Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tseba Sera sa Hao

Tseba Sera sa Hao

“Re tseba merero ya [Satane]”—2 BAKOR. 2:11.

DIPINA: 150, 32

1. Keng seo Jehova a ileng a re senolela sona ka sera sa rona serapeng sa Edene?

HA HO potang hore Adama o ne tseba hantle hore noha ha e bue. E tlameha ebe o ile a hakanya hore ho bile le lengeloi le buileng le Eva le sebedisa noha. (Gen. 3:1-6) Ho bonahala Adama le Eva ba ne ba sa tsebe hakaalo ka lengeloi lena. Ho ntse ho le jwalo, Adama o ile a etsa qeto ka boomo ya ho furalla Ntate wa hae ya lerato yaba o latela lerabele lena. (1 Tim. 2:14) Hanghang Jehova a qala ho senola tlhahisoleseding ka sera sena se kgelositseng Adama le Eva mme a tshepisa hore qetellong o tla se fedisa. Empa Jehova o ile a ba a lemosa batho hore lengeloi lena le buileng le sebedisa noha, le tla ba le matla a ho hanyetsa ba mo ratang.—Gen. 3:15.

2, 3. Ke hobaneng ha ho sa ka ha buuwa hakaalo ka sera sena sa rona pele Mesia a tla lefatsheng?

2 Jehova Modimo wa rona ya bohlale, o ile a kgetha ho se re bolelle lebitso la lengeloi le ileng la mo tswa tlase. * O ile a boela a kgetha ho se senole esita le lebitso le hlalosang sera sena, ho fihlela ho fetile dilemo tse ka bang 2 500. (Jobo 1:6) Ha e le hantle, ke dibukeng tse tharo feela Mangolong a Seheberu, moo ho buuwang ka Satane e bolelang “Mohanyetsi,” e leng ho 1 Likronike, Jobo le Zakaria. Jwale ke hobaneng ha ho sa ka ha buuwa hakaalo ka sera sena sa rona pele Mesia a tla lefatsheng?

3 Ho bonahala Jehova a ne a sa batle ho fa Satane tlhompho e sa mo tshwaneleng, ka ho etsa hore Mangolo a mangata a Seheberu a bue ka yena le dintho tseo a di entseng. Ha Jehova a ne a budulela Mangolo ao a halalelang, morero wa hae o ka sehloohong, e ne e le ho hlakisa hore Mesia ke mang le ho tataisetsa bahlanka ba hae ho yena. (Luka 24:44; Bagal. 3:24) Jwale eitse ha Mesia a se a le teng, Jehova a mo sebedisa le barutuwa ba hae ho senola Satane le mangeloi a mang a ileng a mo latela. * Taba ena e a utlwahala, ka ha Jehova o tla sebedisa Jesu le babusimmoho le yena ho ripitla Satane le bohle ba mo latelang.—Bar. 16:20; Tšen. 17:14; 20:10.

4. Ke hobaneng ha re sa lokela ho tshaba Diabolose lebekebeke?

4 Moapostola Petrose o hlalosa Satane Diabolose a le jwalo ka “tau e purumang,” ha Johanne yena a mo bitsa “noha” le “drakone.” (1 Pet. 5:8; Tšen. 12:9) Le ha ho le jwalo, ha re a lokela ho tshoswa ke Diabolose hobane matla a hae a lekanyeditswe. (Bala Jakobo 4:7.) Jehova, Jesu le mangeloi a tshepahalang, ba a re tshehetsa. Re ka hlola sera sa rona ka tshehetso ya bona. Empa re hloka ho tseba dikarabo tsa dipotso tse tharo tsa bohlokwa: (1) Satane a ka re susumetsa ho isa boholeng bofe? (2) O leka jwang ho re susumetsa re le motho ka mong? (3) Hona matla a hae a lekanyeditswe hakae? Ha re ntse re tshohla dipotso tsena, re tla boela re hlahlobe seo re ka ithutang sona.

SATANE A KA RE SUSUMETSA HO ISA BOHOLENG BOFE?

5, 6. Ke hobaneng ha mebuso ya batho e hloleha ho tlisa diphetoho tseo batho ba di hlokang?

