sebetsa tshimo ya batho ba batsho, o ne o tla fumana ka phoso re se re kokotile moo ho dulang makgowa. Maemong a jwalo, re ne re lokela ho etsa qeto ka pele hore na re balle mongantlo lengolo la Bibele le le kgutswanyane kapa re kope tswarelo mme re itsamayele na. Ke ka moo maemo a neng a le kateng dibakeng tse ding.

Taba e nngwe ke hore re ne re lokela ho ba le mosebetsi wa boiphediso e le hore re tswele pele ho bulamadiboho. Boholo ba mesebetsi eo re neng re e etsa, e ne e patala tjhelete e nyane haholo. Gloria o ne a sebetsa dikitjhineng. Lelapeng le leng, ke ne ke dumelletswe ho mo thusa e le hore a ka qeta ka pele. Re ne re ye re fuwe dijo. Gloria o ne a aena diaparo tsa lelapa le leng beke le beke. Athe nna, ke sebetsa jareteng, ke hlatswa difenstere ebile ke etsa le mesebetsing e meng e amanang le ho lokisa dintho. Ntlong e nngwe ya makgowa eo re neng re sebetsa ho yona, re ne re hlatswa difenstere. Gloria a di hlatswa a le ka hare ha nna ke le kantle. Ka ha ho re nkile letsatsi lohle, re ile ra fuwa dijo tsa motshehare. Ba ile ba dumella Gloria ho jella ka tlung le hoja a ne a le thoko le bona, ha e le nna ka jella ka karatjheng. Ke ne ke se na taba. Ba ne ba re tsholetse masutsa. Tjhe bona ba ne ba na le botho, empa feela ba ne ba qobelwa ke molao o kgopo wa kgethollo. Ke hopola ketsahalo e nngwe ha re ne re eme karatjheng ya petrolo. Ka mora hore re tlatse koloi petrolo, ke ile ka kopela Gloria ho kena ntlwaneng. Yaba motho ya neng a re thusa o re tonela mahlo mme o re: “Ho notletswe.”

DINAKO TSE SA LEBALEHENG LE KA MOHLA

Ka lehlakoreng le leng, re ne re ba le dinako tse monate le bara le baradibabo rona mme re thabela le tshimo. Ha re sa tswa fihla Pine Bluff, re ile ra dula le morabo rona eo e neng e le mohlanka wa phutheho ka nako eo. Mosadi wa hae e ne e se Paki, yaba Gloria o qala ho ithuta Bibele le yena. Nna ka ithuta le moradi le mokgwenyana wa bona. Mme eo le moradi wa hae, ba ile ba etsa qeto ya ho sebeletsa Jehova mme hamorao ba kolobetswa.

Ho ne ho na le makgowa ao re neng re le metswalle ya hlooho ya kgomo le ona. Ka dinako tse ding a ne a re memela dijong tsa mantsibuya, empa a lokela ho pata mohwasa, a se tlohe a tsose dibata masene. Ka nako eo, ho ne ho na le mokgatlo o bitswang Ku Klux Klan (KKK), o neng o le mabifi o bile o kgothalletsa kgethollo ya morabe. Ke sa hopola bosiu bo bong tjena, ke bona monna e mong a dutse ka pela ntlo ya hae a apere jwalo ka ditho tsa KKK. Le ha ho le jwalo, barababo rona ha ba a ka ba tshoswa ke seo, ba ile ba tswela pele ho re bontsha mosa le ho re amohela ka mofuthu. Lehlabuleng le leng, re ne re hloka tjhelete ya ho ya kopanong, yaba morabo rona e mong o reka koloi ya rona ya moetso wa Ford ya 1950, e le hore re kgone ho ya kopanong. Ho ne ho se ho fetile kgwedi ha ka tsatsi le leng, re kgutla tshimong motjhesong o bataolang wa letsatsi. Ya re ha re fihla hae, ra hlollwa le ho makala! Bonang koloi ya rona, e pakuwe hantle ka pela ntlo! Ho ne ho na le molaetsa windscreeneng o reng: “Ho tswa ho morabo lona. Ke kgutlisitse koloi ena ya lona e le mpho.”

Ho na le ketso e nngwe ya mosa eo nkekeng ka e lebala le ka mohla. Ka 1962, ke ile ka memelwa Sekolong sa Tshebeletso sa Mmuso, se neng se tla ba South Lansing, New York. Se ne se tlo nka kgwedi kaofela, ho kwetliswa ba etellang pele diphuthehong, bapotolohi le balebedi ba ditereke. Ha ke fumana memo eo, ke ne ke le mahlalela. Empa ke ne ke sa tswa hlahlobelwa mosebetsi khampaneng ya difouno, hona mona Pine Bluff. Haeba ba ne ba ka nkhira, ke ne ke tla be ke le motho wa pele e motsho wa ho sebeletsa khampani eo. Qetellong, ba ile ba mpolella hore ba batla ho nkhira. Ebe ke ne ke tla etsa jwang? Hopola hore ke ne ke se na le peni ena e ntsho feela hore ke ye New York. Ke ile ka nahanisisa ka botebo ka hore na ke amohele mosebetsi ona mme ke tlohele ho ya sekolong na. Ke ne ke le mothating wa ho ngola lengolo ke tsebisa mokgatlo hore ha ke tlo kgona ho finyella sekolong. Empa ha etsahala ntho eo nke keng ka e lebala le ka mohla.

