Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tseba Sera sa Hao

Tseba Sera sa Hao

“Re tseba merero ea [Satane].2 BAKOR. 2:11.

LIPINA: 150, 32

1. Serapeng sa Edene, Jehova o ile a re hlakisetsa eng ka sera sa rona?

ADAMA o ne a tseba hantle hore linoha ha li tsebe ho bua. E ka ’na eaba o ile a nahana hore lengeloi le buile le Eva le sebelisa noha. (Gen. 3:1-6) Adama le Eva ba ne ba sa tsebe letho ka lengeloi lena. Leha ho le joalo, Adama o ile a ikhethela ho se mamele Jehova ’me a latela Satane eaba e e-ba marabele. (1 Tim. 2:14) Hang-hang ka mor’a moo Jehova o ile a hlakisa hore na sera sena se neng se khelositse Adama le Eva ke mang, a ba a tšepisa hore qetellong se tla timetsoa. Empa Jehova o ile a re lemosa hore lengeloi lena le ileng la bua le Eva le sebelisa noha, le tla ba le matla a ho hanyetsa batho ba ratang Molimo. Leha ho le joalo, le ne le tla ba hanyetsa ho fihlela ho fetile nako e itseng.—Gen. 3:15.

2, 3. E ka ’na eaba ke hobane’ng ha ho buuoe hanyenyane ka Satane pele Mesia a fihla?

2 Jehova o ile a khetha hore le ka mohla a se ke a re bolella lebitso la lengeloi lena le ileng la mo fetohela. * Hape Molimo o ile a khetha hore a se ke a bolela le lebitso le hlalosang sera sena ho fihlela ho fetile lilemo tse fetang 2 500 le entse borabele. (Jobo 1:6) Ha e le hantle ke libuka tse tharo feela tsa Mangolo a Seheberu e leng 1 Likronike, Jobo le Zakaria tse buang ka Satane e bolelang “Mohanyetsi.” Ha hoa ka ha buuoa hakaalo ka sera sena pele Mesia a fihla. Hobane’ng?

3 E ka ’na eaba Jehova o ne a sa batle ho fa Satane tlokola ka hore Mangolong a Seheberu a bue ka eena haholo le ka ntho eo a e entseng. Morero o ka sehloohong oa Jehova oa ho bululela Mangolo ao, e ne e le ho re tsebisa ka Mesia le ho tataisetsa batho ho eena. (Luka 24:44; Bagal. 3:24) Ha Jehova a se a phethile morero oo ’me Mesia a fihlile, o ile a mo sebelisa le barutuoa ba hae ho re bolella haholoanyane ka Satane le mangeloi a ileng a mo latela. * Ke taba e utloahalang hobane Jehova o tla sebelisa Jesu le babusi-’moho le eena ho felisa Satane le balateli ba hae.—Bar. 16:20; Tšen. 17:14; 20:10.

4. Ke hobane’ng re sa lokela ho tšoenyeha haholo ka Diabolose?

4 Moapostola Petrose o hlalosa Satane Diabolose e le “tau e purumang,” ha Johanne eena a mo bitsa “noha” le “drakone.” (1 Pet. 5:8; Tšen. 12:9) Empa ha rea lokela ho tšoenyeha haholo ka Diabolose hobane matla a hae a lekanyelitsoe. (Bala Jakobo 4:7.) Re tšehelitsoe ke Jehova, Jesu le mangeloi a tšepahalang. Ka thuso ea bona re ka khona ho hanyetsa sera sena sa rona. Leha ho le joalo, re lokela ho tseba likarabo tsa lipotso tsena tse tharo tse ka sehloohong: Tšusumetso ea Satane e matla hakae? O leka ho susumetsa batho joang? Hona Satane o matla hakae? Ha re ntse re hlahloba lipotso tsena, re tla boela re bone hore na re ka ithuta’ng.

TŠUSUMETSO EA SATANE E MATLA HAKAE?

5, 6. Ke hobane’ng ha mebuso ea batho e sa tlise liphetoho tseo batho ba li hlokang haholo?

5 Mangeloi a mangata a ile a rabela ’moho le Satane. Pele ho moroallo, Satane o ile a susumetsa a mang hore a kopanele liphate le barali ba batho. Ha Bibele e bua ka taba ena e tšoantša Satane le drakone e ileng ea hulanya karolo ea boraro ea linaleli tsa leholimo ’me tsa liheloa lefatšeng le eona. (Gen. 6:1-4; Juda 6; Tšen. 12:3, 4) Ha mangeloi ao a lahla lelapa la Molimo a ile a ba tlas’a taolo ea Satane. Leha ho le joalo, marabele ana ha se sehlopha sa batho ba morusu feela. Satane o iketselitse ’muso o tšoanang le oa Molimo ’me o ipehile hore e be morena oa oona. ’Musong oa hae o sa bonahaleng, Satane o hlophisitse bademona ka lihlopha ’me o ba file matla a hore ba buse lefatše.—Baef. 6:12.

