Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobane’ng ha re Lokela ho ‘Beha Litholoana Tse Ngata’?

Ke Hobane’ng ha re Lokela ho ‘Beha Litholoana Tse Ngata’?

Ntate o tlotlisoa ka sena, hore le ’ne le behe litholoana tse ngata ’me le be barutuoa ba ka.JOH. 15:8.

LIPINA: 53, 60

1, 2. (a) Jesu o ile a re’ng ho barutuoa ba hae nakoana pele a e-shoa? (sheba setšoantšo se qalong.) (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho lula re hopola bohlokoa ba ho bolela ka ’Muso? (c) Re tl’o hlahloba eng?

BOSIUNG ba ho qetela pele Jesu a shoa, o ile a qeta nako e telele a ntse a bua le baapostola ba hae moo a ileng a ba kholisa hore o ba rata haholo. O ile a ba etsetsa papiso ea sefate sa morara joalokaha ho buuoe ka eona sehloohong se fetileng. Papisong eo, Jesu o ile a khothalletsa barutuoa ba hae hore ba “behe litholoana tse ngata” ka hore ba mamelle ha ba bolela molaetsa oa ’Muso.—Joh. 15:8.

2 Leha ho le joalo, Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae lintho tseo ba lokelang ho li etsa le hore na ke hobane’ng ha ba lokela ho etsa joalo. O ile a ba hlalosetsa mabaka a etsang hore ba tsoele pele ho bolela. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re hlahlobe mabaka ao? Ha re lula re hopola hore na ke hobane’ng ha re lokela ho bolela ka ’Muso re tla mamella ha re fana ka “bopaki ho lichaba tsohle.” (Mat. 24:13, 14) A re hlahlobeng mabaka a mane a hlahang ka Bibeleng a etsang hore re tsoele pele ho bolela ka ’Muso. Hape, re tla hlahloba limpho tse ’nè tseo Jehova a re fileng tsona e le hore re mamelle ha re ntse re beha litholoana.

RE TLOTLISA JEHOVA

3. (a) Ke lebaka lefe le etsang hore re bolele ka ’Muso le hlahang ho Johanne 15:8? (b) Papisong ea Jesu, morara o tšoantšetsa eng, hona ke hobane’ng ha papiso eo e loketse?

3 Lebaka le ka sehloohong le etsang hore re bolele ka ’Muso ke ho tlotlisa Jehova le ho halaletsa lebitso la hae ho batho bohle. (Bala Johanne 15:1, 8.) Hlokomela hore Jesu o ile a bapisa Ntate oa hae Jehova, le molemi oa sefate sa morara. Jesu o ile a itšoantša le sefate sa morara ’me balateli ba hae a ba tšoantša le makala. (Joh. 15:5) Kahoo, morara o tšoantšetsa ka ho hlaka litholoana tsa ’Muso tse hlahisoang ke balateli ba Kreste. Jesu o ile a re ho baapostola ba hae: “Ntate o tlotlisoa ka sena, hore le ’ne le behe litholoana tse ngata.” Joalokaha sefate sa morara se hlahisang litholoana tse monate se thabisa molemi, le rona re thabisa Jehova haeba re etsa sohle se matleng a rona ho bolella batho ka ’Muso oa hae.—Mat. 25:20-23.

4. (a) Ke ka litsela life re ka halaletsang lebitso la Molimo? (b) U ikutloa joang ka monyetla oo u nang le oona oa ho halaletsa lebitso la Molimo?

4 Ke ka tsela efe mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso o halaletsang lebitso la Molimo? Re ke ke ra etsa hore lebitso la Molimo le halalele ho feta kamoo le seng le ntse le halalela kateng. Ela hloko mantsoe a moprofeta Esaia a reng: “Jehova oa mabotho—ke Eena eo le lokelang ho mo nka e le ea halalelang.” (Esa. 8:13) Tsela e ’ngoe eo re halaletsang lebitso la Molimo ka eona, ke ka ho le khetholla har’a mabitso a mang le ka ho thusa batho ba bang hore ba le nke le halalela. (Mat. 6:9) Mohlala, ha re phatlalatsa ’nete ka makhabane a Jehova le ka morero oa hae ka batho, re sireletsa lebitso la hae mashanong a Satane. (Gen. 3:1-5) Hape, haeba re ikitlaelletsa ho thusa batho ho bona hore Jehova oa tšoaneleha “ho amohela khanya le tlhompho le matla,” re halaletsa lebitso la hae. (Tšen. 4:11) Mor’abo rona Rune ea nang le lilemo tse 16 e le pula-maliboho o re: “Ho tseba hore ke na le monyetla oa ho paka ka ’Mopi oa maholimo le lefatše ho etsa hore ke thabe. Ho boetse ho nthusa hore ke ikemisetse ho tsoela pele ke bolela ka ’Muso.”