Moradiwabo rona e mong ya kopanelang le rona eo monna wa hae e seng Paki, o ile a fihla a re kokotela hoseng ka madungwadungwane. A be a mpha enfolopo. E ne e tshetse tjhelete e ngata. O ne a qetile dibeke le bana ba hae, ba tsoha hoseng ba ilo kga khothone, ebile ba hlaola lehola tshimong. Ba ne ba etsa tsena tsohle e le hore nka fumana tjhelete ya ho ya sekolong. O ile a re: “Eya sekolong o ithute haholo feela, o tle o tsebe ho tla re ruta le rona ha o kgutla!” Ke ile ka kopa khamphane yane ya difouno hore na e ka ntumella ho kena mosebetsing dibeke tse hlano hamorao na. Beng ba khamphane eo ba ile ba hana ba tiile, ba re ‘Le letho!’ Empa ha ho a ka ha re le hore teke! Ke ne ke se ke entse qeto. Ke a thaba hore ebe ha ke a ka ka itlama ka mosebetsi oo!

E reng Gloria a ke a le phethele dinako tse monate tseo a di hopolang: “Ke ne ke rata tshimo eo haholo! Ke ne ke ithuta Bibele le batho ba 15 ho ya ho ba 20. O ne o tla fumana re ya ka ntlo le ntlo hoseng, ebe re qeta letshehare lohle re ithuta Bibele le batho bao re ithutang le bona. Ka nako tse ding, re be re tjhaise le ka bo 11 bosiu. Tshimo e ne e le monate o tswang ka ditsebe! Haeba ke ne ke na le boikgethelo, ke ne ke tla dula moo molebe. Ho bua nnete feela, atjhe ke ne ke utlwa ke sa batle ho ya kabelong e nngwe, empa ho bonahala Jehova a ne a re tshwaretse ho hong.” Ka sebele ho ne ho na le ho hong.

BOPHELO BA HO BA MOLEBEDI YA TSAMAYANG

Ha re ntse re bulamadiboho Pine Bluff, re ile ra kenya kopo ya ho ba bopulamadiboho ba kgethehileng. Re ne re sa ome mathe ha re bua ka kabelo eo, ka mora hore molebedi wa setereke a re kgadise. O ne a batla re ilo thusa phutheho e nngwe e Texas, jwale a batla hore re ye re se re le bopulamadiboho ba kgethehileng. Ka nnete hlathe e ne e lelekisa tsebe. Ra leta yaba re letile, re letetse karabo ka mahlo a mafubedu. Empa kamehla re ne re fumana lebokose la poso le re na o ne o nnehileng. Qetellong lengolo le ile la fihla le sa hane, re ile ra abelwa ho ba balebedi ba tsamayang! E ne e le ka January 1965. Morabo rona Leon Weaver, eo hona jwale e leng mohokahanyi wa Komiti ya Lekala le United States, le yena o ile a kgethelwa ho ba mopotolohi ka nako e tshwanang.

Ke ne ke tshohile ha ke ba mopotolohi. Hoo e ka bang selemo pejana ho moo, molebedi wa setereke ya bitswang James A. Thompson, Jr. o ne a ile a hlahloba ditshwaneleho tsa ka. O ne a ile a mpontsha dikarolo tseo ke neng ke lokela ho ntlafatsa ho tsona. A mpontsha hore ho etsa jwalo, ho tla nthusa hore ke be molebedi wa potoloho ya ipabolang. Hona jwale, ke se ke bile mopotolohi ka nakwana mme jwale ke a elellwa hore keletso eo e ne e hlokahala. Ka mora hore ke kgethwe, Morabo rona Thompson e ne e le yena molebedi wa pele wa setereke eo ke ileng ka sebetsa le yena. Ruri ke ithutile ho hongata ho mora eo wabo rona ya tshepahalang.

Bana ke bara beso bao le ka mohla nkekeng ka lebala thuso ya bona

Bapotolohi ka nako eo, ba ne ba sa fuwe kwetliso e kaalo. Bekeng ya pele, ke ile ka sheba hore na o etsa dintho jwang ha a etetse phutheho e nngwe. Yaba bekeng e latelang o mpha sebaka sa hore nke ke bontshe hore na ke bone tsona na. O ne a fana ka dikeletso mona le mane. Empa ka mora moo, re ne re hela re itlamela. Ke sa hopola ke re ho Gloria: “Na ehlile e se le nako ya hore a re siye?” Le ha ho le jwalo ke ile ka hlokomela ntho ya bohlokwa. Ho tla dula ho na le bara beno ba tla o thusa, le teng ha o ba dumella. Nke ke ka lebala thuso eo bara bana babo rona ba nang le boiphihlelo, ba ileng ba mpha yona. Ke Morabo rona J. R. Brown, eo e neng e le molebedi ya tsamayang haesitana le Morabo rona Fred Rusk eo e leng setho sa lelapa sa Bethele.