5 Mangeloi a mang a ile a tshehetsa Satane mme a tswa puso ya Modimo tlase. Pele ho Morwallo, Satane o ile a kgelosa a mang hore a etse thobalano le baradi ba batho. Bibele e senola nnete ena ka tsela ya tshwantshetso ha e re drakone e ileng ya wa lehodimong, e hulanya karolo ya boraro ya dinaledi tsa lehodimo. (Gen. 6:1-4; Juda 6; Tšen. 12:3, 4) Ha mangeloi ao a lahla lelapa la Modimo, a ile a ipeha ka tlasa taolo ya Satane. Mangeloi ana a sa mameleng Modimo, ha se feela sehlopha sa dibopuwa tse morusu. Ho e na le hoo, Satane o iketseditse mmusonyana o tshwanang le wa Modimo, yena e le morena wa ona. Sebakeng sena se sa bonahaleng seo mademona a dulang ho sona, Satane o a hlophisitse ka mebuso, a a fa bolaodi a ba a a etsa babusi ba lefatshe.—Baef. 6:12.

6 Satane o laola mebuso ya batho a sebedisa mangeloi ana. Taba ena ya Satane e ile ya totobala ha a ne a bontsha Jesu “mebuso yohle ya lefatshe,” mme a re: “Ke tla o fa bolaodi bona bohle le kganya ya yona, hobane ke bo nehilwe, mme ke bo fa le ha e le mang eo ke lakatsang ho mo fa bona.” (Luka 4:5, 6) Ho sa tsotellehe tshusumetso e kgopo ya Satane, mebuso e mengata e etsa dintho tse ntle ka tekanyo eitseng bakeng sa ditjhaba tsa yona. Hape babuso ba bang ba na le maikemisetso a babatsehang. Ho ntse ho le jwalo, ha ho na mmuso wa batho kapa mmusi le ha e le ofe ya ka tlisang diphetoho tseo batho ba hlileng ba di hlokang.—Pes. 146:3, 4; Tšen. 12:12.

7. Satane o sebedisa bodumedi ba bohata le tsamaiso ya kgwebo jwang? (Sheba setshwantsho se qalong.)

7 Satane le mademona a hae ha ba sebedise mebuso feela empa ba sebedisa le bodumedi ba bohata haesitana le tsamaiso ya kgwebo ho kgelosa “lefatshe lohle leo ho ahilweng ho lona.” (Tšen. 12:9) O sebedisa bodumedi ba bohata ho ruta mashano ka Jehova. Ho phaella moo, ho bonahala Diabolose a hlile a ikemiseditse ho etsa hore batho ba bangata ka hohle ka moo ho ka kgonahalang kateng, ba lebale lebitso la Modimo. (Jer. 23:26, 27) Ka lebaka leo, ka maswabi Satane o thetsitse batho hore ba rapele mademona. (1 Bakor. 10:20; 2 Bakor. 11:13-15) Hape Satane o sebedisa tsamaiso ya kgwebo ho thetsa batho. Ka mohlala, tsamaiso ena e kgelosa batho ka ho ba bontsha hore tsela feela ya ho thaba, ke ka ho bokella tjhelete e ngata le maruo. (Liprov. 18:11) Jwale, bohle ba kgeloswang ke mashano a jwalo, ba qetile bophelo bohle ba bona ba sebeletsa “Maruo” ho e na le ho sebeletsa Modimo. (Mat. 6:24) Qetellong, lerato la bona la maruo, le ka bipetsa lerato la bona ho Modimo.—Mat. 13:22; 1 Joh. 2:15, 16.

8, 9. (a) Ke dintho dife tse pedi tseo re ka ithutang tsona tlalehong ya Adama, Eva le mangeloi a sa batleng ho mamela Modimo? (b) Ke molemo ofe oo re o fumanang ka ho tseba hore na Satane a ka re kgelosa ho isa boholeng bofe?