RE RATA JEHOVA LE MORA OA HAE

5. (a) Ke lebaka lefe le etsang hore re bolele ka ’Muso le hlahang ho Johanne 15:9, 10? (b) Jesu o ile a hatisa bohlokoa ba ho ba le mamello joang?

5 Bala Johanne 15:9, 10. Lebaka le ka sehloohong le etsang hore re bolele ka ’Muso ke hore re rata Jehova le Jesu ka lipelo tsohle tsa rona. (Mar. 12:30; Joh. 14:15) Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae hore ba se ke ba e-ba feela leratong la hae empa ba ‘lule ho lona.’ Hobane’ng? Hobane ho phela re le barutuoa ba Kreste ka linako tsohle ho hloka hore re be le mamello. Ha Jesu a hatisa bohlokoa ba ho ba le mamello, o ile a sebelisa lentsoe “lula” ka makhetlo a ’maloa tlalehong e khutšoanyane e hlahang Lengolong la Johanne 15:4-10.

6. Re ka bontša joang hore re batla ho lula leratong la Kreste?

6 Re ka bontša joang hore re batla ho lula leratong la Kreste le ho lula re amoheloa ke eena? Ka hore re boloke litaelo tsa hae. Ka mantsoe a bonolo, Jesu o ile a re: ‘Le ’mamele.’ Jesu ke mohlala tabeng ena. O re kopa hore re etse ntho eo a ileng a e etsa, o ekelletsa ka hore “feela joalokaha ke bolokile litaelo tsa Ntate ’me ke lula leratong la hae.”—Joh. 13:15.

7. Lerato le ho mamela li amana joang?

7 Pejana ha Jesu Kreste a hlalosetsa baapostola ba hae hore na lerato le ho mamela li amana joang, o ile a re: “Ea nang le litaelo tsa ka ’me a li boloka, eo ke eena ea nthatang.” (Joh. 14:21) Ho feta moo, ha re mamela taelo ea Jesu ea hore re bolele ka ’Muso, le rona re bontša hore re rata Molimo hobane litaelo tsa Jesu li bontša tsela eo Ntate oa hae a nahanang ka eona. (Mat. 17:5; Joh. 8:28) Kaha Jehova le Jesu baa thaba ha re bontša hore rea ba rata, re lula leratong la bona.

RE LEMOSA BATHO

8, 9. (a) Re na le lebaka lefe le leng la ho bolela ka ’Muso? (b) Ke hobane’ng ha mantsoe a Jehova a hlahang ho Ezekiele 3:18, 19 le 18:23 a re susumelletsa ho bolela ka ’Muso?

8 Re na le lebaka le leng la ho tsoela pele re bolela ka ’Muso. Re bolela ka ’Muso hobane re lemosa batho. Ka Bibeleng, Noe o hlalosoa e le “’moleli.” (Bala 2 Petrose 2:5.) Mosebetsi oa ho bolela oo a o entseng pele ho moroallo o ne o akarelletsa ho lemosa batho ka timetso e tlang. Ke hobane’ng ha re ka fihlela qeto eo? Hlokomela hore na Jesu o ile a re’ng: “Etsoe joalokaha matsatsing ao pele ho moroallo, ba ne ba ja ’me ba noa, banna ba nyala ’me basali ba nyalisoa, ho fihlela letsatsing leo Noe a ileng a kena ka arekeng ka lona; ’me ba se ke ba elelloa ho fihlela moroallo o tla ’me o ba hohola bohle, ho ba teng ha Mor’a motho ho tla ba joalo.” (Mat. 24:38, 39) Le hoja batho ba ne ba sa nkele Noe hloohong, o ile a tsoela pele ho phatlalatsa molaetsa oa temoso oo a neng a o filoe.