Kgethollo ya morabe e ne e jele setsi mehleng eo. Ka tsatsi le leng, mokgatlo wa KKK o ne o etsa boipelaetso toropong eo re neng re e etetse Tennessee. Ke hopola ka nako e nngwe sehlopha sa tshimo se nkile kgefunyana restjhorenteng e nngwe ho fumana diya ka maleng. Eitse ha ke ya ntlwaneng, ke ha monna e mong tjena wa lekgowa, wa senatlahadi, ya hlaha ya neng a tletse ditattoe, a ema mme a ntshala morao. Yaba morabo rona wa lekgowa ya neng a bile a feta senatlahadi seo ka matla, a re latela. O ile a re: “He Morabo rona Herd, na tsohle di ya hantle?” Ke ha senatlahadi seo se itlheka. Ho theosa le dilemo, ke ile ka hlokomela hore ha e le hantle kgethollo, ha e bakwe ke mmala empa e bakwa ke sebe seo re se futsitseng ho Adama. Hape ka bona hore moreno, e tla dula e le moreno ho sa tsotellehe mmala wa letlalo la hae. Le hore haeba ho hlokahla, a ka ba a o shwela.

QETELLONG JEHOVA O A MPUTSA

Re qetile dilemo tse 33 re le balebedi ba tsamayang mme tse 21 ho tseo, re le ba setereke. Ka sebele e bile dilemo tse tletseng kgapukgapu ya mahlohonolo le dintlha tse ngata tse kgothatsang. Re ne re sa tsebe hore dikgolo di sa tla. Ka August 1997, toro ya ne ya rona e ile ya phathahala. Re ile ra memelwa ho sebeletsa Bethele e United States, ka mora dilemo tse ka bang 38 re entse kopo. Yaba kgwedi hamorao, re qala ho sebeletsa Bethele. Ke ne ke nahana hore mohlomong barababo rona ba etellang pele Bethele, ba mpa feela ba batla hore ke thuse ka nakwana. Empa ke ne ke ithetsa.

Gloria e ne e le lehakwe la bohlokwa ha ke mo nyala mme le jwale e sa ntse e le lona

Ha ke fihla, ke ile ka abelwa o sebeletsa Lefapheng la Tshebeletso. Ruri eo e ile ya ba nako ya ho rua tsebo le boiphihlelo! Barababo rona lefapheng leo, ba lokela ho sebetsana le taba tse ngata tse tebileng. Ba boetse ba lokela ho araba dipotso tse rarahaneng tsa dihlopha tsa baholo le bapotolohi naheng yohle. Ke ile ka ananela ka moo barabeso ba ileng ba nkwetlisa le ho nthusa kateng ba sa ntenehele. Le ha ho le jwalo, ke utlwa eka le ha ho ka etsahala hore ke abelwe ho sebeletsa moo hape, ke ne ke tla nne ke be maithutwana.

Nna le Gloria re rata bophelo ba Bethele. Mokgwa rona re a di raha hoseng mme sena se re thusitse haholo Bethele mona. Hoo e ka bang ka mora selemo, ke ile ka qala ho sebeletsa ke le mothusi Komiting ya Tshebeletso ya Sehlopha se Busang sa Dipaki Tsa Jehova. Yaba ka 1999 ke kgethwa ho ba setho sa Sehlopha se Busang. Ke ithutile dintho tse ngata tsa bohlokwa kabelong ena. Empa ya bohlokwa le ho feta, ke bone ka ho hlaka hore Jesu Kreste ke yena hlooho ya phutheho ya Bokreste, e seng motho ofe kapa ofe.

Ke sebeleditse ke le setho sa Sehlopha se Busang ho tloha ka 1999

Ka dinako tse ding ha ke hetla morao bophelong ba ka, ke ye ke ikutlwe jwalo ka moprofeta Amose. Jehova o ile a hlokomela modisa eo ya neng a sebetsa mosebetsi wa ho kga difeiga, o neng o kgellwa fatshe ka nako eo. O ile a mo kgetha hore e be moprofeta, e leng kabelo ya bohlokwa ka ho fetisisa. (Amose 7:14, 15) Ka tsela e tshwanang, Jehova o ile a ntlhokomela, nna mora wa mofutsanana, ya holetseng mapolaseng Liberty, Indiana. A ba a nsitsa ka ditlhohonolofatso tse ngata hona hoo nke keng ka kgona ho qeta ho di bala. (Liprov. 10:22) Bonneteng, pele ke ne ke le mofutsana nameng, empa hona jwale ke ruile mabapi le Kreste!