Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U Tšepile Mang?

U Tšepile Mang?

Ke phahamisetsa mahlo ho uena, ea lutseng maholimong!”—PES. 123:1.

LIPINA: 143, 124

1, 2. Ho tšepa Jehova ho akarelletsa’ng?

RE PHELA ‘linakong tse mahlonoko,’ “tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” Pele lefatše e e-ba paradeise, bophelo bo tla ’ne bo thatafale le ho feta. (2 Tim. 3:1) Re lokela ho ipotsa: ‘Na ke tšepile Jehova hore a nthuse a be a ntataise?’ Haeba karabo ke E! re tla be re etsa hantle haholo.

2 Ho tšepa Jehova ho akarelletsa’ng? Re ka etsa’ng hore re lule re tšepa Jehova leha re tobana le mathata a boima? Mopesaleme o ile a bua ka bohlokoa ba hore re lule re tšepa Jehova ha re tobane le mathata. (Bala Pesaleme ea 123:1-4.) O ile a tšoantša tsela eo re tšepang Jehova ka eona le tsela eo lekhoba le tšepang mong’a lona ka eona. Lekhoba ha le tšepe feela hore mong’a lona o tla le sireletsa le ho le fa lijo, empa le boetse lea ithuta hore na mong’a lona o rata eng ebe le sebetsa ka thata ho mo khahlisa. Ka tsela e tšoanang, re lokela ho ithuta hore na Jehova o rata eng ka hore re bale Bibele ebe rea mo mamela. Ha re etsa joalo, re kholisehile hore Jehova o tla re thusa ha re mo hloka.—Baef. 5:17.

3. Ke lintho life tse ka re sitisang ho tšepa Jehova?

3 Le hoja re tseba hore re lokela ho lula re tšepa Jehova, ka linako tse ling ho ka ba le lintho tse re sitisang. Maretha le eena o ile a “sitisoa ke ho hlokomela mesebetsi e mengata.” (Luka 10:40-42) Haeba ho ile ha e-ba le lintho tse sitisang Maretha le hoja a ne a e-na le Jesu a bile a tšepahala, ha rea lokela ho makala ha ho e-ba le lintho tse re sitisang. Ke’ng e ka etsang hore re se ke ra lula re tšepa Jehova? Sehloohong sena re tla ithuta hore na ke joang liketso tsa batho ba bang li ka re sitisang ho tšepa Jehova. Re tla boela re ithute hore na re lokela ho etsa’ng e le hore re lule re tšepa Jehova.

MOSHE O HLOLEHILE HO KENA NAHENG E TŠEPISITSOENG

4. Ke hobane’ng ha ho makatsa hore ebe Moshe o ile a hloleha ho kena Naheng e Tšepisitsoeng?

4 Moshe o ne a tšepile hore Jehova o tla mo tataisa le ho mo thusa. Bibele e re “o ile a tsoela pele a tiile joalokaha eka o bona Ea sa bonahaleng.” (Bala Baheberu 11:24-27.) E boetse e re “ha ho e-s’o ka ho hlaha moprofeta ea kang Moshe Iseraele, eo Jehova a neng a mo tseba lifahleho li talimane.” (Deut. 34:10) Le hoja Moshe a ne a e-na le kamano e ntle hakaalo le Jehova, o ile a hloleha ho kena Naheng e Tšepisitsoeng. (Num. 20:12) O ile a sitisoa ke’ng?

5-7. (a) Baiseraele ba ile ba thulana le bothata bofe ka mor’a hore ba tlohe Egepeta? (b) Moshe o ile a etsa’ng?

5 Ho ne ho e-s’o fete likhoeli tse peli Baiseraele ba tlohile Egepeta ha ba thulana le bothata le pele ba fihla Thabeng ea Sinai. Ba ile ba lla ka hore ha ba na metsi. Ba boela ba korotlela Moshe hoo a ileng a bua le Jehova a re: “Ke tla etsa’ng ka sechaba see? Ho se ho se hokae ’me se tla ntlepetsa ka majoe!” (Ex. 17:4) Jehova o ile a mo fa litaelo tse hlakileng tsa hore a nke molamu ’me a otle lefika la Horebe e le hore metsi a tsoe. Bibele e re: “Moshe a etsa joalo mahlong a banna ba baholo ba Iseraele.” Kahoo, Baiseraele ba ile ba noa metsi ho fihlela ba khotsofetse.—Ex. 17:5, 6.