9 Mehleng ena re bolela molaetsa oa ’Muso e le hore re thuse batho ho ithuta hore na morero oa Molimo ke ofe ka batho. Joaloka Jehova, re labalabela eka batho ba ka mamela molaetsa ’me ba ‘tsoela pele ho phela.’ (Ezek. 18:23) Hape, ha re bolela ka ntlo le ntlo le phatlalatsa, re lemosa batho ba bangata hore ’Muso oa Molimo o tla tla ’me o felise batho ba sa mameleng.—Ezek. 3:18, 19; Dan. 2:44; Tšen. 14:6, 7.

RE RATA BAAHELANI

10. (a) Ke lebaka lefe le hlahang ho Matheu 22:39 le etsang hore re bolele ka ’Muso? (b) Hlalosa hore na Pauluse le Silase ba ile ba thusa molebeli oa teronko joang motseng oa Filipi.

10 Lebaka le leng la bohlokoa le etsang hore re tsoele pele ho bolela ka ’Muso ke hore re rata baahelani. (Mat. 22:39) Lerato lena le etsa hore re tsoele pele ho mamella mosebetsing ona, kaha rea hlokomela hore batho ba ka fetoha ’me ba mamela molaetsa ha maemo a bona a fetoha. A re hlahlobeng se ileng sa etsahalla moapostola Pauluse le mosebetsi-’moho le eena, Silase. Ha ba le motseng oa Filipi, bahanyetsi ba bona ba ile ba ba kenya teronkong. Hoo e ka bang har’a mp’a bosiu, ka tšohanyetso ho ile ha e-ba le tšisinyeho ea lefatše e ileng ea bula menyako ea teronko. Molebeli oa teronko o ne a tšohile hore batšoaruoa ba balehile ’me o ne a le mothating oa ho ipolaea. Empa Pauluse o ile a hoeletsa a re: “U se ke ua intša kotsi.” Eaba molebeli oa teronko o botsa a tšoenyehile o re: “Ke etse’ng hore ke pholohe?” Ba ile ba re ho eena: “Lumela ho Morena Jesu ’me u tla pholoha.”​—Lik. 16:25-34.

Kaha re rata Jehova, Jesu le baahelani re tsoela pele ho bolela ka ’Muso (Sheba serapa 5 le 10)

11, 12. (a) Tlaleho ea molebeli oa teronko e amana joang le mosebetsi oa rona oa ho bolela ka ’Muso? (b) Re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng?

11 Tlaleho ea molebeli oa teronko e amana joang le mosebetsi oa rona oa ho bolela ka ’Muso? Hlokomela hore molebeli oa teronko o ile a fetola maikutlo ’me a kopa thuso ka mor’a hore ho be le tšisinyeho ea lefatše. Ka tsela e tšoanang, mehleng ena batho ba neng ba sa thahaselle molaetsa oa Bibele pele, ba ka fetola maikutlo a bona ’me ba kopa thuso ha maemo a bona a bophelo a fetoha ka tšohanyetso. Mohlala, batho ba bang tšimong ea rona ba ka lahleheloa ke mosebetsi ba sa lebella ’me ntho eo ea ba tšosa. Ho ka etsahala hore ebe ba bang ba ntse ba utloile bohloko ka lebaka la lenyalo le sa tsoa qhalana. Ba bang bona ho ka etsahala hore e be ba ntse ba tšoenyehile hobane ba qeta ho utloa hore ba tšoeroe ke lefu le kotsi kapa ba ntse ba hloname ka lebaka la ho shoeloa ke motho eo ba mo ratang. Ha maemo ana a hlaha, batho ba bang ba ka qala ho botsa ba tšoenyehile hore na re phelela’ng, e leng ntho eo ba neng ba sa e tsotelle pele. Mohlomong baa ipotsa: ‘Nka etsa’ng hore ke pholohe?’ Ha re kopana le bona ka lekhetlo la pele bophelong ba bona ba batla ho mamela molaetsa oa ’Muso o fanang ka tšepo.

