Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Mahlo a Hao a Tadimile Hokae?

Mahlo a Hao a Tadimile Hokae?

“Ke phahamiseditse mahlo a ka ho wena, wena ya dulang mahodimong.”—PES. 123:1.

DIPINA: 143, 124

1, 2. Ho tsepamisa mahlo a rona ho Jehova ho bolelang?

RE PHELA “dinakong tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” (2 Tim. 3:1) Bophelo bo tla mpefala le ho feta ha letsatsi la Jehova la makgaolakgang le ntse le atamela. Ka hoo, e ka ba hantle hore re ipotse: ‘Ebe ke tadima ho mang ha ke hloka thuso le tataiso?’ Haeba re ka re: “Ho Jehova,” re tla be re nepile.

2 Ho tsepamisa mahlo a rona ho Jehova ho bolelang? Hona re ka tiisa jwang hore re dula re tadimile ho yena le ha re tobane le mathata a bophelo? Dilemo tse makgolo tse fetileng, mongodi e mong wa pesaleme o ile a re kgothalletsa hore re tadime ho Jehova ha re tobane le mathata. (Bala Pesaleme 123:1-4.) O ile a bapisa tsela eo re tadimang Jehova ka yona le eo lekgoba le tadimang monga lona ka yona. Ha e le hantle o ne a bolelang? Ha se hore feela lekgoba le shebile hore monga lona a le fe dijo a be a le hlokomele, empa le boetse le lokela ho sheba hore na monga lona o hloka hore le etseng, ebe le etsa sona seo. Ka tsela e tshwanang, re lokela ho bala lentswe la Modimo kamehla e le hore re lemohe seo thato ya Modimo e leng sona mme re latele ditaelo tsa hae. Ena ke yona feela tsela e ka re kgodisang hore Jehova o tla re thusa ha re le mathateng.—Baef. 5:17.

3. Keng e ka re sitisang hore re dule re tsepamisitse mahlo a rona ho Jehova?

3 Le hoja re tseba bohlokwa ba ho dula re tsepamisitse mahlo a rona ho Jehova, ka dinako tse ding re ka sitiseha. Sena ke sona se ileng sa etsahalla motswalle wa Jesu, Maretha. O ile a “sitiswa ke ho hlokomela mesebetsi e mengata.” (Luka 10:40-42) Haeba motho ya tshepahalang jwalo ka Maretha a ile a sitiseha le hoja Jesu a ne a mo tjhaketse, ha ho mokatse hore ebe le rona re ka sitiseha. Jwale ebe rona re ka sitiswa keng hore re se ke ra tsepamisa mahlo a rona ho Jehova? Sehloohong sena, re tlo hlahloba ka moo diketso tsa ba bang di ka re sitisang kateng hore re se ke ra tsepamisa mahlo a rona ho Jehova. Re tla boela re ithute hore na ebe re ka etsang e le hore re dule re tadimile ho Jehova.

MONNA YA NANG LE TUMELO O LAHLEHELWA KE BOEMO BO KGETHEHILENG

4. Ke hobaneng ha re ka makatswa ke hore Moshe o ile a hloleha ho kena Naheng e Tshepisitsweng?

4 Moshe o ne a tadima ho Jehova bakeng sa tataiso. Ha e le hantle “o ile a tswela pele a tiile jwalo ka ha eka o bona Ya sa bonahaleng.” (Bala Baheberu 11:24-27.) Tlaleho ya Bibele e re bolella hore “ha ho so ka ho hlaha moprofeta ya kang Moshe Iseraele, eo Jehova a neng a mo tseba difahleho di tadimane.” (Deut. 34:10) Le hoja Moshe e ne e le motswalle wa Jehova wa makgonthe, o ile a lahlehelwa ke monyetla wa ho kena Naheng e Tshepisitsweng. (Num. 20:12) Ebe ho ne ho senyehile kae?

5-7. Ho ile ha etsahalang nakwana ka mora hore Baiseraele ba tswe Egepeta, hona Moshe o ile a sebetsa ditaba jwang?

5 Le pele ho feta dikgwedi tse pedi feela Baiseraele ba tswile Egepeta, ba so fihle le ho fihla Thabeng ya Sinai, ho ile ha ba le bothata bo boholo. Setjhaba sena se ile sa ipelaetsa ka hore ha se na metsi. Yaba se qala ho korotlela Moshe hoo a ileng a kopa thuso ho Jehova a re: “Ke tla etsang ka setjhaba see? Ho se ho se hokae mme se tla ntlepetsa ka majwe!” (Ex. 17:4) Jehova o ile a fa Moshe ditaelo tse hlakileng. Moshe o ne a lokela ho otla lefika le Horebe ka molamu wa hae ebe ho tswa metsi. Bibele e re: “Moshe a etsa jwalo mahlong a banna ba baholo ba Iseraele.” Baiseraele ba ile ba nwa hoo ba ileng ba kgolwa, yaba ke mohla dikgobe di butsuweng.—Ex. 17:5, 6.