6 Satane o sebelisa mokhatlo oa hae ho laola mebuso eohle ea lefatše. Taba ena e ile ea bonahala ka ho hlaka ha Satane a bontša Jesu “mebuso eohle ea lefatše leo ho ahiloeng ho lona” ’me a re: “Ke tla u fa bolaoli bona bohle le khanya ea eona, hobane ke bo nehiloe, ’me ke bo fa leha e le mang eo ke lakatsang ho mo fa bona.” (Luka 4:5, 6) Ho sa tsotellehe tšusumetso e mpe ea Satane, mebuso e meng e ntse e etsa lintho tse molemo bakeng sa batho. Babusi ba bang ba ka ’na ba labalabela ho busa ka tsela e molemo empa ha ho na ’muso oa batho o ka khonang ho tlisa liphetoho tseo batho ba li hlokang haholo.—Pes. 146:3, 4; Tšen. 12:12.

7. Ntle le mebuso, Satane o sebelisa bolumeli ba bohata le khoebo joang? (Sheba setšoantšo se qalong.)

7 Satane le bademona ha ba sebelise mebuso feela ho khelosa batho empa ba boetse ba sebelisa bolumeli ba bohata le khoebo ho khelosa “lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona.” (Tšen. 12:9) Satane o sebelisa bolumeli ba bohata ho ruta mashano ka Jehova. Ho ekelletsa moo, Diabolose o ikemiselitse ho etsa hore batho ba bangata ba lebale lebitso la Molimo. (Jer. 23:26, 27) Ka lebaka leo batho ba bangata ba nahanang hore ba rapela Molimo, ha e le hantle ba rapela bademona. (1 Bakor. 10:20; 2 Bakor. 11:13-15) Satane o boetse o sebelisa khoebo ho jala mashano. Mohlala, batho ba rutoa hore ba tla thaba hafeela ba e-na le chelete le maruo a mangata. (Liprov. 18:11) Batho ba lumelang mashano ana ba qeta bophelo bohle ba bona ba batlana le “Maruo” ho e-na le ho sebeletsa Molimo. (Mat. 6:24) Qetellong tsela eo ba ratang maruo ka eona e bipetsa lerato leo ba neng ba rata Molimo ka lona.—Mat. 13:22; 1 Joh. 2:15, 16.

8, 9. (a) Re ithuta lintlha life tse peli tlalehong ea Adama, Eva le mangeloi a marabele? (b) Ke melemo efe eo re e fumanang ha re tseba maraba a Satane?

8 Mohlala oa Adama, Eva le oa mangeloi a marabele o re ruta lithuto tse peli tsa bohlokoa. Ea pele, ho na le mahlakore a mabeli feela ’me re lokela ho khetha le le leng. Re ka khetha ho tšepahala ho Jehova kapa ra khetha ho busoa ke Satane. (Mat. 7:13) Ea bobeli, batho ba khethang ho mamela Satane ba rua molemo o fokolang. Adama le Eva ba ile ba fumana monyetla oa ho ikhethela pakeng tsa se nepahetseng le se fosahetseng, ha bademona bona ba fumane bolaoli bo itseng holim’a mebuso ea batho. (Gen. 3:22) Leha ho le joalo, kamehla litla-morao li bohloko haholo ho feta melemo eo ba nahanang hore ba ne ba ka e fumana.—Jobo 21:7-17; Bagal. 6:7,8.

9 Ke melemo efe eo re e fumanang ha re tseba maraba a Satane? Re leka ka matla hore re leka-lekanye lintho pakeng tsa mosebetsi oa boipheliso le oa boboleli. Rea utloisisa hore Jehova o batla hore re hlomphe babusi le balaoli. (1 Pet. 2:17) O lebeletse hore re hlomphe melao ea moo re lulang teng ha feela e se khahlanong le melao ea hae. (Bar. 13:1-4) Empa rea hlokomela hore ha rea lokela ho jela paate litabeng tsa lipolotiki kapa ho rata moeta-pele ea itseng ho feta e mong. (Joh. 17:15, 16; 18:36) Kaha rea lemoha hore Satane o batla ho silafatsa lebitso la Jehova le botumo ba hae, re ikutloa re tlameha ho bolella batho ’nete ka Molimo oa rona. Re motlotlo ho bitsoa ka lebitso la hae le ho le sebelisa, hobane rea tseba hore ho rata Jehova ho molemo ho feta ho rata chelete kapa maruo.—Esa. 43:10; 1 Tim. 6:6-10.