12 Haeba re tsoela pele ho phatlalatsa molaetsa oa ’Muso ka botšepehi, re tla lula re ikemiselitse ho tšelisa batho nakong eo ba hlokang molaetsa oa ’Muso. (Esa. 61:1) Morali’abo rona Charlotte ea nang le lilemo tse 38 a le tšebeletsong ea nako e tletseng o re: “Mehleng ena batho ba lahlehile ’me ba hloka ho utloa molaetsa oa ’Muso.” Morali’abo rona Ejvor ea nang le lilemo tse 34 e le pula-maliboho o re: “Batho ba bangata mehleng ena ba ikutloa ba nyahame ’me ke ikemiselitse ho ba thusa. Ke eona ntho e ntšusumelletsang ho bolela ka ’Muso.” Lerato leo re ratang baahelani ba rona ka lona, ke lona lebaka le ka sehloohong le etsang hore re tsoele pele ho bolela ka ’Muso.

LIMPHO TSE RE THUSANG HORE RE MAMELLE

13, 14. (a) Ke mpho efe eo ho buuoang ka eona ho Johanne 15:11? (b) Thabo ea Jesu e tla ba ea rona joang? (c) Thabo e ama tšebeletso ea rona joang?

13 Bosiung ba ho qetela pele Jesu a shoa, o ile a buisana le baapostola ba hae ka limpho tse ’maloa tse neng li tla ba thusa hore ba mamelle ha ba ntse ba beha litholoana. O ne a bua ka limpho life, hona li ka re tsoela molemo joang?

14 Ea pele, thabo. Na ho mamela taelo ea Jesu ea ho bolela ka ’Muso ke moroalo? Che! Ka mor’a hore Jesu a bue ka papiso ea sefate sa morara, o ile a re batho ba phatlalatsang molaetsa oa ’Muso ba tla thaba. (Bala Johanne 15:11.) O ile a re tiisetsa hore thabo ea hae e tla ba ea rona. Joang? Joalokaha ho hlalositsoe pejana, Jesu o ile a itšoantša le sefate sa morara ’me barutuoa ba hae bona le makala. Sefate sa morara se tšehetsa makala. Hafeela makala a ntse a le sefateng, a fumana metsi le phepo tse teng sefateng. Ka tsela e tšoanang, ha re lula bonngoeng le Kreste ka hore re latele mehato ea hae haufi-ufi, rea thaba joalokaha le eena a thaba ka lebaka la ho etsa thato ea Ntate oa hae. (Joh. 4:34; 17:13; 1 Pet. 2:21) Morali’abo rona Hanne ea nang le lilemo tse fetang 40 e le pula-maliboho o re: “Tsela eo ke ikutloang ke thabile ka eona ha ke tsoa tšimong, e ntšusumelletsa hore ke tsoele pele tšebeletsong ea Jehova.” Kannete thabo eo re bang le eona e re thusa ho tsoela pele leha re sebetsa tšimo e thata.—Mat. 5:10-12.

15. (a) Ke mpho efe eo ho buuoang ka eona ho Johanne 14:27? (b) Ke hobane’ng ha khotso e re thusa hore re tsoele pele ho beha litholoana?

15 Ea bobeli, khotso. (Bala Johanne 14:27.) Pejana hona bosiung boo pele Jesu a shoa, o ile a re ho baapostola ba hae: “Ke le fa khotso ea ka.” Khotso eo e re thusa joang hore re behe litholoana? Ha re mamella, lipelo tsa rona li tlala khotso hobane rea tseba hore Jehova le Jesu baa re amohela. (Pes. 149:4; Bar. 5:3, 4; Bakol. 3:15) Mor’abo rona Ulf ea nang le lilemo tse 45 a le tšebeletsong ea nako e tletseng o re: “Le hoja mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso o etsa hore ke khathale, o etsa hore ke khotsofale e le kannete ke be ke tsebe hore na ke phela’ng.” Rea thaba hore ebe re hlohonolofalitsoe ka hore re lule re e-na le khotso.

16. (a) Ke mpho efe eo ho buuoang ka eona ho Johanne 15:15? (b) Baapostola e ne e tla lula e le metsoalle ea Jesu joang?