6 Exoda 17:7 e re: “Kahoo a reha sebaka seo lebitso la Masa le Meriba, ka lebaka la ho qabana ha bara ba Iseraele le ka lebaka la ho leka ha bona Jehova, ba re: ‘Na Jehova o har’a rōna kapa che?’” Mabitso ao a ne a loketse hobane a bolela “ho qabana” le “ho leka.”

7 Jehova o ile a ikutloa joang ka mor’a hore Baiseraele ba korotle ha ba le Meriba? O ne a nka hore ba korotletse eena eseng Moshe. (Bala Pesaleme ea 95:8, 9.) Ho hlakile hore Baiseraele ba ne ba foselitse Jehova. Moshe o ile a etsa ntho e nepahetseng ka hore a tšepe Jehova ’me a mamele litaelo tsohle tseo a mo fileng tsona.

8. Baiseraele ba ile ba tobana le bothata bofe ha ba le haufi le ho kena Naheng e Tšepisitsoeng?

8 Ho ile ha etsahala’ng lilemo tse ka bang 40 hamorao ha Baiseraele ba le haufi le ho kena Naheng e Tšepisitsoeng? Ba ile ba thulana le bothata bo tšoanang ha ba le sebakeng seo hamorao ba ileng ba se reha Meriba. Sebaka sena ha se seo re buileng ka sona pejana. Sena se ne se le pel’a Kadeshe haufi le Naha e Tšepisitsoeng. * Baiseraele ba ile ba boela ba korotla ka hore ha ba na metsi. (Num. 20:1-5) Empa lekhetlong lena Moshe o ile a etsa lintho ka tsela e fapaneng.

9. (a) Jehova o ile a fa Moshe litaelo life? (b) Moshe o ile a etsa’ng? (Sheba setšoantšo se qalong.)

9 Moshe o ile a etsa’ng ha Baiseraele ba korotla? O ile a kopa hore Jehova a mo thuse. Empa lekhetlong lena Jehova o ne a sa mo laela hore a otle lefika. Jehova o ile a re a nke molamu ’me a bokelle batho ka pel’a lefika ebe o bua le lona. (Num. 20:6-8) Leha ho le joalo, Moshe ha aa ka a bua le lefika. Ho e-na le hoo, o ile a halefa eaba o re: “Utloang joale, lōna marabele! Na re tla le ntšetsa metsi lefikeng lee?” Ka mor’a moo a otla lefika ka makhetlo a mabeli.—Num. 20:10, 11.

10. Jehova o ile a etsa’ng ha Moshe a sa mo mamele?

10 Jehova o ile a halefela Moshe. (Deut. 1:37; 3:26) Hobane’ng? Ho na le mabaka a ’maloa. E ka ’na eaba Jehova o ile a halefela Moshe hobane a ile a hloleha ho latela litaelo tsa hae.

11. Ha Moshe a otla lefika, ke joang a neng a ka etsa hore Baiseraele ba nahane hore mohlolo oo ha oa etsoa ke Jehova?

11 Mohlomong ho na le lebaka le leng hape. Majoe a fumanehang Meriba eo re buileng ka eona qalong ke a morema-phofu. Ho sa tsotellehe hore na motho a ka otla lejoe la morema-phofu ka matla hakae, ha ho ea ka lebellang hore metsi a tsoe ho lona. Empa mafika a Meriba ea bobeli ’ona ke majoe a mokoetla e leng majoe a bonolo haholo ha a bapisoa le morema-phofu. Kaha lejoe la mokoetla le na le masoba, hangata moo le leng teng ho ba le metsi a kollang. Na ho ka etsahala hore ebe ha Moshe a otla lefika habeli o ne a fetisa moelelo oa hore metsi ao a tsoile hobane majoe ao a le bonolo ho e-na le hore a tsoile ka matla a Jehova? Ha Moshe a otla lefika ho e-na le hore a bue le lona, na Baiseraele ba ile ba nahana hore metsi ao a tsoile hobane ka tlhaho lejoe leo le e-na le metsi eseng hobane Jehova a entse mohlolo? * Ha re tsebe hantle.

