Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobaneng ha re Lokela Hore re “Nne [re] Behe Ditholwana Tse Ngata”?

Ke Hobaneng ha re Lokela Hore re “Nne [re] Behe Ditholwana Tse Ngata”?

“Ntate o tlotliswa ka sena, hore le nne le behe ditholwana tse ngata mme le be barutuwa ba ka.”—JOH. 15:8.

DIPINA: 53, 60

1, 2. (a) Jesu o ile a reng ho barutuwa ba hae pele a shwa? (Sheba setshwantsho se qalong.) (b) Ke hobaneng ha e le habohlokwa hore re tsebe lebaka leo re bolelang ka lona? (c) Re tlo tshohla eng sehloohong see?

BOSIUNG ba ho qetela pele Jesu a shwa, o ile a ba le moqoqo o mo telele le baapostola ba hae. O ile a ba tiisetsa hore o ba rata haholo. O ile a ba a ba bolella le ka papiso ya sefate sa morara, jwalo ka ha re se re bone sehloohong se fetileng. Ka papiso eo, Jesu o ile a ba kgothalletsa hore ba “nne [ba] behe ditholwana tse ngata.” Ka mantswe a mang, ba ne ba lokela ho mamella boboleding ba Mmuso.—Joh. 15:8.

2 Le ha ho le jwalo, Jesu ha a a ka a ba bolella seo ba lokelang ho se etsa feela, empa o ile a ba a ba bolella le lebaka. O ile a ba fa mabaka a utlwahalang a hore ba etse mosebetsi wa boboledi. Jwale ke hobaneng ha re lokela ho tshohla mabaka aa? Ha re tseba hore na ke hobaneng ha re lokela ho tswela pele re bolela, re tla susumelletseha ho mamella ha re fana ka “bopaki ho ditjhaba tsohle.” (Matt. 24:13, 14) Ka hona, a re ke re tshohleng mabaka a mane a tswang ka Bibeleng, a bontshang hore na ke hobaneng ha re lokela ho bolela. Hape re tla tshohla dimpho tse nne, tseo Jehova a re thusang ka tsona hore re behe ditholwana ka mamello.

RE TLOTLISA JEHOVA

3. (a) Lengolo la Johanne 15:8, le re ke hobaneng ha re lokela ho bolela? (b) Morara oo Jesu a buang ka ona papisong ya hae o tshwantshetsang, hona ke hobaneng ha e le papiso e tshwanetseng?

3 Lebaka le ka sehloohong leo re etsang mosebetsi wa boboledi ka lona, ke ho tlotlisa Jehova le ho halaletsa lebitso la hae. (Bala Johanne 15:1, 8.) Ela hloko hore Jesu o tshwantsha Ntate wa hae Jehova, le molemi ya hodisang morara. Jesu yena, a re ke sefate sa morara mme balatedi ba hae bona ke makala. (Joh. 15:5) Ka hoo, ho tshwanetse hore ebe morara o tshwantshwa le ditholwana tsa Mmuso tse behwang ke balatedi ba Kreste. Jesu o ile a re ho baapostola ba hae: “Ntate o tlotliswa ka sena, hore le nne le behe ditholwana tse ngata.” Feela jwalo ka ha sefate sa morara se behang morara o motle se thabisa molemi wa sona, ka tsela e tshwanang, re tlotlisa Jehova ha re etsa sohle seo re ka se kgonang ho bolela molaetsa wa Mmuso.—Mat. 25:20-23.

4. (a) Re ka halaletsa lebitso la Modimo ka ditsela dife? (b) O ikutlwa jwang ka monyetla oo o nang le ona wa ho halaletsa lebitso la Modimo?