8 Mohlala wa Adama, Eva le wa mangeloi a sa mamelang Modimo, o re ruta dintho tse pedi tsa bohlokwa. Ya pele, ho na le mahlakore a mabedi, jwale re lokela ho kgetha le le leng. Ho ho rona hore na re tla dula re tshepahalla Jehova kapa tjhe. (Mat. 7:13) Ya bobedi, batho ba tshehetsang Satane, ha ba na melemo e mekaalo. Ke nnete hore Adama le Eva ba ile ba ipatlela monyetla wa ho ipehela ditekanyetso tsa bona ka se setle le se sebe. Ha e le mangeloi a kgopo ona, a ipatlela monyetla wa ho susumetsa mebuso ya lefatshe. (Gen. 3:22) Le ha ho le jwalo, ditlamorao tsona, e dula e le tse bosula ho feta se bonahalang eka ke melemonyana eo Satane a ka fanang ka yona.—Jobo 21:7-17; Bagal. 6:7, 8.

9 Jwale ke molemo ofe oo re o fumanang ka ho tseba hore na Satane a ka re kgelosa ho isa boholeng bofe? Ho re thusa ho ba le pono e lekalekaneng ka mebuso mme ho boetse ho re thusa le mosebetsing wa rona wa ho bolela molaetsa wa Bibele. Re a utlwisisa hore Jehova o batla hore re hlomphe balaodi ba busang. (1 Pet. 2:17) Ebile o lebelletse hore re mamele melao ya mebuso ya batho ha feela e sa hatikele ditekanyetso tsa hae. (Bar. 13:1-4) Empa re a elellwa hore re lokela ho dula re sa kenelle dipolotiking ka hore mohlomong re utlwe re rata mmusi e mong ho feta e mong. (Joh. 17:15, 16; 18:36) Ka ha re bona maqiti ao Satane a lekang ho a etsa kgahlanong le lebitso la Modimo le botumo ba hae, re ikutlwa re tlameha ho ruta batho nnete ka yena. Re motlotlo ka ho sebedisa le ho bitswa ka lebitso la Modimo, hobane re a tseba hore ho mo rata ho putsa ho feta ho rata maruo hole.—Esa. 43:10; 1 Tim. 6:6-10.

SATANE O LEKA HO RE SUSUMETSA RE LE MOTHO KA MONG JWANG?

10-12. (a) E ka nna yaba Satane o sebedisitse leraba jwang ho kgelosa mangeloi a mang? (b) Re ithutang tlalehong ya mangeloi a ileng a kgeloha?

10 Satane o sebedisa mekgwa e atlehang ho susumetsa batho ka bomong. Ka mohlala, o sebedisa leraba le ipiletsang ho tshwasa batho hore ba etse thato ya hae. Hape, o ba qobella hore ba mo tshehetse.

11 Ako nahane ho se hokae ka leraba leo Satane a ileng a le sebedisa mme a atleha ho tshwasa mangeloi a mangata. E tlameha ebe o ile a qeta nako e telele a ntse a ithuta ona, pele a ka a hulela mekgweng ena ya hae e mebe. Eitse ha mangeloi ana a tshwaseha lerabeng la ho etsa thobalano le baradi ba lefatshe, a ile a tswala dinatlahadi tse ileng tsa hatella batho. (Gen. 6:1-4) Mohlomong Satane ha a a ka a leka mangeloi ana ka ho a tshepisa thobalano feela, empa o ile a ba a a tshepisa le matla a ho laola batho. E tlameha ebe sepheo sa hae e ne e le ho nyopisa tshepiso ya hore ho ne ho tla hlaha ditloholo tsa Eva. (Gen. 3:15) Ho sa tsotellehe seo, Jehova o ile a tshela maqhekanyana ana a Satane ka metsi ka hore a tlise Morwallo. Yaba ka tsela eo, mereronyana ya Satane le mangeloi a hae, e a senyeha.

