Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U Batla ho Tsejoa ke Mang?

U Batla ho Tsejoa ke Mang?

“Molimo hase ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa lōna le lerato leo le ileng la le bontša bakeng sa lebitso la hae.”—BAHEB. 6:10.

LIPINA: 39, 30

1. Ka tlhaho ke ntho efe eo re e ratang, hona taba eo e akarelletsa’ng?

U IKUTLOA joang ha motho eo u mo tsebang u bile u mo hlompha a lebala lebitso la hao kapa a se a sa u tsebe? U ka ’na oa utloa bohloko haholo. Hobane’ng? Hobane ka tlhaho re batla ho ratoa kapa ho amoheleha. Empa re boetse re batla hore batho ba re rate ka lebaka la lintho tseo re li finyeletseng.—Num. 11:16; Jobo 31:6.

2, 3. Ke joang boikutlo ba rona ba ho batla ho ratoa kapa ho amoheleha e ka bang bo feteletseng? (Sheba setšoantšo se qalong.)

2 Empa joaloka lintho tse ling tse ngata tseo re li ratang, boikutlo ba rona ba ho batla ho ratoa kapa ho amoheleha e ka ba bo feteletseng, kaha ha rea phethahala. Ka hona, re ka labalabela hore batho ba re rorise ka tsela e sa khahliseng Jehova. Batho ba sa etseng thato ea Jehova ba re susumelletsa hore re batle ho tuma le ho nkeloa holimo ho e-na le ho tlotlisa Jehova Molimo kaha ke eena ea tšoaneloang ke thoriso e joalo.—Tšen. 4:11.

3 Mehleng ea Jesu, baeta-pele ba bolumeli ba ne ba e-na le maikutlo a fosahetseng ka ho tsejoa le ho ratoa. Jesu o ile a eletsa balateli ba hae a re: “Hlokomelang bangoli ba lakatsang ho tsamaea ba apere liaparo tse telele tsa ka holimo ’me ba rata litumeliso limmarakeng le litulo tse ka pele ka lisynagogeng le libaka tse hlaheletseng ka ho fetisisa lijong tsa shoalane. . . . Ba tla amohela kahlolo e boima haholo.” (Luka 20:46, 47) Ho fapana le bona, Jesu o ile a babatsa mohlolohali ea ileng a fana ka monehelo o monyenyane le hoja mohlomong a sa ka a bonoa ke batho. (Luka 21:1-4) Ho hlakile hore tsela eo Jesu a neng a ikutloa ka eona ka ho tsejoa le ho ratoa, e ne e fapane le ea batho ba bang. Sehlooho sena se tla re thusa ho bona lintho ka tsela eo Jehova a li bonang ka eona.

KHETHA HO TSEJOA LE HO RATOA KE JEHOVA

4. Ke mang eo re lokelang ho sebetsa ka thata hore a re tsebe a be a re rate, hona hobane’ng?

4 Ke mang eo re lokelang ho sebetsa ka thata hore a re tsebe a be a re rate? Ha rea lokela ho sebeletsa hore batho ba re tsebe ka thuto e phahameng, khoebo kapa mefuta ea boithabiso ea lefatše lena. Ho e-na le hoo, re lokela ho nahana ka mantsoe a Pauluse a reng: “Kaha joale le tseba Molimo, kapa ho e-na le hoo kaha joale le tsejoa ke Molimo, ho tla joang hore le khutlele hape linthong tse fokolang le tse futsanehileng tsa motheo ’me le batle ho ba makhoba a tsona hape?” (Bagal. 4:9) Ke tlotla e kholo ho tsejoa ke Molimo, ea bopileng lintho tsohle. Ho ka khoneha hore re tsejoe ke ’Musi oa leholimo le lefatše kaha o ikemiselitse ho ba motsoalle oa rona ea haufi-ufi. Setsebi se seng sa Bibele se ile sa re Jehova ‘o tla re nka re le batho ba bohlokoa.’ Re fumana lebaka le utloahalang la ho phela haeba re le metsoalle ea Molimo.—Moek. 12:13, 14.

5. Re ka etsa’ng hore Jehova a re tsebe ’me a re rate?

5 Moshe e ne e le motsoalle oa Jehova. O ile a kopa Jehova hore a mo thuse ho tseba litsela tsa Hae, eaba Jehova o re ho eena: “Le ntho ena, eo u buileng ka eona, ke tla e etsa, hobane u fumane kamohelo mahlong a ka ’me ke u tseba ka lebitso.” (Ex. 33:12-17) Haeba le rona re tsejoa ke Jehova, o tla re hlohonolofatsa. Empa re ka etsa’ng hore re tsejoe ke Jehova? Re lokela ho mo rata ’me re inehele ho eena.—Bala 1 Bakorinthe 8:3.