16 Ea boraro, setsoalle. Ka mor’a hore Jesu a hlalose hore o labalabela hore thabo eo baapostola ba nang le eona “e be e feletseng,” o ile a ba hlalosetsa hore na ho bohlokoa hakae ho bontša lerato ho isa boholeng ba ho itella batho ba bang. (Joh. 15:11-13) O ile a boela a re: “Ke le bitsitse metsoalle.” Ke mpho ea bohlokoa haholo ho ba metsoalle ea Jesu. Baapostola ba ne ba lokela ho etsa’ng e le hore ba lule e le metsoalle ea Jesu? Ba ne ba lokela ho ‘tsoela pele ba ntse ba beha litholoana.’ (Bala Johanne 15:14-16.) Lilemo tse peli pejana, Jesu o ile a laela baapostola ba hae a re: “Ha le ntse le e-ea, le bolele, le re, ‘’Muso oa maholimo o atametse.’” (Mat. 10:7) Hona bosiung boo ba ho qetela, o ile a ba khothalletsa hore ba mamelle ha ba etsa mosebetsi oo ba neng ba qalile ho o etsa. (Mat. 24:13; Mar. 3:14) Ho mamela taelo ea Jesu ho ne ho se bonolo empa baapostola ba ne ba tla atleha ’me e lule e le metsoalle ea hae. Joang? Ka lebaka la mpho e ’ngoe eo a ileng a ba fa eona.

17, 18. (a) Ke mpho efe eo ho buuoang ka eona lengolong la Johanne 15:16? (b) Mpho eo e ne e tla thusa barutuoa ba Jesu joang? (c) Ke limpho life tse re matlafatsang mehleng ee?

17 Ea bone, lithapelo tse arajoang. Jesu o ile a re: “Ho sa tsotellehe hore na ke eng eo le e kōpang ho Ntate ka lebitso la ka, [o tla] le fa eona.” (Joh. 15:16) E tlameha ebe tšepiso ena e ile ea ba matlafatsa haholo. * Le hoja ba ne ba sa e utloisise hantle, Jesu o ne a le haufi le ho shoa empa o ne a ke ke a ba siea feela. Jehova o ne a ikemiselitse ho araba lithapelo tsa bona nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e kopang e le hore ba ntšetse pele mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso. Nakoana ka mor’a moo, ba ile ba bona ha Jehova a arabela lithapelo tsa bona ha ba kopa thuso.—Lik. 4:29, 31.

Re ka kholiseha hore Jehova o arabela lithapelo tsa rona (sheba serapa 18)

18 Taba ena e ntse e le ’nete le mehleng ena. Ha re ntse re mamella ha re beha litholoana, re thabela ho ba metsoalle ea Jesu. Ho feta moo, re ka kholiseha hore Jehova o tla araba lithapelo tsa rona e le hore re fete mathateng ao re ka kopanang le ’ona ha re ntse re bolela ka ’Muso. (Bafil. 4:13) Rea thaba hore ebe re hlohonolofalitsoe ka hore ebe lithapelo tsa rona lia arajoa ebile re metsoalle ea Jesu.—Jak. 1:17.

19. (a) Ke hobane’ng ha re tsoela pele ho bolela ka ’Muso? (b) Re thusoa ke eng hore re phethe mosebetsi oa Molimo?

19 Joalokaha re bone sehloohong sena, re tsoela pele ho bolela ka ’Muso e le hore re tlotlise Jehova le ho halaletsa lebitso la hae. Re tla be re bontša hore re rata Jehova le Jesu. Hape re fana ka temoso le ho bontša hore re rata baahelani ba rona. Ho ekelletsa moo, limpho tse kang thabo, khotso, setsoalle le lithapelo tsa rona tse arajoang li re thusa hore re phethe mosebetsi oa Molimo. Jehova o tla thaba haholo ha a hlokomela hore re sebetsa ka thata ho tsoela pele re “beha litholoana tse ngata.”

^ ser. 17 Ha Jesu a ntse a bua le baapostola ba hae, o ile a ba bolella ka makhetlo hore lithapelo tsa bona li ne li tla arajoa.—Joh. 14:13; 15:7, 16; 16:23.