MOSHE HA AA KA A MAMELA

12. E ka ’na eaba Jehova o ile a halefela Moshe le Arone ka lebaka lefe le leng?

12 E ka ’na eaba ho na le lebaka le leng le entseng hore Jehova a halefele Moshe le Arone. Hlokomela hore na Moshe o ile a reng ho Baiseraele: “Na re tla le ntšetsa metsi lefikeng lee?” Ha Moshe a sebelisa lentsoe “re,” e ka ’na eaba o ne a bua ka eena le Arone. Mantsoe ao a hae a ne a hlompholla Jehova hobane ke Eena ea mo fileng matla a ho etsa mohlolo oo. Taba ena e totobala haholo ha re bala Pesaleme ea 106:32, 33 e reng: “Ba baka khalefo metsing a Meriba, hoo lintho li ileng tsa tsamaela Moshe hampe ka lebaka la bona. Etsoe ba ile ba utloisa moea oa hae bohloko a qala ho bua ka lepotlapotla ka molomo oa hae.” * (Num. 27:14) Ho sa tsotellehe hore na lebaka e ne e le lefe, liketso tsa Moshe li ile tsa etsa hore batho ba se ke ba rorisa Jehova. Ha Jehova a bua le Moshe le Arone, o ile a re: “Le fetohetse taelo ea ka.” (Num. 20:24) Ba ne ba entse sebe se tebileng.

13. Ke hobane’ng ha e le ntho e utloahalang hore ebe Jehova o ile a fa Moshe kotlo?

13 Kaha Moshe le Arone ba ne ba etella sechaba sa Molimo pele, ba ne ba e-na le boikarabelo bo bongata. (Luka 12:48) Pejana, Jehova o ile a thibela Baiseraele bohle ho kena naheng ea Kanana ka lebaka la borabele ba bona. (Num. 14:26-30, 34) Ke ho utloahalang hore ebe Jehova o ile a fa Moshe kotlo ka lebaka la borabele ba hae. Joaloka marabele a mang, Moshe le eena ha aa ka a kena Naheng e Tšepisitsoeng.

NTHO E ILENG EA BAKA BOTHATA

14, 15. Ke eng e ileng ea etsa hore Moshe e be lerabele?

14 Ke eng e ileng ea etsa hore Moshe e be lerabele? A re hlahlobeng Pesaleme ea 106:32, 33 hape. E re: “Ba baka khalefo metsing a Meriba, hoo lintho li ileng tsa tsamaela Moshe hampe ka lebaka la bona. Etsoe ba ile ba utloisa moea oa hae bohloko a qala ho bua ka lepotlapotla ka molomo oa hae.” Moshe o ile a halefa le hoja Baiseraele ba ne ba sa fosetsa eena, ba ne ba foselitse Jehova. Ka lebaka la ho sitoa ho itšoara, o ile a bua a sa nahana ka litla-morao.

15 Moshe o ile a lumella liketso tsa batho ba bang hore li mo sitise ho halaletsa lebitso la Jehova. Ha ba le Meriba ea pele, o ile a etsa lintho hantle. (Ex. 7:6) Kaha Moshe o sebetsane le Baiseraele ba likhathatso ka lilemo tse ngata, e ka ’na eaba o ne a khathetse a bile a tenehile. Na Moshe o ne a nahanne feela ka hore na o ikutloa joang, ho e-na le hore a tlotlise Jehova?

16. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re ithute phosong ea Moshe?

16 Haeba moprofeta ea tšepahalang joalo o ne a ka hloleha ho tšepa Jehova, le rona re ka etsahalloa ke ntho e tšoanang. Joaloka Moshe, le rona re haufi le ho kena lefatšeng le lecha leo Jehova a re tšepisitseng lona. (2 Pet. 3:13) Ha re batle ho lahleheloa ke monyetla oo. E le hore re tle re khone ho kena lefatšeng le lecha, re lokela ho lula re tšepa Jehova le ho etsa thato ea hae ka linako tsohle. (1 Joh. 2:17) Re ithuta’ng phosong ea Moshe?