6 Bibele e re Moshe o ile “a reha sebaka seo lebitso la Masa le Meriba, ka lebaka la ho qabana ha bara ba Iseraele le ka lebaka la ho leka ha bona Jehova, ba re: ‘Na Jehova o hara rona kapa tjhe?’” (Ex. 17:7) Mabitso ao e ne e le a loketseng hobane Masa e bolela “Ho leka motho,” ha Meriba yona e bolela “Ho etsa seteraeke.”

7 Jehova o ile a ikutlwa jwang ka se ileng sa etsahala moo Meriba? O ile a nka hore Baiseraele ba hlompholla yena e seng Moshe. (Bala Pesaleme ya 95:8, 9.) Ruri Baiseraele ba ne ba fahlile mmuso ka lehlabathe. Empa Moshe yena o ile a etsa ntho e nepahetseng ka hore a tadime ho Jehova bakeng sa tataiso.

8. Ho ile ha hlaha bothata bofe ho elella qetellong ya dilemo tse 40 tsa leeto la Baiseraele lefeelleng?

8 Le ha ho le jwalo, ho ile ha etsahalang ho elella qetellong ya dilemo tse 40 tsa leeto lefeelleng? Baiseraele ba iphumana hape ba se ba le sebakeng seo hamorao se ileng sa bitswa Meriba. Empa Meriba ena eo re buang ka yona hona jwale, ha se yane eo re buileng ka yona pele. Ena e ne e le pela Kadeshe, haufi le bodara ya Naha e Tshepisitsweng. * Baiseraele ba ile ba boela hape ba ipelaetsa ka lebaka la tlhokeho ya metsi. (Num. 20:1-5) Empa lekgetlong lena, Moshe o ile a etsa phoso e kgolo.

9. Modimo o ile a fa Moshe ditaelo dife, empa Moshe yena a etsang? (Sheba setshwantsho se qalong.)

9 Moshe o ile a etsang ha Baiseraele ba tletleba ka hore ha ba na metsi? O ile a boela a kopa tataiso ya Jehova. Lekgetlong lena Jehova ha a a ka a re a otle lefika. Empa o ile a re a nke molamu wa hae, a bokelle setjhaba ka pela lefika mme a bue le lona. (Num. 20:6-8) Le ha ho le jwalo, Moshe ha a a ka a bua le lefika leo. Empa o ile a tlakoloha ka bohale mme a omanya setjhaba a re: “Utlwang jwale, lona marabele! Na re tla le ntshetsa metsi lefikeng lee?” Yaba ka mora moo, o otla lefika habedi.—Num. 20:10, 11.

10. Jehova o ile a ikutlwa jwang ha Moshe a otla lefika?

10 Jehova o ile a tukela Moshe ka bohale. (Deut. 1:37; 3:26) Ke hobaneng ha Jehova a ile a halefa? Lebaka le leng ke hore Moshe ha a ka a mamela ditaelo tseo Jehova a neng a mo fihle tsona.

11. Taba ya hore ebe Moshe o ile a otla lefika e ka nna yaba e ile ya fokotsa boleng ba mohlolo wa Jehova jwang?

11 Ho boetse ho na le lebaka le leng leo e ka nnang yaba le ile la etsa hore Jehova a halefe. Meriba e neng e le pela Refidime, e ne e na le mafika a moralla a thatathata. Ho sa tsotellehe hore na motho o otla lefika la moralla ka matla hakae, ha ho na motho ya lebelletseng hore metsi a ka tswa ho lona. Empa Meriba e neng e le pela Kadeshe yona, e ne e na le mafika a bonolo a lejwe la mokwetla. Ka ha lejwe la mokwetla ka tlhaho le na le metsi, hangata lefika la teng le ne le sebediswa e le mohlodi wa metsi. Batho ba ne ba ka fumana metsi ka ho tjheka mokoti lefikeng leo. Na ebe ha Moshe a ne a otla lefika lena habedi, Baiseraele ba ne ba ka nka hore ha se Modimo ya entseng hore metsi a tswe moo, hobane feela ka tlhaho lefika leo le ne le na le metsi? * Ha re tsebe.