4 Re halaletsa lebitso la Modimo ka ditsela dife? Ke nnete hore re ke ke ra etsa hore lebitso la Modimo le halalele ho feta ka moo le halalelang kateng. Hobane le se le ntse le halalela ka ho felletseng. Empa hlokomela seo moprofeta Esaia a se boletseng ha a ne a re: “Jehova wa mabotho, ke Yena eo le lokelang ho mo nka e le ya halalelang.” (Esa. 8:13) Tsela e nngwe eo re ka halaletsang lebitso la Modimo ka yona, ke ka ho le nka le ikgetha hara mabitso a mang ohle. Tsela e nngwe hape ke ka ho ruta ba bang hore le bona ba le nke le halalela. (Mat. 6:9) Ka mohlala, ha re ruta batho makgabane a Modimo a hlollang le ka seo a se batlelang batho, re emela lebitso la hae kgahlanong le mashano le diketselletso tsa Satane. (Gen. 3:1-5) Hape, ha re thusa batho ba tshimong ya rona hore ba bone hore Jehova o a tshwaneleha “ho amohela khanya le tlhompho le matla,” re halaletsa lebitso la hae. (Tšen. 4:11) Rune, ya seng a na le dilemo tse 16 e le pulamadiboho, o re: “Ho tseba hore ke fuwe monyetla wa ho ba paki ya Mmopi wa dintho tsohle, ho a nthabisa. Ho etsa hore ke tshware tsoho leo.”

RE RATA JEHOVA LE MORA WA HAE

5. (a) Lengolo la Johanne 15: 9, 10, le re ke hobaneng ha re lokela ho bolela? (b) Jesu o ile a hatisa bohlokwa ba ho mamella jwang?

5 Bala Johanne 15:9, 10. Lebaka le leng leo re lokelang ho bolela molaetsa wa Mmuso ka lona, ke hobane re rata Jehova le Jesu ka pelo yohle. (Mar. 12:30; Joh. 14:15) Jesu ha a a ka a re barutuwa ba hae ba be le lerato lena feela, empa o ile a re ba “dule leratong la [hae].” Hobaneng? Lebaka ke hobane re hloka ho mamella, e le hore re dule re le barutuwa ba Kreste ba nnete ka dinako tsohle. Lengolong la Johanne 15:4-10, Jesu o ile a hatisa bohlokwa ba ho mamella ka hore a sebedise lentswe lena “dule,” ka makgetlo.

6. Re ka bontsha jwang hore re batla ho dula re ratwa ke Kreste?

6 Re ka bontsha jwang hore re batla ho dula re ratwa ke Kreste? Ka ho mamela ditaelo tsa hae. Etswe o ile a re re mo mamele. Le ha ho le jwalo, Jesu o ne a ke ke a re re etse ntho eo yena ka boyena a sa e etseng. Ka ha o ile a re: “Feela jwalo ka ha ke bolokile ditaelo tsa Ntate . . . ke dula leratong la hae.” Ho hlakile hore Jesu o ne a ruta ka mohlala.—Joh. 13:15.

7. Lerato le ho mamela di amana jwang?

7 Ha Jesu a ne a bontsha baapostola ba hae ka moo lerato le ho mamela di amanang kateng, o ile a re: “Ya nang le ditaelo tsa ka mme a di boloka, eo ke yena ya nthatang.” (Joh. 14:21) Ka mantswe a mang, ha re phetha taelo ya Jesu ya ho ruta molaetsa wa Bibele, re bontsha Modimo hore re a mo rata. Lebaka ke hobane taelo eo ya Jesu, e bonahatsa hantle seo Ntate wa hae le yena a se batlang. (Mat. 17:5; Joh. 8:28) Jehova le Jesu ba tla dula ba re rata haeba le rona re bontsha ba bang lerato.

RE LEMOSA BATHO

8, 9. (a) Ke lebaka lefe le leng hape le re susumelletsang ho ruta molaetsa wa Bibele? (b) Ke hobaneng ha re ka re mantswe a Jehova a ho Ezekiele 3:18, 19 le 18:23 a re susumelletsa hore re tswele pele ho bolela?

8 Re na le lebaka le leng hape la ho tswella ka mosebetsi wa boboledi. Re etsa mosebetsi ona ho lemosa batho. Bibele e re Noe e ne e le “mmoledi.” (Bala 2 Petrose 2:5.) Ho bonahala molaetsa oo a neng a o bolela nakwana pele ho Morwallo, o ne o lemosa batho ba kgopo hore ba tlo fediswa. Ke hobaneng ha re fihlela qeto eo? Hopola mantswe a Jesu a reng: “Etswe jwalo ka ha matsatsing ao pele ho morwallo, ba ne ba ja mme ba nwa, banna ba nyala mme basadi ba nyadiswa, ho fihlela letsatsing leo Noe a ileng a kena ka arekeng ka lona; mme ba se ke ba elellwa ho fihlela morwallo o tla mme o ba hohola bohle, ho ba teng ha Mora motho ho tla ba jwalo.” (Mat. 24:38, 39) Noe o ile a phatlalatsa molaetsa wa temoso ka botshepehi, le hoja batho ba ne ba se na taba le yena.