U SE KE OA LUMELLA LIKETSO TSA BATHO BA BANG HO U SITISA

17. Ke’ng e tla re thusa hore re se ke ra teneha?

17 U se ke oa teneha. Esita le haeba re ka ba bothateng bo tšoanang le ba Moshe ka makhetlo a mangata, “a re se keng ra tela ho etsa se setle, kaha ka nako e loketseng re tla kotula haeba re sa khathale.” (Bagal. 6:9; 2 Bathes. 3:13) Haeba re thulana le bothata bo ka etsang hore re tenehe, na re tla laola maleme a rona ’me re ithibe hore re se ke ra lekeha? (Liprov. 10:19; 17:27; Mat. 5:22) Haeba batho ba bang ba re utloisa bohloko, re lokela ho ‘fa khalefo sebaka.’ Khalefo eo ho buuoang ka eona moo ke ea mang? Ke ea Jehova. (Bala Baroma 12:17-21.) Haeba re tšepile Jehova, re tla be re bontša hore re mo fa tlhompho e mo lokelang ka hore re emele hore e be eena ea nkang khato ka nako e loketseng. Re tla be re sa hlomphe Jehova haeba re iphetetsa.

18. Re lokela ho lula re hopola eng mabapi le ho mamela litaelo?

18 Mamela litaelo ka hloko. Na re latela litaelo tsa morao-rao tseo Jehova a re fang tsona? Haeba ho joalo, re ke ke ra tsitlella ho etsa lintho ka tsela eo re neng re li etsa ka eona pele. Ho e-na le hoo, re tla potlakela ho mamela litaelo tse ncha tseo Jehova a re fang tsona a sebelisa mokhatlo oa hae. (Baheb. 13:17) Leha ho le joalo, re lokela ho ba hlokolosi hore re se ke ra “fetela ka nģ’ane ho lintho tse ngoliloeng.” (1 Bakor. 4:6) Ha re etsa joalo re tla lula re tšepa Jehova.

Re ithuta’ng tseleng eo Moshe a ileng a etsa lintho ka eona ka lebaka la liphoso tsa batho ba bang? (See paragraph 19)

19. Ke’ng eo re sa lokelang ho e lumella ho senya kamano ea rona le Jehova?

19 U se ke oa lumella liphoso tsa batho ba bang ho senya kamano ea hao le Jehova. Haeba re lula re tšepa Jehova ka linako tsohle, re ke ke ra lumella hore liphoso tsa batho ba bang li re halefise kapa li senye kamano ea rona le Jehova. Taba ena ke ea bohlokoa haholo haeba joaloka Moshe re e-na le boikarabelo bo bongata ka mokhatlong oa Molimo. Ha re ntse re ‘sebeletsa poloko ea rona ka tšabo le thothomelo,’ re lokela ho hopola hore Jehova ha a na molao o le mong o tšoanang oo a re ahlolang ka oona. (Bafil. 2:12) Ho e-na le hoo, haeba re fuoe mosebetsi o mongata, re tla ba le boikarabelo bo bongata. (Luka 12:48) Empa haeba re rata Jehova e le kannete, ha ho letho le tla senya kamano ea rona le eena.—Pes. 119:165; Bar. 8:37-39.

20. Re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng?

20 Re lokela ho lula re tšepa “ea lulang maholimong” matsatsing ana a ho qetela e le hore re ka etsa thato ea hae. Ha rea lokela ho lumella hore liphoso tsa batho ba bang li senye kamano ea rona le Jehova. Mohlala oa Moshe o lokela ho lula o re hopotsa bohlokoa ba taba ena ka linako tsohle. Ho e-na le hore re feteletse liphoso tsa batho ba bang, re lokela ho ikemisetsa hore ‘mahlo a rōna a lebe ho Jehova Molimo oa rōna ho fihlela a re bontša mohau.’—Pes. 123:1, 2.

^ ser. 8 Sebaka sena se ne se fapane le Meriba e haufi le Refidime. Ho fapana le sebaka seo re buileng ka sona qalong, sena se ne se amahanngoa le Kadeshe eseng Masa. Leha ho le joalo, libaka tseo ka bobeli li ile tsa rehoa Meriba hobane Baiseraele ba ile ba korotla ha ba le moo.

^ ser. 11 Ha Moprofesa John A. Beck a bua ka taba ena o re: “Ho latela Bajuda, marabele ao a ile a nyelisa Moshe ’me a re: ‘Moshe oa tseba hore na lejoe lena le bopehile joang. Haeba a batla ho re bontša hore o na le matla a ho etsa mehlolo, ke hore a re ntšetse metsi lefikeng lena.’” Ha e le hantle ena e mpa e le pale feela.

^ ser. 12 Sheba Molula-Qhooa oa October 15, 1987, tlas’a sehlooho se reng “Lipotso Tse Tsoang ho Babali.”