KE JOANG SATANE A KA SUSUMETSANG BATHO KA BOMONG?

10-12. (a) Satane o ile a sebelisa leraba joang ho hohela mangeloi? (b) Re ithuta lintho life ho mangeloi a ileng a khelosoa?

10 Satane o sebelisa mekhoa e atlehang e le hore a susumetse batho. Mohlala, o sebelisa leraba ho hohela batho hore ba etse lintho tseo a li batlang. Hape, o leka ho ba tšosa ha a batla hore ba mo sebeletse.

11 Hlokomela kamoo Satane a ileng a sebelisa leraba le atlehang hore a tšoase mangeloi a mangata. E tlameha ebe o ile a ipha nako ea ho ithuta bona eaba oa ba hohela hore ba be ka lehlakoreng la hae. Ha a mang a mangeloi ao a oela lerabeng la hae, a ile a kopanela liphate le basali ’me a ba le bana ba lifonthoane. (Gen. 6:1-4) Mohlomong Satane ha aa ka a ba hohela ka ho kopanela liphate feela, empa o ile a boela a ba tšepisa hore ba tla busa batho. Ho ka etsahala hore e be morero oa hae e ne e le ho sitisa ho ba teng ha ‘peō ea mosali.’ (Gen. 3:15) Leha ho le joalo, Jehova o ile a nyopisa merero eo ea Satane le marabele ao ka hore a tlise moroallo holim’a lefatše.

Satane o leka ho re cheha ka boitšoaro bo bobe, boikhohomoso le boloi (Sheba serapa 12 le 13)

12 Re ka ithuta’ng ketsahalong ee? Le ka mohla ha rea lokela ho halala leraba la ho kopanela liphate kapa kotsi ea ho ikhohomosa. Mangeloi a ileng a ba ka lehlakoreng la Satane, a ne a ile a sebetsa haufi le Molimo ka lilemo tse ngata. Le hoja a ne a phela hamonate, a mangata a ile a itumella hore a nahane ka lintho tse fosahetseng. Ka tsela e tšoanang, e ka ’na eaba re se re sebelelitse mokhatlo oa Jehova ka lilemo tse ngata. Le hoja mokhatlo oo o hloekile, re ntse re ka ’na ra ba le mehopolo e fosahetseng. (1 Bakor. 10:12) Ho bohlokoa hore re itlhahlobe khafetsa, re hanele likelello tsa rona ho nahana lintho tse fosahetseng, re be re ikokobetse.—Bagal. 5:26; bala Bakolose 3:5.

13. Satane o sebelisa leraba lefe le leng, hona re ka le qoba joang?

13 Leraba le leng le atlehang leo Satane a le sebelisang ke ho etsa hore re batle ho tseba ka boloi. Mehleng ena, o sebelisa bolumeli ba bohata le boithabiso ho susumetsa batho hore ba labalabele ho tseba ka bademona. Lifilimi, lipapali tsa elektronike, le mekhoa e meng ea lipapatso li bontša boloi e le ntho e khahlisang. Re ka qoba leraba lee joang? Ha rea lebella hore mokhatlo oa Molimo o etse lethathamo la mefuta ea boikhathollo boo Jehova a bo amohelang le boo a sa bo amoheleng. Kaofela ha rona re lokela ho koetlisa matsoalo a rona e le hore re etse lintho tseo Jehova a li ratang. (Baheb. 5:14) Leha ho le joalo, re tla be re etsa liqeto tse nepahetseng haeba re mamela keletso ea moapostola Pauluse e reng lerato la rona ho Molimo “e ke e be le se nang boikaketsi.” (Bar. 12:9) Re ka ipotsa: ‘Na lintho tseo ke khethang ho ithabisa ka tsona li etsa eka ke moikaketsi? Na batho bao ke ithutang Bibele le bona ha ba sheba tsela eo ke ithabisang ka eona baa hlokomela hore ke phethahatsa seo ke ba bolellang sona?’ Haeba liketso tsa rona li lumellana le lintho tseo re li buang, re tla qoba ho tšoasoa ke maraba a Satane.—1 Joh. 3:18.