MOSHE O FETOHELA JEHOVA

12. Fana ka lebaka le leng leo e ka nnang yaba le ile la etsa hore Jehova a halefele Moshe le Arone.

12 E ka nna yaba ho na le lebaka le leng hape le ileng la etsa hore Jehova a halefele Moshe le Arone. Ela hloko hore na Moshe o ile a reng ho Baiseraele: “Na re tla le ntshetsa metsi lefikeng lee?” Ha Moshe a sebedisa lentswe “re,” e ka nna yaba o ne a bua ka yena le Arone. Ka ho sebedisa lentswe leo “re,” Moshe o ne a bontsha hore ho hang ha a hlomphe Jehova, eo e neng e le yena ya entseng mohlolo oo. Ho bonahala eka Pesaleme ya 106:32, 33 e dumellana le taba ena ha e re: “Ba baka kgalefo metsing a Meriba, hoo dintho di ileng tsa tsamaela Moshe hampe ka lebaka la bona. Etswe ba ile ba utlwisa moya wa hae bohloko. A qala ho bua ka lepotlapotla ka molomo wa hae.” * (Num. 27:14) Taba ke hore Moshe ha a a ka a lebisa thoriso yohle ho Jehova. Ha Jehova a ne a bua le Moshe le Arone, o ile a re: “Le fetohetse taelo ya ka.” (Num. 20:24) Ruri seo e ne e le sebe se tebileng.

13. Ke hobaneng ha kahlolo eo Jehova a ileng a e fa Moshe e ne e loketse ebile e utlwahala?

13 Ka ha Moshe le Arone e ne e le baetapele ba bahlanka ba Modimo, ba ne ba na le boikarabello bo toma. (Luka 12:48) Pejana Jehova o ne a ile a thibela Baiseraele ho kena Kanana ka lebaka la ho se mamele. (Num. 14:26-30, 34) Ka hona, ho ne ho loketse ebile ho utlwahala hore Jehova a fe Moshe kahlolo e tshwanang. Feela jwalo ka ha ho ile ha etsahala ka Baiseraele ba sa kang ba mamela Modimo, Moshe le yena o ile a thibelwa ho kena Naheng e Tshepisitsweng, etswe Jehova ha a kgethe nku ka pere.

SESOSA SA TABA

14, 15. Keng e ileng ya etsa hore Moshe a se ke a mamela Modimo?

14 Ha e le hantle keng e ileng ya etsa hore Moshe a se ke a mamela Modimo? A re ke re boele re hlahlobeng se bolelwang ke Pesaleme ya 106:32, 33. E re: “Ba baka kgalefo metsing a Meriba, hoo dintho di ileng tsa tsamaela Moshe hampe ka lebaka la bona. Etswe ba ile ba utlwisa moya wa hae bohloko. A qala ho bua ka lepotlapotla ka molomo wa hae.” Baiseraele ba ne ba halefisitse Jehova, jwale ha ho utlwahale hore na Moshe yena o ne a tjha a tsholang. Ka lebaka la ho hloleha ho ithiba, o ile a iphumana a se a bile a buile le dintho tseo a ileng a ikwahlaela tsona hamorao.

15 Moshe o ile a dumella diketso tsa ba bang ho mo sitisa hore a se ke a tsepamisa mahlo a hae ho Jehova. Ketsahalong ya pele, Moshe o ne a ile a etsa dintho hantle. (Ex. 7:6) Ho ka etsahala hore ebe ka ha o ne a se a qetile dilemo tse ngata jwale a sebetsana le Baiseraele bana ba hlooho di thata, o ne a se a kgathetse a bile a tenehile. Na ebe o ne a itjhebile boyena feela, a se a sa nahane letho ka ho tlotlisa Jehova?

16. Ke hobaneng ha re lokela ho nahanisisa ka seo Moshe a ileng a se etsa?

16 Haeba Moshe moprofeta ya neng a tshepahala a ile a kena mathateng jwalo, ho a utlwahala hore re lebelle hore le rona, re ka etsahallwa ke se tshwanang. Le rona jwalo ka Moshe, re mothating wa ho kena lefatsheng le letjha leo Jehova a re tshepisitseng lona. (2 Pet. 3:13) Ha ho le ya mong wa rona ya batlang ho lahlehelwa ke monyetla oo. Le ha ho le jwalo, e le hore re fumane moputso ona, re lokela ho tsepamisa mahlo a rona ho Jehova mme re etse thato ya hae. (1 Joh. 2:17) Ebe re ka ithutang phosong ena eo Moshe a e entseng?