9 Kajeno, re bolela molaetsa wa Mmuso ho fa batho monyetla wa ho tseba seo Modimo a re batlelang sona. Jwalo ka Jehova, re ka thabela ho bona ha batho ba amohela molaetsa mme ba “tswela pele ho phela.” (Ezek. 18:23) Ka nako e tshwanang, ha re bolela ka ntlo le ntlo le phatlalatsa, re lemosa batho ba bangata ka moo re ka kgonang kateng. Re ba bontsha hore Mmuso wa Modimo o tla tla mme o fedise batho ba sa rateng le ba sa mameleng Modimo.—Ezek. 3:18, 19; Dan. 2:44; Tšen. 14:6, 7.

RE RATA BAAHELANI BA RONA

10. (a) Lengolo la Matheu 22:39, le re ke hobaneng ha re lokela ho bolela? (b) Hlalosa ka moo Pauluse le Silase ba ileng ba thusa motshwaruwa e mong kateng ha ba le Filipi.

10 Lebaka le leng leo re tswelang pele ho bolela ka lona ke lena: Re bolela hobane re rata moahelani wa rona. (Mat. 22:39) Lerato leo, ke lona le re susumelletsang hore re mamelle mosebetsing ona. Le tla boela le re thuse ho bona hore batho ba ka nna ba fetoha ha maemo a bona a fetoha. Ako nahane ka se ileng sa etsahalla moapostola Pauluse le mphato wa hae Silase. Ha ba le Filipi, bahanyetsi ba ile ba ba lahlela teronkong. Jwale ya re ka tsohanyetso hara mpa ya bosiu, ha ba le tshisinyeho ya lefatshe mme mamati a teronko a buleha. Molebedi wa teronko a tshoha a nahana hore batshwaruwa ba balehile, yaba o batla ho ipolaya. Empa Pauluse a hweletsa a re: “O se ke wa intsha kotsi!” Ka ho ferekana, molebedi wa teronko a re: “Ke etseng hore ke pholohe?” Ba ile ba mo araba ka ho re: “Dumela ho Morena Jesu mme o tla pholoha.”—Lik. 16:25-34.

Lerato leo re ratang Jehova, Jesu le moahelane ka lona, le re susumelletsa hore re bolele molaetsa wa Mmuso (Sheba serapa sa 5, 10)

11, 12. (a) Tlaleho e buang ka molebedi wa teronko e amana jwang le tshebeletso ya rona? (b) Keng seo re lokelang ho ikemisetsa ho se etsa?

11 Tlaleho e buang ka molebedi wa teronko e amana jwang le mosebetsi wa rona wa ho bolela? Hlokomela sena: Ke feela ka mora hore ho be le tshisinyeho ya lefatshe moo maikutlo a molebedi wa teronko a ileng fetoha mme a kopa thuso. Ka ho tshwanang, batho ba so kang ba amohela molaetsa wa Bibele hona jwale, ba ka fetoha mme ba o amohela ha maemo ba bona a bophelo a fotoha ka tshohanyetso. Ka mohlala, mohlomong ba bang tshimong ya rona ba sa tswa fellwa ke mosebetsi ka tshohanyetso mme seo sa ba siya ba ferekane. Ba bang bona, ba utlwa ba tetebetse le ho feta ka mora tlhalano. Ha ba bang bona, ba ka nyahamiswa ke ho fumana hore ba na le lefu le itseng, kapa mohlomong ba utlwa bohloko bo otlang pelo ka lebaka la ho hlokahallwa. Jwale, ha dintho tse tjena di etsahala, ba bang ba a ferekana mme ba ipotsa hore na ebe ba phelelang, e leng ntho eo ba neng ba sa e tsotelle pele. Ka dinako tse ding ba ka nna ba ipotsa, ‘Ebe ke lokela ho etsang e le hore ke pholohe?’ E ka nna ya re ha re ba etela, ba thabela ho mamela molaetsa wa rona ka kgetlo la pele bophelong ba bona.