Satane o etsa makgobonthithi ohle ho leka ho re tshwasa (Sheba serapa sa 12, 13)

12 Jwale re ka ithutang ho see? Le ka mohla o se ke wa kgella leraba la boitshwaro bo bobe tlase kapa kotsi ya ho itshepa ho tlola. Etswe mangeloi ana a ileng a tshehetsa Satane, a ne a kile a sebeletsa pela Modimo ka dilemolemo. Ho ntse ho le jwalo, esita le maemong ao a matle, mangeloi ana a ile a dumella ditakatso tse mpe ho mela ka metso le ho hola. Ka tsela e tshwanang, le rona e ka nna yaba jwale ke kgale re di bona le karolo ya mokgatlo wa Modimo e lefatsheng. Le ha ho le jwalo, ho sa kgathalletsehe boemo bo hlwekileng boo re sebeletsang Jehova re le ho bona, ditakatso tse sa hlwekang di ntse di ka mela ka metso ho rona. (1 Bakor. 10:12) Ke habohlokwa hakaakang hore kamehla re hlahlobisise dipelo tsa rona mme re tlose menahano ya boitshwaro bo bobe le ho itshepa ho tlola!—Bagal. 5:26; bala Bakolose 3:5.

13. Ke leraba lefe le leng leo Satane a atlehileng ho le sebedisa, hona re ka le qoba jwang?

13 Leraba le leng leo Satane a atlehileng ho le sebedisa ke boloi. Mehleng ena, Satane ha a etse hore batho ba rate bodemona kapa borapedi ba bohata feela, empa o sebedisa le indasteri ya boithabiso. Dimovi, dipapadi tsa elektronike le metjha ya ditaba, di etsa hore bodemona bo bonahale eka bo a kgatholla. Ebe re ka qoba ho tshwaswa ke leraba lee jwang? Ha re a lokela ho lebella hore mokgatlo wa Modimo, o re ngolle letoto la boithabiso le boikgathollo bo amohelehang le bo sa amoheleheng. E mong le e mong wa rona o lokela ho kwetlisa letswalo la hae hore le tsamaisane le ditekanyetso tsa Modimo. (Baheb. 5:14) Le ha ho le jwalo, re tla be re etsa diqeto tse hantle haeba re kenya keletso e buduletsweng ya Pauluse tshebetsong, e reng lerato la rona “e be le se nang boikaketsi.” (Bar. 12:9) Hape re lokela ho ipotsa: ‘Na ebe kgetho ya ka ya boithabiso kapa ya boikgathollo e bontsha hore ke moikaketsi? Haeba batho bao ke ithutang Bibele le bona ba ka bona boikgathollo boo ke bo kgethileng, na ba tla bona bopaki ba hore ehlile ke etsa seo ke se rutang?’ Ha re etsa sohle se matleng a rona hore dipuo tsa rona di tsamaisane le diketso tsa rona, re ke ke ra tshwaseha habonolo marabeng a Satane.—1 Joh. 3:18.

Satane o re qobella ho etsa thato ya hae (Sheba serapa sa 14)

14. Satane a ka nna a re hatella jwang, hona re ka mamella jwang?

14 Satane ha a felle feela tabeng ya ho re tjhehela maraba, empa o boetse hape o leka ho re hatella hore re be re qetelle re tlohetse ho tshepahalla Jehova. Ka mohlala, a ka laola mebuso hore e thibele mosebetsi wa rona wa boboledi. Kapa a sebedisa esita le basebetsimmoho kapa baithutimmoho sekolong ho re sitisa, hobane re na le takatso ya ho phela ka ditekanyetso tsa Bibele tsa boitshwaro. (1 Pet. 4:4) A ka ba a sebedisa le beng ka rona ho re nyahamisa hore re se ke ra ya dibokeng. (Mat. 10:36) Jwale re ka mamella jwang? Taba ya pele, re lokela ho lebella hore re tla hanyetswa ka tsela ena. Re hopole hore mona re ntweng le Satane. (Tšen. 2:10; 12:17) Ka hona, ho hlokahala hore re be le pono ya Jehova ka dintho tabeng ena. Hopola hore Satane o re re sebeletsa Jehova feela hobane dintho di re tsamaela bolatjha. O re ha ho nyolosetsa, re tla nyahlatsa Modimo. (Jobo 1:9-11; 2:4, 5) Ka hoo, re lokela ho itshetleha ka Jehova hore a re fe matla a ho emelana le teko. Kgodiseha hore le ka mohla a ke ke a re lahla.—Baheb. 13:5.