SE DUMELLE DIKETSO TSA BA BANG HO O SITISA

17. Keng e ka re thusang hore re se ke ra halefa?

17 O se ke wa halefa. Esita le haeba re iphumana re sebetsana le bothata bo le bong kgafetsa, “a re se keng ra tela ho etsa se setle, ka ha ka nako e loketseng re tla kotula haeba re sa kgathale.” (Bagal. 6:9; 2 Bathes. 3:13) Haeba kgafetsa motho e mong a re kgopisa, na re tla hloleha ho ithiba? (Liprov. 10:19; 17:27; Mat. 5:22) Haeba motho e mong a re kgopisa, re lokela hore re “fe kgalefo sebaka.” Ke kgalefo ya mang? Ke ya Jehova. (Bala Baroma 12:17-21.) Haeba re dula re tadimile ho yena, re tla fa kgalefo sebaka mme re letele hore a nke bohato. Haeba re iphetetsa ho e na le hore re letele Jehova, seo se tla be se tshwana le ha re mo nyatsa.

18. Keng seo re lokelang ho se hopola mabapi le ho mamela ditaelo?

18 Latela ditaelo tse ntjha ka hloko. Na ebe re tshepahalla Jehova ka hore re latele ditaelo tseo a re fang tsona morao tjee. Haeba ho jwalo, re ke ke ra etsa dintho ka tsela eo re neng re di etsa ka yona pele. Ho fapana le hoo, re tla potlakela ho latela ditaelo tse ntjha tseo Jehova a fanang ka tsona ka mokgatlo wa hae. (Baheb. 13:17) Ka nako e tshwanang, re tla itebela hore re ‘se ke ra fetela ka nqane ho dintho tse ngodilweng.’ (1 Bakor. 4:6) Ha re etsa jwalo, re tla be re tsepamisa mahlo a rona ho Jehova.

Ke thuto efe ya bohlokwa eo re ithutang yona tseleng eo Moshe a ileng a itshwara ka yona ha ba bang ba ne ba etsa diphoso? (Sheba serapa sa 19)

19. Ebe re ka qoba ho senya setswalle sa rona le Jehova jwang esita le ha ba bang ba re hata dikhonse?

19 O se ke wa dumella diphoso tsa ba bang hore di senye kamano ya hao le Jehova. Haeba re dula re tsepamisitse mahlo a rona ho Jehova, re ke ke ra ba difelapelwana mme re ke ke ra ba ra dumella diphoso tsa ba bang ho senya kamano ya rona le yena. Sena ke sa bohlokwa le ho feta haholoholo haeba le rona jwalo ka Moshe, re na le boikarabelo mokgatlong wa Modimo. Jwalo ka ha kaofela ha rona re lokela hore re nne re sebeletse poloko ya rona ka tshabo le thothomelo, re lokela ho hopola hore Jehova ha a re ahlole ka ho tshwana. (Bafil. 2:12) Ho e na le hoo, o re ahlola ho ya boikarabelo boo re nang le bona. (Luka 12:48) Empa haeba re hlile re rata Jehova, ha ho letho le tla re arohanya le lerato leo a re ratang ka lona.—Pes. 119:165; Bar. 8:37-39.

20. Jwale re lokela ho ikemisetsa ho etsa eng?

20 Nakong ena eo re leng mothating wa ho fihla kgweleng, e se e ka mahlo a rona a ka re tsepa! ho Jehova, e le hore re ka lemoha seo thato ya hae e leng sona. E se eka le ka mohla re ke ke ra dumella diphoso tsa ba bang ho senya kamano e ntle eo re nang le yona le Jehova. Se ileng sa etsahalla Moshe, se etsa hore re bone hore na taba ena ke ya bohlokwa hakae. Ho e na le ho dulela ho tshwayatshwaya ba bang diphoso, a re ikemisetseng ho etsa bonnete ba hore “mahlo a rona, a lebile ho Jehova Modimo wa rona ho fihlela a re bontsha mohau.”—Pes. 123:1, 2.

^ par. 8 Meriba ena, e ne e se yane ya pele e haufi le Refidime, e neng e bile e bitswa Masa. Empa ena ya bobedi yona e ne e le haufi le Kadeshe. Le ha ho le jwalo, dibaka tsena ka bobedi di ile tsa bitswa Meriba, hobane Baiseraele ba ile ba fihla ba etsa seteraeke ha ba le ho tsona.—Sheba mmapa wa 7 o hlahang bukaneng ya Tataiso ea ho Ithuta Lentsoe la Molimo.

^ par. 11 Profesa John A. Beck, o re Bajuda ba bang ba marabele ba neng ba ye ba bue hampe ka Moshe, ba re Moshe o ne a ntse a tseba hantle hore lefika leo ka tlhaho le na le metsi, ka hoo e ne e se mohlolo hore metsi a tswe moo. Jwale ba ne ba batla hore a etse mohlolo wa sebele ka hore a etse hore lefika le leng le sele le tswe metsi. Empa ela hloko hore re ke ke ra netefatsa sena seo Bajuda ba se buang.

^ par. 12 Sheba “Dipotso Tse Tswang ho ba Babadi” ho Tora ya ho Lebela, ya October 15, 1987.