12 Ka hona, re a hlokomela hore ha re tswela pele ho etsa mosebetsi wa boboledi ka botshepehi, re tla be re fana ka matshediso ho batho ba hlileng ba a hlokang ka nako eo. (Esa. 61:1) Charlotte ya nang le dilemo tse 38 a le tshebeletsong ya nako e tletseng, o re: “Batho kajeno ba lahlehile. Ba hloka ho fuwa monyetla wa ho utlwa ditaba tse molemo.” Ejvor ya nang le dilemo tse 34 e le pulamadiboho yena o re: “Kajeno ho feta le ha e le neng pele, batho ba lahlile tshepo. Ruri ke batla ho ba thusa. Ke sona se etsang hore ke bolele molaetsa ona.” Ruri lerato la boahelane ke lebaka la bohlokwa leo ka lona re tswelang pele ka tshebeletso ya rona!

DIMPHO TSE RE THUSANG HO MAMELLA

13, 14. (a) Lenglo la Johanne 15:11, le bua ka mpho efe? (b) Ke jwang thabo ya Jesu e ka bang ya rona? (c) Thabo e ama tshebeletso ya rona jwang?

13 Bosiung ba ho qetela pele Jesu a shwa, o ile a bolella baapostola ba hae ka dimpho tse neng di tla ba thusa hore ba behe ditholwana ka mamello. Ebe dimpho tsee ke dife, hona re ka rua molemo ho tsona jwang?

14 Mpho ya thabo. Na ho mamela taelo ya Jesu ya ho bolela, e ka ba morwalo? Le letho! Hobane ka mora hore Jesu a bue ka papiso ya sefate sa morara, o ile a re ka ha re baboledi ba Mmuso, re tla thaba. (Bala Johanne 15:11.) Ha e le hantle, o re kgodisitse hore thabo ya hae e tla ba ya rona. Ka tsela efe? Jwalo ka ha re se re boletse pejana, Jesu o ile a re yena ke sefate sa morara, ha barutuwa ba hae bona e le makala. Makala a fumana metsi le mongobo o hlokahalang ha feela a ntse a le sefateng sa morara. Ka ho tshwanang, ha feela re le bonngweng le Kreste mme re latela mehato ya hae haufiufi, re ba le thabo e tshwanang le eo a bang le yona ha a etsa thato ya Ntate wa hae. (Joh. 4:34; 17:13; 1 Pet. 2:21) Ke sona seo Hanne, ya nang le dilemo tse fetang 40 e le pulamadiboho a se buang, o re: “Thabo eo ke bang le yona kamehla ha ke tswa tshimong, e etsa hore ke be morolo mme ke batle ho tswela pele tshebeletsong ya Jehova.” Ka sebele, thabo e jwalo e re matlafaletsa ho bolela le masimong ao ho seng bonolo ho a sebetsa.—Mat. 5:10-12.

15. (a) Lengolo la Johanne 14:27, le bua ka mpho efe? (b) Ke hobaneng ha kgotso e ka re thusa hore re nne re behe ditholwana?

15 Mpho ya kgotso. (Bala Johanne 14:27.) Bosiung ba ho qetela pele Jesu a shwa, o ile a bolella baapostola a re: “Ke le fa kgotso ya ka.” Ke jwang kgotso e ka re thusang hore re behe ditholwana? Ha re ntse re mamella, re ba le kgoso ka dipelong tsa rona, hobane re tseba hore Jehova le Jesu ba a re amohela. (Pes. 149:4; Bar. 5:3, 4; Bakol. 3:15) Ulf ya nang le dilemo tse 45 a le tshebeletsong ya nako e tletseng, o re: “Ke nnete hore ke kgutla ke kgathetse ka nako tse ding tshimong, empa ke kgutla ke thabile, ke kgotsofetse, ke natefetswe hona hoo ke sa tsebeng taba tsaka.” Re thaba hakaakang ho hlohonolofatswa ka kgotso e fetang monahano ohle!

16. (a) Lengolo la Johanne 15:15, le bua ka mpho efe? (b) Keng seo baapostola ba neng ba lokela ho se etsa e le hore e dule e le metswalle ya Jesu?