6, 7. Ke’ng e ka etsang hore re lahleheloe ke kamano ea rona le Jehova?

6 Leha ho le joalo, re lokela ho lula re matlafatsa kamano ea rona le Ntate oa rona ea leholimong hobane re e nka e le ea bohlokoa. Pauluse o ile a eletsa Bakreste ba Galatia hore ba khaotse ho sebeletsa ‘lintho tse fokolang le tse futsanehileng tsa motheo.’ Le rona re lokela ho qoba lintho tse joalo, tse akarelletsang ho batla ho amoheloa ke batho. (Bagal. 4:9) Bakreste ba mehleng ea Pauluse ba ne ba se ba tsejoa ke Jehova. Leha ho le joalo, Pauluse o ile a re ba ne ba ‘khutletse’ linthong tse se nang thuso. Ha e le hantle o ne a re: “Ka mor’a hore le sebetse ka thata hakaale, ke hobane’ng ha le ka khutlela linthong tse se nang thuso?”

7 Le rona re ka iphumana re le boemong bona. Ha re qala ho tseba Jehova, e ka ’na eaba re ne re tšoana le Pauluse ka hore ebe re ile ra tlameha ho tela maruo le botumo. (Bala Bafilipi 3:7, 8.) Mohlomong re ile ra tela menyetla ea ho ba le thuto e phahameng, ho nyolloa mosebetsing kapa menyetla ea ho iketsetsa chelete e ngata. Talenta eo re nang le eona ea ’mino kapa ea lipapali e ne e ka ’na ea etsa hore re tume le ho ba le chelete e ngata empa re ile ra khetha ho hana menyetla eo. (Baheb. 11:24-27) E ka ba booatla bo boholo haeba re ka nahana hore re hlotsoe ke menyetla ea ho phela hamonate. Haeba re nahana joalo, re ka qetella re lelekisa ‘lintho tse fokolang le tse futsanehileng’ tsa lefatše lena. *

IKEMISETSE HO TSEJOA LE HO RATOA KE JEHOVA

8. Re ka etsa’ng hore re lule re ikemiselitse ho tsejoa le ho ratoa ke Jehova?

8 Re ka etsa’ng hore re lule re ikemiselitse ho tsejoa le ho ratoa ke Jehova eseng batho ba lefatše? Re lokela ho hopola lintho tse peli tsa bohlokoa. Ea pele, kamehla Jehova o hopola batho ba mo sebeletsang ka botšepehi ebile oa ba rata. (Bala Baheberu 6:10; 11:6) O ananela mohlanka e mong le e mong oa hae ’me o nka e le ho hloka toka ho iphapanyetsa batho ba mo tšepahallang. Kamehla Jehova o “tseba ba hae.” (2 Tim. 2:19) O “tseba litsela tsa ba lokileng” ebile o tseba ho ba lopolla mathateng.—Pes. 1:6; 2 Pet. 2:9.

9. Fana ka mohlala oa kamoo Jehova a bontšitseng kateng hore o rata batho ba hae.

9 Ka linako tse ling, Jehova o bontša ka litsela tse ikhethang hore o rata batho ba hae. (2 Likron. 20:20, 29) Mohlala, nahana kamoo a ileng a pholosa batho ba hae kateng Leoatleng le Lefubelu ha Faro a ne a ba lelekisa le lebotho la hae le matla. (Ex. 14:21-30; Pes. 106:9-11) Ketsahalo eo e bile e hlollang haholo hoo batho ba neng ba phela ka nako eo ba ileng ba tsoela pele ba bua ka eona le ka mor’a lilemo tse 40. (Josh. 2:9-11) E ne e bontša kamoo Jehova a leng lerato a bileng a leng matla kateng. Kahoo, rea khothala ha re nahanisisa ka litlaleho tse joalo hobane rea tseba hore haufinyane Gogo oa Magogo o tla re hlasela. (Ezek. 38:8-12) Ka nako eo, re tla ananela haholo hore ebe re ile ra sebetsa ka thata ho tsejoa le ho ratoa ke Jehova eseng lefatše.

10. Ke taba efe eo re lokelang ho lula re e hopola?

10 Re boetse re lokela ho lula re hopola taba ena ea bohlokoa: Jehova a ka bontša ka litsela tseo re sa li lebellang hore oa re rata. A ke ke a hlohonolofatsa batho ba etsang lintho tse ntle e le hore feela ba bonoe ke batho. Hobane’ng? Hobane ba se ba fumane moputso oa bona ka botlalo kaha ba rorisoa ke batho. (Bala Matheu 6:1-5.) Jesu o ile a re Ntate oa hae “ea talimang sephiring” o bona batho ba sa babatsoeng ka lebaka la lintho tse ntle tseo ba li etsetsang batho ba bang ’me oa ba hlohonolofatsa. Leha ho le joalo, ka linako tse ling Jehova o re hlohonolofatsa ka litsela tseo re sa li lebellang. A re hlahlobeng mehlala e ’maloa.