MATLA A HAE A LEKANYEDITSWE HAKAE?

15. Na ho ka etsahala hore Satane a re qobelle ho etsa seo re sa se batleng? Hlalosa.

15 Satane a ke ke a kgona ho qobella batho ho etsa seo ba sa se batleng. (Jak. 1:14) Le ha ho le jwalo, batho ba bangata ba etsa thato ya Satane ba sa elellwe le ho elellwa. Empa hang ka mora hore ba ithute nnete, e mong le e mong o etsa qeto ya hore na o tla sebeletsa mang. (Lik. 3:17; 17:30) Ka hona, haeba re hlile re ikemiseditse ho etsa thato ya Modimo, Satane a ke ke a o besa wa tuka ho etsa hore re se ke ra tshepahala.—Jobo 2:3; 27:5.

16, 17. (a) Ke dintho dife tse ding hape tseo Satane le mademona a hae ba ke keng ba kgona ho di etsa? (b) Ke hobaneng ha o sa lokela ho tshaba ho rapela Jehova ka lentswe le phahameng?

16 Ho na le dintho tseo Satane le mademona a hae ba sa kgoneng ho di etsa. Ka mohlala, ha ho na moo Bibele e reng ba ka kgona ho bona se ka dikelellong le dipelong tsa batho. Ke Jehova le Jesu feela bao ho thweng ba na le bokgoni boo. (1 Sam. 16:7; Mar. 2:8) Jwale ho thweng he ka ho bua kapa ho rapela ka lentswe le phahameng? Na re lokela ho tshaba, re nahana hore Diabolose le mademona a hae ba ka nna ba utlwa dithapelo tsa rona ebe jwale ba a sitisa? Le letho. Hobaneng? Ha re no tshaba ho etsa mesebetsi e metle tshebeletsong ya Jehova hobane feela re nahana hore Diabolose a ka nna a re bona. Ka tsela e tshwanang, ha re a lokela ho tshaba ho rapela ka lentswe le phahameng hobane feela re nahana hore Diabolose a ka re utlwa. Ha e le hantle, ebile Bibele e bua ka mehlala e mengata ya bahlanka ba Modimo ba ileng ba rapela ka lentswe le phahameng. Le ha ho le jwalo, ha ho na moo re balang hore ba ile ba tshaba hore Diabolose o tla tloha a ba utlwa. (1 Mar. 8:22, 23; Joh. 11:41, 42; Lik. 4:23, 24) Ka hona, haeba re etsa boiteko bohle ho etsa thato ya Modimo ka dipuo le diketso, re ka kgodiseha hore Jehova a ke ke a dumella Diabolose hore a re ntshe kotsi ka ho sa feleng.—Bala Pesaleme ya 34:7.

17 Ke nnete hore re lokela ho tseba sera sa rona, empa le teng re se ke ra se dumella hore se re tshose. Esita le bona baetsadibe ba ka kgona ho hlola Satane ka thuso ya Jehova. (1 Joh. 2:14) Haeba re mo hanyetsa, o tla qela ho leoto. (Jak. 4:7; 1 Pet. 5:9) Ho bonahala batjha e le bona bao Satane a ba nyoretsweng le ho feta. Jwale keng eo ka ho toba ba lokelang ho e etsa e le hore ba mo hlole? Re tla araba potso eo sehloohong se latelang.

^ par. 2 Bibele e bontsha hore mangeloi a mang, a ile a fuwa mabitso a a kgethollang. (Baahl. 13:18; Dan. 8:16; Luka 1:19; Tšen. 12:7) Jehova o file naledi e nngwe le e nngwe lebitso. (Pes. 147:4) Jwale, ke ho utlwahalang hore re fihlele qeto ya hore o file lengeloi le leng le le leng ho akarelletsa le lona lena le ileng la fetoha Satane lebitso.

^ par. 3 Lebitso Satane le hlaha ka makgetlo a 18 feela Mangolong a Seheberu, empa Mangolong a Segerike a Bakreste le hlaha ka makgetlo a fetang 30.