16 Mpho ya setswalle. Ka mora hore Jesu a re thabo ya baapostola ba hae e lokela “e be e feletseng,” o ile a ba hlalosetsa bohlokwa ba ho bontsha lerato le nang le boitelo. (Joh. 15:11-13) Hamorao o ile a re: “Ke le bitsitse metswalle.” Ke mpho ya bohlokwa hakaakang ho ba metswalle ya Jesu! Empa keng seo baapostola ba neng ba lokela ho se etsa e le hore e dule e le metswalle ya hae? Ba ne ba lokela hore ‘ba nne ba behe ditholwana.’ (Bala Johanne 15:14-16.) Dilemo tse pedi pelenyana ho moo, Jesu o ne a ile a ba laela a re: “Ha le ntse le eya, le bolele, le re, ‘Mmuso wa mahodimo o atametse.’” (Mat. 10:7) Ka hoo, hona bosiung boo ba ho qetela pele a shwa, o ile ba kgothalletsa hore ba mamelle mosebetsing ona oo ba o qadileng. (Mat. 24:13; Mar. 3:14) Ke nnete hore ho boloka taelo ena ya Jesu e ne e se potele e kgwathwang ka lehlaka, empa o ne a tla ba thusa hore ba atlehe mme e dule e le metswalle ya hae. Ka tsela efe? Ka ho sebedisa mpho e nngwe ya bohlokwa.

17, 18. (a) Lengolo la Johanne 15:16, le bua ka mpho efe? (b) Mpho eo e ne e ka thusa barutuwa ba Jesu jwang? (c) Ke dimpho dife tse re matlafatsang kajeno?

17 Ha dithapelo tsa rona di arajwa, ntho eo ka boyona ke Mpho. Jesu o ile a re: “Ho sa tsotellehe hore na ke eng eo le e kopang ho Ntate ka lebitso la ka [o tla] le fa yona.” (Joh. 15:16) E tlameha ebe tshepiso ee e ile ya matlafatsa baapostola hakaakang! * Le ha ba ne ba sa utlwisise dintlha ka botlalo, ba ne ba ka kgodiseha hore Moetapele wa bona o tla ba tshehetsa, le hoja a ne a le mothating wa ho shwa. Jehova o ne a ikemiseditse ho araba dithapelo tsa bona nthong tsohle tseo ba neng ba di hloka hore ba bolele molaetsa wa Mmuso. Ehlile seo ke sona se ileng sa etsahala. Nakwana ka mora moo, ba ile ba bona ha Jehova a araba dithapelo tsa bona.—Lik. 4:29, 31.

Re ka kgodiseha hore Jehova o araba dithapelo tsa rona (Sheba serapa sa 18)

18 Ho ntse ho etsahala se tshwanang le kajeno. Ha re ntse re beha ditholwana ka mamello, re thabela ho ba metswalle ya Jesu. Ho feta moo, re ka kgodiseha hore Jehova o ikemiseditse ho araba dithapelo tsa rona. Mme o tla re thusa hore re hlole diteko tse ka re hlahelang ha re ntse re bolela ditaba tse molemo tsa Mmuso. (Bafil. 4:13) Re thaba hakaakang ho hlohonolofatswa ka mpho ee e babatsehang le ho ba metswalle ya Jesu! Dimpho tsena tse tswang ho Jehova, di re tiisa moko e le hore re nne re behe ditholwana.—Jak. 1:17.

19. (a) Ke hobaneng ha re tswela pele ho etsa mosebetsi wa boboledi? (b) Keng e re thusang hore re phethe mosebetsi wa Modimo?

19 Jwalo ka ha re ithutile sehloohong sena, re tswela pele ka mosebetsi wa boboledi hobane re batla ho tlotlisa le ho halaletsa lebitso le Modimo. Hape re bontsha Jehova le Jesu hore re a ba rata. Re boetse re etsa sena e le ho fana ka temoso mme qetellong, re bontsha baahelani hore re a ba rata. Ho phaella moo, thabo, kgotso, setswalle le ha dithapelo tsa rona di arajwa, tsena ke dimpho tse re matlafalletsang ho phetha mosebetsi wa Modimo. Jehova o tla thaba hakaakang ha a bona re etsa sohle seo re ka se kgonang hore re “nne [re] behe ditholwana tse ngata”!

^ par. 17 Nakong eo Jesu a ntseng a bua le baapostola ba hae, o ile a ba tiisetsa hore thapelo tsa bona di tla ahelwa lesaka.—Joh. 14:13; 15:7, 16; 16:23.