JEHOVA O BONTŠA HORE O NKA MARIA E LE MOTHO OA BOHLOKOA

11. Jehova o ile a bontša joang hore o nka Maria e le motho oa bohlokoa?

11 Jehova o ile a khetha moroetsana Maria ea ikokobelitseng hore e tle e be eena ’mè oa Jesu. Maria o ne a lula motseng o sa tumang oa Nazaretha o hole le motse oa Jerusalema o neng o e-na le tempele. (Bala Luka 1:26-33.) Ke hobane’ng ha Jehova a ile a khetha Maria? Lengeloi Gabriele le ile la mo bolella hore o “fumane kamohelo ho Molimo.” Ha Maria a buisana le Elizabetha, mantsoe a hae a ile a bontša hore o na le kamano e matla le Molimo. (Luka 1:46-55) Kaha Jehova o ne a ntse a bona Maria, o ile a mo hlohonolofatsa ka lebaka la hore o ne a tšepahala. Ho hang Maria o ne a sa lebella hore Jehova a ka mo fa monyetla oo.

12, 13. (a) Ha Jesu a hlaha, Jehova o ile a etsa’ng ho bontša hore o mo nka e le motho oa bohlokoa? (b) Jehova o ile a bontša joang hore o nka Jesu e le motho oa bohlokoa le nakong eo Maria a mo isitseng tempeleng?

12 Ka mor’a hore Jesu a hlahe, Jehova ha aa ka a tsebisa babusi ba hlaheletseng ba Jerusalema le Bethlehema ka tsoalo ea Jesu. Ho e-na le hoo, o ile a romela mangeloi ho balisana ba neng ba alositse linku ka ntle ho Bethlehema ’me a ba bolella ka tlhaho ea Jesu. (Luka 2:8-14) Ka mor’a moo, balisana bao ba ile ba ea ho ea bona lesea le sa tsoa hlaha. (Luka 2:15-17) E tlameha ebe Maria le Josefa ba ile ba makala ha ba bona kamoo Jesu a neng a hlomphuoa kateng. Tsela eo Jehova a etsang lintho ka eona e fapane le tsela eo Satane a etsang lintho ka eona. Ha Satane a romella linohe tsa linaleli ho Jesu le ho batsoali ba hae, baahi ba Jerusalema ba ile ba ferekana ha ba utloa ka tsoalo ea Jesu. (Mat. 2:3) Ho tsebahala ha tsoalo ea Jesu ho ile ha etsa hore bana ba bangata ba se nang molato ba bolaoe.—Mat. 2:16.

13 Ka mor’a matsatsi a 40 Jesu a hlahile, Maria o ne a lokela ho ea tempeleng e Jerusalema, e leng leeto la lik’hilomithara tse robong ho tloha Bethlehema ho ea etsetsa Jehova sehlabelo. (Luka 2:22-24) Ha Maria a ntse a tsamaea le Josefa le Jesu, ho ka etsahala hore ebe o ne a ipotsa hore na ebe moprista o ne a tla tšoara Jesu ka tsela e khethehileng kaha e ne e tla ba Mesia. Mohlomong o ne a ipotsa hore na moprista o tla hlompha Jesu ka tsela e khethehileng ka lebaka la morero oa bohlokoa oo a tla o phetha nakong e tlang. Empa lintho ha lia ka tsa etsahala ka tsela eo. Ho e-na le hoo, Jehova o ile a etsa hore monna ea bitsoang Simeone ea neng a “lokile ’me a e-na le tlhompho ea borapeli” a phatlalatse hore ngoana eo e ne e tla ba Mesia kapa Kreste. E mong ea ileng a phatlalatsa taba ena ke Anna oa mohlolohali ea neng a le lilemo li 84 eo e neng e boetse e le moprofeta.—Luka 2:25-38.

14. Jehova o ile a hlohonolofatsa Maria joang?

14 Na Jehova o ile a tsoela pele ho bontša hore o tseba Maria ea ileng a hlokomela Mora oa Hae le ho mo holisa? E! Jehova o ile a tlaleha mantsoe a Maria le liketso tsa hae ka Bibeleng. Mohlomong Maria ha aa ka a atleha ho tsamaea le Jesu nakong ea tšebeletso ea hae e nkileng lilemo tse tharo le halofo. Kaha e ne e le mohlolohali, mohlomong o ne a lokela ho sala Nazaretha. Le hoja a ile a lahleheloa ke menyetla e mengata, o ile a ba le Jesu nakong ea lefu la hae. (Joh. 19:26) Hamorao Maria o ne a le Jerusalema a e-na le barutuoa matsatsi a etellang pele Pentekonta ha ba ne ba amohela moea o halalelang. (Lik. 1:13, 14) Ho ka etsahala hore ebe le eena o ile a tlotsoa ka moea o halalelang. Haeba ho joalo, taba ena e bolela hore o tla ba le Jesu ka ho sa feleng leholimong. Maria o ile a putsoa ka lebaka la ho phetha tšebeletso ea hae ka botšepehi.

