Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Haeba monna le mosali ba sa nyalanang ba qeta bosiu ba le ’moho ntle ho mabaka a utloahalang, na ke bopaki ba hore ba entse sebe ’me ba lokela ho theheloa komiti ea boahloli?

Ho joalo. Haeba ho se na mabaka a utloahalang a hore ebe ba qetile bosiu ba le ’moho ba bile ba le bang, ke bopaki bo matla ba hore ba entse bohlola. Kahoo, ba ka theheloa komiti ea boahloli.—1 Bakor. 6:18.

Baholo ba lokela ho hlahloba boemo e le hore ba bone hore na hoa hlokeha hore ba thehe komiti ea boahloli. Mohlala, na ke baratani? Na ba kile ba khalemelloa tsela eo ba itšoarang ka eona ha ba le babeli? Ke maemo afe a entseng hore ba qetelle ba robala ka tlung e le ’ngoe? Na ba ile ba hlopha taba ee esale pele? Na ba ne ba e-na le boikhethelo, kapa na ntho e etsahetseng e ne e le ka holimo ho matla a bona, e kang boemo ba tšohanyetso moo ba neng ba se na boikhethelo? (Moek. 9:11) Na ba ne ba robetse ka kamoreng e le ’ngoe? Kaha maemo aa fapana, ho ka ’na ha e-ba le lintlha tsa bohlokoa tseo baholo ba lokelang ho li hlahloba.

Ka mor’a hore baholo ba hlahlobe lintlha tsohle tse amehang, ba lokela ho etsa qeto ea hore na ba tla theha komiti ea boahloli kapa che.