Satane o leka ho re tšosa ka ho etsa mebuso e thibele mosebetsi e thibele mosebetsi oa rona, khatello ea lithaka le ho hanyetsoa ke ba lelapa (Sheba serapa 14)

14. Satane a ka leka ho re tšosa joang, hona re ka mamella joang?

14 Ho ekelletsa moo, Satane o leka ho re tšosa hore re se ke ra tšepahalla Jehova. Mohlala, a ka sebelisa mebuso ho thibela mosebetsi oa rona oa boboleli. A ka etsa hore batho bao re sebetsang le bona kapa bao re kenang sekolo le bona ba re some ka lebaka la hore re sebelisa melao ea Bibele ea boitšoaro bophelong ba rona. (1 Pet. 4:4) A ka boela a etsa hore litho tsa lelapa li tšoenyehe ka rona ’me li re nyahamise hore re khaotse ho ea libokeng. (Mat. 10:36) Re ka mamella joang? Re lokela ho lebella hore Satane o tla re hlasela ka tsela ena hobane oa re loantša. (Tšen. 2:10; 12:17) Ha lintho tsena li re hlahela, re lokela ho hopola hore Satane o itse re tla sebeletsa Jehova hafeela lintho li re tsamaela hantle. O re haeba ho nyolosetsa, re tla lahla Molimo. (Jobo 1:9-11; 2:4, 5) Qetellong, re lokela ho itšetleha ka Jehova hore a re fe matla a ho hlola mathata ana. Hopola hore le ka mohla a ke ke a re furalla.—Baheb. 13:5.

SATANE O MATLA HAKAE?

15. Na Satane a ka re qobella ho etsa lintho tseo re sa li batleng? Hlalosa.

15 Satane ha a re qobelle ho etsa lintho tseo re sa li batleng. (Jak. 1:14) Batho ba bangata ba phethahatsa morero oa Satane ka lebaka la ho se tsotelle. Empa ka mor’a hore ba ithute Bibele, ba iketsetsa qeto ea hore na ba tla sebeletsa mang. (Lik. 3:17; 17:30) Haeba re ikemiselitse ho sebeletsa Molimo, ha ho letho leo Satane a ka le etsang ho re sitisa ho tšepahala.—Jobo 2:3; 27:5.

16, 17. (a) Ke lintho life tseo Satane le bademona ba sa khoneng ho li etsa? (b) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho tšaba ho buela holimo ha re rapela?

16 Ho na le lintho tseo Satane le bademona ba ke keng ba khona ho li etsa. Mohlala, ha ho moo Bibele e reng ba ka bona lintho tse ka likelellong tsa rona kapa tse ka lipelong. Ke Jehova le Jesu feela ba nang le bokhoni boo. (1 Sam. 16:7; Mar. 2:8) Ho thoe’ng haeba re buela holimo ha re rapela? Na re lokela ho tšoha hore Diabolose le bademona ba tla utloa lithapelo tsa rona ebe baa li sitisa? Che. Hobane’ng? Ha re tšabe ho sebeletsa Jehova hobane re tšaba hore Diabolose o tla re bona. Ka tsela e tšoanang, ha rea lokela ho tšaba ho buela holimo ha re rapela hobane re re Diabolose o tla re utloa. Ha e le hantle, ho na le mehlala e mengata e hlahang ka Bibeleng ea bahlanka ba Molimo ba ileng ba buela holimo ha ba rapela ’me ha ho moo ho thoeng ba ne ba tšaba hore Diabolose o tla ba utloa. (1 Mar. 8:22, 23; Joh. 11:41, 42; Lik. 4:23, 24) Haeba re leka ka matla hore re bue lintho tse lumellanang le thato ea Molimo re bile re li phetha, re ka kholiseha hore Jehova a ke ke a lumella Diabolose hore a re utloise bohloko ka ho sa feleng.—Bala Pesaleme ea 34:7.

17 Re lokela ho tseba sera sa rona Diabolose, empa ho hang ha rea lokela ho mo tšaba. Ha Jehova a re tšehelitse, re ka hlola Satane le hoja re sa phethahala. (1 Joh. 2:14) Haeba re mo hanyetsa, o tla re baleha. (Jak. 4:7; 1 Pet. 5:9) Ho bonahala bacha e le bona bao Satane a ba hlaselang haholo. Ba ka etsa’ng hore ba eme ba tiile khahlanong le Diabolose? Sehloohong se latelang re tla tšohla potso ena.

^ ser. 2 Bibele e bua ka mangeloi a mang a nang le mabitso. (Baahl. 13:18; Dan. 8:16; Luka 1:19; Tšen. 12:7) Kaha Jehova o file naleli e ’ngoe le e ’ngoe lebitso, (Pes. 147:4) ke ho utloahalang hore re ka re mangeloi ’ohle a na le mabitso, hammoho le le ileng la fetoha Satane.

^ ser. 3 Ho buuoe ka Satane ka makhetlo a 18 feela ka Mangolong a Seheberu empa ka Mangolong a Segerike ho buuoe ka eena ka makhetlo a fetang 30.