JEHOVA O BONTŠA HORE O RATA MORA OA HAE HAHOLO

15. Ha Jesu a le lefatšeng, Jehova o ile a bontša joang hore o mo nka e le motho oa bohlokoa?

15 Jesu o ne a sa batle ho hlomphuoa ke baeta-pele ba bolumeli le ba lipolotiki. E tlameha ebe o ile a khothala haholo ha Jehova a bontša hore o mo nka e le motho oa bohlokoa ha a bua ka eena ka makhetlo a mararo a le leholimong. Ka mor’a hore Jesu a kolobetsoe nokeng ea Jordane, Jehova o ile a re: “Enoa ke Mora oa ka, ea ratoang, eo ke mo amohetseng.” (Mat. 3:17) Ho bonahala eka Johanne Mokolobetsi e bile eena feela ea ileng a utloa mantsoe ao. Eaba selemo pele Jesu a shoa, baapostola ba bararo ba utloa ha Jehova a re ka Jesu: “Enoa ke Mora oa ka, ea ratoang, eo ke mo amohetseng; mo mameleng.” (Mat. 17:5) Matsatsi a seng makae pele Jesu a shoa, Jehova o ile a boela a bua le Mora oa hae a le leholimong.—Joh. 12:28.

U ithutile’ng tseleng eo Jehova a ileng a bontša ka eona hore o tseba Mora oa hae? (Sheba lirapa 15-17)

16, 17. Ke ntho efe e sa lebelloang eo Jehova a ileng a e etsa ho bontša hore o nka Jesu e le motho oa bohlokoa?

16 Le hoja Jesu a ne a tseba hore o tla bolaoa, a etselletsoe ka hore ke monyefoli, ha a rapela, o ile a kopa hore ho etsahale thato ea Jehova eseng ea hae. (Mat. 26:39, 42) “O ile a mamella thupa ea tlhokofatso, a sa natse lihlong” hobane o ne a sa batle ho ratoa ke batho empa o ne a batla ho tsejoa le ho ratoa ke Ntate oa hae. (Baheb. 12:2) Jehova o ile a bontša joang hore oa mo rata?

17 Ha Jesu a le lefatšeng, o ile a re o labalabela ho ba le khanya eo a neng a e-na le eona le Ntate oa hae leholimong. (Joh. 17:5) Ha ho letho le bontšang hore o ne a batla ntho e fetang eo. O ne a sa lebella hore a fuoe boemo bo phahameng. Empa Jehova o ile a etsa’ng? O ile a bontša hore o nka Jesu e le motho oa bohlokoa ka hore a mo etsetse ntho eo a sa e lebellang. A mo tsosetsa “boemong bo phahameng” ’me a mo fa ntho eo ho seng motho ea neng a kile a e fuoa ka nako eo, e leng ho phela ka ho sa feleng e le motho oa moea. * (Bafil. 2:9; 1 Tim. 6:16) Jehova o ile a bontša ka tsela e ikhethang hore o tseba Jesu le hore o ananela tsela eo a mo sebelelitseng ka eona ka botšepehi.

18. Re ka thusoa ke eng hore re qobe ho batla ho hlahella?

18 Re ka thusoa ke eng hore re qobe ho batla ho hlahella? Lula u hopola hore kamehla Jehova o bontša kamoo a ratang bahlanka ba hae ba tšepahalang ebile o ba hlohonolofatsa ka litsela tseo ba sa li lebellang. Ha re tsebe hore na re tla hlohonolofatsoa joang nakong e tlang. Empa hona joale, ha re ntse re mameletse mathata a re hlahelang, re lokela ho lula re hopola hore lefatše lena lea feta hammoho le thoriso eo batho ba re fang eona. (1 Joh. 2:17) Leha ho le joalo, Ntate oa rona ea lerato eena ‘hase ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa rōna le lerato leo re ileng ra le bontša bakeng sa lebitso la hae.’ (Baheb. 6:10) O tla re hlohonolofatsa esita le ka litsela tseo re sa li lebellang.

^ ser. 7 Libibeleng tse ling, lentsoe “tse futsanehileng” le fetoletsoe e le “tse se nang thuso,” “tse sotlehileng” le “tse soto.”

^ ser. 17 E ne e le tlhohonolofatso eo a neng a sa e lebella hobane ha ho motho ea hlahang ka Mangolong a Seheberu ea kileng a phela ka ho sa feleng.